Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Basali, ke Hobane’ng ha le Lokela ho Ikokobelletsa Bohlooho?

Basali, ke Hobane’ng ha le Lokela ho Ikokobelletsa Bohlooho?

Basali, ke Hobane’ng ha le Lokela ho Ikokobelletsa Bohlooho?

“Hlooho ea mosali ke monna.”—1 BAKOR. 11:3.

1, 2. (a) Moapostola Pauluse o itse’ng ha a ne a ngola mabapi le tokisetso ea Jehova ea bohlooho le ho ikokobetsa? (b) Ho tla tšohloa lipotso life sehloohong see?

JEHOVA ke eena mohloli oa tokisetso e hlophisehileng eo moapostola Pauluse a ileng a e bolela ha a ne a re, “hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste” ’me “hlooho ea Kreste ke Molimo.” (1 Bakor. 11:3) Sehloohong se fetileng ho bontšitsoe hore Jesu o ne a thabela ho ikokobelletsa Hlooho ea hae, e leng Jehova Molimo, a bile a nka hore ke tlotla ho etsa joalo; ra ba ra ithuta hore hlooho ea banna ba Bakreste ke Kreste. Kreste o ne a tšoara batho ka mosa, ka bonolo, ka kutloelo-bohloko le ka ho hloka boithati. Ho hlokahala hore banna ba ka phuthehong ba be joalo ho batho ba bang, haholo-holo ho basali ba bona.

2 Leha ho le joalo, basali bona ba lokela ho etsa’ng? Hlooho ea mosali ke mang? Pauluse o ile a ngola a re: “Hlooho ea mosali ke monna.” Basali ba lokela ho ikutloa joang ka mantsoe aa a bululetsoeng? Na molao-motheo oo o ntse o sebetsa ha monna a sa lumela? Na ho ikokobelletsa bohlooho ba monna ho bolela hore mosali o lokela ho thōla feela ha ho etsoa liqeto? Mosali o iphumanela thoriso ka tsela efe?

“Ke Tla mo Etsetsa Mothusi”

3, 4. Ke hobane’ng ha tokisetso ea bohlooho lenyalong e le molemo?

3 Tokisetso ea bohlooho e thehiloe ke Molimo. Ka mor’a hore Adama a bōptjoe, Jehova Molimo o ile a re: “Ha ho hotle hore motho a ’ne a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi, e be motlatsi oa hae.” Ka mor’a hore Eva a bōptjoe, Adama o ne a thabetse ho ba le molekane le mothusi hoo a ileng a re: “Qetellong enoa ke lesapo la masapo a ka le nama ea nama ea ka.” (Gen. 2:18-24) Adama le Eva ba ne ba ka lebella hore batho bohle e be bana ba bona ba phethahetseng, ba neng ba tla phela ka ho sa feleng ba thabile lefatšeng la paradeise.

4 Ka lebaka la bofetoheli ba batsoali ba rōna ba pele, boemo bo phethahetseng bo neng bo le teng serapeng sa Edene bo ile ba fela. (Bala Baroma 5:12.) Empa tokisetso ea bohlooho eona e ile ea lula e le teng. Ha e lateloa ka nepo, e tlisa molemo o moholo le thabo e khōlō lenyalong. Boemo bo ba kamoo Jesu a neng a ikutloa kateng ka ho ikokobelletsa Hlooho ea hae, Jehova. Pele Jesu e e-ba motho oa nama, o ne a “nyakaletse ka pel’a [Jehova] ka nako eohle.” (Liprov. 8:30) Ka lebaka la ho se phethahale, banna ba sitoa hore e be lihlooho tse phethahetseng, ebile le basali ba sitoa ho ikokobetsa ka ho phethahetseng. Leha ho le joalo, ha banna le basali ba tsoela pele ho loanela ho etsa sohle seo ba ka se khonang, tokisetso ena e etsa hore ho be le khotsofalo e khōlō ka ho fetisisa e ka fumanoang lenyalong hona joale.

