Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlompha ba Hōlileng?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlompha ba Hōlileng?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlompha ba Hōlileng?

LEBŌPONG la California, U.S.A., ho na le sefate se seng se nkoang litšoantšo ka ho fetisisa lefatšeng. Se bitsoa Lone Cypress. Ho tlalehoa hore sefate sena se na le lilemo tse fetang 250. Ka lebaka la mamello ea sona, sefate sena se setle se ’nile sa hapa mahlo ka litsela tse ngata. Ka mohlala, se ’nile sa tšehetsoa ka mehala le ka majoe kutung ea sona.

Sefate sa Lone Cypress se ka ’na sa re hopotsa Bakreste ba hōlileng ba har’a rōna, ba bontšang mamello e tsotehang. Tsela e ’ngoe e ikhethang eo ba etsang sena ka eona ke ka ho phatlalatsa litaba tse molemo. Moprofeta Joele o ile a profeta hore “banna-baholo” ba ne ba tla phatlalatsa molaetsa oa Bibele. (Joele 2:28-32; Lik. 2:16-21) Nahana feela ka lihora tse ngata tseo ba li qetang ba ntse ba thusa ba bang ka cheseho hore ba tsebe “litaba tsena tse molemo tsa ’muso”! (Mat. 24:14) Ba bang ba baboleli bana ba ’Muso ba hōlileng ba ’nile ba mamella mahloriso kapa mathata a mang ka lilemo tse ngata. Haeba sefatenyana sa cypress se thahaselloa ka lebaka la mamello ea sona se bile se tšehetsoa ka majoe le mehala, ruri batho ba hōlileng har’a rōna ba tšoanela ho ananeloa, ho sieloa seriti le ho tšoaroa ka tlhompho le ho feta!

Jehova Molimo o ile a laela sechaba sa hae sa boholo-holo a re: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u nahanele motho ea tsofetseng.” (Lev. 19:32) Har’a bahlanka ba Jehova kajeno, ho na le mehlala e babatsehang ea batho ba tšepahalang ba ’nileng ba “tsamaea le Molimo” ka lilemo tse mashome. (Mik. 6:8) Ha ba ntse ba tsoela pele ho sebelisa melao-motheo ea Mangolo, ka sebele lihlooho tsa bona tse putsoa e ba “moqhaka oa botle.”—Liprov. 16:31.

Moapostola Pauluse o ile a laela Timothea eo e neng e sa le mohlankana a re: “U se ke ua nyatsa monna e moholo ka matla.” Ho e-na le hoo, Timothea o ne a lokela hore a “mo kōpe ka tieo joaloka ntate,” ’me a kōpe “basali ba baholo joaloka bo-’mè.” (1 Tim. 5:1, 2) Ha e le hantle, Timothea o ne a lokela hore a “eme” ka pel’a moriri o moputsoa. Kahoo, ho hlakile hore Jehova o lebeletse hore tsela eo re buang ka eona e bontše tlhompho e joalo.

Baroma 12:10 e re: “Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” Ka sebele, balebeli ka phuthehong ba bontša tlhompho ho Bakreste ba hōlileng. Empa kaofela ha rōna re lokela ho etella pele ho bontšaneng tlhompho.

Ho hlakile hore litho tsa lelapa li na le boikarabelo bo khethehileng ho batsoali ba tsona le batsoali ba batsoali ba tsona. Batho ba ’nile ba leka matsapa a ho sireletsa sefate sa Lone Cypress, ’me ba ntse ba tsoela pele ho etsa joalo. Ruri re lokela ho batla litsela tsa ho sireletsa seriti sa batsoali ba rōna le batsoali ba bona ba ntseng ba e-ea lilemong. Ka mohlala, ha re mamela hantle re tla qoba ho tsitlella ho etsa lintho kamoo re ratang kateng re sa natse hore na bona ba ikutloa joang.—Liprov. 23:22; 1 Tim. 5:4.

Batho ba hōlileng har’a rōna ke ba bohlokoa haholo ho Jehova. Ha a ba lahle kherehloa. (Pes. 71:18) Ha e le hantle, Molimo oa ’nete oa ba matlafatsa e le hore ba tsoele pele ba mo sebeletsa ka botšepehi. E se eka le rōna re ka tsoela pele ho tšehetsa le ho hlompha batho ba hōlileng.

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Joalokaha sefate sa “Lone Cypress” se hloka ho tšehetsoa, batho ba hōlileng ba lokela ho sieloa seriti ba be ba tšoaroe ka tlhompho

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

American Spirit Images/age fotostock