Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Khatholloa ke Mesebetsi e Amanang le Borapeli

Khatholloa ke Mesebetsi e Amanang le Borapeli

Khatholloa ke Mesebetsi e Amanang le Borapeli

“Jarang joko ea ka . . . , ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.”—MAT. 11:29.

1. Molimo o ile a fana ka molao ofe Thabeng ea Sinai, hona hobane’ng?

HA SELEKANE sa Molao se thehoa Thabeng ea Sinai, se ne se akarelletsa molao oa ho boloka Sabatha beke le beke. Jehova o ile a laela sechaba sa Iseraele ka ’muelli oa hae Moshe, a re: “U tla etsa mosebetsi oa hao ka matsatsi a tšeletseng; empa u khaotse ka letsatsi la bosupa, e le hore poho ea hao le esele ea hao li phomole le mora oa lekhabunyane la hao le mojaki ba ikhatholle.” (Ex. 23:12) Kaha Jehova o ne a nahanela batho ba tlas’a Molao ona, ka lerato o ile a lokisetsa hore ho be le letsatsi la phomolo e le hore batho ba hae “ba ikhatholle.”

2. Baiseraele ba ile ba rua molemo ofe ka ho boloka Sabatha?

2 Na Sabatha e ne e mpa e le letsatsi la ho ikhatholla feela? Che, e ne e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba Baiseraele ho Jehova. Ho boloka Sabatha ho ne ho fa lihlooho tsa malapa nako ea ho ruta malapa ‘hore a boloke tsela ea Jehova a etse ho loka.’ (Gen. 18:19) Ho ne ho boetse ho fa malapa le metsoalle nako ea ho kopana le ho nahanisisa ka liketso tsa Jehova le ho thaba hammoho. (Esa. 58:13, 14) Habohlokoa le ho feta, Sabatha e ne e bontša hore ho tla ba le khatholoho ea ’nete Pusong ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. (Bar. 8:21) Mehleng ea rōna teng? Bakreste ba ’nete ba ratang litsela tsa Jehova ba ka fumana khatholoho e joalo hokae hona joang?

Khatholloa ke ho ba le Bakreste ba Bang

3. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tšehetsana joang, hona e le ka phello efe?

3 Moapostola Pauluse o ile a re phutheho ea Bakreste ke “tšiea le setšehetso sa ’nete.” (1 Tim. 3:15) Bakreste ba pele ba ne ba tšehetsoa haholo ke ho khothatsana le ho hahana ka lerato. (Baef. 4:11, 12, 16) Ha Pauluse a le Efese, o ile a khothala ha litho tsa phutheho ea Korinthe li mo etela. Hlokomela hore na Pauluse o ile a ikutloa joang. O itse: “Ke thabela ho ba teng ha Setefanase le Fortunatase le Akaikase, . . . etsoe ba khatholotse moea oa ka.” (1 Bakor. 16:17, 18) Ka ho tšoanang ha Tite a ea Korinthe ho ea sebeletsa barab’abo rōna, Pauluse o ile a ngolla phutheho eo hape, a re: “Moea oa hae o khatholotsoe ke lōna kaofela.” (2 Bakor. 7:13) Le kajeno, Lipaki Tsa Jehova li fumana khatholoho ea sebele ha li e-na le Lipaki tse ling ’me li hahana.

4. Liboka tsa phutheho li re khatholla joang?

4 Ua tseba hore liboka tsa phutheho li tlisa thabo e khōlō. Ha re le moo rea “khothatsana . . . e mong le e mong ka tumelo ea e mong.” (Bar. 1:12) Bara le barali babo rōna ba Bakreste hase batho bao re sa ba tloaelang hakaalo bao re mpang re kopana le bona khafetsa. Ke metsoalle ea sebele, batho bao re ba ratang re bileng re ba hlomphang. Re fumana thabo le matšeliso a maholo ha re e-ba le bona kamehla libokeng.—Filem. 7.

5. Re ka khathollana joang likopanong tse khōlō le tse nyenyane?

5 Re boetse re khatholloa ke likopano tse khōlō le tse nyenyane tsa selemo le selemo. Lipokanong tsena tse khōlō, ha re fumane feela metsi a fanang ka bophelo a ’nete ea Lentsoe la Molimo, Bibele, empa hape re fumana monyetla oa ho ‘atolosa’ setsoalle sa rōna. (2 Bakor. 6:12, 13) Leha ho le joalo, re ka etsa’ng haeba re le lihlong ’me re tšaba ho kopana le batho? Tsela e ’ngoe ea ho tloaela bara le barali babo rōna ke ho ithaopa ha re le likopanong. Morali e mong oabo rōna ea ileng a ithaopa kopanong ea machaba o re: “Ntle ho litho tsa lelapa le metsoalle e seng mekae, ke ne ke sa tsebe batho ba bangata. Empa ha ke ntse ke hloekisa, ke ile ka kopana le bara le barali babo rōna ba bangata! Ke ne ke natefetsoe hona hoo!”

