Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Lumella Jehova Hore a U Botse?

Na U Lumella Jehova Hore a U Botse?

Na U Lumella Jehova Hore a U Botse?

BIBELE e na le lipotso tse makholo tse ka thusang motho hore a hlahlobe se botebong ba pelo ea hae. Ha e le hantle, Jehova Molimo ka boeena o sebelisa lipotso e le hore a rute batho linnete tsa bohlokoa. Ka mohlala, Jehova o ile a sebelisa lipotso tse ’maloa ha a ne a lemosa Kaine hore a lokise tsela ea hae e kotsi. (Gen. 4:6, 7) Ka linako tse ling, potso e le ’ngoe feela eo Jehova a neng a e botsa e ne e lekane ho susumelletsa motho hore a nke khato e loketseng. Ha a utloa Jehova a botsa a re: “Ke tla roma mang, ’me ke mang ea tla ea bakeng sa rōna?” moprofeta Esaia o ile a araba ka ho re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.”—Esa. 6:8.

Jesu, eo e leng Mosuoe e Moholo, le eena o ile a sebelisa lipotso ka katleho. Likosepeleng ho tlalehiloe lipotso tse fetang 280 tsa Jesu. Le hoja ka linako tse ling a ne a sebelisa lipotso e le hore a koale bahanyetsi ba hae molomo, hangata morero oa hae e ne e le ho finyella lipelo tsa bamameli ba hae, e le hore a ba susumelletse ho nahana ka boemo ba bona ka pel’a Molimo. (Mat. 22:41-46; Joh. 14:9, 10) Ka tsela e tšoanang, moapostola Pauluse, ea ngotseng libuka tse 14 tsa Mangolo a Segerike a Bakreste, o ile a sebelisa lipotso ka tsela e susumetsang. (Bar. 10:13-15) Ka mohlala, lengolong la hae le neng le e-ea ho Baroma, ho na le lipotso tse ngata. Lipotso tsa Pauluse li susumelletsa babali hore ba ananele “botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo.”—Bar. 11:33.

Le hoja lipotso tse ling li hloka hore motho a arabe ka molomo, tse ling morero oa tsona ke ho susumelletsa motho hore a nahane ka ho teba. Likosepeleng ho tlalehiloe kamoo Jesu a ileng a sebelisa lipotso tse ngata tse neng li susumelletsa batho hore ba nahane ka ho teba. Ka nako e ’ngoe, Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae a re: “Le hlokomele tomoso ea Bafarisi le tomoso ea Heroda,” e leng boikaketsi ba bona le lithuto tsa bohata. (Mar. 8:15; Mat. 16:12) Barutuoa ba Jesu ba ne ba sa utloisise seo a neng a bua ka sona ’me ba ile ba qala ho ngangisana ka hore ba ne ba lebetse ho tla le bohobe. Hlokomela kamoo Jesu a ileng a sebelisa lipotso kateng puisanong e khutšoanyane e ileng ea latela. “A re ho bona: ‘Ke hobane’ng ha le phehisana ka hore ha le na mahobe? Na le ntse le e-s’o lemohe le ho utloisisa se boleloang? Na le na le lipelo tse thatafetseng tse sa utloisiseng? “Le hoja le e-na le mahlo, na ha le bone; ’me le hoja le e-na le litsebe, na ha le utloe?” . . . Na le ntse le e-s’o utloisise se boleloang?’” Lipotso tsa Jesu li ne li hloka hore barutuoa ba nahane, ’me li ba susumelletsa hore ba nahanisise hore na mantsoe a hae a ne a hlile a bolela’ng.—Mar. 8:16-21.

E-re “ke U Botse”

Jehova Molimo o ile a sebelisa lipotso e le hore a lokise monahano oa mohlanka oa hae Jobo. Jehova o ile a sebelisa lipotso tse ngatanyana ho ruta Jobo hore o monyenyane haholo ha a bapisoa le Moetsi oa hae. (Jobo, likhao. 38-41) Na Jehova o ne a lebeletse hore potso ka ’ngoe e arajoe ka mantsoe? Ha ho bonahale joalo. Ho hlakile hore lipotso tse kang “U ne u le hokae ha ke theha lefatše?” li ne li reretsoe ho etsa hore Jobo a nahane li be li mo susumetse maikutlo. Ka mor’a ho botsoa lipotso tseo tse matla, Jobo o ile a felloa ke mantsoe. O ile a re feela: “Ke tla u araba ke re’ng? Ke behile letsoho molomong.” (Jobo 38:4; 40:4) Jobo o ile a utloisisa se neng se boleloa a ba a ikokobetsa. Leha ho le joalo, Jehova o ne a sa rute Jobo hore feela a ikokobetse. Tsela eo Jobo a neng a nahana ka eona le eona e ile ea lokisoa. Ka tsela efe?