5. Ke hobane’ng ha banyalani ba lokela ho nka keletso e ho Baroma 12:10 ka botebo?

5 E le hore lenyalo le atlehe, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore balekane ba sebelise keletso ea Mangolo e behetsoeng Bakreste bohle, e reng: “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” (Bar. 12:10) Ho feta moo, monna le mosali ba lokela ho sebetsa ka thata hore ba ‘bontšane mosa, ba be le qenehelo e bonolo, ba tšoarelane ka bolokolohi.’—Baef. 4:32.

Ha Molekane oa Hao a sa Lumela

6, 7. Phello e ka ba efe haeba mosali oa Mokreste a ikokobelletsa monna oa hae ea sa lumelang?

6 Haeba molekane oa hao e se mohlanka oa Jehova u lokela ho etsa’ng? Hangata, monna e ba eena ea sa lumelang. Boemong boo, mosali o lokela ho mo tšoara joang? Bibele e fana ka karabo ena: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.”—1 Pet. 3:1, 2.

7 Lentsoe la Molimo le bolella mosali hore a lule a ikokobelelitse monna oa hae ea sa lumelang. Boitšoaro ba hae bo botle bo ka susumelletsa monna oa hae hore a hlahlobe hore na ke eng e mo susumelletsang hore a itšoare ka tsela e ntle joalo. Ka lebaka leo, monna a ka ’na a hlahloba seo mosali oa hae oa Mokreste a se lumelang a be a qetelle a amohetse ’nete.

8, 9. Mosali oa Mokreste a ka etsa’ng haeba monna oa hae ea sa lumelang a sa natse boitšoaro ba hae bo botle?

8 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba monna ea sa lumelang a sa natse boitšoaro bo botle ba mosali oa hae? Mangolo a khothalletsa mosali ea lumetseng hore a bonahatse litšobotsi tsa Bokreste ka linako tsohle, ho sa tsotellehe hore na ho boima hakae. Ka mohlala, 1 Bakorinthe 13:4 e re: “Lerato lea tiisetsa.” Kahoo, mosali oa Mokreste o lokela ho tsoela pele ho itšoara ka ‘boikokobetso bo feletseng ba kelello le bonolo, le tiisetso,’ ’me a ’ne a mamelle boemo ka lerato. (Baef. 4:2) Ka thuso ea matla a sebetsang a Molimo—e leng moea oa hae o halalelang—ho ka khoneha ho bonahatsa litšobotsi tsa Bokreste esita le maemong a thata.

9 Pauluse o ile a ngola a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafil. 4:13) Moea oa Molimo o thusa molekane oa Mokreste hore a etse lintho tse ngata tseo ho neng ho ke ke ha khoneha ho li etsa kantle ho oona. Ka mohlala, ha motho a khahlapetsoa ke molekane oa hae, a ka ’na a ba tekong ea hore le eena a iphetetse. Leha ho le joalo, Bibele e re ho Bakreste bohle: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’” (Bar. 12:17-19) Ka tsela e tšoanang, 1 Bathesalonika 5:15 ea re eletsa, e re: “Tiisang hore ho se ke ha e-ba le ea busetsang bobe ka bobe ho mang kapa mang, empa kamehla e mong a phehelle se molemo ho e mong le ho ba bang kaofela.” Seo ho ke keng ha khoneha hore re se etse ka matla a rōna sea khoneha ka thuso ea moea o halalelang oa Jehova. Ruri ho loketse hore re rapelle moea o halalelang oa Molimo hore o re thuse moo re haelloang teng!

10. Jesu o ne a etsa joang ha batho ba ne ba mo buela mantsoe a bohloko kapa ba mo tšoara hampe?

10 Jesu o behile mohlala o ikhethang ka tsela eo a neng a sebelisana ka eona le batho ba neng ba mo buela mantsoe a bohloko kapa ba mo tšoara hampe. Petrose oa Pele 2:23 e re: “Ha a ne a ntse a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka, empa a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.” Re eletsoa hore re latele mohlala oa hae o motle. U se ke ua halefisoa ke boitšoaro bo bobe ba batho ba bang. Joalokaha Bakreste bohle ba eletsoa, u ‘be le qenehelo e bonolo, u ikokobetse kelellong, u se phetetse bobe ka bobe kapa ho hlapaola ka ho hlapaola.’—1 Pet. 3:8, 9.

