Tlosa Mahlo a Hao Linthong Tse se Nang Thuso!
Tlosa Mahlo a Hao Linthong Tse se Nang Thuso!
“Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso; mpoloke ke phela tseleng ea hao.”—PES. 119:37.
1. Mahlo a rōna ke mpho ea bohlokoa hakae?
MAHLO a rōna ke a bohlokoa hakaakang! A ka re thusa hore kapele feela re utloisise tikoloho ea rōna—boholo ba eona le botle ba eona. Mahlo a rōna a re thusa ho bona metsoalle ea rōna eo re e ratang kapa lintho tse kotsi tseo re batlang ho li qoba. Ka ’ona, re lemoha lintho tse ntle, re ananela meeka ea pōpo re bile re fumana bopaki ba hore Molimo o teng le hore oa tlotleha. (Pes. 8:3, 4; 19:1, 2; 104:24; Bar. 1:20) Hape, kaha mahlo a rōna a fetisetsa boitsebiso likelellong tsa rōna, a phetha karolo ea bohlokoa ho re thusa ho tseba Jehova le ho matlafatsa tumelo ea rōna ho eena.—Josh. 1:8; Pes. 1:2, 3.
2. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšoenyeha ka seo re se bonang, hona re ka ithuta’ng kōpong e tiileng ea mopesaleme?
2 Leha ho le joalo, seo re se shebang se ka boetse sa e-ba kotsi ho rōna. Kamano e teng pakeng tsa mahlo a rōna le likelello tsa rōna e matla hoo seo re se bonang se ka fehlang kapa sa totisa ho rata bophahamo le litakatso tsa lipelo tsa rōna. Kaha re phela lefatšeng la boitšoaro bo hlephileng le la batho ba ratang ho ikhotsofatsa le busoang ke Satane Diabolose, re foqoa litšoantšo le mashano a ka re khelosang habonolo—le haeba re ne re ka li habanya feela. (1 Joh. 5:19) Kahoo, ha ho makatse hore ebe mopesaleme o ile a kōpa Molimo ka tieo a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso; mpoloke ke phela tseleng ea hao.”—Pes. 119:37.
Mahlo a Rōna a ka re Thetsa joang?
3-5. Ke litlaleho life tsa Bibele tse bontšang kotsi ea ho lumella mahlo a rōna hore a re khelose?
3 Nahana ka se ileng sa etsahalla mosali oa pele, e leng Eva. Satane o ile a mo kenya maikutlo a hore mahlo a hae a ne “a tla tutuboloha” haeba a ne a ka ja tholoana ea “sefate sa tsebo ea botle le bobe.” E tlameha ebe Eva o ile a khahloa ke khopolo ea hore mahlo a hae a ne “a tla tutuboloha.” Thahasello ea hae ea ho ja tholoana e hanetsoeng e ile ea tota ha a “bona hore sefate se loketse ho jeoa le hore sea lakatseha mahlong, e, sefate se ne se lakatseha ha se talingoa.” Taba ea hore ebe Eva o ile a khalla sefate seo, e ile etsa hore a se ke a mamela taelo ea Molimo. Monna oa hae, e leng Adama, le eena ha aa ka a mamela, ’me sena se ile sa etsa hore batho bohle ba kotule litholoana tse bosula.—Gen. 2:17; 3:2-6; Bar. 5:12; Jak. 1:14, 15.
4 Matsatsing a Noe, mangeloi a mang le ’ona a ile a susumetsoa ke seo a ileng a se bona. Genese 6:2 e bua ka ’ona ka tsela ena: “Bara ba Molimo oa ’nete ba qala ho hlokomela barali ba batho, hore ba batle; eaba ba inkela basali, e leng, bohle bao ba ba khethileng.” Kaha mangeloi a ile a sheba barali ba batho ka ho ba lakatsa, sena se ile sa etsa hore mangeloi ana a marabele a be le takatso eo e seng ea tlhaho ea ho kopanela liphate le batho, ’me a ile a ba le bana ba mabifi. Bobe ba motho ka nako eo, bo ile ba etsa hore batho bohle ba timetsoe, ntle ho Noe le lelapa la hae.—Gen. 6:4-7, 11, 12.
