Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Barab’abo Rōna—Jallang Moea ’me le Hahamalle ho Tšoaneleha!

Barab’abo Rōna—Jallang Moea ’me le Hahamalle ho Tšoaneleha!

Barab’abo Rōna​—Jallang Moea ’me le Hahamalle ho Tšoaneleha!

“Ea jalang ka sepheo sa ho jalla moea o tla kotula bophelo bo sa feleng.”—BAGAL. 6:8.

1, 2. Matheu 9:37, 38 e phethahala joang, e leng se etsang hore ho hlokahale eng ka liphuthehong?

HONA joale u bona liketsahalo tse ke keng tsa lebaloa! Mosebetsi oo Jesu Kreste a ileng a bua ka oona o tsoela pele ka sekhahla hona joale. Jesu o ile a re: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mat. 9:37, 38) Jehova Molimo o araba lithapelo tseo ho feta neng kapa neng. Selemong sa tšebeletso sa 2009, palo ea liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle e ile ea eketseha ka tse 2 031, e leng ho ileng ha etsa hore li be 105 298. Ka karolelano, ho ile ha kolobetsoa batho ba 757 letsatsi le letsatsi!

2 Keketseho eo e etsa hore ho hlokahale barab’abo rōna ba tšoanelehang hore ba etelle pele mosebetsing oa ho ruta le oa ho lisa liphutheho. (Baef. 4:11) Ka lilemo tse mashome, Jehova o ’nile a hlahisa banna ba tšoanelehang hore ba hlokomele linku tsa hae ’me re kholisehile hore o tla ’ne a etse joalo. Boprofeta bo tlalehiloeng ho Mikea 5:5 bo re tiisetsa hore matsatsing a ho qetela, batho ba Jehova ba tla ba le “balisa ba supileng” le “babusisi ba robeli,” ba tšoantšetsang palo e khōlō ea banna ba nang le bokhoni ba tla ba etella pele.

3. Hlalosa hore na ho ‘jala ka sepheo sa ho jalla moea’ ho bolela’ng.

3 Haeba u monna oa Paki ea Jehova ea kolobelitsoeng, ke eng e ka u thusang hore u batle ho hahamalla boikarabelo ka phuthehong? Ntlha ea bohlokoa ke hore u ‘jale ka sepheo sa ho jalla moea.’ (Bagal. 6:8) E le hore u etse joalo, u lokela ho phela ka tsela e lumellang moea o halalelang oa Molimo hore o sebetse ka bolokolohi ho uena. Ikemisetse hore u se ke ua ‘jala ka sepheo sa ho jalla nama.’ Qoba hore lintho tse kang boiketlo, boikhathollo le boithabiso li fokotse takatso ea hao ea ho ikitlaetsa tšebeletsong ea Molimo. Bakreste bohle ba lokela ho ‘jala ka sepheo sa ho jalla moea,’ ’me ka mor’a nako, banna ba etsang joalo ba ka ’na ba tšoaneleha hore ba fuoe boikarabelo ka phuthehong. Kaha kajeno ho hlokahala bahlanka ba sebeletsang ba bangata hammoho le baholo, sehlooho sena se tobisitsoe haholo-holo ho banna ba Bakreste. Ka lebaka leo, barab’abo rōna, re le khothalletsa hore le rapelle tataiso ha le se bala.

Hahamalla Mosebetsi o Motle

4, 5. (a) Banna ba kolobelitsoeng ba khothalletsoa ho hahamalla boikarabelo bofe ka phuthehong? (b) Motho o hahamalla boikarabelo joang?

4 Ha ho iketsahalle feela hore monna oa Mokreste e be molebeli. O lokela ho hahamalla “mosebetsi [ona] o motle.” (1 Tim. 3:1) Sena se akarelletsa ho sebeletsa balumeli-’moho le eena ka hore ka pelo eohle, a ba thuse ka lintho tseo ba li hlokang. (Bala Esaia 32:1, 2.) Monna ea hahamallang ho ba molebeli ka sepheo se setle, ha a etse seo hobane a rata bophahamo. Ho e-na le hoo, o na le takatso ea ho sebeletsa batho ba bang a se na boithati.

