Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Harane—Motse oa Boholo-holo o Phetheselang

Harane—Motse oa Boholo-holo o Phetheselang

Harane​—Motse oa Boholo-holo o Phetheselang

HA HO buuoa ka Harane, hang-hang batho ba tsebang Mangolo ba hopola mopatriareka ea tšepahalang Abrahama. Ha Abrahama a tloha Ure a ea naheng ea Kanana, eena le mosali oa hae Sara hammoho le ntat’ae Tera le mora oa mor’abo, e leng Lota, ba ile ba emisa motseng oa Harane. Ha ba ntse ba le motseng oo, Abrahama o ile a ba le leruo le lengata. Ka mor’a lefu la ntat’ae, Abrahama o ile a tsoela pele ka leeto la hae ho ea naheng eo Molimo oa ’nete a neng a mo tšepisitse eona. (Gen. 11:31, 32; 12:4, 5; Lik. 7:2-4) Hamorao Abrahama o ile a romela mohlanka oa hae e moholo Harane kapa sebakeng se haufi le teng ho ea batlela Isaka mosali. Setloholo sa Abrahama, e leng Jakobo, le sona se ile sa lula lilemo tse ngata motseng oo.—Gen. 24:1-4, 10; 27:42-45; 28:1, 2, 10.

Ha Sankeribe morena oa Assyria a ne a sokela Ezekiase morena oa Juda, o ile a akarelletsa Harane har’a “lichaba” tse neng li hlōtsoe ke marena a Assyria. Mona lebitso “Harane” le ne le sa bolele motse feela empa le ne le akarelletsa le sebaka se e potolohileng. (2 Mar. 19:11, 12) Boprofeteng ba Ezekiele, Harane e hlalosoa e le o mong oa metse e ka sehloohong e neng e hoebisana le Tyre, e leng se tiisang hore motse oa Harane e ne e le setsi sa bohlokoa sa khoebo.—Ezek. 27:1, 2, 23.

Kajeno Harane ke motsana o haufi le motse oa Şanlıurfa, o karolong e ka bochabela ea naha ea Turkey. Empa ha ho pelaelo hore Harane ea boholo-holo e kile ea e-ba motse o phetheselang. Harane ke o mong oa metse e ’maloa ea boholo-holo e ntseng e bitsoa ka mabitso a eona a hlahang ka Bibeleng. Lebitso la motse ona la Seassyria ke Harranu ’me le ka bolela “Tsela” kapa “Tsela ea Sehlopha sa Bahahlauli,” e leng se bontšang hore Harane e ne e lutse litseleng tse khōlō tsa khoebo pakeng tsa metse e meholo. Ho ea ka mantsoe a ngotsoeng linthong tse epolotsoeng Harane, ’mè oa Morena Nabonidus oa Babylona e ne e le moprista ea phahameng tempeleng ea molimo oa khoeli oa Harane ea bitsoang Sin. Ba bang ba re Nabonidus o ile a tsosolosa tempele ena. Ka mor’a moo, mebuso e sa tšoaneng e ile ea busa Harane ea ba ea feta.

Kajeno Harane e fapane hōle le kamoo e neng e le kateng pele. Harane ea boholo-holo e ne e tsoetse pele ebile e le motse oa bohlokoa, haholo-holo ka linako tse itseng. Leha ho le joalo, Harane ea mehleng ea kajeno e se e e-na le matlo a ’maloa feela a marulelo a chitja. E potolohiloe ke lithako tsa libaka tse neng li tsoetse pele tsa mehleng ea boholo-holo. Lefatšeng le lecha la Molimo, batho ba bangata ba ileng ba lula motseng oa Harane—ba akarelletsang Abrahama, Sara le Lota—ba tla tsosoa. Ha ho pelaelo hore ba tla re bolella ho hongata ka motse ona oa boholo-holo o phetheselang oa Harane.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Lithako tsa Harane

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Matlo a nang le marulelo a chitja

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ho bona Harane ea mehleng ea kajeno ka mahlakoreng ’ohle