Na Basali ba Lokela ho Thōla Feela Lenyalong?

11. Basali ba bang ba Bakreste ba tla ba le seabo tokelong efe e khōlō?

11 Na ho ikokobelletsa bohlooho ba monna ho bolela hore basali ba lokela ho thōla feela lenyalong, ba se ke ba ba le lentsoe litabeng tsa lelapa kapa likarolong tse ling? Ho hang ha ho joalo. Jehova o file basali hammoho le banna litokelo tse ngata. Nahana feela ka tlotla e khōlō eo batho ba 144 000 ba nang le eona ea ho ba marena le baprista leholimong ha Kreste a busa holim’a lefatše! Basali baa akarelletsoa palong eo. (Bagal. 3:26-29) Ho hlakile hore Jehova o file basali hore ba be le lentsoe tokisetsong ea hae ea lintho.

12, 13. Fana ka mohlala o bontšang hore basali ba ne ba profeta.

12 Ka mohlala, mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, basali ba ne ba profeta. Joele 2:28, 29 e profetile hore: “Ke tla tšollela moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong, ’me ka sebele bara ba lōna le barali ba lōna ba tla profeta. . . . Ke tla tšollela moea oa ka esita le holim’a bahlanka le holim’a makhabunyane matsatsing ao.”

13 Barutuoa ba Jesu ba ka bang 120 ba neng ba bokane kamoreng e ka holimo Jerusalema letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E. ba ne ba akarelletsa basali hammoho le banna. Moea oa Molimo o ile oa tšolleloa holim’a sehlopha sena kaofela. Ke kahoo Petrose a neng a ka qotsa mantsoe ao moprofeta Joele a neng a a boletse esale pele a ba a a sebelisa ho banna le basali ka ho tšoanang. Petrose o ile a re: “Sena ke se ileng sa boleloa ka moprofeta Joele, Molimo o re: ‘Matsatsing a ho qetela, ke tla tšollela o mong oa moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong, ’me bara ba lōna le barali ba lōna ba tla profeta . . . ; ke tla tšollela o mong oa moea oa ka esita le holim’a makhoba a ka le holim’a makhabunyane a ka matsatsing ao, ’me a tla profeta.’”—Lik. 2:16-18.

14. Basali ba ne ba phetha karolo efe mabapi le ho phatlalatsa Bokreste lekholong la pele la lilemo?

14 Lekholong la pele la lilemo, basali ba ne ba phetha karolo ea bohlokoa mabapi le ho phatlalatsa Bokreste. Ba ne ba bolella batho ba bang ka ’Muso oa Molimo ’me ba etsa lintho tse neng li amana le mosebetsi oo oa boboleli. (Luka 8:1-3) Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a re Fibi e ne e le “mosebeletsi oa phutheho e Senkrea.” Ho feta moo, ha Pauluse a ne lumelisa basebetsi-’moho le eena, o ile a bolela basali ba ’maloa ba tšepahalang, ba neng ba akarelletsa “Tryfina le Tryfosa, basali ba sebetsang ka thata Moreneng.” O ile a boela a bua ka “Persise moratuoa oa rōna, kaha o ile a etsa mesebetsi e mengata Moreneng.”—Bar. 16:1, 12.

15. Basali ba phetha karolo efe mabapi le ho phatlalatsa Bokreste mehleng ea rōna?

15 Mehleng ea rōna, basali ba lilemo tse fapa-fapaneng ke karolo e khōlō ea batho ba fetang limilione tse supileng ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle. (Mat. 24:14) Bongata ba bona ke basebeletsi ba nako e tletseng, baromuoa le litho tsa lelapa la Bethele. Mopesaleme Davida o ile a bina a re: “Jehova o fana ka polelo; basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.” (Pes. 68:11) Ruri mantsoe ana a phethahetse! Jehova o ananela karolo eo basali ba e phethang mabapi le ho phatlalatsa litaba tse molemo le ho finyella merero ea hae. Ka sebele, taelo ea hae ea hore basali ba Bakreste ba ikokobetse ha e bolele hore ba ikokobetse feela ba thōtse.