5 Makholo a lilemo hamorao, mahlo a Moiseraele ea bitsoang Akane a ile a mo khelosa hore a utsoe lintho motseng oa Jeriko o neng o hapiloe. Molimo o ne a laetse hore lintho tsohle tse neng li le motseng oo li ne li lokela ho senngoa, ntle ho lintho tse itseng tse neng li lokela ho nyeheloa letlotlong la Jehova. Baiseraele Josh. 6:18, 19; 7:1-26) Pelong ea hae, Akane o ile a lakatsa seo a neng a se hanetsoe.
ba ne ba filoe temoso ena: “Le suthele thōko le ntho e nehetsoeng timetso, esere la ba le takatso” eaba le nka lintho tse ling motseng oo. Ka lebaka la ho se mamele ha Akane, Baiseraele ba ile ba hlōloa motseng oa Ai, ’me palo e itseng ea bona e ile ea shoa. Akane ha aa ka a lumela hore o utsoitse ho fihlela a pepesoa. Akane o ile a re: “Eitse ha ke bona” lintho tseo, “ke ne ke li batla, eaba kea li nka.” Takatso ea mahlo a hae e ile ea etsa hore a timetsoe hammoho le “ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hae.” (Ho Hlokahala Hore re Itšoare
6, 7. Ke ‘morero’ ofe oa Satane oo hangata o sebelisetsoang ho re tšoasa, ’me babapatsi ba o sebelisa joang?
6 Kajeno batho ba lekoa ka tsela e tšoanang le e ileng ea sebelisoa ho Eva, ho mangeloi a sa mameleng le ho Akane. Har’a “merero” eohle e sebelisoang ke Satane hore a thetse batho, “takatso ea mahlo” ke eona e matla ka ho fetisisa. (2 Bakor. 2:11; 1 Joh. 2:16) Babapatsi ba kajeno ba tseba hantle hore kamehla batho ba angoa haholo ke seo ba se bonang. Setsebi se seng se tsebahalang sa tsa thekiso sa Europe se re: “Mahlo a khelosa ka ho fetisisa. Hangata a laola matla a mang a kutlo, ’me a khona ho susumelletsa batho hore ba se ke ba etsa seo ba tsebang hore ke se molemo ka ho fetisisa.”
7 Ha ho makatse hore ebe babapatsi ba re foqa litšoantšo tse entsoeng ka bohlale hore li khahle mahlo a rōna haholo le hore li susumetse batho hore ba lakatse litšebeletso tsa bona hammoho le lintho tseo ba li rekisang! Mofuputsi e mong oa United States ea ileng a ithuta kamoo papatso e susumetsang batho kateng, o ile a bolela hore “ha ea lokisetsoa feela hore e fetise boitsebiso bo rutang, empa habohlokoa le ho feta, e etselitsoe hore e hlahise maikutlo le liketso tse itseng ho motho ea shebeletseng.” Mokhoa o mong o sebelisoang hangata ke oa litšoantšo tse tsosang takatso ea ho kopanela liphate. Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re laole seo re se shebang le seo re se lumellang hore se kene likelellong le lipelong tsa rōna!
8. Bibele e hatisa joang bohlokoa ba hore re lebele mahlo a rōna?
8 Bakreste ba ’nete le bona ba ntse ba angoa ke takatso ea mahlo le ea nama. Kahoo, Lentsoe la Molimo le re khothalletsa hore re itšoare mabapi le seo re se shebang le seo re se lakatsang. (1 Bakor. 9:25, 27; bala 1 Johanne 2:15-17.) Monna ea khabane, e leng Jobo o ile a lemoha hore ho bona ho amana haholo le ho lakatsa. O ile a re: “Ke hlabile selekane le mahlo a ka. Kahoo nka ela moroetsana hloko joang?” (Jobo 31:1) Jobo o ne a sa qobe feela ho ama mosali ka tsela ea boitšoaro bo bobe empa o ne a sa lumelle kelello ea hae hore e nahane ka ntho e joalo. Jesu o ile a hatisa hore kelello e lokela ho lula e hloekile mabapi le menahano ea boitšoaro bo bobe ha a ne a re: “Ke re ho lōna e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.”—Mat. 5:28.
