Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Fumana Tšireletseho Har’a Batho ba Molimo

Fumana Tšireletseho Har’a Batho ba Molimo

Fumana Tšireletseho Har’a Batho ba Molimo

“Ke tla u roka phuthehong e khōlō.”—PES. 35:18.

1-3. (a) Ke eng e ka etsang hore Bakreste ba bang ba behe kamano ea bona le Jehova kotsing? (b) Batho ba Molimo ba ka sireletseha hokae?

HA Joe le mosali oa hae ba le phomolong, ba ile ba qoela ba kentse liphaephe tse ba thusang ho hema sebakeng seo liphoofotsoana tsa leoatleng li hahetseng ho sona, se tletseng litlhapi tse mebala-bala le tse fetanang ka boholo. Ba ile ba kenella hare hore ba bohe sebaka sena. Ha ba kenella bolibeng, mosali oa Joe a re, “Ekare re ea hōle haholo.” Eaba Joe o re: “U se ke ua tšoenyeha, ke tseba taba tsa ka.” Joe oa hopola hore ho e-s’o ee kae o ile a ipotsa a re, ‘Ha eka ha ke sa bona litlhapi tjee?’ A tšoha ha a bona lebaka le entseng hore li re soa! Tlaase-tlaase bolibeng, a bona shaka e tla e mo tobile. E ne e ka mo etsa ntho eo e e ratang. Empa ea thinya e se e le haufi le eena eaba ea nyamela.

2 Mokreste a ka hoheloa ke lintho tse khahlehang tsa tsamaiso ea lintho ea Satane tse kang boithabiso, mosebetsi, maruo, empa a sa hlokomele hore o sesetsa bolibeng bo kotsi. Joe, eo e leng moholo oa Mokreste o re: “Se ntlhahetseng se entse hore ke nahane hore na re khetha ho ba har’a batho ba mofuta ofe. Sesetsa ka phuthehong hobane ke sebaka se sireletsehileng le se ka u tlisetsang thabo!” U se ke ua sesetsa bolibeng moo u ka ’nang ua ba hōle le phutheho eaba u kena mathateng. Haeba u iphumana u le moo, kapele-pele khutlela ‘moo metsi a sa tebang.’ Ho seng joalo, u ka ’na ua senya kamano ea hao le Jehova.

3 Kajeno lefatše le kotsi ho Bakreste. (2 Tim. 3:1-5) Satane oa tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane, ’me o tsoile letšolo ho harola ba sa falimehang. (1 Pet. 5:8; Tšen. 12:12, 17) Leha ho le joalo, Jehova o re sirelelitse. O lokiselitse batho ba hae sebaka se ka ba thusang hore ba sireletse kamano ea bona le eena—sebaka seo ke phutheho ea Bakreste.

4, 5. Batho ba bangata ba ikutloa joang ka bokamoso ba bona, hona hobane’ng?

4 Lefatše ha le khone ho sireletsa batho ka ho feletseng—ebang ke ’meleng kapa maikutlong. Ba bangata ba ikutloa ba sa sireletseha ka lebaka la batho ba tlōlang molao, ba tsohelang ba bang matla, ho phahama ha theko ea lintho esita le mathata a tikoloho. Bohle ba talimane le mathata a botsofali le ho kula. Ho feta moo ba bang ba sebetsang, ba nang le matlo, ba ikhonang le ba phetseng hantle ba ka ’na ba ipotsa hore ebe ba tla ba boemong boo ho fihlela neng.

