Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsoela Pele ho Koetlisa Matla a Hao a ho Lemoha

Tsoela Pele ho Koetlisa Matla a Hao a ho Lemoha

Tsoela Pele ho Koetlisa Matla a Hao a ho Lemoha

HO MONATE hakaakang ho shebella setsebi sa boikoetliso ba ’mele ha se etsa lipapali tse babatsehang ka tsela e bobebe! Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba koetlise matla a bona a ho nahana joalokaha setsebi sa boikoetliso ba ’mele se ikoetlisa.

Ha moapostola Pauluse a ngolla Baheberu, o ile a re: “Lijo tse tiileng ke tsa batho ba hōlileng ka ho feletseng, tsa bao ka tšebeliso, matla a bona a ho lemoha [Ha e le hantle, “litho tsa kutlo”] a koetliselitsoeng [joalokaha setsebi sa boikoetliso ba ’mele se ikoetlisa] ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheb. 5:14) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a eletsa Bakreste ba Baheberu hore ba koetlise matla a bona a ho nahana joalokaha setsebi sa boikoetliso ba ’mele se ikoetlisa mesifa? Re ka koetlisa matla a rōna a ho lemoha joang?

“Le Tšoanetse Hore Ebe le Mesuoe”

Ha Pauluse a hlalosa boemo ba Jesu joaloka “moprista ea phahameng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke,” o ile a ngola tjena: “Malebana le eena [Jesu] re na le ho hongata hoo re ka ho buang le ho leng thata ho hlalosoa, kaha le fetohile ba thotofetseng ho utloeng ha lōna. Etsoe, ka sebele, le hoja le tšoanetse hore ebe le mesuoe ka lebaka la nako, le boetse le hloka e mong hore a le rute ho tloha tšimolohong lintho tsa motheo tsa liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo; le fetohile ba tšoanang le ba hlokang lebese, eseng lijo tse tiileng.”—Baheb. 5:10-12.

Ka ho hlakileng, Bakreste ba bang ba Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ha baa ka ba hatela pele kutloisisong, kahoo ba ile ba hlōleha ho hōla moeeng. Ka mohlala, ba ne ba thatafalloa ke ho amohela leseli le eketsehileng mabapi le Molao le lebollo. (Lik. 15:1, 2, 27-29; Bagal. 2:11-14; 6:12, 13) Ba bang ba ile ba fumana ho le thata ho tlohela litloaelo tse amanang le ho boloka Sabatha ea beke le beke le Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe la selemo le selemo. (Bakol. 2:16, 17; Baheb. 9:1-14) Kahoo Pauluse o ile a ba khothalletsa hore ba koetlise matla a bona a ho lemoha e le hore ba tsebe ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng ’me a ba bolella hore ba ‘hatele pele ka matla khōlong e feletseng.’ (Baheb. 6:1, 2) E tlameha ebe keletso ea hae e ile ea susumelletsa ba bang hore ba hlahlobe tsela eo ka eona ba sebelisang matla a bona a ho nahana ’me mohlomong ea ba thusa hore ba hatele pele moeeng. Ho thoe’ng ka rōna?

Koetlisa Matla a Hao a ho Lemoha

Re ka koetlisa matla a rōna a ho nahana joang e le hore re be Bakreste ba hōlileng moeeng? Pauluse o ile a re re ka a koetlisa “ka tšebeliso.” Joalokaha litsebi tsa boikoetliso ba ’mele li ikoetlisa mesifa e le hore li ka khona ho bapala lipapali tse ntle tse rarahaneng, le rōna re lokela ho koetlisa matla a rōna a ho nahana e le hore re khone ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.

Moprofesa ea boemong bo bohareng oa thuto ea phekolo ea mafu a kelello Sekolong sa Bongaka sa Harvard ea bitsoang John Ratey o re: “Ho ikoetlisa ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka e etsang molemong oa boko ba hao.” Ho ea ka Gene Cohen, eo e leng motsamaisi oa Setsi se sebetsanang le Tsa Botsofali, Bophelo bo Botle le Mokhoa oa Batho oa Bophelo Univesithing ea George Washington, “ha re etsa mosebetsi o hlokang hore re sebelise boko ba rōna, lisele tsa boko li hlahisa methatsoana e mecha e fetisang melaetsa, e leng ho fellang ka hore likheo tse fetisang melaetsa mateanong a methapo ea boko li eketsehe.”