Lintho Tse se Nang Thuso Tseo re Lokelang ho li Qoba
9. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ba seli ka ho khetheha ha re sebelisa Inthanete? (b) Ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, le ha e se e le ka motsotsoana feela, ho ka fella ka eng?
9 Mehleng ena, ho tloaelehile hore batho ba ‘tsoele pele ba shebile’ litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, haholo-holo Inthaneteng. Ha ho hlokahale hore re tsome li-web site tseo—tsona lia re tsoma! Ka tsela efe? Papatso e nang le setšoantšo se hohelang e ka ’na ea ropoha k’homphieutheng. Kapa molaetsa oa e-mail o bonahalang o se na molato, e ka ’na eare ha o buloa, ka tšohanyetso oa bontša setšoantšo se litšila se tsosang takatso se entsoeng ka tsela eo ho leng thata ho tsoa ho sona. Esita le haeba motho a se habantse feela pele a se hlakola, se se se lutse kelellong ea hae. Ho habanya litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso ho ka ba le liphello tse bohloko. Ho ka siea motho a khoebethoa ke letsoalo a bile a Baefese 5:3, 4, 12; Bakol. 3:5, 6.
loana ntoa ea hore a hlakole litšoantšo tseo tsa boitšoaro bo bobe kelellong ea hae. Ho hobe le ho feta, motho eo ka boomo a “ntseng a tsoela pele ho sheba” o bontša hore ha a e-s’o bolaee litakatso tsa hae tse fosahetseng.—Bala10. Ke hobane’ng ha bana e le bona ba kotsing tabeng ea litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, hona ho ka etsahala’ng ha ba li sheba?
10 Bohelehele boo bana ba nang le bona ka tlhaho, bo ka ba etsa hore ba shebe litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. Haeba seo se etsahala, se ka ’na sa e-ba le liphello tsa nako e telele tseleng eo ba nkang ho kopanela liphate ka eona. Tlaleho e ’ngoe e re liphello tseo li ka ’na tsa akarelletsa ho ba le pono e tsoileng tseleng ka mekhoa e tloaelehileng ea ho kopanela liphate ea ba ea etsa hore ba “thatafalloe ke ho sebelisana le batho ba bang hantle le ka lerato; ba ka ba le maikutlo a fosahetseng ka basali; ’me ba ka ’na ba lemalla ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, e leng se ka ’nang sa kena-kenana le mosebetsi oa bona oa sekolo le tsela eo ba sebelisanang le metsoalle le ba lelapa ka eona.” Liphello tse ka bang kotsi le ho feta e ka ba tse ka ’nang tsa tla hamorao likamanong tsa lenyalo.
11. Fana ka mohlala o bontšang kotsi ea ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso.
11 Mor’abo rōna e mong oa Mokreste o ile a ngola se latelang, a re: “Linthong tsohle tseo ke neng ke li lemaletse pele ke e-ba Paki, litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso ke tsona tseo ho bileng thata ka ho fetisisa ho li tsoela. Ka linako tse ling ha ke itebetse, kelello ea ka e bona litšoantšo tsena—li tsosoa ke monko o iphetelang, ’mino o itseng, ntho e ’ngoe eo ke e bonang, esita le monahano o sollang. Ke ntoa ea letsatsi le letsatsi.” Ha mora e mong oabo rōna e sa le ngoana ’me batsoali ba hae ba ne ba le sieo lapeng, o ne a sheba limakasine tsa ntate oa hae ea neng a sa lumela, tsa litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. O re: “Litšoantšo tseo li bile le phello e tšosang hakaakang kelellong ea ka ke sa le ngoana! Esita le hona joale, lilemo tse 25 hamorao, tse ling tsa litšoantšo tseo li ntse li lutse kelellong ea ka. Ho sa tsotellehe hore na ke loana ka matla hakae, li lutse. Sena se etsa hore ke ikutloe ke le molato, le hoja ke sa tsepamise monahano ho tsona.” Ho hotle hakaakang ho qoba maikutlo ao a tšoenyang ka hore u se ke ua sheba lintho tse se nang thuso! Motho a ka finyella see joang? Ho hlokahala hore a loane e le hore a tlise “monahano o mong le o mong kholehong ho o etsa hore o mamele Kreste.”—2 Bakor. 10:5.