5 Ba bangata ha baa sireletseha maikutlong. Ka masoabi, batho ba bangata ba neng ba nahana hore ho ba lenyalong le ho ba le bana ho tla ba tlisetsa khotso le thabo, ha baa fumana seo ba neng ba se lebeletse. Tabeng ea borapeli, ba bangata ba kenang kereke ba ferekane ebile ba tsielehile, ba ipotsa hore na tataiso eo ba ’nileng ba e fumana ke ea bohlokoa hakae. Ba ikutloa ka tsela ena haholo-holo ha ba nahana ka boitšoaro ba baeta-pele ba bolumeli le lithuto tseo ba li rutang tse sa tsoeng ka Mangolong. Kahoo ba bangata ba nka hore ha ba na boikhethelo haese ho tšepa saense kapa ho tšepa hore ba ka khona ho phelisana hantle ’me ea e-ba batho ba molemo. Joale ha ho makatse hore ebe batho bao re phelang le bona ba ikutloa ba sa sireletseha ho hang kapa ba ikhethela ho se nahane haholo ka bokamoso ba bona.

6, 7. (a) Ke hobane’ng ha maikutlo a batho ba sebeletsang Molimo a fapane le a ba sa mo sebeletseng? (b) Re tlil’o ithuta eng?

6 Maikutlo a litho tsa phutheho ea Bakreste a fapane hakaakang le a ba seng ka phuthehong! Le hoja le rōna batho ba Jehova re talimana le mathata a tšoanang le a baahelani ba rōna, ho hang ha re itšoare joaloka bona ha re le mathateng. (Bala Esaia 65:13, 14; Malakia 3:18.) Hobane’ng? Hobane Bibele e re bolella mabaka a khotsofatsang a hore na ke hobane’ng ha batho ba hlaheloa ke lintho tsena ’me re rutiloe tsela ea ho sebetsana le mathata a bophelo. Ka lebaka leo, ha re tšoenyehe ka ho feteletseng ka bokamoso. Kaha re barapeli ba Jehova re sireletseha menahanong e sa utloahaleng le eo e seng ea Mangolo, boitšoarong bo hlephileng le liphellong tsa bona. Kahoo litho tsa phutheho ea Bakreste li na le khotso eo ba bang ba se nang eona.—Esa. 48:17, 18; Bafil. 4:6, 7.

7 Ho na le mehlala e ka re thusang ho elelloa hore batho ba sebeletsang Jehova ba sireletsehile ha ba bapisoa le ba sa mo sebeletseng. Mehlala ena e ka re susumelletsa ho hlahloba tsela eo re nahanang ka eona le liketso tsa rōna le ho ithuta kamoo re ka sebelisang keletso ea Molimo ka ho feletseng, kaha e etselitsoe ho re sireletsa.—Esa. 30:21.

“Maoto a ka a ne a Batlile a Kheloha”

8. Ke’ng eo bahlanka ba Jehova ba ’nileng ba lokela ho e etsa ka linako tsohle?

8 Ho tloha tšimolohong ea moloko oa batho, ba khethang ho sebeletsa Jehova le ho mo mamela ba ’nile ba qoba ho tloaelana le batho ba sa etseng joalo. Bonneteng, Jehova o ile a bontša hore ho tla ba le bora pakeng tsa barapeli ba hae le balateli ba Satane. (Gen. 3:15) Kaha batho ba Molimo ba tšehetsa melao ea Molimo ea boitšoaro ba sa thekesele, ba ’nile ba etsa lintho ka tsela e fapaneng le ea batho ba bang. (Joh. 17:15, 16; 1 Joh. 2:15-17) Hase kamehla ho bileng bonolo hore ba tšehetse melao ea Molimo ea boitšoaro. Ha e le hantle, ka linako tse ling bahlanka ba bang ba Jehova ba ’nile ba ipotsa hore na ho thusa’ng ho phela bophelo ba boitelo.

9. Hlalosa hore na mongoli oa Pesaleme ea 73 o ne a tobane le bothata bofe.

9 Mohlanka e mong oa Jehova ea ileng a ipotsa hore na o entse liqeto ka bohlale ke mongoli oa Pesaleme ea 73, eo ho ka etsahalang hore ke setloholo sa Asafe. Mopesaleme enoa o ile a ipotsa hore na ke hobane’ng ha hangata ho bonahala ba khopo ba atleha, ba thabile ba bile ba ruile, empa ba bang ba loanelang ho sebeletsa Molimo ba tobana le liteko le mathata.—Bala Pesaleme ea 73:1-13.

