Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U le Matla Moeeng ha U Hlokomela Mong ka Uena ea Kulang

Lula U le Matla Moeeng ha U Hlokomela Mong ka Uena ea Kulang

Lula U le Matla Moeeng ha U Hlokomela Mong ka Uena ea Kulang

KA MOR’A hore ho fumanoe hlahala haufi le lesapo la mokokotlo oa mosali e mong oa Paki ea bitsoang Kim, ngaka e ile ea fumana hore o na le lefu la kankere. * Monna oa hae Steve o re: “Hang ha Kim a se a buuoe ’me hlahala e tlositsoe, o ile a phekoloa ka mokhoa oa radiotherapy le chemotherapy. O ile a fokola haholo ka lebaka la liphello tse bohloko tsa phekolo eo. O ne a thatafalloa ke ho tsamaea.”

Na u ka inahanela bohloko boo Steve a ileng a bo utloa ha a bona molekane oa hae eo a mo ratang a loantšana le bokuli boo bo neng bo mo fokolisa ’meleng? Mohlomong u na le mong ka uena ea tšoeroeng ke lefu le holofatsang kapa ea seng a tsofetse. (Moek. 12:1-7) Haeba ho joalo, ua tseba hore ho hlokahala hore u itlhokomele e le hore u atlehe ho hlokomela moratuoa oa hao ea kulang. Haeba u ka fokola moeeng, seo se ka u kulisa maikutlong le ’meleng ’me u ka ’na ua hlōleha ho tšehetsa ba lelapa la hao ka tsela e hlokahalang. U ka khona ho phetha boikarabelo ba hao mabapi le lintho tsa moea ka tsela e itekanetseng joang ha u hlokomela mong ka uena ea kulang kapa ea tsofetseng? Na ho na le seo Bakreste ba bang ka phuthehong ba ka se etsang ho bontša hore ba nahanela ba kulang?

U ka Lekanyetsa Lintho Hantle Joang?

E le hore u phethe boikarabelo ba hao mabapi le lintho tsa moea ka tsela e itekanetseng le hore u lule u phela hantle ’meleng ha u ntse u hlokomela mong ka uena ea kulang, ho hlokahala hore u ikamahanye le maemo le hore u rere esale pele hore na u tla sebelisa nako le matla a hao ka bohlale joang. Liproverbia 11:2 e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” Mona lentsoe ‘inyenyefatsa’ le bolela hore motho o hlokomela moo a haelloang teng. E le hore u se ke ua ikimetsa, ho ka ’na ha hlokahala hore u hlahlobe kemiso ea hao le boikarabelo ba hao.

Steve o ile a bontša bohlale le boinyenyefatso ka ho hlahlobisisa mosebetsi oo a o jereng. Ho phaella mosebetsing oa hae oa boipheliso, o ne a sebeletsa e le mohokahanyi oa sehlopha sa baholo hape e le molebeli oa tšebeletso phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova naheng ea Ireland. E ne e boetse e le setho sa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele sebakeng sa habo. Steve o ile a re: “Ha ho mohla Kim a kileng a tletleba ka hore kea mo hlokomoloha hobane ke qeta nako e ngata mesebetsing ena, empa ke ne ke tseba hore kea ikimetsa.” Steve o ile a lokisa bothata boo joang? O re: “Ka mor’a ho nahanisisa taba ena ka thapelo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke emise hanyenyane ka ho sebeletsa ke le mohokahanyi. Ke ile ka tsoela pele ho sebeletsa ke le moholo, empa ka ho fa baholo ba bang boikarabelo bo bong boo ke nang le bona ka phuthehong, ke ile ka khona ho fa Kim nako le ho mo hlokomela ka tsela e hlokahalang.”

Ha nako e ntse e ea, bophelo ba Kim bo ile ba ntlafala. Steve le Kim ba ile ba boela ba nahanisisa ka boemo ba bona ’me ka tšehetso ea mosali oa hae, Steve o ile a boela a khona ho phetha boikarabelo ba hae ka phuthehong. Steve o re: “Re ithutile ho etsa lintho re ipapisitse le mathata ao lefu lena le a bakileng. Ke leboha Jehova haholo ka thuso ea hae hammoho le mosali oa ka, ka hore o ile a tsoela pele ho ntšehetsa a sa tletlebe le hoja a ne a fokolloa ke bophelo.”