Basali ba Babeli ba sa Kang ba Thōla Feela

16, 17. Mohlala oa Sara o bontša joang hore basali ha baa lokela ho thōla feela lenyalong?

16 Haeba Jehova a fa basali litokelo tse ngata, na banna bona ha baa lokela ho buisana le basali ba bona pele ba etsa liqeto tsa bohlokoa? Ba tla be ba le bohlale ha ba ka etsa joalo. Mangolo a bolela liketsahalo tse ngatanyana tseo ho tsona basali ba ileng ba bua kapa ba nka khato le hoja banna ba bona ba ne ba sa ba botsa maikutlo a bona. Nahana ka mehlala e ’meli.

17 Sara, mosali oa mopatriareka Abrahama, o ne a ntse a mo bolella hore a leleke serethe sa hae le mora oa sona ka lebaka la hore ba ne ba sa hlomphe. “Ntho ena ha ea ka ea khahlisa Abrahama,” empa e ne e khahlisa Molimo. Jehova o ile a re ho Abrahama: “U se ke ua lumella hore ntho leha e le efe eo Sara a ntseng a u bolella eona e be e sa khahliseng ho uena ka moshanyana le ka lekhabunyane la hao. Mamela lentsoe la hae.” (Gen. 21:8-12) Abrahama o ile a mamela Jehova, a mamela Sara ’me a etsa seo Sara a neng a se kōpile.

18. Abigaile o ile a nka khato efe?

18 Nahana le ka Abigaile, eo e neng e le mosali oa Nabale. Ha Davida a ne a baleha Morena Saule ea neng a le lefufa, o ile a qeta nako a hlomme liahelo haufi le mehlape ea Nabale. Ho e-na le hore a nke eng kapa eng thepeng e ngata ea monna eo oa morui, Davida le banna ba hae ba ile ba sireletsa thepa ea hae. Leha ho le joalo, Nabale “o ne a le thata ebile a le liketso li mpe” ’me o ile a ‘omanya’ Davida le banna ba hae. E ne e le “motho ea se nang molemo” a bile a ‘se na kelello.’ Ha banna ba Davida ba ne ba kōpa lintho tseo ba neng ba li hloka, Nabale o ile a hana. Abigaile o ile a etsa’ng ha a utloa hore na ho ne ho etsahetse’ng? A sa bolella Nabale, o ile a “potlaka ’me a nka mahobe a makholo a mabeli le linkho tse khōlō tse peli tsa veine le linku tse hlano tse lokisitsoeng le litekanyo tse hlano tsa seah tsa lijo-thollo tse halikiloeng le mahobe a lekholo a morara o omisitsoeng le mahobe a makholo a mabeli a lifeiga tse khotliloeng” eaba o li fa Davida le banna ba hae. Na Abigaile o ile a etsa se nepahetseng? Bibele e re: “Jehova a otla Nabale, hoo a ileng a shoa.” Hamorao Davida o ile a nyala Abigaile.—1 Sam. 25:3, 14-19, 23-25, 38-42.

‘Mosali ea Fumanang Thoriso’

19, 20. Ke eng e etsang hore mosali a tšoaneloe ke thoriso e le kannete?

19 Mangolo a babatsa mosali ea etsang lintho ka tsela ea Jehova. Ha buka ea Bibele ea Liproverbia e rorisa “mosali ea nang le bokhoni,” e re: “Bohlokoa ba hae bo feta ba likorale hōle. Pelo ea mong’a hae e mo tšepile, ’me ha ho leruo le haellang. O putsitse mong’a hae ka se molemo, eseng se sebe, ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.” Ho feta moo, “o ahlamisitse molomo oa hae ka bohlale, ’me molao oa mosa o lerato o lelemeng la hae. O lebela se etsahalang ho ba ntlo ea hae, ’me ha a je bohobe ba botsoa. Bara ba hae ba tsohile eaba ba phatlalatsa hore o thabile; mong’a hae oa tsoha, ’me oa mo rorisa.”—Liprov. 31:10-12, 26-28.

