Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Kopantsoe ke Lerato—Tlaleho ea Seboka sa Selemo le Selemo

Ba Kopantsoe ke Lerato—Tlaleho ea Seboka sa Selemo le Selemo

Ba Kopantsoe ke Lerato​—Tlaleho ea Seboka sa Selemo le Selemo

E NE e le thabo feela Holong ea Kopano ea Lipaki Tsa Jehova e Jersey City, New Jersey, U.S.A. Hoseng ha la 3 October, 2009, batho ba fetang 5 000 ba ne ba tlile sebokeng sa selemo le selemo sa bo125 sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Ba bang ba likete ba ne ba mametse lenaneo lena ba bile ba le shebeletse ba le mehahong e meraro ea Bethele ea United States le Bethele ea Canada. Lenaneo lena le ileng la nka lihora tse tharo le ne le mametsoe ke batho ba 13 235, ba kopantsoeng ke ho rata Jehova.

Molula-setulo oa lenaneo lena e ne e le Geoffrey Jackson oa Sehlopha se Busang. O ile a hleka sebae ka ho suthela libini tsa Bethele tse ileng tsa bina lipina tse hlahang bukeng ea rōna ea lipina e ncha. Motsamaisi oa libini tsena e ne e le David Splane, e leng setho sa Sehlopha se Busang, ’me o ile a bolela ka bokhutšoanyane hore na ’mino ke oa bohlokoa hakae borapeling bo hloekileng. Sebokeng sena bamameli ba ile ba kōptjoa hore ba bine lipina tse tharo tse ncha; li ile tsa binoa ke libini pele, ka mor’a moo tsa li bina le bamameli. Libini li ne li sebelisoa feela sebokeng sena se khethehileng; hase hore sena se lokela ho etsoa liphuthehong, likopanong tsa potoloho kapa tsa setereke.

Litlaleho Tse Tsoang Makaleng

Litho tsa Likomiti Tsa Makala a mahlano li ile tsa fana ka litlaleho. Kenneth Little o ile a re haufinyane Canada e tla qala ho hatisa boholo ba limakasine tsa United States le tsa Canada, e leng se tla etsa hore mosebetsi oa khatiso lekaleng leo o eketsehe ka makhetlo a leshome. Hore mosebetsi ona o phethoe, mochine o mocha oa khatiso o tla sebelisoa ke lihlopha tse peli, sehlopha ka seng se sebetse lihora tse robeli, e leng hore ka letsatsi o tla sebetsa lihora tse 16.

Reiner Thompson o ile a bua ka mosebetsi oa ’Muso Dominican Republic, ’me Albert Olih a hlalosa se etsahalang Nigeria. Emile Kritzinger oa Mozambique a bolela hore ka mor’a hore Lipaki Tsa Jehova li hlorisoe ka lilemo tse mashome naheng eo, li ile tsa ngolisoa ka 1992. Palo ea bahoeletsi e sa tsoa eketseha haholo linaheng tsena tse tharo. Viv Mouritz ea tsoang lekaleng la Australia o ile a bua ka se etsahalang East Timor, e leng naha e hlokomeloang ke barab’abo rōna ba Australia.

Likomiti Tsa Sehlopha se Busang

Ho tloha ka 1976, mesebetsi eohle ea Lipaki Tsa Jehova e ile ea qala ho tsamaisoa ke likomiti tse tšeletseng tsa Sehlopha se Busang. Hamorao, ba bang ba linku tse ling ba ile ba khethoa hore e be bathusi ba Sehlopha se Busang. Hona joale ba 23. Ho ile ha buisanoa le ba tšeletseng. Bara bana babo rōna ba tšeletseng ba qetile lilemo tse 341 tšebeletsong ea nako e tletseng—e leng se bolelang hore ka karolelano, a le mong o qetile lilemo tse 57.

Don Adams, ea fihlileng Bethele ka 1943, o ile a hlalosa hore Komiti ea Bohokahanyi e entsoe ka bahokahanyi ba bahlano ba likomiti tse ling, ho etsa bonnete ba hore likomiti tsohle tse hlano li sebetsa hantle ho se tšitiso. Komiti ena e sebetsana le maemo a tšohanyetso a maholo, mahloriso, linyeoe, likoluoa le litaba tse ling tse potlakileng tse amang Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle.