5 Motho o ikitlaelletsa ho ba mohlanka ea sebeletsang ’me o hahamalla boemo ba molebeli ka hore a loanele ho finyella litšoaneleho tse boletsoeng ka Mangolong. (1 Tim. 3:1-10, 12, 13; Tite 1:5-9) Haeba u monna ea inehetseng, ipotse: ‘Na ke kopanela ka botlalo mosebetsing oa boboleli, hona na ke thusa ba bang hore ba etse joalo? Na ke matlafatsa barapeli-’moho le ’na ka ho thahasella boiketlo ba bona e le kannete? Na ke tumme ka hore ke seithuti se hloahloa sa Lentsoe la Molimo? Na ke ntlafatsa litlhaloso tsa ka? Na ke mahlahahlaha ha ke phetha likabelo tseo ke li filoeng ke baholo?’ (2 Tim. 4:5) Motho o lokela ho nahana ka lipotso tse joalo ka botebo.

6. Ke ntho efe e ka sehloohong e etsang hore motho a tšoanelehele boikarabelo ka phuthehong?

6 Tsela e ’ngoe ea ho tšoanelehela boikarabelo ka phuthehong ke ‘hore u matlafatsoe mothong eo u leng eena ka hare ka matla ka moea oa Molimo.’ (Baef. 3:16) Hore motho e be mohlanka ea sebeletsang kapa moholo ka phuthehong ea Bokreste ha a thonngoe feela hore a sebeletse boemong boo. Boikarabelo bona bo fumanoa feela ka hore motho a hōle moeeng. U ka hōla moeeng joang? Tsela e ’ngoe ke ka hore ‘u ’ne u tsamaee ka moea’ u be u loanele ho ba le tholoana ea oona. (Bagal. 5:16, 22, 23) Ha u ntse u bontša hore u na le litšoaneleho tsa moea tse hlokahalang hore u jare boikarabelo bo eketsehileng, le ha u ntse u sebelisa keletso e u thusang hore u ntlafatse, ‘tsoelo-pele ea hao e tla bonahala ho batho bohle.’—1 Tim. 4:15.

Ho Hlokahala Moea oa Boitelo

7. Ho sebeletsa batho ba bang ho hloka’ng?

7 Ho sebeletsa batho ba bang ho hloka hore motho a sebetse ka thata ’me a be le moea oa boitelo. Kaha balebeli ba Bakreste ke balisa ba moea, mathata a mohlape a ba ama ka botebo. Hlokomela kamoo boikarabelo ba moapostola Pauluse mosebetsing oa hae oa bolisa bo ileng ba mo ama kateng. O ile a re ho balumeli-’moho le eena ba Korinthe: “Ho tsoa matšoenyehong a mangata le bohlokong bo boholo ba pelo ke ile ka le ngolla ka meokho e mengata, eseng hore le ka hlomoha, empa e le hore le ka tseba lerato leo ke nang le lona haholo-holo bakeng sa lōna.” (2 Bakor. 2:4) Ho totobetse hore Pauluse o ne a etsa mosebetsi oa hae ka pelo eohle.

8, 9. Fana ka mehlala ea Bibele e bontšang kamoo banna ba bang ba ileng ba hlokomela litlhoko tsa batho ba bang kateng.

8 Kamehla banna ba sebelelitseng bahlanka ba Jehova ba ’nile ba tsebahala ka ho ba le moea oa boitelo. Ka mohlala, na re ka nahana Noe a ne a ka re ho ba ntlo ea hae: ‘Le tle le mpolelle ha areka e se e felile e le hore nka imatahanya le lōna?’ Moshe ha aa ka a re ho Baiseraele Egepeta: ‘Ke tla kopana le lōna Leoatleng le Lefubelu. Le se le tla bona hore na ke tsela efe e molemo e tla le fihlisa teng.’ Ho hang Joshua ha aa ka a re: ‘Le ntsebise ha marako a Jeriko a se a oele.’ Esaia le eena ha aa ka a supa motho e mong eaba o re: ‘Ke eane! Roma eena.’—Esa. 6:8.

