Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bokreste ba Mehleng ea Pele le Melimo ea Roma

Bokreste ba Mehleng ea Pele le Melimo ea Roma

Bokreste ba Mehleng ea Pele le Melimo ea Roma

LENGOLONG leo a neng a le ngoletse Trajan eo e neng e le Moemphera oa Roma, Pliny e Monyenyane, eo e neng e le ’musisi oa Bithynia, o ile a re: “Ena ke khato eo ke ileng ka e nka khahlanong le ba neng ba qosoa ka pel’a ka ka hore ke Bakreste. Ke ne ke ba botsa hore na ke Bakreste, ’me haeba ba ne ba lumela, ke ne ke ba botsa ka lekhetlo la bobeli le la boraro, ke ba tšosa ka hore ba tla ahloloa. Haeba ba ne ba tsoela pele ho bolela hore ke Bakreste, ke ne ke laela hore ba bolaoe.” Ha e le ba ileng ba latola Bokreste ka ho rohaka Kreste le ho rapela seemahale sa moemphera le litšoantšo tsa melimo eo Pliny a neng a e behile khotla, o ile a ngola a re: “Ke ile ka nahana hore ke lokela ho ba lokolla.”

Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba hlorisetsoa ho hana ho rapela moemphera le litšoantšo tsa melimo e fapa-fapaneng. Ho ne ho etsahala’ng ka malumeli a mang ’Musong oohle oa Roma? Ho ne ho rapeloa melimo efe, hona Baroma ba ne ba e nka joang? Ke hobane’ng ha Bakreste ba ne ba hlorisetsoa ho hana ho etsetsa melimo ea Roma mahlabelo? Likarabo tsa lipotso tsena li tla re thusa ho tseba hore na mehleng ena re lokela ho etsa’ng ha re tobana le maemo a tšoanang a amang ho tšepahala ho Jehova.

Malumeli a ’Muso oa Roma

Feela joalokaha ’Musong oa Roma batho ba ne ba e-na le lipuo le litso tse ngata tse sa tšoaneng, ba ne ba boetse ba rapela melimo e mengata e sa tšoaneng. Le hoja Bolumeli ba Sejuda bo ne bo bonahala bo makatsa Baroma, ba ne ba bo nka e le religio licita, kapa bolumeli bo amohelehang, ’me ba ne ba bo sireletsa. Habeli ka letsatsi tempeleng ea Jerusalema, ho ne ho etsoa mahlabelo a likonyana tse peli le pholo bakeng sa Cesare le sechaba sa Roma. Baroma ba ne ba se na taba hore na mahlabelo ana a ne a khotsofatsa molimo a le mong kapa melimo e mengata. Ntho eo e neng e le ea bohlokoa ho bona e ne e le hore ketso ena e ne e fana ka bopaki bo lekaneng ba hore Bajuda ba ne ba tšepahala ’Musong oa Roma.

Bohetene ba mefuta-futa bo ne bo atile lihlotšoaneng tsa bolumeli tsa sebaka ka seng. Litšōmo tsa Bagerike li ne li amoheloa ke batho ba bangata, ’me bonohe bo ne bo atile. Malumeli ao ho neng ho thoe ke a mohlolo a Linaheng tsa Bochabela a ne a tšepisa balumeli ba ’ona ho se shoe, ho senoleloa lintho ka ho toba le ho rapela melimo ka litšebeletso tsa mohlolo. Malumeli ana a ile a ata ’musong oohle. Lihlotšoana tsa bolumeli tse neng li atile makholong a pele-pele a lilemo C.E., e ne e le tsa molimo oa Baegepeta ea bitsoang Serapis le molimotsana ea bitsoang Isis, molimotsana oa tlhapi oa Syria ea bitsoang Atargatis le molimo oa letsatsi oa Persia ea bitsoang Mithra.