10. Ke hobane’ng ha lipotso tsa mopesaleme e le tsa bohlokoa ho uena?

10 Na u kile ua ipotsa lipotso tse kang tsa mopesaleme? Haeba ho joalo, ha ho hlokahale hore u ikutloe u le molato ka ho feteletseng kapa u nahane hore ha u sa na tumelo. Ha e le hantle, bahlanka ba bangata ba Jehova, ba akhang bao Jehova a ileng a ba sebelisa ho ngola Bibele, ba kile ba ikutloa ka tsela eo. (Jobo 21:7-13; Pes. 37:1; Jer. 12:1; Hab. 1:1-4, 13) Bonneteng, e mong le e mong ea batlang ho sebeletsa Jehova o tlameha ho nahanisisa ka potso ena ’me a amohele karabo ea eona: Na ho sebeletsa Molimo le ho mo mamela ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo motho a lokelang ho e etsa? Potso ena e amana le khang eo Satane a ileng a e tsosa serapeng sa Edene. Ke khang e amang pōpo eohle e mabapi le hore na Molimo o na le tokelo ea ho busa. (Gen. 3:4, 5) Kahoo, kaofela ha rōna re lokela ho nahanisisa ka seo mopesaleme a neng a ipotsa sona. Na re lokela ho honohela batho ba khopo ba ikakasang bao ho bonahalang eka lintho li ba tsamaela hantle? Na re lokela ho ba etsisa ebe rea ‘kheloha’ ’me re tlohela ho sebeletsa Jehova? Ka sebele re tla be re thabisitse Satane.

11, 12. (a) Ke’ng e thusitseng mopesaleme hore a tlohele ho belaela, hona re ithuta’ng ho see? (b) U thusitsoe ke’ng hore u etse qeto e tšoanang le ea mopesaleme?

11 Ke’ng e thusitseng mopesaleme hore a tlohele ho belaela? Le hoja a lumela hore o batlile a kheloha tseleng e lokileng, o ile a fetola maikutlo ha a kena “ka sehalalelong se seholo sa Molimo”—ke hore, ha a kopana le batho ba bang tabernakeleng ea Molimo kapa tempeleng bao joaloka eena ba etelletsang borapeli ba Molimo pele bophelong ba bona ’me a nahanisisa ka morero oa Molimo. Ke moo mopesaleme a ileng a hlokomela hore a ke ke a rata ho hlaheloa ke lintho tse tla hlahela ba khopo. O ile a bona hore mekhoa ea bona le liqeto tsa bona li ba behile “fatše moo ho thellang.” Mopesaleme o ile a lemoha hore bohle bao ka boitšoaro bo sa amoheleheng ba sieang Jehova, ba tla felisoa ‘matšabehong a tšohanyetso,’ empa Jehova o tla tšehetsa ba mo sebeletsang. (Bala Pesaleme ea 73:16-19, 27, 28.) Ha ho potang hore u bone bonnete ba mantsoe ao. Ba bangata ba ka ’na ba nka hore ho phela ka boithati ba sa natse molao oa Molimo ke ntho e khahlehang, empa joang kapa joang ba tla latsoa litholoana tse babang tsa mesebetsi ea bona.—Bagal. 6:7-9.

12 Ke thuto efe hape eo re ithutang eona ho se hlahetseng mopesaleme? O ile a fumana tšireletseho le bohlale har’a batho ba Molimo. O ile a qala ho nahana ka tsela e hlaphohetsoeng ha a ea sebakeng seo Jehova a rapeloang ho sona. Hoa tšoana le kajeno, libokeng tsa phutheho ho na le batho ba bohlale ba ka re eletsang ra ba ra feptjoa lijo tsa moea tse matlafatsang. Kahoo, hoa utloahala ha Jehova a re bahlanka ba hae ba ee libokeng tsa Bakreste. Ke teng moo ba tla khothatsoa ba be ba susumeletsoe hore ba etse lintho ka bohlale.—Esa. 32:1, 2; Baheb. 10:24, 25.

