Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Le ’ne le Hlōle Bobe’ ka ho Laola Bohale

‘Le ’ne le Hlōle Bobe’ ka ho Laola Bohale

‘Le ’ne le Hlōle Bobe’ ka ho Laola Bohale

“Le se ke la iphetetsa, baratuoa, . . . empa [le] ’ne [le] hlōle bobe ka botle.”—BAR. 12:19, 21.

1, 2. Lipaki li ile tsa beha mohlala ofe o motle?

SEHLOPHA sa Lipaki Tsa Jehova tse 34 se ne se ea ofising e ’ngoe ea lekala ha ho neheloa mehaho ea lona eaba sefofane se ba le bothata tseleng. Se ne se lokela ho ea tšela mafura ’me se emise ka nako e etsang hora feela empa sa ema ka lihora tse 44 boema-fofaneng bo hōle le metse moo lijo le metsi li neng li haella ’me matloana a se matle. Batho ba bangata ba neng ba palame sefofane seo ba ile ba halefela basebetsi ba boema-fofaneng ’me ba ba sokela. Empa bara le barali babo rōna ba ne ba khobile matšoafo.

2 Qetellong Lipaki tsena li ile tsa fihla nakong ea puo ea ho qetela ea lenaneo la ho nehela lekala. Le hoja li ne li khathetse, ka mor’a lenaneo li ile tsa lula ’me tsa thabela botsoalle le barab’abo rōna ba sebaka seo. Hamorao li ile tsa utloa hore ho na le batho ba ileng ba hlokomela mohlala oa tsona oa mamello le ho ithiba. E mong oa batho ba neng ba palame sefofane seo o ile a re ho basebetsi ba sona, “Ha e ne e se ka Bakreste ba 34 ba neng ba palame sefofane seo, ho ka be ho bile le morusu boema-fofaneng.”

Re Phela Har’a Batho ba Bohale

3, 4. (a) Ho halefa ka mabifi ho ’nile ha ama batho joang, hona e se e le nako e kae see se etsahala? (b) Na Kaine a ka be a ile a laola bohale? Hlalosa.

3 Mathata tsamaisong ena e khopo a ka etsa hore batho ba be bohale. (Moek. 7:7) Hangata bohale bona bo baka lehloeo le pefo. Linaha lia loantšana ebile ho na le lintoa tsa lehae, ’me mathata a lelapa a baka lintoa malapeng a mangata. Ke khale bohale le pefo li le teng. Mohono o ile oa etsa hore mora oa letsibolo oa Adama le Eva, ea bitsoang Kaine a halefele moen’ae Abele hoo a ileng a mo bolaea. Kaine o ile a etsa ketso ena e mpe le hoja Jehova a ile a mo khothalletsa hore a theole maikutlo a be a mo tšepise hore o tla mo hlohonolofatsa haeba a etsa joalo.—Bala Genese 4:6-8.

4 Le hoja Kaine a ne a tsoetsoe a sa phethahala, o ne a ka khetha seo a batlang ho se etsa. A ka be a ile a ithiba hore a se ke a halefa. Ke ka lebaka leo a neng a ikarabella ka ho feletseng ka ketso ea hae e mabifi. Kaha le rōna ha rea phethahala, ha ho bonolo hore re qobe bohale le ho etsa lintho re halefile. Ho boetse ho na le mathata a mang a maholo a eketsang khatello ‘linakong tsena tse mahlonoko.’ (2 Tim. 3:1) Ka mohlala, mathata a lichelete a ka re hatella maikutlong. Mapolesa le mekhatlo e thusang malapa a bolela hore ho putlama ha moruo ho entse hore batho ba bangata ba tlakolohe ka bohale ’me ba be mabifi ka malapeng.

5, 6. Re ka ’na ra angoa ke maikutlo afe a lefatše mabapi le bohale?

5 Ho feta moo, batho ba bangata bao re kopanang le bona ke “baithati,” ‘baa ikhohomosa’ ebile “ba bohale bo tšosang.” Ho bonolo haholo hore re etsise mekhoa ena e mebe ’me re be bohale. (2 Tim. 3:2-5) Ha e le hantle, lifiliming le mananeong a thelevishene ho etsoa hore ho bonahale eka ho nepahetse hore motho a iphetetse, ’me tsela ea tlhaho le e lokileng ea ho rarolla liphapang ke ho ba mabifi. Lipale tse tloaelehileng li etsa hore bashebelli ba lebelle ho bona mohla senokoane se “kotulang litholoana tsa mesebetsi ea sona”—hangata ka hore se bolaoe ka mabifi ke mohale paleng eo.

6 Mashano ana ha a khothaletse batho ho tsamaea litseleng tsa Molimo, empa a khothalletsa “moea oa lefatše” le oa ’musi oa lona ea halefileng, Satane. (1 Bakor. 2:12; Baef. 2:2; Tšen. 12:12) Moea oo o khothalletsa batho ba sa phethahalang hore ba ikhotsofatse ’me o khahlanong ka ho feletseng le moea oa Molimo le tholoana ea oona. Ha e le hantle, thuto ea motheo ea Bokreste ke hore motho a se ke a iphetetsa ha a phephetsoa. (Bala Matheu 5:39, 44, 45.) Joale re ka sebelisa lithuto tsa Jesu joang ka botlalo?

