Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Bua ka Mosa ho Tsoala Kutloano

Ho Bua ka Mosa ho Tsoala Kutloano

Ho Bua ka Mosa ho Tsoala Kutloano

“Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa.”—BAKOL. 4:6.

1, 2. Ho hlahile litholoana life tse ntle ha mor’abo rōna a bua ka mosa?

MORA e mong oabo rōna o re: “Ha ke ntse ke bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo, ke ile ka fihla ha monna e mong ea neng a halefile hoo molomo oa hae le ’mele o neng o thothomela. Ke ile ka bua ke khobile matšoafo ke leka ho mo hlalosetsa Mangolo empa eaka kea mo bakeletsa. Mosali oa hae le bana le bona ba ile ba kenella eaba ba ntlhaba ka mantsoe, kahoo ka bona ho le molemo hore ke tsamaee. Ke ile ka bolella lelapa lena hore ke tlile ka khotso ’me ke batla ho tsamaea ka khotso. Ka ba bontša Bagalata 5:22 le 23, moo ho buuoang ka lerato, bonolo, boitšoaro le khotso. Eaba kea tsamaea.

2 “Hamorao ha ke ntse ke kena matlong seterateng se pel’a sa bona, ka bona lelapa leo le lutse litepising tse ka pel’a ntlo. Ba ile ba mpitsa. Ke ha ke ipotsa ke re, ‘Ebe ba batla’ng?’ Ntate oa moo o ne a tšoere jeke ea metsi a batang eaba o nqhatsetsa ’ona. O ile a kōpa tšoarelo ha a ile a mpuisa hampe ’me a mpabatsa ka hore ke na le tumelo e matla. Re ile ra arohana hamonate.”

3. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lumella ba bang hore ba re halefise?

3 Lefatšeng la kajeno le tletseng mathata, hangata ha ho kamoo re ka qobang ho kopana le batho ba halefileng esita le ha re le tšebeletsong ea tšimo. Ha re kopana le bona, ho molemo hore re bontše “maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Pet. 3:15) Hoja mora eo oabo rōna a lumella hore bohale ba monna eo le ho hloka mosa li mo halefise, mohlomong monna eo a ka be a sa ka a fetoha; a ka be a ile a halefa le ho feta. Kaha mor’abo rōna o ile a laola bohale ’me a bua ka mosa, ho ile ha e-ba le liphello tse ntle.

Ho Bua ka Mosa ho Bolela’ng?

4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bua ka mosa?

4 Ebang re buisana le ba ka ntle kapa ka hare ho phutheho, esita le litho tsa malapa a rōna, ho molemo ho latela keletso ea moapostola Pauluse e reng: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai.” (Bakol. 4:6) Re lokela ho buisana ka tsela e joalo e monate le e hlomphang e le hore re phetlelane lifuba ’me re phelisane ka khotso.

5. Ho phetlelana lifuba ha ho bolele eng? Etsa mohlala.

5 Ho phetlelana lifuba ha ho bolele hore u bue ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tlang ka kelellong ’me u ntše maikutlo a hao neng le neng ha u batla, haholo-holo ha u koatile. Mangolo a re ho se laole bohale ha ho bontše hore motho o matla, empa ho bontša hore oa fokola. (Bala Liproverbia 25:28; 29:11.) Moshe—ea neng a le “bonolo haholo” ho feta batho bohle ba neng ba phela ka nako eo—o kile a lumella borabele ba sechaba sa Iseraele hore bo mo halefise eaba o sitoa ho tlotlisa Molimo. Ho hlakile hore Moshe o ne a ntša maikutlo a hae, empa seo ha sea ka sa thabisa Jehova. Ka mor’a hore Moshe a etelle Baiseraele pele ka lilemo tse 40, ha aa ka a tlotloa ka ho ba kenya Naheng e Tšepisitsoeng.—Num. 12:3; 20:10, 12; Pes. 106:32.