Buka ea Bibele ea Liketso e hlalosa ka mokhoa o hlakileng boemo ba bohetene bo neng bo le teng nakong ea Bokreste ba mehleng ea pele. Ka mohlala, motsamaisi oa profinse ea Roma ea Cyprase o ne sebelisana le moloi oa Mojuda. (Lik. 13:6, 7) Ha Pauluse le Barnabase ba ne ba le Lystra, batho ba moo ba ne ba nka hore ke Hermese le Zeuse, e leng melimo ea Bagerike. (Lik. 14:11-13) Ha Pauluse a ne a le Filipi, o ile a kopana le lekhabunyane leo e neng e le senohe. (Lik. 16:16-18) Ha Pauluse a ne a le Athene, o ile a bolela kamoo baahi ba teng ‘ba neng ba bonahala ba ineheletse tšabo ea melimo ho feta kamoo ba bang ba neng ba ineheletse eona kateng.’ Motseng oo, o ne a boetse a bone aletare eo ho eona ho neng ho ngotsoe, “Ho Molimo ea sa Tsejoeng.” (Lik. 17:22, 23) Baahi ba Efese ba ne ba rapela molimotsana ea bitsoang Artemise. (Lik. 19:1, 23, 24, 34) Sehlekehlekeng sa Malta, batho ba ile ba re Pauluse e ne e le molimo hobane o ne a sa etsahalloa ke letho ha a ne a lonngoe ke noha. (Lik. 28:3-6) Maemong a joalo, ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba itlhokomele e le hore ba se ke ba susumetsoa ke lintho tse neng li ka silafatsa borapeli ba bona bo hloekileng.

Bolumeli ba Roma

Ha ’muso oa bona o ntse o hōla, Baroma ba ile ba amohela melimo e mecha eo ba neng ba kopana le eona ba nka hore e ne e le melimo eo ba ntseng ba e tseba, e mpang e le ka sebōpeho se seng feela. Ho e-na le hore Baroma ba neng ba hapile linaha lisele ba felise lihlotšoana tsa bolumeli tsa linaha tseo, ba ile ba li amohela ba ba ba li latela. Ka tsela eo, joalokaha Roma e ne e e-na le baahi ba litso tse ngata tse sa tšoaneng, e ile ea e-ba le bolumeli bo bongata bo sa tšoaneng. Ho ne ho sa lebelloa hore ho be le borapeli bo le bong Roma. Batho ba ne ba ka rapela melimo e mengata e sa tšoaneng ka nako e le ’ngoe.

Jupitere, ea neng a bitsoa Optimus Maximus, e bolelang ea molemo le ea moholo ka ho fetisisa, e ne e le molimo e moholo-holo har’a melimo ea pele ea Roma. Ho ne ho nahanoa hore o ne a iponahatsa ka moea, pula, lehalima le letolo. Khaitseli ea Jupitere eo e neng e bile e le mosali oa hae, e leng Juno, ea neng amahanngoa le khoeli, ho ne ho thoe ke eena ea hlokometseng likarolo tsohle tsa bophelo ba basali. Morali oa Jupitere, e leng Minerva, e ne e le molimotsana oa mesebetsi ea matsoho, botsebi, bonono le ntoa.

Melimo ea Roma e ne e bonahala e se na palo. Lares le Penates e ne e le melimo ea lelapa. Vesta e ne e le molimotsana oa maifo. Janus ea lifahleho li peli e ne e le molimo oa tšimoloho ea lintho tsohle. Mosebetsi o mong le o mong o ne o e-na le molimo oa oona. Baroma ba ne ba bile ba lumela hore ho na le melimo ea lintho tse sa bonahaleng. Pax o ne a sireletsa khotso, Salus a sireletsa bophelo bo botle, Pudicitia a sireletsa boikokobetso le tlhoeko, Fides a sireletsa botšepehi, Virtus a sireletsa sebete ’me Voluptas a sireletsa menyaka. Ho ne ho nahanoa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Moroma a neng a e etsa pontšeng le boinotšing e ne e laoloa ke thato ea melimo. Kahoo e le hore lintho li ka tsamaela motho hantle, o ne a lokela ho thabisa molimo ea loketseng ka litšebeletso tsa thapelo, mahlabelo le mekete.