Khetha Metsoalle ka Bohlale

13-15. (a) Dina o ile a hlaheloa ke’ng, ’me seo se bontša’ng? (b) Ke hobane’ng ha ho tloaelana le Bakreste ba bang ho re sireletsa?

13 Morali oa Jakobo ea bitsoang Dina ke mohlala oa motho ea ileng a kena mathateng a maholo ka lebaka la ho tloaelana le batho ba lefatše. Buka ea Genese e re bolella hore o ne a tloaetse ho chakela banana ba Bakanana ba naha eo lelapa labo le neng le lula ho eona. Bakanana ba ne ba se na melao e lokileng ea boitšoaro e tšoanang le ea barapeli ba Jehova. Ho fapana le hoo, baepolli ba lintho tsa khale ba fumane hore mekhoa ea Bakanana e ile ea etsa hore naheng ea bona ho ate borapeli ba litšoantšo, boitšoaro bo bobe, borapeli ba ho kopanela liphate bo hlephileng le lintoa. (Ex. 23:23; Lev. 18:2-25; Deut. 18:9-12) Hopola hore na Dina o ile a hlaheloa ke’ng ka lebaka la ho tloaelana le batho bao.

14 Monna oa moo ea bitsoang Shikeme, eo ho thoeng “e ne e le ea hlomphehang ka ho fetisisa ho bohle ba ntlo ea ntat’ae,” o ile a bona Dina “a ntan’o mo nka a robala le eena ’me a mo beta.” (Gen. 34:1, 2, 19) Ke ntho e bohloko hakaakang! Na u nahana hore ho kile ha tla kelellong ea Dina hore a ka hlaheloa ke ntho e joalo? Mohlomong o ne a mpa a batla ho tloaelana le bacha ba sebakeng seo, ’me a nahana hore ba ke ke ba mo ntša kotsi. Empa o ne a fositse haholo.

15 See se re ruta’ng? Se re ruta hore re ke ke ra tloaelana le batho bao e seng barapeli ba Jehova ’me ra lebella hore re ke ke ra hlaheloa ke lintho tse bohloko. Mangolo a re “litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakor. 15:33) Ka lehlakoreng le leng, ho tloaelana le batho bao u kopanelang le bona borapeling, ba phelang ka melao e lokileng ea boitšoaro e tšoanang le eo u phelang ka eona, ’me ba rata Jehova joaloka uena ho tla u sireletsa. Metsoalle e joalo e metle e tla u khothalletsa ho etsa lintho ka bohlale.—Liprov. 13:20.

“Le Hlatsoitsoe Hore le Hloeke”

16. Moapostola Pauluse o re ba bang phuthehong ea Korinthe e ne e le batho ba mofuta ofe?

16 Phutheho ea Bakreste e thusitse batho ba bangata hore ba itlhoekise ka ho lahla mekhoa e ka ba silafatsang. Ha moapostola Pauluse a ngola lengolo la pele le eang phuthehong ea Korinthe, o ile a bolela liphetoho tseo Bakreste ba moo ba li entseng e le hore ba phele ka tsela e lumellanang le melao ea Molimo. Ba bang e ne e le lihlola, barapeli ba litšoantšo, bafebi, banna ba robalang le banna, masholu, matahoa, joalo-joalo. Pauluse o ile a re ho bona: “Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke.”—Bala 1 Bakorinthe 6:9-11.

17. Ho phela ka melao ea Bibele ho fetotse bophelo ba ba bangata joang?

17 Batho ba se nang tumelo ha ba na melao-motheo e utloahalang e ba tataisang. Ba iketsetsa seo ba se ratang, kapa ba etsisa batho ba mekhoa e mebe, e leng seo Bakorinthe ba bang ba boholo-holo ba neng ba se etsa pele e e-ba balumeli. (Baef. 4:14) Leha ho le joalo, tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo le merero ea hae e na le matla a ho ntlafatsa bophelo ba bohle ba tataisoang ke Mangolo. (Bakol. 3:5-10; Baheb. 4:12) Ba bangata bao kajeno e leng litho tsa phutheho ea Bakreste ba ka u bolella hore pele ba ithuta melao e lokileng ea Jehova ’me ba phela ka eona, ba ne ba iphelela kamoo ba ratang kateng. Empa ba ne ba sa khotsofala ebile ba sa thaba. Ba fumane khotso feela ha ba qala ho kopana le batho ba Molimo ’me ba phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele.