6. Ho bua ka masene ho bolela’ng?

6 Mangolo a re khothalletsa hore re ithibe ’me re be masene, kapa re nahane hantle pele re bua. “Mantsoeng a mangata tlōlo ha e tlohele ho ba teng, empa ea thibang molomo oa hae o etsa ka masene.” (Liprov. 10:19; 17:27) Leha ho le joalo, ho ba masene ha ho bolele hore ho hang motho ha aa lokela ho ntša maikutlo a hae. Ho bolela hore motho a bue “se nang le mosa,” a sebelise leleme la hae ho folisa ba bang ’me a se ke a ba utloisa bohloko.—Bala Liproverbia 12:18; 18:21.

“Nako ea ho Khutsa le Nako ea ho Bua”

7. Re lokela ho qoba lipuo tsa mofuta ofe, hona hobane’ng?

7 Feela joalokaha ho hlokahala hore re be mosa ’me re ithibe ha re bua le basebetsi-’moho le rōna kapa batho bao re sa ba tsebeng bao re kopanang le bona tšimong, re lokela ho ba mosa ’me re ithibe ha re bua le batho ka phuthehong le ka lapeng. Ho ntšetsa bohale ho batho ba bang re sa nahane hore na liphello e tla ba life, ho ka senya kamano ea rōna le Molimo, ha re ama maikutlo ha ba ha re kulisa, ’me ha ama batho ba bang ka tsela e tšoanang. (Liprov. 18:6, 7) Re lokela ho laola maikutlo a mabe a senolang hore ha rea phethahala. Ho fosahetse hore motho a bue puo e nyefolang, a some ba bang le ho ba eisa kapa a ba halefele habohloko. (Bakol. 3:8; Jak. 1:20) Lintho tsena li ka senya kamano ea bohlokoa eo re nang le eona le batho ba bang hammoho le Jehova. Jesu o itse: “E mong le e mong ea tsoelang pele a halefetse mor’abo o tla ikarabella lekhotleng la toka; empa mang kapa mang ea bitsang mor’abo ka lentsoe le ke keng la boleloa la keiso o tla ikarabella Lekhotleng le Phahameng ka ho Fetisisa; athe mang kapa mang ea reng, ‘Uena leoatla le eisehang!’ o tla lokeloa ke Gehena ea mollo.”—Mat. 5:22.

8. Re lokela ho ntša maikutlo a rōna neng, hona joang?

8 Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tseo re ka bonang ho le molemo hore re buisane ka tsona. Haeba mor’abo rōna a buile kapa a entse ntho e sa u luleng hantle ’me u sa khone ho e hlokomoloha, u se ke ua fehla lehloeo ka pelong. (Liprov. 19:11) Haeba motho a u halefisa, theola maikutlo, ebe u nka mehato e loketseng ea ho rarolla bothata. Pauluse o itse: “Letsatsi le se ke la le likella le halefile.” Ha bothata bona bo ntse bo u lutse habohloko, bo rarolle ka mosa ka nako e loketseng. (Bala Baefese 4:26, 27, 31, 32.) Buisana le mor’eno, u tobe taba empa u bue ka mosa, u nahanne ka hore le bōpe khotso.—Lev. 19:17; Mat. 18:15.

9. Ke hobane’ng ha re lokela ho theola maikutlo pele re il’o lokisa bothata?

9 Ha e le hantle, u lokela ho ba seli hore u khethe nako e loketseng ea ho lokisa bothata. Ho na le “nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moek. 3:1, 7) Ho feta moo, “pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe.” (Liprov. 15:28) Sena se ka bolela hore u letele nako e loketseng ea ho rarolla bothata. U ka senya litaba haeba u etsa seo ha motho a sa ntse a utloile bohloko haholo; empa le teng ha ho bohlale hore u lete nako e telele.