Tsela e ’ngoe e neng e sebelisoa ho tiisa hore na thato ea melimo e ne e le efe, e ne e le ho sheba lipontšo tsa bokamoso, ’me tsela e ka sehloohong ea ho etsa sena e ne e le ho hlahloba likahare tsa liphoofolo tse entsoeng sehlabelo. Ho ne ho nahanoa hore boemo ba likahare tsena le tsela eo li neng li shebahala ka eona e ne e le sesupo sa hore na melimo e ne e amohela kapa e hana khato e neng e tla tloha e nkoa.

Ho ea qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo B.C.E., Baroma ba ne ba se ba nka hore melimo ea bona e ka sehloohong e ne e tšoana le melimo e itseng ea Bagerike—ba ne ba lumela hore Jupitere ke Zeuse, Juno ke Hera, joalo-joalo. Baroma ba ne ba boetse ba latela litšōmo tse neng li tsamaisana le melimo ea Bagerike. Litšōmo tsena li ne li hlile li phoqa melimo ena, e neng e e-na le likoli le mefokolo e tšoanang le ea batho. Ka mohlala, Zeuse o ne a hlalosoa a bile a tšoantšetsoa e le molimo ea betang le ea kopanelang liphate le bana, ea neng a kopanela liphate le libōpuoa tse shoang le tseo ho neng ho nahanoa hore ha li shoe. Lintho tse hlabisang lihlong tseo ho neng ho thoe li etsoa ke melimo ena—tseo hangata li neng li thoholetsoa ka bohlanya mabaleng a boholo-holo a liketsahalo—li ne li etsa hore barapeli ba eona ba lokolohe ho etsa boitšoaro bo hlephileng ka ho fetisisa.

Ho ka etsahala hore ebe hase batho ba bangata ba rutehileng ba neng ba hlile ba lumela litšōmo tseo. Ba bang ba ne ba nka hore e ne e le lipale tse tšoantšetsang. E ka ’na eaba ke ka lona lebaka leo Ponse Pilato a ileng a botsa potso e tsebahalang e reng, “’Nete ke eng?” (Joh. 18:38) E ’nile ea nkoa e bontša “monahano o neng o atile oa batho ba rutehileng, oa hore boiteko ba ho netefatsa ntho leha e le efe ea tsena ke ba lefeela.”

Ho Rapela Moemphera

Borapeli ba baemphera bo ile ba qala pusong ea Augustase (27 B.C.E. ho ea ho 14 C.E.). Haholo-holo liprofinseng tsa Bochabela tseo ho tsona ho neng ho buuoa Segerike, batho ba bangata ba ne ba ananela Augustase e le kannete, kaha o ne a entse hore ho be le nala le khotso ka mor’a ntoa ea nako e telele. Batho ba ne ba batla tšireletso ea nako e telele tlas’a ’musi oa motho. Ba ne ba labalabela tokisetso e neng e ka felisa liphapang tsa bolumeli, ea khothalletsa lerato la naha ea ba ea momahanya lefatše tlas’a “mopholosi” oa lona. Ka lebaka leo, moemphera o ile a nkoa joaloka molimo.

Le hoja Augustase a sa ka a lumella batho ba bang hore ba mo bitse molimo ha a sa ntse a phela, o ile a tsitlella hore Roma e entsoeng molimotsana—e leng Roma Dea—e rapeloe. Augustase o ile a etsoa molimo ka mor’a lefu la hae. Kahoo, maikutlo a bolumeli a batho ba sebaka ka seng le lerato la naha liprofinseng, a ne a lebisoa setsing sa ’muso le ho babusi ba oona. Borapeli bona bo bocha ba ’musisi, boo kapele bo ileng ba namela liprofinseng tsohle, bo ile ba fetoha tsela ea ho bontša tlhompho ea Naha le ho tšepahala ho eona.

Domitian, eo e neng e le moemphera ho tloha ka 81 ho ea ho 96 C.E., ke eena ’musisi oa pele oa Roma ea ileng a laela hore a rapeloe joaloka molimo. Mehleng ea hae, Baroma ba ne ba khetholotse Bakreste ho Bajuda ’me ba ne ba hanyetsa seo ho neng ho nkoa hore ke sehlotšoana sa bolumeli se secha. Ho ka etsahala hore ebe ke nakong ea puso ea Domitian moo moapostola Johanne a ileng a isoa botlamuoeng sehlekehlekeng sa Patmose ka lebaka la “ho paka ka Jesu.”—Tšen. 1:9.