Dan Molchan o ile a hlalosa hore mosebetsi oa Komiti ea Basebetsi ke ho hlokomela litho tsa lelapa la Bethele tse 19 851 lefatšeng lohle, nameng le moeeng. David Sinclair a hlalosa hore Komiti ea Khatiso e ikarabella ka ho reka thepa e sebelisoang makaleng. Ka mor’a moo, Robert Wallen, ea sebelelitseng Bethele ka lilemo tse ka bang 60, a bolela hore Komiti ea Tšebeletso e tsamaisa mosebetsi oa batho ba Jehova tšimong le liphuthehong. William Malenfant a ntoo hlalosa mosebetsi o boima oo Komiti ea Thuto e o etsang ha e lokisetsa lenaneo la kopano. Qetellong, John Wischuk a hlalosa kamoo Komiti ea Bongoli e hlophisang ka hloko le ho lokisa boitsebiso bo likhatisong tsa rōna. *

Temana ea Selemo ea 2010 e Bua ka Lerato

Lipuo tsa latelang tse tharo li ile tsa fanoa ke litho tsa Sehlopha se Busang. Gerrit Lösch o ile a qala ka potso e reng, “Na u batla ho ratoa ke batho ba bang?” A re lerato ke ntho ea bohlokoa ho motho e mong le e mong, ’me lea re atlehisa. Re teng ka lebaka la lerato hobane Jehova o re bōpile a susumetsoa ke lerato le se nang boithati. Ho rata Jehova ke ntho e ka sehloohong e re susumelletsang ho bolela le ho ruta.

Hase baahelani ba rōna feela bao re ba bontšang lerato le laoloang ke melao-motheo, empa re le bontša le lira tsa rōna. (Mat. 5:43-45) O ile a khothalletsa bamameli hore ba nahane ka seo Jesu a se mameletseng molemong oa rōna, o ile a shapuoa, a songoa, a tšoeloa ka mathe a ba a hlajoa. Empa o ile a rapella masole a ileng a mo khokhothela thupeng. Na see hase etse hore re mo rate le ho feta? Ka mor’a moo Mor’abo rōna Lösch o ile a bolela hore temana ea selemo ea 2010 ke 1 Bakorinthe 13:7, 8 e reng, ‘Lerato le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.’ Re na le tšepo ea hore re ke ke ra phela ka ho sa feleng feela, empa hape re tla rata re be re ratoe ka ho sa feleng.

Na U Felloa ke Peterole?

Samuel Herd o ile a qala puo ea hae ka papiso. Ha re re motsoalle oa hao o il’o u lata hore le kene leetong la lik’hilomithara tse 50. Ha u le ka koloing ua lemoha hore lenaka le bontša hore peterole e habile ho fela. U bolella motsoalle oa hao hore o se a tla felloa ke peterole. O re u se ke ua tšoenyeha, ho sa na le lilithara tse ’nè ka tankeng. Empa ka mor’a nakoana koloi e re khekhenene! Na e ne e le ntho e utloahalang hore ‘a khanne koloi e seng e ntse e felloa ke peterole’ a tseba hore le ka ’na la kena mathateng? Ruri ho ka be ho bile molemo hoja a tlatsa tanka! Ka tsela e tšoanang, le rōna re lokela ho tlatsa tanka ea rōna, re e tlatse tsebo ea Jehova.

Hore tanka ena e lule e tletse, re lokela ho lula re tšela peterole. Ho na le litsela tse ’nè tsa ho etsa seo. Ea pele ke ho ithuta, ho tseba se ka Bibeleng ka ho e bala letsatsi le leng le le leng. Hase feela taba ea ho bala mantsoe, empa re lokela ho utloisisa seo re se balang. Ea bobeli ke ho rua molemo mantsiboeeng a Borapeli ba Lelapa. Na beke e ’ngoe le e ’ngoe re ipha nako ea ho tlatsa tanka ea rōna kapa re tšela hanyenyane feela? Ea boraro ke ho ba teng libokeng. Ea bone ke ho thuisa re le moo ho khutsitseng, re sa sitisoe ke letho, re nahana ka litsela tsa Jehova. Pesaleme ea 143:5 e re: “Ke hopotse matsatsi a khale; ke thuisitse ka mosebetsi oohle oa hao.”