Liketso Tse Mosa li Tsoala Kutloano

10. Liketso tse mosa li ka tlisa kutloano joang?

10 Ha batho ba buisana ka mosa ’me ba phetlelana lifuba ba tla utloana ’me ba phelisane ka khotso. Ha e le hantle, ha re ikitlaelletsa ho lokisa likamano le batho ba bang, seo se tla re thusa hore re ntlafatse tsela eo re buisanang le bona ka eona. Ho ikitlaelletsa ho etsetsa ba bang lintho tse bontšang mosa—tse kang ho batla menyetla ea ho ba thusa, ho ba fa limpho ka moea o motle, ho ba amohela ka mofuthu ha ba re etetse—ho ka etsa hore re phetlelane lifuba. Re ka ba ra ba “bokella mashala a mollo” e leng se ka ’nang sa etsa hore litšobotsi tsa bona tse ntle li totobale, kahoo ha e-ba bonolo hore re buisane le bona ka bolokolohi.—Bar. 12:20, 21.

11. Jakobo o ile a lokisa litaba joang le Esau, hona phello ea e-ba efe?

11 Mopatriareka Jakobo o ne a utloisisa hore ke habohlokoa ho etsetsa ba bang lintho tse bontšang mosa. Lefahla la hae, e leng Esau, le ne le mo halefetse hoo Jakobo a ileng a baleha a tšaba hore Esau o tla mo bolaea. Jakobo o ile a khutla ka mor’a lilemo tse ngata. Eaba Esau o mo khahlanyetsa a e-na le banna ba 400. Jakobo a rapela Jehova hore a mo thuse. Ke moo a ileng a romela Esau mpho ea mohlape o moholo. Mpho eo e ile ea finyella morero oa eona. Ha Jakobo le Esau ba kopana, Esau o ne a se a fetohile, ’me a mathela Jakobo a mo kopa.—Gen. 27:41-44; 32:6, 11, 13-15; 33:4, 10.

Khothatsa ba Bang ka ho Bua ka Mosa

12. Ke hobane’ng ha re lokela ho bua le barab’abo rōna ka mosa?

12 Bakreste ba sebeletsa Molimo, eseng batho. Empa ka tlhaho re batla hore batho ba re rate. Ha re bua le bara le barali babo rōna ka mosa, re ka ba imolla. Leha ho le joalo, ha re tšoaea ba bang liphoso ka bohale, ba ka ikutloa ba imetsoe le ho feta ’me ba bang ba be ba ipotse hore na Jehova o sa ntse a ba rata. Ka lebaka leo, a re ikitlaelletseng ho bua lintho tse tla khothatsa ba bang, ka hore melomong ea rōna “ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang.”—Baef. 4:29.

13. Baholo ba lokela ho hopola eng (a) ha ba fana ka keletso? (b) ha ba ngola mangolo?

13 Baholo ke bona bao ka ho khetheha ba lokelang ho ba “bonolo” ’me ba tšoare mohlape ka mosa. (1 Bathes. 2:7, 8) Ha baholo ba fana ka keletso, morero oa bona ke ho fana ka eona “ka bonolo,” esita le ha ba bua le ba “ratang ho hanyetsa.” (2 Tim. 2:24, 25) Hape baholo ba lokela ho ntša maikutlo a bona ka mosa ha ba ngolla sehlopha se seng sa baholo kapa ofisi ea lekala. Ba lokela ho ba mosa ’me ba be masene, tumellanong le lengolo la Matheu 7:12.

Ho Bua ka Mosa ka Lapeng

14. Pauluse o fa banna keletso efe, hona hobane’ng?

14 Seo re se buang, kamoo re bonahalang kateng sefahlehong le lintho tseo re li etsang ha re bua li ama batho ho feta kamoo re nahanang kateng. Ka mohlala, banna ba bang ba ka ’na ba se ke ba utloisisa ka ho feletseng hore na mantsoe a bona a teba hakae lipelong tsa basali ba bona. Morali e mong oabo rōna o itse, “Kea tšoha ha monna oa ka a nkharuma.” Ho hlaba mosali ka mantsoe ho ka mo ama habohloko ho feta kamoo ho ka amang monna kateng ’me ho ka ’na ha nka nako e telele pele a lebala. (Luka 2:19) Seo se etsahala haholo-holo ha mantsoe ao a buuoa ke motho eo mosali a mo ratang a bileng a batlang ho mo hlompha. Pauluse o ile a eletsa banna a re: “Le ’ne le rate basali ba lōna ’me le se ke la ba halefela ka matla.”—Bakol. 3:19.