Nahana hape ka phihlelo ea molebeli e mong ea tsamaeang ea bitsoang Jerry le mosali oa hae Maria. Ba ile ba lokela ho fetola lipakane tsa bona e le hore ba ka hlokomela batsoali ba bona ba neng ba se ba tsofetse. Maria o re: “’Na le monna oa ka re ne re e-na le pakane ea ho ea sebeletsa re le baromuoa naheng esele. Leha ho le joalo, Jerry o mong feela habo ’me batsoali ba hae ba ne ba hloka motho ea ba hlokomelang. Kahoo re ile ra etsa qeto ea ho lula Ireland e le hore re khone ho ba hlokomela. Ka ho etsa joalo, re ile ra khona ho ba haufi le ntate oa Jerry ka nako tsohle ha a ntse a le sepetlele pele ho lefu la hae. Hona joale re buisana le ’mè oa Jerry letsatsi le letsatsi ’me re lula re le haufi le eena e le hore re mo thuse haeba a hloka thuso. Phutheho eo ’mè oa Jerry a kopanelang ho eona e re thusitse haholo ebile e re tšehelitse, kahoo re ’nile ra khona ho tsoela pele mosebetsing oa ho potoloha.”

Tsela eo ba Bang ba ka Thusang ka Eona

Ha moapostola Pauluse a bua ka litokisetso tse neng li lokela ho etsetsoa bahlolohali ba seng ba tsofetse ka phuthehong, o ile a ngola a re: “Haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” Pauluse o ile a hopotsa Bakreste-’moho le eena hore ba lokela ho hlokomela batsoali ba bona ba seng ba tsofetse le batsoali ba batsoali ba bona ka chelete, e le hore liketso tsa bona e ka ba tse ‘khahlisang mahlong a Molimo.’ (1 Tim. 5:4, 8) Leha ho le joalo, ba bang ka phuthehong ba ka khona ho fana ka thuso e tobileng ebile ba lokela ho etsa joalo.

Nahana ka se etsahaletseng banyalani ba hōlileng ba bitsoang Hakan le Inger, ba lulang naheng ea Sweden. Hakan o re: “Ha ho fumaneha hore mosali oa ka o na le kankere, ka bobeli re ile ra tšoha haholo. Haesale Inger e le motho ea phelang hantle le ea matla. Joale re ne re lokela ho ea sepetlele letsatsi le leng le le leng e le hore a fumane phekolo ’me liphello tsa eona tse bohloko li ne li mo fokolisa ’meleng. Inger o ile a lula hae nakong ena ’me ke ile ka tšoanela ho sala le eena hore ke mo hlokomele.” Phutheho e ile ea thusa Hakan le Inger joang?

Baholo ka phuthehong ba ile ba etsa litokisetso tsa hore banyalani bana ba mamele liboka tsa Bokreste ka thelefono. Ho ekelletsa moo, bara le barali babo rōna ba ile ba tsoela pele ho ba khothatsa ka ho ba etela le ho ba letsetsa. Ba ne ba boetse ba ba romella likarete le mangolo. Hakan o re: “Re ile ra utloa kamoo barab’abo rōna ba ileng ba re tšehetsa le kamoo Jehova a re thusitseng kateng. Tlhokomelo e joalo e ile ea re thusa haholo hore re lule re le matla moeeng. Ho thabisang ke hore Inger o se a hlaphohetsoe ’me re se re boetse re khona ho ea libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso.” Ha litho tsa phutheho li etsa sohle seo li ka se khonang ho thusa ba kulang le ba tsofetseng ka phuthehong, li bontša hore ke ‘metsoalle ea ’nete e lerato ka linako tsohle, le barab’abo motho ba tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.’—Liprov. 17:17.

Jehova o Ananela Boiteko ba Hao

Ho hlokomela mong ka uena ea kulang ho ka u qeta matla. Leha ho le joalo, Morena Davida o ile a ngola a re: “Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase,” ea kang motho ea hlokang thuso ka lebaka la ho kula.—Pes. 41:1.

Ke hobane’ng ha batho ba hlokomelang ba kulang ba ka thaba? Liproverbia 19:17 e re: “Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova, ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.” Molimo oa ’nete o ameha haholo ka bahlanka ba hae ba tšepahalang ba kulang ’me o hlohonolofatsa ea bontšang mohau ho bona. Mopesaleme Davida o ile a bina tjena: “Jehova o tla . . . tšehetsa [motho ea joalo] holim’a setulo sa hae se kang moalo sa ho kula; ka sebele u tla fetola liphate tsohle tsa hae nakong ea boloetse ba hae.” (Pes. 41:3) Re ka kholiseha hore haeba ea hlokomelang motho ea kulang ka lerato a ka thulana le mathata kapa tlokotsi, Jehova o tla mo thusa.

Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore Jehova Molimo o ela hloko seo re se etsang ha re hlokomela beng ka rōna ba kulang ebile oa se ananela! Le hoja ho fana ka thuso e joalo ho ka ’na ha hloka hore re etse boiteko, Mangolo a re tiisetsa hore “Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”—Baheb. 13:16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Mabitso a fetotsoe.

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Phetha boikarabelo ba hao mabapi le lintho tsa moea ka tsela e itekanetseng ’me u amohele thuso ea ba bang