Le hoja Jobo e ne e le “monna ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng,” ka linako tse ling mantsoe a hae a ne a bontša hore pono ea hae e ne e fosahetse, e leng seo Elihu a ileng a se bua ha a ne a khalemela Jobo ka lebaka la “ho bolela hore moea oa hae o lokile ho e-na le Molimo.” (Jobo 1:8; 32:2; 33:8-12) Ka tsela eo, lipotso tsa Jehova li ile tsa boela tsa lokisa kutloisiso ea Jobo. Ha a ne a bua le Jobo a le sefefong, Molimo o ile a re: “Ke mang eo ea patang keletso ka mantsoe a se nang tsebo? Ka kōpo, itlame letheka joaloka monna ea shahlileng, ke u botse, uena u ntsebise.” (Jobo 38:1-3) Ka mor’a moo, Jehova o ile a sebelisa lipotso ho totobatsa bohlale ba hae le matla a hae a ke keng a lekanngoa a bonahatsoang ke mesebetsi ea hae e hlollang. Boitsebiso bona bo ile ba thusa Jobo hore ho feta neng kapa neng, a tšepe tsela eo Jehova a bonang lintho ka eona le eo a li etsang ka eona. Ruri Jobo o ile a hlaheloa ke ntho e tšosang ea hore a botsoe lipotso ke Molimo ea Matla ’Ohle ka seqo!

Re ka Lumella Jehova Hore a re Botse Joang?

Na le rōna re ka rua molemo lipotsong tse tlalehiloeng ka Bibeleng? Ka sebele, ho joalo! Ho thuisa ka lipotso tseo ho ka re tsoela molemo o moholo moeeng. Lipotso tse fatang maikutlo tse ka Lentsoeng la Molimo li etsa hore le be matla. Ka sebele, “lentsoe la Molimo . . . le fana ka matla . . . ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheb. 4:12) Leha ho le joalo, e le hore re rue molemo o fetisisang, ho hlokahala hore re ipotse lipotso tseo, joalokaha eka Jehova o ne a li botsa rōna. (Bar. 15:4) A re ke re hlahlobeng mehlala e seng mekae.

“Na Moahloli oa lefatše lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?” (Gen. 18:25) Abrahama o ile a botsa Jehova potso ena e sa hlokeng karabo nakong eo Molimo a neng a ahlola Sodoma le Gomora. Abrahama o ne a nka hore ha ho utloahale hore ho na le mohla Jehova a neng a ka etsa lintho ka ho hloka toka—ka hore a bolaee motho ea lokileng le ea khopo. Potso ea Abrahama e bontša tumelo e matla eo a neng a e-na le eona ea hore Jehova o lokile.

Kajeno, ba bang ba ka ’na ba rata ho noha litaba tse itseng tse amanang le likahlolo tsa Jehova tsa nakong e tlang, tse kang hore na hantle-ntle ke bo-mang ba tla pholoha Armagedone kapa ba tla tsoha bafung. Ho e-na le hore re lumelle litaba tse joalo hore li re tšoenye, re ka hopola potso ea Abrahama. Kaha rea tseba hore Jehova ke Ntate ea mosa ea leholimong ebile re tšepa toka le mohau oa hae ka ho feletseng, joaloka Abrahama, ha re senye nako le matla a rōna re tšoenyehile ka lintho tse sa hlokahaleng, lipelaelo tse sithabetsang le lingangisano tse se nang molemo.

“Ke mang ho lōna eo ka ho tšoenyeha a ka eketsang nako ea bophelo ba hae ka setsoe se le seng?” (Mat. 6:27) Ha Jesu a ne a bua le bongata bo boholo bo neng bo akarelletsa barutuoa ba hae, o ile a botsa potso ena e le ho hatisa hore ba lokela ho ipeha tlhokomelong e lerato ea Jehova. Matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena e khopo ea lintho a etsa hore ho be le matšoenyeho a mangata, empa ho tsepamisa maikutlo ho ’ona ho ke ke ha lelefatsa bophelo ba rōna kapa ha bo ntlafatsa.

Neng kapa neng ha re ikutloa re tšoenyehile ka rōna kapa ka baratuoa ba rōna, ho ikhopotsa potso ea Jesu ho ka re thusa hore re be le pono e loketseng ka matšoenyeho a rōna. Ho ka re thusa hore re khaotse ho tšoenyeha le ho ba le maikutlo a fosahetseng a ka re tepeletsang kelellong, maikutlong le ’meleng. Joalokaha Jesu a re tiiselitse, Ntate oa rōna ea leholimong, ea fepang linonyana tsa leholimo le ea apesang limela tsa naha, o tseba hantle hore na re hloka eng.—Mat. 6:26-34.