15. Etsa papiso e bontšang hore na ke hobane’ng ha monna a lokela ho tšoara mosali oa hae ka bonolo.

15 Tabeng ena mor’abo rōna eo e leng khale a nyetse o ile a etsa papiso e bontšang hore na ke hobane’ng ha monna a lokela ho tšoara mosali oa hae ka bonolo joaloka “sejana se fokolang haholo.” O itse: “Ha u tšoara ntho ea bohlokoa le e pshatlehang habonolo, u se ke ua e tiisa haholo, ho seng joalo e tla peperana. Le haeba e ka lokisoa, letlere leo le tla ’ne le bonahale. Haeba monna a hlaba mosali oa hae ka mantsoe, a ka mo utloisa bohloko. Sena se ka baka letlere le sa feleng lenyalong la bona.”—Bala 1 Petrose 3:7.

16. Mosali a ka haha lelapa la hae joang?

16 Banna le bona ba ka khothatsoa kapa ba nyahamisoa ke lipuo tsa batho ba bang, ho akarelletsa le tsa basali ba bona. “Mosali ea masene” eo monna oa hae a ka ‘mo tšepang’ e le kannete, ke ea nahanelang maikutlo a hae, joalokaha le eena a batla hore monna a mo nahanele. (Liprov. 19:14; 31:11) Ruri mosali a ka susumetsa litho tsa lelapa haholo, ebang ke ka tsela e ntle kapa e mpe. “Mosali ea bohlale e le kannete o hahile ntlo ea hae, empa oa leoatla o e heletsa ka matsoho a hae.”—Liprov. 14:1.

17. (a) Bacha ba lokela ho buisana le batsoali ba bona joang? (b) Batho ba baholo ba lokela ho buisana le bacha joang, hona hobane’ng?

17 Ka ho tšoanang, batsoali le bana ba lokela ho buisana ka mosa. (Mat. 15:4) Haeba re nahanela bacha ha re bua le bona, re tla qoba ho ba “khentša” kapa ‘ho ba halefisa.’ (Bakol. 3:21; Baef. 6:4) Esita le haeba ho hlokahala hore bana ba lauoe, batsoali le baholo ba lokela ho buisana le bona ka tlhompho. Ha batho ba baholo ba etsa joalo, ba nolofalletsa bacha ho khutla mekhoeng le ho lula ba e-na le kamano e ntle le Molimo. Seo se molemo ho feta ho ba fa maikutlo a hore re ba qhalla matsoho, etsoe le bona ba tla re qhalla matsoho. Bacha ba ka ’na ba se ke ba hopola keletso eohle eo ba e filoeng, empa ba tla hopola tsela eo ba buisitsoeng ka eona.

Ho Bua se Molemo se Tsoang Pelong

18. Ke joang re ka tlosang lintho tse re utloisang bohloko le tse re kukunelang lipelong tsa rōna?

18 Ho laola bohale ha ho bolele feela ho etsa eka re khobile matšoafo. Boikemisetso ba rōna ha ea lokela ho ba feela ho koalla bohale ka pelong. Ho leka ho iketsa eka re khobile matšoafo empa re bela ke bohale ho ka re imela. Ho tšoana le ho hata mariki le mafura ka nako e le ’ngoe. Sena se imela koloi haholo ’me se ka e senya. Kahoo u se ke ua bipetsa bohale eaba hamorao ua tlakoloha. Rapela Jehova hore a u thuse u tlose lintho tse u kukunelang pelong ea hao. Lumella moea oa Jehova hore o fetole kelello ea hao le pelo ea hao hore li lumellane le thato ea hae.—Bala Baroma 12:2; Baefese 4:23, 24.