12, 13. Ke lintho life tse se nang thuso tseo Bakreste ba lokelang ho qoba ho li sheba, hona hobane’ng?
12 ‘Ntho e ’ngoe e se nang molemo,’ kapa e se nang thuso, e lokelang ho qojoa ke boithabiso bo khothalletsang ho rata lintho tse bonahalang kapa boloi kapa bo bontšang pefo, tšollo ea mali le polao. (Bala Pesaleme ea 101:3.) Batsoali ba Bakreste ba na le boikarabelo ka pel’a Jehova ba ho khetha seo ba lumellang malapa a bona hore a se shebelle. Ha e le hantle, ha ho Mokreste oa ’nete ea ka ikenyang ka boomo litabeng tsa tšebelisano le meea. Leha ho le joalo, batsoali ba lokela ho hlokomela lifilimi, lipale tsa TV, lipapali tsa video esita le libuka tsa metlae le tsa bana tse khothalletsang mekhoa ea boloi.—Liprov. 22:5.
13 Ebang re banyenyane kapa re baholo, mahlo a rōna a lokela hore a se ke a thabela lipapali tsa video tse bontšang pefo le lipolao tse sehlōhō. (Bala Pesaleme ea 11:5.) Ha rea lokela ho tsepamisa likelello ketsong efe kapa efe eo Jehova a e nyatsang. U hopole hore Satane o habile ho hlasela menahano ea rōna. (2 Bakor. 11:3) Esita le ho nka nako e telele re shebeletse boithabiso boo ho ka ’nang ha nkoa hore boa amoheleha, ho ka ’na ha nka nako ea borapeli ba rōna ba lelapa, ho bala Bibele letsatsi le letsatsi le ho lokisetsa liboka.—Bafil. 1:9, 10.
Latela Mohlala oa Jesu
14, 15. Re hlokomela eng mabapi le teko ea boraro eo Satane a ileng a leka Kreste ka eona, hona Jesu o ile a e hlōla joang?
14 Ka masoabi, lefatšeng lena le khopo, re ke ke ra qoba ho bona lintho tse itseng tse se Mat. 4:8) Ke hobane’ng ha Satane a ile a etsa joalo? Ha ho pelaelo hore o ne a batla ho sebelisa hampe tšusumetso e matla ea leihlo. Ho sheba khanya ea mebuso eohle ea lefatše ho ne ho ka ’na ha susumelletsa Jesu hore a lakatse botumo ba lefatše. Jesu o ile a etsa joang?
nang thuso. Esita le Jesu o ile a nonosoa lintho tse joalo. Boitekong ba boraro ba Satane ba hore Jesu a tlohele ho etsa thato ea Molimo, “Diabolose [o ile] a boela a tsamaea le eena ho ea thabeng e phahameng ka ho sa tloaelehang, a mo bontša mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona.” (15 Jesu o ile a tlosa kelello ea hae tšepisong ena e lekang. Ha aa ka a lumella pelo ea hae hore e nahane ka litakatso tse fosahetseng. Ebile ha aa ka a nahana hore na a hane mpho eo ea Diabolose kapa che. Jesu o ile a nka khato ka potlako. O ile a mo laela a re: “Tloha, Satane!” (Mat. 4:10) Jesu o ile a tsepamisa kelello kamanong ea hae le Jehova eaba o araba tumellanong le morero oa hae oa ho etsa thato ea Molimo bophelong. (Baheb. 10:7) Ka lebaka leo, Jesu o ile a atleha ho hlōla leano la bolotsana la Satane.
16. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu oa ho hanela liteko tsa Satane?