6. Tsela e ’ngoe eo re ka khatholohang ka eona ha re le phomolong ke efe?

6 Baiseraele ba ne ba tloaetse ho ea Jerusalema ho ea rapela meketeng e meraro ea selemo le selemo. (Ex. 34:23) Hangata ba ne ba lokela ho siea masimo le mabenkele ’me ba qete matsatsi a mangata ba tsamaea ka maoto litseleng tse lerōle. Leha ho le joalo, ha ba fihla tempeleng ’me ba bona batho “ba fana ka thoriso ho Jehova,” ba ne ba tlala “thabo e khōlō.” (2 Likron. 30:21) Le kajeno bahlanka ba bangata ba Jehova le malapa a bona ba tlala thabo e khōlō ha ba etela Bethele, e leng mehaho ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e haufi le bona. Na lelapa la hao le ka etela lekaleng ha le le phomolong?

7. (a) Ho thaba hammoho ho ka re tsoela molemo joang? (b) Ke eng e ka etsang hore meketjana ea rōna e be e sa lebaleheng le e hahang?

7 Ho thaba hammoho le lelapa le metsoalle le hona ho ka re khothatsa. Morena Solomone ea bohlale o itse: “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.” (Moek. 2:24) Ho thaba hammoho ha ho khatholle moea feela empa ho boetse ho matlafatsa lerato la rōna le Bakreste ba bang ha re ntse re ba tseba haholoanyane. E le hore meketjana eo e be e sa lebaleheng le e hahang, ho molemo hore ho se ke ha e-ba le batho ba bangata ’me re etse bonnete ba hore ho na le motho ea behileng lintho leihlo, haholo-holo haeba joala bo le teng.

Tšebeletso ea Khatholla

8, 9. (a) Bontša phapang pakeng tsa lithuto tsa Jesu le tsa bangoli le Bafarisi. (b) Re rua molemo joang ha re bolella ba bang linnete tsa Bibele?

8 Jesu o ne a chesehela tšebeletso, ’me o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore le bona ba e chesehele. Taba ena e hlakisoa ke mantsoe ana a hae: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mat. 9:37, 38) Ka sebele lithuto tsa Jesu li ne li khatholla batho, e ne e le “litaba tse molemo.” (Mat. 4:23; 24:14) Li ne li fapane ka ho feletseng le melao e boima eo Bafarisi ba neng ba e jarisa batho.—Bala Matheu 23:4, 23, 24.

9 Ha re bolella batho molaetsa oa ’Muso, re ba khatholla ka seo ba se hlokang e le hore ba be le kamano e ntle le Molimo, ’me ka nako e tšoanang, re utloisisa linnete tsa Bibele haholoanyane ’me lipelo tsa rōna li tlala kananelo. Mopesaleme o ne a nepile ha a re: “Rorisang Jah, etsoe ke ntho e ntle ho binela Molimo oa rōna lipina tsa thoriso; etsoe ke ho khahlisang.” (Pes. 147:1) Na u ka eketsa thabo eo u e fumanang ka ho rorisa Jehova ho baahelani ba hao?

10. Na katleho ea tšebeletso ea rōna e itšetlehile ka hore na batho ba amohela molaetsa kapa che? Hlalosa.

10 Ke ’nete hore masimong a mang batho ba amohela litaba tse molemo ho feta ho a mang. (Bala Liketso 18:1, 5-8.) Haeba u lula sebakeng seo ho nang le batho ba ’maloa haholo ba amohelang molaetsa oa ’Muso, leka ho nahana ka lintho tse ntle tseo u li finyellang ka ho ba tšebeletsong. Hopola hore mosebetsi oo u o etsang u sa khaotse oa ho phatlalatsa lebitso la Jehova hase oa lefeela. (1 Bakor. 15:58) Ho feta moo, katleho ea mosebetsi oa rōna oa ho bolela litaba tse molemo ha ea itšetleha ka hore na batho ba amohela molaetsa kapa che. Re ka kholiseha hore Jehova o tla tiisa hore batho ba labalabelang ho utloa molaetsa oa ’Muso ba fumana monyetla oa ho o utloa.—Joh. 6:44.