18. Ho ile ha etsahala’ng ka mocha e mong, hona seo ke bopaki ba eng?

18 Leha ho le joalo, ba bang bao nakong e fetileng ba ileng ba khetha ho tloha ‘metsing a sa tebang’ e leng phuthehong ea Bakreste, hona joale ba llela metsotso. Morali e mong oabo rōna eo re tla re ke Tanya, o re o ile a “hōlisoa ke batho ba tsebang ’nete,” empa ha a le lilemo li 16, a tlohela phutheho eaba o “lelekisa menate ea lefatše.” Tse ling tsa litholoana tseo a ileng a li kotula e bile ho ima a sa lebella le ho ntša mpa. Hona joale o re: “Lilemo tse tharo tseo ke li qetileng ke se ka phuthehong li ntšiile ka mabali a tšabehang maikutlong, ’me a ke ke a fela. Se ntseng se ntlhobaetsa ke hore ke bolaile ngoan’a ka ea e-s’o hlahe. . . . Ke batla ho bolella mocha leha e le ofe ea lakatsang ho ‘latsoa’ hore na ho joang lefatšeng esita le ka nakoana feela ho re: ‘U se ke ua leka!’ Qalong u ka ’na ua natefeloa, empa litholoana tsa teng lia baba. Ha ho letho leo u ka le fumanang lefatšeng haese masisa-pelo feela. Kea tseba. Ke tsoa teng. Lula phuthehong ea Jehova! Ke teng feela moo u tla fumana thabo.”

19, 20. Phutheho ea Bakreste e re sireletsa linthong life, hona joang?

19 Nahana feela hore na ho ka etsahala’ng ka uena haeba u ka tloha phuthehong ea Bakreste moo u sireletsehileng. Ba bangata ha ba hopola kamoo ba neng ba phela bophelo bo se nang morero kateng pele ba amohela ’nete, ha ba batle le ho ’na ba nahana ka taba eo. (Joh. 6:68, 69) U ka lula u sireletsehile likotsing le masisa-pelong a atileng lefatšeng la Satane ka hore u tloaelane le bara le barali beno ba Bakreste. Ha u ba tloaela ’me u ba teng kamehla libokeng, u tla lula u hopola hore melao e lokileng ea Jehova e bohlale ’me u susumelletsehe ho phela ka eona. Ho na le mabaka a utloahalang a hore u ‘roke Jehova phuthehong e khōlō’ joaloka mopesaleme.—Pes. 35:18.

20 Ke ’nete hore ka mabaka a sa tšoaneng, hoa etsahala hore bophelong ba Mokreste e mong le e mong ho be le nako eo a thatafalloang ho lula a tšepahala. E ka ’na eaba o hloka feela motho ea ka mo bontšang tsela e nepahetseng. Ke eng seo u ka se etsang—ha e le hantle, ke eng seo phutheho eohle e ka se etsang—ho thusa molumeli-’moho le uena linakong tse joalo? Sehlooho se latelang se tla tšohla mehato eo u ka e nkang hore ‘u ’ne u tšelise le ho haha’ barab’eno.—1 Bathes. 5:11.

U ka Araba Joang?

• Se ileng sa hlahela mongoli oa Pesaleme ea 73 se re ruta’ng?

• Se ileng sa hlahela Dina se re ruta’ng?

• Ke hobane’ng ha e le phuthehong ea Bakreste feela moo u ka sireletsehang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Sesetsa sebakeng se sireletsehileng; lula ka phuthehong!