Buka ea Tšenolo e ngotsoe nakong eo Johanne a neng a le botlamuoeng. Ho eona, o bua ka Antipase, e leng Mokreste ea neng a bolaetsoe Pergame, eo e neng e le setsi sa bohlokoa sa borapeli ba moemphera. (Tšen. 2:12, 13) Ka nako eo, e ka ’na eaba ’muso oa moemphera o ne o qalile ho laela hore Bakreste ba etse litšebeletso tsa bolumeli ba Naha. Ebang ho ne ho le joalo kapa che, ka 112 C.E., joalokaha ho bontšitsoe lengolong le neng le ngoletsoe Trajan le boletsoeng qalong ea sehlooho sena, Pliny o ne a laela hore Bakreste ba Bithynia ba etse litšebeletso tse joalo.

Trajan o ile a thoholetsa tsela eo Pliny a neng a sebetsa litaba tse neng li tlisoa ho eena ka eona ’me o ile a laela hore Bakreste ba neng ba hana ho rapela melimo ea Roma ba bolaoe. Trajan o ile a ngola a re: “Leha ho le joalo, ha motho a hana hore ke Mokreste, ’me eba o tla bontša ka ho hlaka hore hase eena, ka ho rapela melimo ea rōna, (ho sa tsotellehe pelaelo leha e le efe e neng e le teng pele) a ke a tšoareloe ha a bakile.”

Baroma ba ne ba sa utloisise hore na bolumeli bo batlang hore batho ba bona ba se ke ba rapela melimo e meng ke bo joang. Melimo ea Baroma e ne e sa hloke hore ho be joalo, kahoo ke hobane’ng ha Molimo oa Bakreste eena a ne a hloka seo? Ho ne ho nahanoa hore ho rapela melimo ea Naha e ne e mpa e le tsela feela ea ho bontša tlhompho tsamaisong ea lipolotiki. Ka hona, ho hana ho e rapela ho ne ho nkoa e le bohlabaphio. Joalokaha Pliny a ile a hlokomela, ho ne ho se tsela eo ka eona Bakreste ba bangata ba neng ba ka qobelloa hore ba e rapele. Ho bona, ho etsa joalo ho ne ho tla bontša hore ha ba tšepahale ho Jehova, ’me Bakreste ba bangata ba mehleng ea pele ba ne ba ka mpa ba shoa ho e-na le hore ba kopanele borapeling ba litšoantšo ba ho rapela moemphera.

Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella taba ee kajeno? Linaheng tse ling, ho lebeletsoe hore baahi ba hlomphe matšoao a naha. Kaha re Bakreste, ruri re hlompha bolaoli ba mebuso ea lefatše. (Bar. 13:1) Leha ho le joalo, tabeng ea mekete e amanang le lifolakha tsa naha, re susumetsoa ke ho tsitlella ha Jehova Molimo boinehelong bo khethehileng le keletso ea Lentsoe la hae ea hore re “balehele borapeli ba litšoantšo” le hore re “itebele litšoantšong tse rapeloang.” (1 Bakor. 10:14; 1 Joh. 5:21; Nah. 1:2) Jesu o ile a re: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.” (Luka 4:8) Ka lebaka leo, e se eka re ka tsoela pele re tšepahala ho Molimo eo re mo rapelang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Bakreste ba ’nete ba fa Jehova boinehelo bo khethehileng

[Litšoantšo tse leqepheng la 3]

Bakreste ba mehleng ea pele ba ile ba hana ho rapela moemphera kapa litšoantšo tsa melimo

Moemphera Domitian

Zeuse

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Emperor Domitian: Todd Bolen/Bible Places.com; Zeus: Photograph by Todd Bolen/Bible Places.com, taken at Archaeological Museum of Istanbul

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Bakreste ba Efese ba ile ba hana ho rapela molimotsana ea neng a tumme ea bitsoang Artemise.—Lik. 19:23-41