16 Re ka ithuta ho hongata mohlaleng oa Jesu. Ntho ea pele, ha ho motho eo maqiti a Satane a mo potang ka thōko. (Mat. 24:24) Ea bobeli, seo re tsepamisang mahlo a rōna ho sona se ka susumetsa litakatso tsa lipelo tsa rōna hampe kapa hantle. Ea boraro, boitekong ba hae ba hore a re khelose, Satane o tla sebelisa “takatso ea mahlo” kahohle kamoo a ka khonang. (1 Pet. 5:8) Ea bone, le rōna re ka hanyetsa Satane, haholo-holo haeba re nka khato ka potlako.—Jak. 4:7; 1 Pet. 2:21.
Lula Leihlo la Hao le ‘Talimile ’Nģa e le ’Ngoe’
17. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho leta ho fihlela re hlaheloa ke ntho e ’ngoe e se nang thuso pele re etsa qeto ea hore na re tla etsa’ng?
17 Boinehelo ba rōna ho Jehova bo akarelletsa tšepiso e tiileng ea hore re tla furalla lintho tsohle tse se nang thuso. Ha re ikana hore re tla etsa thato ea Molimo, re kopanela le mopesaleme ha a ne a re: “Ke thibile maoto a ka tseleng Pes. 119:101) Re lokela ho itokisa esale pele hore na re tla etsa’ng ha teko e hlaha. Re hlakiselitsoe lintho tseo Mangolo a li nyatsang. Re tseba maano a Satane. Jesu o ile a lekoa neng hore a fetole majoe mahobe? Ka mor’a hore a itime lijo ka matsatsi a 40 le masiu a teng ’me a ‘ikutloe a lapile.’ (Mat. 4:1-4) Satane o khona ho lemoha ha re fokola le ha ho ka etsahala hore re inehele ha re lekoa. Kahoo, ena ke nako ea hore re nahane litaba tsena ka hloko. U se ke ua e chechisa! Haeba letsatsi le letsatsi re hopola kano ea rōna ea ho inehela ho Jehova, re tla ikemisetsa ka tieo ho furalla lintho tse se nang thuso.—Liprov. 1:5; 19:20.
e ’ngoe le e ’ngoe e mpe, ka morero oa hore ke boloke lentsoe la hao.” (18, 19. (a) Bontša phapang pakeng tsa leihlo le ‘talimileng nģa e le ’ngoe’ le “le khopo.” (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re tsoele pele re nahana ka lintho tsa bohlokoa, ’me Bafilipi 4:8 e fana ka keletso efe ntlheng ee?
18 Letsatsi le leng le le leng, re tobana le letoto la litšitiso tse ipiletsang, ’me lenane la tsona le ntse le eketseha. Kahoo, ke habohlokoa le ho feta hore re utloisise keletso ea Jesu ea hore re lule mahlo a rōna a ‘talimile nģa e le ’ngoe.’ (Mat. 6:22, 23) Leihlo le ‘talimileng nģa e le ’ngoe’ le tsepama morerong o le mong oa ho etsa thato ea Molimo. Ha ho bapisoa, leihlo “le khopo” le bolotsana, le mohono ebile le hoheloa ke lintho tse se nang thuso.
19 U hopole hore mahlo a rōna a fepela likelello tsa rōna le hore likelello tsa rōna li fepela lipelo tsa rōna. Kahoo, ke habohlokoa haholo hore re lule re nahana ka lintho tsa bohlokoa. (Bala Bafilipi 4:8.) Ka sebele, e se eka re ka tsoela pele ho pheta thapelo ea mopesaleme e reng: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.” Joale, ha re ntse re loanela ho etsa lintho tse tumellanong le thapelo eo, re ka kholiseha hore Jehova o tla ‘re boloka re phela tseleng ea hae.’—Pes. 119:37; Baheb. 10:36.
Re Lokela ho Hopola Eng Mabapi le . . .
• kamano e teng pakeng tsa mahlo a rōna, likelello tsa rōna le lipelo tsa rōna?
• likotsi tsa ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso?
• bohlokoa ba ho lula mahlo a rōna a ‘talimile nģa e le ’ngoe’?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Ke lintho life tse se nang thuso tseo Bakreste ba lokelang ho qoba ho li sheba?