9 Jesu Kreste ke eena motho ea re behetseng mohlala o ka sehloohong oa ho lumela hore moea oa Molimo o mo susumetse. Ka boithatelo o ile a amohela mosebetsi oo a ileng a o fuoa oa hore e be Molopolli oa batho. (Joh. 3:16) Na lerato la Jesu le bontšang boitelo ha lea lokela ho re susumelletsa hore le rōna re itele? Mora e mong oabo rōna eo e leng khale e le moholo, ha a hlalosa maikutlo a hae ka mohlape o ile a re: “Mantsoe a Jesu ho Petrose ha a ne a re, lisa linku tsa ka tse nyenyane, a ntšusumetsa haholo. Ha lilemo li ntse li feta, ke ’nile ka ananela kamoo motho a ka tsosoang molota kateng ke mantsoe a seng makae a buuoang ka lerato kapa ketso e nyenyane e bontšang mosa. Ke rata mosebetsi oa bolisa haholo.”—Joh. 21:16.

10. Ke eng e ka susumelletsang banna ba Bakreste hore ba etsise mohlala oa Jesu ha ba sebeletsa batho ba bang?

10 Tabeng ea mohlape oa Molimo, ka sebele banna ba inehetseng ba ka phuthehong ba lokela ho bontša maikutlo a tšoanang le a Jesu, ha a ne a re: “Ke tla le khatholla.” (Mat. 11:28) Ho lumela ho Molimo le ho rata phutheho ho susumelletsa banna ba Bakreste hore ba hahamalle mosebetsi ona o motle, ba sa nahane hore ke moroalo kapa ke ho ikimetsa. Leha ho le joalo, ho etsahala’ng haeba motho a se na tjantjello ea ho hahamalla boikarabelo? Na mor’abo rōna a ka loanela hore a be le takatso ea ho sebeletsa phutheho?

Loanela ho ba le Takatso ea ho Sebeletsa ba Bang

11. Motho a ka loanela ho ba le takatso ea ho sebeletsa ba bang joang?

11 Haeba u ne u ntse u sa hahamalle boikarabelo hobane u ikhalala, e ka ba hantle hore u rapelle moea o halalelang. (Luka 11:13) Moea oa Jehova o tla u thusa hore u loantše ho tšoenyeha hohle hoo ebang u na le hona tabeng ena. Takatso ea ho sebeletsa ba bang e tsoa ho Molimo, kaha ke moea oa Jehova o susumelletsang mor’abo rōna hore a hahamalle boikarabelo ebe ka mor’a moo o mo fa matla a ho etsa tšebeletso e halalelang. (Bafil. 2:13; 4:13) Kahoo, ho loketse ho kōpa Jehova hore a u thuse hore u loanele ho ba le takatso ea hore u amohele boikarabelo ba ho sebeletsa.—Bala Pesaleme ea 25:4, 5.

12. Motho a ka fumana bohlale bo lekaneng ba ho jara boikarabelo boo a bo filoeng joang?

12 Mokreste a ka ’na a etsa qeto ea hore a ke ke a hahamalla boikarabelo hobane a bona eka litlhoko tsa mohlape li boima ebile li tla mo hloka ho hongata. Ntle ho moo, a ka ’na a nahana hore ha a na bohlale bo lekaneng ba ho jara boikarabelo. Haeba ho le joalo, mohlomong a ka fumana bohlale ka hore a khothalle ho ithuta Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. A ka ’na a ipotsa, ‘Na ke ipha nako ea ho ithuta Lentsoe la Molimo, hona na ke rapella bohlale?’ Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise; ’me o tla bo fuoa.” (Jak. 1:5) Na u kholoa polelo ee e bululetsoeng? Molimo o ile a araba thapelo ea Solomone ka ho mo fa “pelo e bohlale le e nang le kutloisiso” e neng e mo thusa ho lemoha se setle le se sebe ha a ahlola. (1 Mar. 3:7-14) Ke ’nete hore boemo ba Solomone e ne e le bo khethehileng. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore Molimo o tla fa batho ba filoeng boikarabelo ka phuthehong bohlale e le hore ba ka hlokomela linku tsa hae ka nepo.—Liprov. 2:6.