“Ba Lokileng ba Tla Khanya”

John Barr o ile a fana ka puo ea boraro eo e bileng e leng ea ho qetela e hlalosang papiso ea Jesu ea koro le mofoka. (Mat. 13:24-30, 38, 43) Papiso eo e bua ka “kotulo,” e leng nako eo ka eona ho bokelloang “bara ba ’muso” ’me mofoka o behelloang ka thōko hore o chesoe.

Mor’abo rōna Barr o ile a hlakisa hore mosebetsi oa ho bokella o ke ke oa etsoa ka ho sa feleng. O ile a qotsa Matheu 24:34, e reng: “Moloko ona o ke ke oa feta ho fihlela lintho tsena tsohle li etsahala.” Ka mor’a moo a bala polelo e latelang ka makhetlo a mabeli: “Ho hlakile hore Jesu o ne a bolela hore batlotsuoa ba neng ba le teng ha pontšo e ne e qala ho bonahala ka 1914, ba ne ba tla phela ka nako e itseng le batlotsuoa ba bang ba neng ba tla bona ha matšoenyeho a maholo a qala.” Ha re tsebe hantle hore na “moloko ona” o phela nako e kae empa o akaretsa lihlopha tsena tse peli. Le hoja batlotsuoa ba sa lekane ka lilemo, ba leng lihlopheng tsena tse peli tse etsang moloko, ba phela ka nako e le ’ngoe karolong e itseng ea matsatsi a ho qetela. Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore batlotsuoa ba banyenyane ba phetseng ka nako e le ’ngoe le batlotsuoa ba seng ba hōlile ba lemohileng pontšo ha e totobala ho tloha ka 1914 ba ke ke ba shoa kaofela pele matšoenyeho a maholo a qala!

“Bara ba ’muso” ba labalabela ho fumana moputso oa ho ea leholimong, empa kaofela re lokela ho lula re tšepahala, re khanya ka ho phatsimang ho fihlela qetellong. Re fuoe tlotla e kaakang hore ebe mehleng ea rōna re bona ha ho bokelloa “koro”!

Ka mor’a pina ea ho qetela, Theodore Jaracz oa Sehlopha se Busang o ile a koala ka thapelo. Seboka see sa selemo le selemo e bile se matlafatsang hakaakang!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Sheba Molula-Qhooa oa May 15, 2008, leqepheng la 29 moo ho tšohloang mosebetsi oa likomiti tse tšeletseng tsa Sehlopha se Busang.

[Lebokose le leqepheng la 5]

SEKOLO SA BAHOLO

Sebokeng sena sa selemo le selemo, Anthony Morris, e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a etsa tsebiso ea hore ho tla ba le koetliso e tsoelang pele ea baholo ba phutheho. Sekolo sa baholo sa United States se qalile mathoasong a 2008 setsing sa thupelo se Patterson, New York. Sehlopha sa bo-72 se ne se sa tsoa qeta thupelo ea sona, ’me ho se ho koetlisitsoe baholo ba 6 720. Ho sa na le mosebetsi o mongata. United States feela, ho na le baholo ba fetang 86 000. Kahoo, Sehlopha se Busang se fane ka tumello ea hore sekolo se seng se tšoareloe Brooklyn, New York, ho tloha ka la 7 December, 2009.

Balebeli ba bane ba tsamaeang ba tla koetlisoa Patterson ka likhoeli tse peli hore e be barupeli. Ba ntoo isoa Brooklyn ho ea rupela teng, ebe ho koetlisoa ba bang ba bane. Ebe ba ruta sekolong se Brooklyn, ’me bane ba bane bao thupelo e qalileng ka bona ba e’o ruta likolong tse tšoareloang Liholong Tsa Kopano le Liholong Tsa ’Muso. Sena se tla etsoa ho fihlela United States ho e-na le barupeli ba 12 bao beke ka ’ngoe ba rutang likolong tse tšeletseng ka Senyesemane. Ebe ho koetlisoa barupeli ba bane hore ba rute ka Sepanishe. Sekolo sena se ke ke sa nkela Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso sebaka; morero oa sona ke ho matlafatsa baholo moeeng. Lefatšeng lohle makala a tla qala ho tšoara likolo Liholong Tsa Kopano le Liholong Tsa ’Muso selemong sa tšebeletso sa 2011.

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

Seboka sa selemo le selemo se ile sa buloa ka pina e hlahang bukeng ea rōna e ncha ea lipina ea “Binelang Jehova”