20 Ke eng e etsang hore mosali a tšoaneloe ke thoriso e le kannete? Liproverbia 31:30 e re: “Khahleho e ka ’na ea thetsa, ’me botle e ka ’na ea e-ba lefeela; empa mosali ea tšabang Jehova ke eena ea iphumanelang thoriso.” Ho tšaba Jehova ho akarelletsa ho ikokobelletsa tokisetso ea Molimo ea bohlooho ka boithatelo. “Hlooho ea mosali ke monna,” feela joalokaha “hlooho ea monna e mong le e mong [e le] Kreste,” ’me “hlooho ea Kreste ke Molimo.”—1 Bakor. 11:3.

Leboha Mpho e Tsoang ho Molimo

21, 22. (a) Bakreste ba nyalaneng ba na le mabaka afe a ho leboha Molimo ka mpho ea lenyalo? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha litokisetso tsa Jehova mabapi le bolaoli le bohlooho? (Sheba lebokose le leqepheng la 17.)

21 Bakreste ba kopantsoeng ke lenyalo ba na le mabaka a mangata a ho leboha Molimo! Ba ka tsamaea ba tšoarane ka matsoho joaloka banyalani ba thabileng. Haholo-holo ba ka leboha mpho e molemo ea lenyalo eo Molimo a faneng ka eona, hobane e ba fa monyetla oa hore ba kopanye bophelo ba bona ba be ba tsamaee le Jehova. (Ruthe 1:9; Mik. 6:8) Kaha ke eena Moqapi oa lenyalo, o tseba hantle hore na ho hlokahala’ng hore ho be le thabo lenyalong. Kamehla le etse lintho ka tsela ea hae ’me ‘thabo ea Jehova e tla ba qhobosheane ea lōna,’ esita le lefatšeng la kajeno le tletseng likhathatso.—Neh. 8:10.

22 Monna oa Mokreste ea ratang mosali oa hae joalokaha a ithata o tla sebelisa bohlooho ka tsela e lerato le e nahanelang. Mosali oa hae ea tšabang Molimo e tla ba thatohatsi e le kannete, hobane o tla tšehetsa monna oa hae a be a mo bontše tlhompho e tebileng. Ka holim’a tsohle, lenyalo la bona le behang mohlala le tla tlotlisa Molimo oa rōna ea tšoanelang ho rorisoa, Jehova.

Na U sa Hopola?

• Tokisetso ea Jehova ke efe mabapi le bohlooho le boikokobetso?

• Ke hobane’ng ha banyalani ba lokela ho hlomphana?

• Mosali ea lumelang o lokela ho tšoara molekane oa hae ea sa lumelang joang?

• Ke hobane’ng ha banna ba lokela ho buisana le basali ba bona pele ba etsa liqeto tsa bohlokoa?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose le leqepheng la 17]

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlompha Bolaoli?

Jehova o entse hore ho be le litokisetso tsa bolaoli le bohlooho har’a libōpuoa tse bohlale. O li entse molemong oa libōpuoa tsa moea le batho. Li ba fa monyetla oa hore ba sebelise boikhethelo ba bona ba be ba hlomphe Molimo ka ho mo sebeletsa ka tsela e momahaneng le ka kutloano.—Pes. 133:1.

Phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e hlompha bolaoli le bohlooho ba Jesu Kreste. (Baef. 1:22, 23) E le ho bontša hore o hlompha bolaoli ba Jehova, qetellong “Mora le eena o tla ipeha tlas’a Ea ileng a beha lintho tsohle tlas’a hae, e le hore Molimo e ka ba lintho tsohle ho e mong le e mong.” (1 Bakor. 15:27, 28) Ka lebaka leo, ruri ho loketse hore batho ba inehetseng ho Molimo ba iphaphathe le tokisetso ea bohlooho ka phuthehong le ka lapeng! (1 Bakor. 11:3; Baheb. 13:17) Ha re etsa joalo, re ithuisa molemo hobane Jehova o tla re amohela a be a re hlohonolofatse.—Esa. 48:17.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Thapelo e ka thusa mosali oa Mokreste hore a bonahatse litšobotsi tse khahlisang Molimo

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Jehova o ananela karolo eo basali ba e phethang mabapi le ho ntšetsa pele lintho tse amanang le ’Muso