Borapeli ba Lelapa Boa Khatholla

11. Jehova o file batsoali boikarabelo bofe, ’me ba ka bo phetha joang?

11 Batsoali ba tšabang Molimo ba na le boikarabelo ba ho ruta bana ba bona ka Jehova le litsela tsa hae. (Deut. 11:18, 19) Haeba u motsoali, na u behella ka thōko nako ea ho ruta bana ba hao ka Ntate oa rōna ea lerato ea leholimong? E le ho u thusa hore u phethe boikarabelo bona ba bohlokoa ’me u hlokomele lelapa la hao, Jehova o fane ka lijo tse ngata tse matlafatsang, e leng libuka, limakasine, livideo le boitsebiso bo rekotiloeng.

12, 13. (a) Malapa a ka rua molemo joang mantsiboeeng a Borapeli ba Lelapa? (b) Ke eng eo batsoali ba ka e etsang ho tiisa hore borapeli ba lelapa boa khatholla?

12 Ho feta moo, sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se lokiselitse hore ho be le mantsiboea a Borapeli ba Lelapa. Mantsiboea ana a behelloa ka thōko beke le beke hore lelapa le tšoare thuto ea Bibele. Ba bangata ba fumane hore Borapeli ba Lelapa bo entse hore ba momahane ka lerato ’me ba be le kamano e matla le Jehova. Empa ke joang batsoali ba ka etsang bonnete ba hore borapeli ba lelapa la bona boa khatholla ’me le fumana seo le se hlokang hore le be le kamano e ntle le Molimo?

13 Litho tsa lelapa ha lia lokela ho hlonama le ho sulafalloa mantsiboeeng a Borapeli ba Lelapa. Lebaka ke hore re barapeli ba “Molimo ea thabileng,” ’me o batla hore re mo rapele re thabile. (1 Tim. 1:11; Bafil. 4:4) Ruri re hlohonolofalitsoe haholo ka ho ba le mantsiboea a eketsehileng a ho tšohla linnete tsa bohlokoa tsa Bibele. Batsoali ba ka feto-fetola mekhoa eo ba e sebelisang ’me ba nahane litsela tse sa tšoaneng tsa ho ruta ba be ba leke mekhoa e sa tšoaneng. Ka mohlala, lelapa le leng le ile la re mora ea lilemo li leshome ea bitsoang Brandon a fane ka puo e nang le sehlooho se reng, “Ke Hobane’ng ha Bibele e re Satane ke Noha?” Taba ena e ne e tšoenya Brandon hobane a rata linoha, ’me a utloile bohloko hore ebe li amahanngoa le Satane. Ka linako tse ling, malapa a mang a etsa litšoantšiso tsa Bibele, ’me setho ka seng sa lelapa se bala karolo ea motho ea itseng ka Bibeleng kapa se bapala tšoantšiso ea ketsahalo e itseng. Hase feela hore mekhoa ena ea ho ruta e monate empa e ka etsa hore le bana ba kopanele, e le hore melao-motheo ea Bibele e ka finyella lipelo tsa bona. *

Qoba Lintho Tse ka U Imelang

14, 15. (a) Ke eng e etsang hore boikutlo ba ho imeloa kelellong le ba ho se sireletsehe bo eketsehe matsatsing aa a ho qetela? (b) Ke eng e ka etsang hore re imeloe le ho feta?

14 Matsatsing ana a ho qetela a tsamaiso ena e khopo ea lintho, batho ba imetsoeng kelellong le ba ikutloang ba sa sireletseha ba ntse ba eketseha. Ba limilione ba mathateng ka lebaka la ho hloka mosebetsi le mathata a mang a bakiloeng ke ho oa ha moruo. Hangata esita le batho ba sebetsang ba nka hore ho tšoana le ha ba tšela chelete ea bona pokothong e nang le masoba, ka lebaka leo ha e tsoele malapa molemo. (Bapisa le Hagai 1:4-6.) Bo-ralipolotiki le baeta-pele ba bang ba bonahala ba tsielehile ha ba ntse ba leka ho felisa bokhukhuni le lintho tse ling tse mpe. Batho ba bangata ba sithabetsoa ke mefokolo ea bona.—Pes. 38:4.

15 Mathata a bakoang ke tsamaiso ea Satane ea lintho ha a khethe Bakreste ba ’nete. (1 Joh. 5:19) Ka linako tse ling, barutuoa ba Kreste ba ka imeloa le ho feta ha ba ntse ba loanela ho lula ba tšepahala ho Jehova. Jesu o itse: “Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa.” (Joh. 15:20) Leha ho le joalo, esita le ha re “hlorisoa, . . . ha rea tloheloa kherehloa.” (2 Bakor. 4:9) Hobane’ng?

