Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U se ke Ua Soabisa Moea o Halalelang oa Jehova

U se ke Ua Soabisa Moea o Halalelang oa Jehova

U se ke Ua Soabisa Moea o Halalelang oa Jehova

“Le se ke la soabisa moea o halalelang oa Molimo, oo le tiisitsoeng ka oona.”—BAEF. 4:30.

1. Jehova o etselitse batho ba limilione eng, hona ba na le boikarabelo bofe?

JEHOVA o etselitse batho ba limilione ba phelang lefatšeng lena le tletseng likhathatso ntho e khethehileng. O entse hore ho khonehe hore ba be le kamano e haufi le eena ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e leng Jesu Kreste. (Joh. 6:44) U e mong oa batho bana haeba u inehetse ho Molimo ’me u phelela boinehelo boo. Kaha u inehetse ka lebitso la moea o halalelang, u na le boikarabelo ba ho itšoara ka tsela e lumellanang le moea oo.—Mat. 28:19.

2. Re tla tšohla lipotso life?

2 Rōna ba “jalang ka sepheo sa ho jalla moea,” re apara botho bo bocha. (Bagal. 6:8; Baef. 4:17-24) Empa moapostola Pauluse oa re eletsa ebile oa re lemosa hore re se ke ra soabisa moea o halalelang oa Molimo. (Bala Baefese 4:25-32.) Hona joale re tla hlahloba keletso eo ea moapostola Pauluse. Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a bua ka ho soabisa moea oa Molimo? Motho ea inehetseng ho Jehova a ka etsa ntho e joalo joang? Hona re ka qoba ho soabisa moea oa Jehova joang?

Pauluse o ne a Bolela’ng?

3. U ka hlalosa joang hore na mantsoe a tlalehiloeng ho Baefese 4:30 a bolela’ng?

3 Pele ho tsohle, hlokomela mantsoe a Pauluse a tlalehiloeng ho Baefese 4:30. O ile a ngola a re: “Le se ke la soabisa moea o halalelang oa Molimo, oo le tiisitsoeng ka oona bakeng sa letsatsi la ho lokolloa ka thekollo.” Pauluse o ne a sa batle hore balumeli-’moho le eena ba ratehang ba behe kamano ea bona le Molimo kotsing. Ba ne ba ‘tiisitsoe ka moea oa Jehova bakeng sa letsatsi la ho lokolloa ka thekollo.’ Moea o halalelang oa Molimo e ne e le tiiso, kapa “pontšo ea se tlang ho tla” ’me e sa ntse e le eona ho batlotsuoa ba tšepahalang. (2 Bakor. 1:22) Tiiso eo e bontša hore ke letlotlo la Molimo ’me ba tla fumana bophelo leholimong. Palo ea batho ba tla qetella ba tiisitsoe ke 144 000.—Tšen. 7:2-4.

4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re qobe ho soabisa moea oa Molimo?

4 Ho soabisa moea e ka ba mohato oa pele o ka etsang hore ho hang bophelo ba Mokreste bo se ke ba hlola bo susumetsoa ke matla a sebetsang a Molimo. Seo Davida a ileng a se bua ka mor’a hore a etse sebe le Bathe-sheba se bontša hore sena se ka etsahala. Davida o ile a baka ’me a kōpa Jehova ka tieo, a re: “U se ke ua ntahlela hōle le sefahleho sa hao; u se ke ua tlosa moea oa hao o halalelang ho ’na.” (Pes. 51:11) Batlotsuoa ba ‘tšepahalang esita le ho isa lefung’ ke bona feela ba tla amohela “moqhaka” oa bophelo ba ho se shoe leholimong. (Tšen. 2:10; 1 Bakor. 15:53) Bakreste bao tšepo ea bona e leng ho phela lefatšeng, le bona ba hloka moea o halalelang e le hore ba ka lula ba tšepahala ho Molimo ba be ba fumane mpho ea hae ea bophelo hobane ba e-na le tumelo sehlabelong sa thekollo sa Kreste. (Joh. 3:36; Bar. 5:8; 6:23) Kahoo, kaofela ha rōna re tlameha ho itebela e le hore re se ke ra soabisa moea o halalelang oa Jehova.

Mokreste a ka Soabisa Moea Joang?

5, 6. Mokreste a ka soabisa moea oa Jehova joang?