13, 14. (a) Hlalosa hore na “lerato leo Kreste a nang le lona” le ile la ama Pauluse joang? (b) “Lerato leo Kreste a nang le lona” le lokela ho re ama joang?

13 Ntho e ’ngoe e ka thusang motho hore a loanele ho ba le takatso ea ho sebeletsa ba bang, ke ho nahana ka botebo ka sohle seo Jehova le Mora oa hae ba re etselitseng sona. Ka mohlala, nahana ka 2 Bakorinthe 5:14, 15. (E bale.) Ho tla joang hore ebe “lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella”? Lerato leo Kreste a ileng a le bontša ha a ne a re tella bophelo ba hae ho ea ka thato ea Molimo, le ikhetha hoo le susumetsang lipelo tsa rōna ka matla ha kananelo ea rōna e ntse e hōla. Lerato la Kreste le ne le laola Pauluse. Le ile la mo thibela hore e se ke ea e-ba moithati ’me la mo thusa hore sepheo sa hae se seholo e be ho sebeletsa Molimo le batho ba bang ka ntle le ka hare ho phutheho.

14 Ha re thuisa ka lerato leo Kreste a ratang batho ka lona, seo se re susumelletsa hore re be le teboho. Ka lebaka leo, rea hlokomela hore e ne e tla ba phoso e khōlō hore re ’ne re ‘jale ka sepheo sa ho jalla nama,’ ka hore re hahamalle lipakane tsa boithati re be re phelele ho ikhotsofatsa. Ho e-na le hoo, re lokisa maemo a rōna e le hore re etelletse pele mosebetsi oo Molimo a re fileng oona. Re susumetsoa hore ka lerato, re ‘sebeletse barab’abo rōna joaloka makhoba.’ (Bala Bagalata 5:13.) Haeba re nka hore re makhoba a sebetsang ka boikokobetso molemong oa bahlanka ba inehetseng ba Jehova, re tla ba siela seriti re be re ba tšoare ka tlhompho. Ka sebele, re ne re ke ke ra etsisa moea o khothalletsoang ke Satane oa ho nyatsa ba bang le ho ba tšoaea liphoso.—Tšen. 12:10.

Boiteko bo Etsoang ke Lelapa

15, 16. Litho tsa lelapa li phetha karolo efe e le hore ntate oa lelapa a ka tšoaneleha hore a khethoe e le mohlanka ea sebeletsang kapa moholo?

15 Haeba mor’abo rōna e le monna ea nyetseng ea nang le bana, ho hlahlojoa boemo ba lelapa la hae ha ho etsoa qeto ea hore na ebe a ka tšoaneleha hore e be mohlanka ea sebeletsang kapa moholo. Ka sebele, bomoea le botumo ba lelapa la hae bo amana ka ho toba le ho khethoa ha hae. Sena se hatisa bohlokoa ba karolo eo lelapa le e phethang ho tšehetsa ntate oa lelapa, ha a ntse a etsa boiteko ba ho sebeletsa phutheho e le mohlanka ea sebeletsang kapa e le moholo.—Bala 1 Timothea 3:4, 5, 12.

16 Jehova oa thaba ha lelapa la Bakreste le tšoarisana. (Baef. 3:14, 15) Hlooho ea lelapa e lokela ho sebetsa litaba ka teka-tekano e le hore e jare boikarabelo ba phutheho e be e okamele lelapa la eona “ka mokhoa o motle.” Kahoo, ke habohlokoa haholo hore moholo kapa mohlanka ea sebeletsang a ithute Bibele le mosali oa hae le bana, e le hore bohle ba ka rua molemo Borapeling ba Lelapa beke le beke. Nako le nako o lokela ho sebetsa le bona tšimong. Ka tsela e tšoanang, ke habohlokoa hore lelapa le lona le tšoarisane le hlooho ea lelapa.

Na U Tla Sebeletsa Phutheho Hape?