“Na motho a ka bokella mollo sefubeng sa hae leha ho le joalo liaparo tsa hae li sa che?” (Liprov. 6:27) Litemana tse robong tse qalang tsa Liproverbia li akarelletsa lipolelo tse khutšoanyane tsa keletso e bohlale eo ntate a neng a e fa mora oa hae. Potso e qotsitsoeng ka holimo e bua ka litholoana tse bosula tsa bofebe. (Liprov. 6:29) Haeba ka tšohanyetso re hlokomela hore ka booatla re ne re ntse re bonyetsana le motho e mong kapa re nahana ka mehopolo e fosahetseng ea ho kopanela liphate, potso ena e lokela ho re phaphamisa. Ha e le hantle, potso ena e ka botsoa neng kapa neng ha motho a tobane le teko ea ho etsa eng kapa eng e fosahetseng. Ruri e hatisa ka ho hlaka molao-motheo oa Bibele o reng: ‘U kotula seo u se jalang’!—Bagal. 6:7.

“U mang hore u ahlole mohlanka oa ntlo oa e mong?” (Bar. 14:4) Lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla Baroma, o ile a tšohla mathata a neng a hlahile phuthehong ea lekholong la pele la lilemo. Kaha Bakreste ba bang ba ne ba tsoa litsong tse fapa-fapaneng, ba ne ba rata ho ahlola balumeli-’moho le bona ka lebaka la liqeto le liketso tsa bona. Potso ea Pauluse e ile ea ba hopotsa hore ba amohelane ’me ba tlohele kahlolo matsohong a Jehova.

Ka ho tšoanang, le kajeno batho ba Jehova ba tsoa litsong tse fapa-fapaneng. Empa Jehova o re bokantse hammoho bonngoeng ba bohlokoa. Na re kenya letsoho bonngoeng boo? Haeba re tloaetse ho potlakela ho nyatsa barab’abo rōna ha ba nka bohato bo lumellanang le matsoalo a bona, ruri e ne e ka ba bohlale hore re ipotse potso ea Pauluse e ka holimo!

Lipotso li re Atametsa ho Jehova

Mehlala ena e seng mekae e bontša hore na lipotso tse akarelelitsoeng Lentsoeng la Molimo li matla hakae. Ho hlahloba taba e potolohileng potso ka ’ngoe ho ka re thusa hore re bone kamoo re ka e sebelisang kateng maemong ao re leng ho ’ona. Ha re ntse re bala Bibele, re tla hlokomela lipotso tse ling tse molemo.—Sheba lebokose le leqepheng la 14.

Ha re lumella hore lipotso tse fatang maikutlo tse fumanehang Lentsoeng la Molimo li re susumetse ka matla, seo se tla re thusa hore re lumellanye likelello le lipelo tsa rōna le litsela tse lokileng tsa Jehova. Ka mor’a hore Jehova a botse Jobo lipotso, Jobo o ile a re: “Ke utloile ka uena ka monyenyetsi, empa joale leihlo la ka lea u bona.” (Jobo 42:5) Ka sebele, Jehova e ne e se e le oa sebele ho Jobo, joalokaha eka O ne a le ka pel’a mahlo a hae hantle. Hamorao morutuoa Jakobo o ile a re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jak. 4:8) E se eka re ka lumella karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea Lentsoe la Molimo, ho akarelletsa le lipotso tsa lona, hore e re thuse ho hōla moeeng le ho “bona” Jehova ka ho hlakileng haholoanyane!

[Lebokose le leqepheng la 14]

Ho ipotsa lipotso tsee ho ka u thusa joang hore u talime litaba kamoo Jehova a li talimang kateng?

▪ “ Na Jehova o thabela linyehelo tsa secheso le mahlabelo joalokaha a thabela ho mameloa ha lentsoe la Jehova?”—1 Sam. 15:22.

▪ “ Ea etsang leihlo, na a ke ke a talima?”—Pes. 94:9.

▪ “ Hore batho ba ipatlele khanya, na ke khanya?”—Liprov. 25:27.

▪ “ Na ke ka nepo u tukang ke bohale?”—Jon. 4:4.

▪ “ Ho tla ba le molemo ofe ha motho a rua lefatše lohle empa a lahleheloa ke moea oa hae?”—Mat. 16:26.

▪ “ Ke mang ea tla re arohanya le lerato la Kreste?”—Bar. 8:35.

▪ “ U na le eng eo u sa kang ua e amohela?”—1 Bakor. 4:7.

▪ “ Leseli le na le karolo efe le lefifi?”—2 Bakor. 6:14.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Jobo o ile a ithuta’ng lipotsong tsa Jehova?