5 Kaha re Bakreste ba inehetseng, re ka qoba ho soabisa moea. Sena se ka khoneha haeba re tsoela pele ho ‘tsamaea ka moea le ho phela ka oona,’ hobane ha re etsa joalo re ke ke ra hlōloa ke litakatso tse fosahetseng tsa nama ’me re ke ke ra ba le mekhoa e mebe. (Bagal. 5:16, 25, 26) Empa seo se ka fetoha. Ka tsela e itseng re ka soabisa moea oa Molimo ha re lumella hore hanyane ka hanyane boitšoaro boo Lentsoe la Molimo le bululetsoeng ka moea le bo nyatsang bo re hohele, mohlomong re sa hlokomele.

6 Haeba re ne re ka tsoela pele re etsa lintho tse khahlanong le tataiso ea moea o halalelang, re ne re tla be re o soabisa re bile re soabisa le Jehova, eo moea oo o tsoang ho Eena. Ha re hlahloba Baefese 4:25-32 re tla hlokomela hore na re lokela ho itšoara joang, ’me sena se ka re thusa hore re qobe ho soabisa moea oa Molimo.

Re ka Qoba ho Soabisa Moea Joang?

7, 8. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha re tlameha ho bua ’nete.

7 Re tlameha ho bua ’nete. Ho ea ka Baefese 4:25, Pauluse o ile a ngola a re: “Kaha joale le lahlile leshano, e mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae, hobane re litho ba bang tsa ba bang.” Kaha re momahane ’me re “litho ba bang tsa ba bang,” ka sebele, ha rea lokela ho ba bolotsana kapa ho leka ho thetsa balumeli-’moho le rōna ka boomo, hobane ho etsa joalo ho tšoana le ho ba bolella leshano. Batho leha e le bafe ba neng ba ka phehella ho etsa joalo, ba ne ba tla qetella ba se na kamano le Molimo.—Bala Liproverbia 3:32.

8 Ho thetsa batho le ho etsa liketso tse bolotsana ho ka senya bonngoe ba phutheho. Ka lebaka leo, re lokela ho tšoana le moprofeta Daniele ea neng a tšepahala, le eo batho ba bang ba neng ba ke ke ba fumana letho le fosahetseng ho eena. (Dan. 6:4) Hape, re tšoanela ho hopola keletso eo Pauluse a ileng a e fa Bakreste bao tšepo ea bona e leng ho phela leholimong, ea hore setho se seng le se seng sa “’mele oa Kreste” ke sa litho tse ling kaofela ’me se lokela ho lula se le bonngoeng le balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng ba buang ’nete. (Baef. 4:11, 12) Haeba re e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise, le rōna re tlameha ho bua ’nete, e leng se tla etsa hore mokhatlo oa rōna oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara o be bonngoeng.

9. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa haholo hore re etse se boleloang ho Baefese 4:26, 27?

9 Re tlameha ho hanyetsa Diabolose, re se ke ra mo fa monyetla oa hore a senye kamano ea rōna le Jehova. (Jak. 4:7) Moea o halalelang o re thusa hore re hanyetse Satane. Ka mohlala, re ka etsa joalo ka hore re itebele hore re se ke ra halefa ka tsela e sa laoleheng. Pauluse o ile a ngola a re: “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile, hape le se ke la lumella Diabolose sebaka.” (Baef. 4:26, 27) Haeba re ka halefa ka mabaka a utloahalang, ho rapela ka pelong kapele ho ka re thusa hore re be le “moea o khutsitseng,” re bontše boitšoaro ho e-na le ho etsa lintho tse ka ’nang tsa soabisa moea oa Molimo. (Liprov. 17:27) Kahoo, a re se keng ra lula re halefile ebe re fa Satane monyetla oa ho re susumelletsa hore re etse bobe. (Pes. 37:8, 9) Tsela e ’ngoe eo re ka mo hanyetsang ka eona ke ka hore re rarolle liqabang kapele tumellanong le keletso ea Jesu.—Mat. 5:23, 24; 18:15-17.

10, 11. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho utsoa kapa ho se tšepahale?

10 Ha rea lokela ho inehela molekong ofe kapa ofe oa ho utsoa kapa oa ho se tšepahale. Pauluse o ile a ngola tjena mabapi le ho utsoa: “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae, e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.” (Baef. 4:28) Haeba Mokreste ea inehetseng a ne a ka utsoa, ka sebele o ne a tla be a “rohaka lebitso la Molimo” ka ho le tlisetsa sekhobo. (Liprov. 30:7-9) Esita le bofutsana hase lebaka le utloahalang la ho utsoa. Batho ba ratang Molimo le moahelani baa hlokomela hore ha ho mohla ho ka boleloang hore ho utsoa ho nepahetse.—Mar. 12:28-31.