19. Ke mehato efe e ka re thusang ho qoba ho hlabana ka mantsoe?

19 Nka mehato e tla u thusa hore u laole maikutlo. Haeba u iphumana u le boemong bo u halefisang ’me u ikutloa u tlallana ke bohale, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u tlohe sebakeng seo, ’me u fe maikutlo a hao nako ea ho kokobela. (Liprov. 17:14) Haeba motho eo u buang le eena a qala ho halefa, leka ka hohle ho bua ka mosa. Hopola: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.” (Liprov. 15:11) Ho hlaba motho ka mantsoe kapa ho mo buela mantsoe a bohloko ho ka mpefatsa boemo esita le haeba u bua ka lentsoe le bonolo. (Liprov. 26:21) Kahoo ha ho hlaha boemo bo etsang hore u sitoe ho itšoara, u lokela ho ‘lieha ho bua, u liehe ho halefa.’ Rapella moea oa Jehova hore o u thuse hore u bue lintho tse molemo, eseng tse mpe.—Jak. 1:19.

Tšoarela ba Bang ho Tloha Pelong

20, 21. Ke eng se ka re thusang ho tšoarela ba bang, hona ke hobane’ng ha re tlameha ho ba tšoarela?

20 Ka masoabi, kaofela ha rōna ha re khone ho laola maleme a rōna ka ho phethahetseng. (Jak. 3:2) Ho sa tsotellehe boiteko bo etsoang ke litho tsa malapa le bara le barali babo rōna ba ratehang, ka linako tse ling le bona ba ka bua lintho tse re utloisang bohloko. Ho e-na le ho potlakela ho khopeha, re lokela ho theola maikutlo ’me re ipotse hore na ebe ke hobane’ng ha ba buile ka tsela eo. (Bala Moeklesia 7:8, 9.) Na ba ne ba imetsoe maikutlong, ba tšohile, ba sa ikutloe hamonate kapa ba na le mathata a itseng?

21 Lintho tsena ha li fane ka mabaka a utloahalang a ho tlakoloha ka bohale. Empa ha re ela hloko hore na ke hobane’ng ha motho a entse seo a se entseng, re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha ka linako tse ling batho ba bua ba bile ba etsa lintho tse sa tšoanelang, ’me seo se ka etsa hore re ba tšoarele. Kaofela ha rōna re kile ra bua ra ba ra etsa lintho tse khopisang ba bang, ’me ra tšepa hore ba tla re tšoarela ka mosa. (Moek. 7:21, 22) Jesu o itse e le hore Molimo a re tšoarele, re tlameha ho tšoarela ba bang. (Mat. 6:14, 15; 18:21, 22, 35) Ka lebaka leo, re lokela ho potlakela ho kōpa tšoarelo re be re potlakele ho tšoarela, e le hore lerato—“tlamo e phethahetseng ea bonngoe”—le lule le le teng ka lapeng le ka phuthehong.—Bakol. 3:14.

22. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho ikitlaelletsa ho bua ka mosa?

22 Ho hlakile hore ho tla ’ne ho be thata ho lula re thabile re bile re momahane ha tsamaiso ena ea batho ba halefileng e ntse e atamela bofelong. Ho phela ka melao-motheo e molemo ea Lentsoe la Molimo ho tla re thusa hore re se ke ra bua lintho tse mpe ka maleme a rōna empa re bue tse molemo. Phuthehong le ka lapeng ho tla rena khotso, ’me mohlala oa rōna o tla fana ka bopaki bo botle ka Jehova, ‘Molimo oa rōna ea thabileng.’—1 Tim. 1:11.

Na U ka Hlalosa?

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho khetha nako e loketseng ea ho rarolla mathata?

• Ke hobane’ng ha kamehla litho tsa lelapa li lokela ho buisana ka “mosa”?

• Ke joang re ka qobang ho bua se utloisang ba bang bohloko?

• Ke eng e ka re thusang ho tšoarela ba bang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Theola maikutlo ebe u batla nako e loketseng ea ho bua

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Kamehla monna o lokela ho bua le mosali oa hae ka bonolo