Kahoo ke bohlale hore re koetlise matla a rōna a ho nahana le hore re hōlise tsebo ea rōna ka Lentsoe la Molimo. Ha re etsa joalo, re tla hlomelloa ka ho feletseng ho etsa ‘thato ea Molimo e phethahetseng.’—Bar. 12:1, 2.

E-ba le Takatso ea “Lijo Tse Tiileng”

Haeba re lakatsa ho ‘hatela pele ka matla khōlong e feletseng,’ re lokela ho ipotsa: ‘Na ke hatela pele kutloisisong ea ka ea Bibele? Na batho ba bang ba mpona ke le motho ea hōlileng moeeng?’ ’Mè o thabela ho fepa ngoana oa hae lebese le lijo tsa bana ha e sa le lesea. Empa ak’u nahane hore na a ka khathatseha hakaakang ha a bona ngoana oa hae a hōla empa a sa je lijo tse tiileng. Ka tsela e tšoanang, le rōna rea thaba ha re bona motho eo re ithutang Bibele le eena a tsoela pele ho fihlela a inehela a ba a kolobetsoa. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba motho eo a sa hōle moeeng ka mor’a hore a kolobetsoe? Na seo e ne e ke ke ea e-ba se nyahamisang? (1 Bakor. 3:1-4) Mosuoe o na le tšepo ea hore ha nako e ntse e ea morutuoa e mocha le eena e tla ba mosuoe.

Ho sebelisa matla a rōna a ho lemoha e le hore re khone ho nahanisisa lintho hantle ho hloka hore re thuise, ka lebaka leo, re lokela ho ikitlaetsa. (Pes. 1:1-3) Ha rea lokela ho lumella litšitiso—tse kang ho shebella thelevishene kapa ho etsa lintho tse tlosang bolutu, tse sa hlokeng hore re sebelise likelello tsa rōna hakaalo—ho re sitisa ho thuisa ka lintho tsa bohlokoa. E le hore re ntlafatse matla a rōna a ho nahana, ho hlokahala hore re be le takatso ea ho ithuta Bibele le lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene” re be re phethahatse seo re se lakatsang. (Mat. 24:45-47) Ho phaella lenaneong la kamehla la ho bala Bibele, ke habohlokoa hore re behelle ka thōko nako ea Borapeli ba Lelapa le ho ithuta ka botebo litaba tsa Bibele.

Molebeli e mong ea tsamaeang oa Mexico ea bitsoang Jerónimo, o re o bala makasine ka ’ngoe ea Molula-Qhooa hang feela ha a qeta ho e fumana. O boetse o behella ka thōko nako ea ho ithuta le mosali oa hae. Jerónimo o re, “’Na le mosali oa ka re itloaelitse ho bala Bibele hammoho letsatsi le leng le le leng ’me re sebelisa lithulusi tsa ho ithuta tse kang bukana ea ‘Naha e Ntle.’” Mokreste e mong ea bitsoang Ronald o re kamehla o tsamaisana le ’malo oa Bibele oa phutheho. O boetse o na le mesebetsi e ’maloa e amanang le thuto ea hae ea boinotšing eo a lakatsang ho e finyella ha nako e ntse e ea. Ronald o re: “Mesebetsi ena e etsa hore ke lebelle nako ea ka ea ho ithuta ka tjantjello.”

Ho thoe’ng ka rōna? Na re ipha nako e lekaneng ea ho ithuta Bibele le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo? Na re koetlisa matla a rōna a ho nahana ’me re ithuta ho etsa liqeto re itšetlehile ka melao-motheo ea Mangolo? (Liprov. 2:1-7) E se eka re ka ikemisetsa ho ba batho ba hōlileng moeeng, ba hlohonolofalitsoeng ka tsebo le bohlale tse fumanoang ke batho bao matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng!

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Re koetlisa matla a rōna a ho nahana “ka tšebeliso”