11 Pauluse ha a bolele feela seo re sa lokelang ho se etsa, empa o bontša le seo re lokelang ho se etsa. Haeba re phela ka moea o halalelang re bile re tsamaea ka oona, re tla sebetsa ka thata e le hore re ka hlokomela ba malapa a rōna re be re be le “ho hong hoo [re] ho abelang ea hlokang.” (1 Tim. 5:8) Jesu le baapostola ba hae ba ne ba behella chelete ka thōko bakeng sa ho thusa mafutsana, empa Judase Iskariota oa moeki o ne a nka chelete e ’ngoe. (Joh. 12:4-6) Ka sebele o ne a sa tataisoe ke moea o halalelang. Rōna ba tataisoang ke moea oa Molimo re “itšoara ka botšepehi linthong tsohle,” joaloka Pauluse. (Baheb. 13:18) Ka tsela eo, re qoba ho soabisa moea o halalelang oa Jehova.

Litsela Tse Ling Tsa ho Qoba ho Soabisa Moea

12, 13. (a) Joalokaha ho bontšitsoe ho Baefese 4:29, re lokela ho qoba lipuo tsa mofuta ofe? (b) Re lokela ho bua lipuo tsa mofuta ofe?

12 Re tlameha ho lebela lipuo tsa rōna. Pauluse o ile a re: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang.” (Baef. 4:29) Le mona moapostola Pauluse ha a bolele feela seo re sa lokelang ho se etsa, empa o re bolella le seo re lokelang ho se etsa. Moea oa Molimo o tla re susumelletsa hore re ‘bue se molemo bakeng sa ho haha e le hore se ka fana ka se molemo ho ba se utloang.’ Ho feta moo, ha rea lokela ho lumela hore “polelo e bolileng” e tsoe melomong ea rōna. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “e bolileng,” le ’nile la sebelisoa ha ho hlalosoa tholoana, tlhapi kapa nama e bolileng. Feela joalokaha re nyonya lijo tse joalo, re hloile le lipuo tseo Jehova a nkang hore li mpe.

13 Lipuo tsa rōna e lokela hore e be tse hlomphehang, tse mosa le tse “nōkiloeng ka letsoai.” (Bakol. 3:8-10; 4:6) Batho ba lokela ho hlokomela hore ha re tšoane le batho ba bang ha ba utloa seo re se buang. Kahoo, a re thuseng ba bang ka hore re bue se “molemo bakeng sa ho haha.” Ho feta moo, e se eka re ka ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a bina a re: “Lipolelo tsa molomo oa ka le ho thuisa ha pelo ea ka e ke e be tse khahlisang ka pel’a hao, Jehova Lefika la ka le Molopolli oa ka.”—Pes. 19:14.

14. Ho ea ka Baefese 4:30, 31, re lokela ho lahla’ng?

14 Re tlameha ho lahla lehloeo, khalefo, puo e nyefolang le bobe bohle. Ka mor’a hore Pauluse a lemose ka ho soabisa moea oa Molimo, o ile a ngola a re: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.” (Baef. 4:30, 31) Kaha re batho ba sa phethahalang, ho hlokahala hore kaofela re sebetse ka thata hore re laole menahano ea rōna le liketso tsa rōna. Haeba re ne re ka itumella hore re laoloe ke “lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo,” re ne re tla be re soabisa moea oa Molimo. Ho ne ho tla etsahala se tšoanang haeba re ne re ka boloka tlaleho ea liphoso tseo batho ba re etselitseng tsona, haeba re ne re ka jara motho ea re foselitseng ka pelo eaba re hana ho bōpa khotso le eena. Haeba re ka qala ho hlokomoloha keletso ea Bibele, re ka ’na ra ba le litšobotsi tse ka etsang hore re siteloe moea ’me re ka ’na ra kotula litholoana tse bosula.

15. Haeba motho a re entse hampe, re lokela ho etsa’ng?

15 Re lokela ho ba mosa, re be le qenehelo ’me re tšoarele ba bang. Pauluse o ile a ngola a re: “Le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.” (Baef. 4:32) Esita le haeba re utloisitsoe bohloko haholo ke ntho e mpe eo motho a re entseng eona, a re mo tšoareleng, joalokaha Molimo a tšoarela. (Luka 11:4) A re re mohlomong molumeli-’moho le rōna o re buile hampe. Re ea ho eena kaha re batla ho lokisa litaba. O bolela hore o soabile haholo ’me o kōpa tšoarelo. Rea mo tšoarela, empa ho sa ntse ho e-na le ho hong hoo re lokelang ho ho etsa. Levitike 19:18 e re: “U se ke ua iphetetsa kapa ua jara bara ba batho ba heno ka pelo; ’me u rate oa heno joalokaha u ithata. Ke ’na Jehova.”