16. Re ka thusoa ke eng hore re lule re thabile?

16 Jesu o itse: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla.” (Mat. 11:28) Ho ba le tumelo e feletseng tokisetsong ea thekollo ea Kreste, ho tšoana le ho ipeha liatleng tsa Jehova. Ka hona re fumana “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakor. 4:7) “Mothusi,” e leng moea o halalelang oa Molimo o matlafatsa tumelo ea rōna haholo e le hore re mamelle liteko le matšoenyeho ao re talimanang le ’ona re be re lule re thabile.—Joh. 14:26; Jak. 1:2-4.

17, 18. (a) Re lokela ho itlhokomela hore re se ke ra hemeloa ke moea ofe? (b) Ho etsa menyaka ea lefatše ntho e ka sehloohong ho ka fella ka eng?

17 Kajeno ho hlokahala hore Bakreste ba ’nete ba itlhokomele esere ba hemeloa ke moea oa batho ba lefatše lena ba hlanyetsang menyaka. (Bala Baefese 2:2-5.) Haeba re sa itlhokomele, re ka iphumana re tšoasitsoe ke “takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso.” (1 Joh. 2:16) Kapa ho ka etsahala hore re ithetse ’me re nahane hore ho inehela takatsong ea nama ho tla re khatholla. (Bar. 8:6) Ka mohlala, batho ba bang ba sebelisa lithethefatsi, ba noa joala ho tlōla, ba shebella litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, ba bapala lipapali tse kotsi kapa ba tlōla molao ka litsela tse fapa-fapaneng ha ba ntse ba leka ho itlosa bolutu. “Maqiti” a Satane a reretsoe ho re khelosa e le hore re se ke ra tseba hore na boikhathollo bo nepahetseng ke bo joang.—Baef. 6:11.

18 Ke ’nete hore ha ho letho le phoso ka ho ja, ho noa le ho ithabisa ka tsela e molemo haeba re sa tlōle meeli. Empa ha re etse hore lintho tseo e be tse ka sehloohong bophelong ba rōna. Ke habohlokoa haholo-holo linakong tsena tseo re phelang ho tsona hore re etse lintho tsena ka teka-tekano ’me re ithibe. Ho lelekisa lintho tse re khotsofatsang ho ka re imela ho fihlela re e-ba “ba sa sebetseng kapa ba sa beheng mabapi le tsebo e nepahetseng ea Morena oa rōna Jesu Kreste.”—2 Pet. 1:8.

19, 20. Ke eng se ka etsang hore re khatholohe e le kannete?

19 Ha tsela eo re nahanang ka eona e lumellana le melao ea Jehova, rea hlokomela hore menyaka leha e le efe ea lefatše lena ke ea nakoana. Moshe o ile a hlokomela taba ena, ’me le rōna rea e hlokomela. (Baheb. 11:25) Bonneteng, ha re etsa thato ea Ntate oa rōna ea leholimong re tla khatholoha e le kannete, e leng se etsang hore re thabe re be re khotsofale ho tsoa pelong ebile e le ka nako e telele.—Mat. 5:6.

20 E se eka re ka tsoela pele ho khatholloa ke mesebetsi e amanang le borapeli. Ka ho etsa joalo, re “hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše . . . ha re ntse re letetse tšepo e thabisang le ponahalo e khanyang ea Molimo e moholo le ea Mopholosi oa rōna, Kreste Jesu.” (Tite 2:12, 13) Kahoo, a re ikemisetseng ho lula re le tlas’a joko ea Jesu ka ho ikokobelletsa bolaoli le tataiso ea hae. Ha re etsa joalo, re tla thaba e le kannete re be re khatholohe!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 U ka fumana lintlha tse eketsehileng tsa se ka etsoang hore thuto ea lelapa e be monate ’me e ruise lelapa molemo Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea December 1990, leqepheng la 1.

U ka Araba Joang?

• Batho ba Jehova ba khatholloa ke lintho life kajeno?

• Ke joang ho phetha tšebeletso ho re khathollang ho bileng ho khathollang bao re ba bolellang litaba tse molemo?

• Lihlooho tsa malapa li ka etsa’ng ho tiisa hore borapeli ba lelapa boa khatholla?

• Ke lintho life tse ka re imelang hoo re ka sitoang ho phetha tšebeletso ea rōna?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Ha re jara joko ea Jesu, ho ba le lintho tse ngata tse re khathollang