17, 18. (a) Haeba mor’abo rōna a se a sa tšoanelehe bakeng sa boemo boo a neng a khethiloe hore a sebeletse ho bona, ho ka ’na ha hlokahala eng? (b) Mor’abo rōna ea kileng a sebeletsa e le moholo kapa mohlanka ea sebeletsang o lokela ho ba le maikutlo afe?

17 Mohlomong u kile ua ba moholo kapa mohlanka ea sebeletsang empa hona joale ha u sa sebeletsa boemong boo. U rata Jehova, kahoo kholiseha hore o sa ntse a u tsotella. (1 Pet. 5:6, 7) Na u ile ua bolelloa hore u lokela ho etsa liphetoho tse itseng? Ikemisetse ho lumela phoso u be u leke ka matla ho e lokisa ka thuso ea Molimo. Itlhokomele hore u se ke ua halefa. Hlalefa ’me u bontše moea o motle. Moholo e mong ea neng a sebelelitse phutheho ka lilemo tse ngata empa a ile a lahleheloa ke boikarabelo boo, o ile a re: “Ke ne ke ikemiselitse hore ke tla tsoela pele ke bala Bibele, ke e-ba teng libokeng le tšimong ka tsela eo ke neng ke tloaetse ka eona ha ke ne ke sa sebeletsa ke le moholo—e leng pakane eo ke ileng ka khona ho e finyella. Ke ile ka ithuta ho mamella hobane ke ne ke nahana hore ke ne ke tla khutlisetsoa boikarabelo ba ka ka mor’a selemo kapa tse peli, empa ho ile ha nkuka lilemo tse ka bang tse supileng pele nka sebeletsa hape ke le moholo. Nakong eo, khothatso ea hore ke se ke ka khathala empa ke tsoele pele ho hahamalla boikarabelo e ile ea nthusa haholo.”

18 Haeba u mor’abo rōna ea boemong bo tšoanang le bo sa tsoa hlalosoa, u se ke ua nyahama. Nahana kamoo Jehova a hlohonolofatsang boboleli ba hao le lelapa la hao kateng. Matlafatsa lelapa la hao moeeng, etela ba kulang u be u khothatse ba fokolang. Ka holimo ho tsohle, ananela tlotla eo u nang le eona ea ho rorisa Molimo le ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso u le Paki ea Jehova. *Pes. 145:1, 2; Esa. 43:10-12.

Hlahloba Boemo ba Hao

19, 20. (a) Banna bohle ba kolobelitsoeng ba khothalletsoa hore ba etse’ng? (b) Sehloohong se latelang ho tla tšohloa’ng?

19 Kajeno balebeli le bahlanka ba sebeletsang ba hlokahala ho feta neng kapa neng. Ka lebaka leo, re khothalletsa banna bohle ba kolobelitsoeng hore ba hlahlobe maemo a bona ’me ba ipotse, ‘Haeba ha ke mohlanka ea sebeletsang kapa moholo, ke hobane’ng ha ke se eena?’ E se eka Molimo a ka u thusa hore u be le maikutlo a nepahetseng ka taba ena ea bohlokoa haholo.

20 Litho tsohle tsa phutheho li tla rua molemo mosebetsing oa boitelo o etsoang ke balumeli-’moho le bona ba tšabang Molimo. Ha re etsa liketso tse bontšang mosa le ho hloka boithati, re ba le thabo e tlisoang ke ho sebeletsa batho ba bang le ho jala ka sepheo sa ho jalla moea. Leha ho le joalo, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša, ha rea lokela ho soabisa moea o halalelang oa Molimo. Re ka qoba seo joang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 18 Sheba Molula-Qhooa oa August 15, 2009, leqepheng la 30-32.

U ka Araba Joang?

• Boprofeta bo tlalehiloeng ho Mikea 5:5 bo re tiisetsa’ng?

• Hlalosa hore na ho ba le moea oa boitelo ho hloka hore motho a etse’ng.

• Motho a ka loanela hore a be le takatso ea ho sebeletsa ba bang joang?

• Ke habohlokoa hakae hore lelapa le tšoarisane e le hore monna a ka tšoaneleha ho sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang kapa moholo?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

U ka etsa’ng hore u hahamalle boikarabelo?