Ho Hlokahala Hore re Lule re Falimehile

16. Fana ka mohlala o bontšang hore ho ka ’na ha hlokahala hore re etse liphetoho e le hore re se ke ra soabisa moea oa Jehova.

16 Esita le ha re le bang, re ka ’na ra ba tekong ea ho etsa ntho e sa thabiseng Molimo. Ka mohlala, e ka ’na eaba mor’abo rōna o ne a ntse a mamela ’mino o sa lokang. Qetellong, letsoalo la hae lea mo tšoenya kaha o hlokomolohile keletso ea Bibele e hatisitsoeng ka har’a lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) A ka ’na a rapella bothata bona a ba a hopola mantsoe a Pauluse a tlalehiloeng ho Baefese 4:30. Kaha o ikemiselitse ka tieo hore a se ke a etsa letho le neng le ka soabisa moea oa Molimo, o etsa qeto ea hore ho tloha joale o tla qoba ’mino o sa lokang. Jehova o tla hlohonolofatsa moea oo mora eo oabo rōna a o bontšang. Ka lebaka leo, kamehla a re itebeleng hore re se ke ra soabisa moea oa Molimo.

17. Ho ka etsahala’ng haeba re sa falimeha ebile re sa rapele?

17 Haeba re sa falimeha ebile re sa rapele, re ka inehella mokhoa o sa hloekang kapa o fosahetseng o ka etsang hore re soabise moea. Kaha moea o halalelang o hlahisa litšobotsi tse lumellanang le botho ba Ntate oa rōna ea leholimong, ha re o soabisa re soabisa eena—e leng ntho eo le ka mohla re sa batleng ho e etsa. (Baef. 4:30) Bangoli ba lekholong la pele la lilemo ba Bajuda ba ile ba etsa sebe ha ba ne ba re mehlolo eo Jesu a neng a e etsa e ne e tsoa ho Satane. (Bala Mareka 3:22-30.) Lira tseo tsa Kreste li ile tsa ‘nyefola moea o halalelang,’ kahoo li ile tsa etsa sebe se ke keng sa tšoareloa. E se eka le ka mohla re ke ke ra qetella re entse joalo!

18. Re ka tseba joang hore ha rea etsa sebe se ke keng sa tšoareloa?

18 Kaha ha re batle le hore feela re batle re etsa sebe se ke keng sa tšoareloa, re lokela ho hopola seo Pauluse a se buileng mabapi le ho se soabise moea. Empa re lokela ho etsa’ng haeba re entse sebe se tebileng? Haeba re bakile ’me re thusitsoe ke baholo, re ka fihlela qeto ea hore Molimo o re tšoaretse le hore ha rea siteloa moea o halalelang. Ka thuso ea Molimo, re ka boela ra qoba ho soabisa moea hape ka tsela leha e le efe.

19, 20. (a) Tse ling tsa lintho tseo re lokelang ho li qoba ke life? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

19 Molimo o sebelisa moea oa hae o halalelang ho etsa hore ho be le lerato, thabo le bonngoe har’a batho ba hae. (Pes. 133:1-3) Ka hona, re lokela ho qoba ho soabisa moea oo ka hore re se ke ra kopanela lesebong le kotsi kapa re se ke ra bua lintho tse neng li ka etsa hore batho ba bang ba se ke ba hlompha balisa ba khethiloeng ka moea. (Lik. 20:28; Juda 8) Ho e-na le hoo, re lokela ho etsa hore ho be le bonngoe le ho hlomphana ka phuthehong. Ka sebele, ha rea lokela ho khothalletsa hore ho be le maquloana har’a batho ba Molimo. Pauluse o ile a ngola a re: “Kea le eletsa, barab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste hore kaofela le bue ka tumellano, le hore ho se ke ha e-ba le likarohano har’a lōna, empa hore le kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.”—1 Bakor. 1:10.

20 Jehova o ikemiselitse ho re thusa ebile a ka khona ho re thusa hore re qobe ho soabisa moea oa hae. A re tsoeleng pele ho rapella moea o halalelang ’me re ikemisetse hore re se ke ra o soabisa. E se eka re ka tsoela pele ho ‘jala ka sepheo sa ho jalla moea,’ ka tieo re batle tataiso ea oona hona joale le ka ho sa feleng.

U ka Araba Joang?

• Ho soabisa moea oa Molimo ho bolela’ng?

• Motho ea inehetseng ho Jehova a ka ’na a soabisa moea oa hae joang?

• Re ka qoba ho soabisa moea o halalelang ka litsela life?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Rarolla liqabang kapele

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Ke tholoana efe e hlileng e tšoanelang lipuo tsa hao?