Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

• Ke hobane’ng ha Mesia a ile a lokela ho shoa?

Mabaka a mabeli ke ana: Lefu la Jesu le ile la paka hore motho ea phethahetseng a ka bonahatsa boinehelo ba bomolimo ho sa tsotellehe hore na o thulana le liteko tse matla hakae. Hape, o ile a lefella kotlo ea sebe eo bana ba Adama ba neng ba e jele lefa, ’me a bula tsela ea hore ba fumane bophelo bo sa feleng.—12/15, leqepheng la 22-23.

• Ke’ng e ka thusang motho hore a laole joala?

Ho rapela le ho ithuta Bibele ho ka thusa. Ho loanela ho ba le boitšoaro, ho phelela qeto eo motho a e entseng le ho khetha metsoalle e molemo ke lintho tsa bohlokoa. Motho ea khethang ho noa o lokela ho ipehela meeli e hlakileng, ’me a ithute ho hana.—1/1, leqepheng la 7-9.

• Ho ba le puisano e molemo le bana ho akarelletsa’ng?

Hase feela ho bua le bona, ho akarelletsa ho botsa lipotso le ho mamela likarabo tsa bona u sa fele pelo. Batho ba bangata ba fumane hore nako ea lijo e fana ka menyetla e metle ea ho buisana.—1/15, leqepheng la 18-19.

• Jehova o phethahetse, kahoo a ka ikutloa a soabile joang?

Ka linako tse ling, Molimo o fetola tsela eo a ikutloang ka eona ka batho. Ka mohlala, ka makhetlo a ’maloa, Baiseraele ba boholo-holo ba ile ba furalla Jehova ’me ba latela melimo e meng. Eaba Jehova ha a sa ba sireletsa. Leha ho le joalo, ha ba ne ba soabela liphoso tsa bona ebe ba kōpa Molimo hore a ba thuse, o ne a fetola tsela eo a neng a ikutloa ka eona ka bona, kapa a ‘ikutloe a soabile.’ (Baahl. 2:18)—2/1, leqepheng la 21.

• Ke maemong afe moo motho a ka nahanang ho kolobetsoa hape?

Ho ka ba joalo haeba nakong eo a neng a kolobetsoa, boemo boo a neng a phela ho bona kapa ntho eo a neng a e etsa sekhukhung, e ka be e entse hore a khaoloe haeba a ne a se a kolobelitsoe ka tsela e amohelehang.—2/15, leqepheng la 22.

• Mabaka a mararo a fosahetseng ao ba bang ba buellang ho se tšepahale ka ’ona ke afe?

Batho ba bang ba nka hore ho lokile hore ba utsoe hobane ba futsanehile. Ba bang ba ikemela ka ho re, “E mong le e mong oa utsoa.” Ba bang ba ileng ba thola lintho tsa bohlokoa eaba ba ipolokela tsona ba ikemetse ka ho re, “Molimo ha a fe motho ka letsoho.” Bibele ha e tšehetse mabaka afe kapa afe ho ao.—3/1, leqepheng la 12-14.

• Papisong ea Jesu ea koro le mofoka, ho jala kapa ho lema peō e ntle ho emela’ng?

Mor’a motho, e leng Jesu, o ile a lokisa tšimo nakong ea ha a ne a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng. Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho ea pele, peō e ntle e ile ea jaloa ha Bakreste ba ne ba tlotsoa hore e be bara ba Molimo, bara ba ’Muso.—3/15, leqepheng la 20.

• Koro ea tšoantšetso e boletsoeng papisong ea Jesu e bokelloa joang ka tlung ea Jehova ea polokelo? (Mat. 13:30)

Phethahatso e tsoetse pele ka nako e telele qetellong ea tsamaiso ea lintho. Bara ba ’Muso ba tlotsitsoeng, e leng koro ea tšoantšetso, ba bokelloa ka tlung ea Jehova ea polokelo ha ba tlisoa ka phuthehong ea Bokreste e tsosolositsoeng kapa ha ba amohela moputso oa bona oa ho phela leholimong.—3/15, leqepheng la 22.

• Ke mang ea khethileng lethathamo la libuka tseo e leng karolo ea Mangolo a Segerike a Bakreste?

Hase lekhotla le itseng la kereke kapa moeta-pele oa bolumeli. Ho e-na le hoo, Bakreste ba ’nete ba ile ba tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo hore ba elelloe libuka tse neng li bululetsoe e le kannete. Sena se lumellana le taba ea hore e ’ngoe ea limpho tsa mohlolo tse ileng tsa fuoa phutheho ea Bokreste lilemong tse makholo tse qalang, e ne e le “temoho ea lipolelo tse bululetsoeng.” (1 Bakor. 12:4, 10)—4/1, leqepheng la 28.