Mehlala e Metle le e Mebe

7. Ho ile ha etsahala’ng ha Simeone le Levi ba sitoa ho laola bohale?

7 Bibele e re tataisa ka litsela tse ngata mabapi le ho laola bohale ebile e na le mehlala e ka re tsoelang molemo ea se ka etsahalang ha re bo laola le ha re sa bo laole. Ak’u nahane ka se ileng sa etsahala ha bara ba Jakobo, e leng Simeone le Levi ba iphetetsa ho Shikeme hobane a betile khaitseli ea bona Dina. Ba ile “ba utloa bohloko ’me ba halefa haholo.” (Gen. 34:7) Ho tloha moo bara ba bang ba Jakobo ba ile ba hlasela motse oa habo Shikeme, ba o tlatlapa ba ba ba isa basali le bana kholehong. Hase hore ba entse sena sohle ka lebaka la Dina, empa ho bonahala ba ne ba boetse ba boulella lebitso la bona, e le hore ba se ke ba telleha. Ba ne ba nka hore Shikeme o ba telletse a ba a tella le ntat’a bona, Jakobo. Empa Jakobo o ile a ikutloa joang ka seo ba se entseng?

8. Seo Simeone le Levi ba se entseng se re ruta eng ka boiphetetso?

8 E tlameha ebe Jakobo o ile a utloa bohloko haholo ka lebaka la tlokotsi ena e ileng ea hlahela Dina; empa o ile a nyatsa bara ba hae ka lebaka la moea oa bona oa boiphetetso. Ho ntse ho le joalo, Simeone le Levi ba ile ba leka ho ikemela, ba re: “Na ho na le motho ea tšoanetseng ho tšoara khaitseli ea rōna joaloka letekatse?” (Gen. 34:31) Empa litaba ha lia ka tsa fella moo hobane Jehova ha aa ka a khahlisoa ke seo ba se entseng. Ka mor’a lilemo-lemo Jakobo o ile a profeta hore ka lebaka la pefo le bohale ba Simeone le Levi, litloholo tsa bona li ne li tla hasanngoa har’a meloko ea Iseraele. (Bala Genese 49:5-7.) Ho hlakile hore bohale ba bona bo sa laoleheng ha boa ka ba khahla Molimo ebile ha boa ka ba khahla le ntat’a bona.

9. Ho ne ho etsahetse’ng ha ho tla sala hanyane Davida a hlōloa ke bohale?

9 Morena Davida o ile a etsa se fapaneng hōle le seo. O ile a fumana menyetla e mengata ea hore a iphetetse empa ha aa ka a etsa joalo. (1 Sam. 24:3-7) Leha ho le joalo, ka lekhetlo le leng ho ile ha sala hanyane a hlōloa ke bohale. Morui e mong ea bitsoang Nabale o ile a tjolietsa banna ba Davida le hoja ba ile ba sireletsa mohlape oa Nabale le balisa ba hae. Ho ka etsahala hore ntho e ileng ea etsa hore Davida a batle ho busetsa molamu sefateng ke hore o ile a hlabeha haholo-holo ha a nahana ka banna ba hae. Ha Davida le banna ba hae ba futuhela Nabale le ba ntlo ea hae, mohlankana e mong o ile a tla ho Abigaile, mofumahali ea masene oa Nabale, a mo bolella se etsahetseng a ba a mo khothalletsa hore a nke bohato. Hang-hang Abigaile o ile a hlophisa moqeqeko oa mpho eaba o khahlanyetsa Davida. Ka boikokobetso o ile a kōpa tšoarelo ka lebaka la ho hloka tlhompho ha Nabale a ba a kōpa hore kaha Davida o tšaba Jehova, a se ke a phetha seo a se rerileng. Bohale ba Davida bo ile ba kokobela eaba o re: “Ho hlohonolofatsoe uena ea nthibetseng letsatsing lena ho kena molatong oa mali.”—1 Sam. 25:2-35.

Kamoo Bakreste ba Ikutloang Kateng

10. Bakreste ba lokela ho talima boiphetetso joang?

10 Se entsoeng ke Simeone le Levi, le Davida le Abigaile se bontša ntle ho tikatiko hore Jehova ha a rate batho ba sa laoleng bohale le ba mabifi ’me o hlohonolofatsa boiteko ba ho bōpa khotso. Moapostola Pauluse o itse: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’ Empa, ‘haeba sera sa hao se lapile, u se fepe; haeba se nyoriloe, u se fe se nooang; etsoe ka ho etsa sena u tla bokella mashala a mollo hloohong ea sona.’ U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.”—Bar. 12:18-21. *

11. Morali e mong oabo rōna o ile a ithuta ho laola bohale joang?

11 Re ka sebelisa keletso ena. Ka mohlala, morali’abo rōna o ile a ea ho moholo a lla ka mookameli oa hae e mocha mosebetsing. O ile a re o leeme ebile o mo tšoere hampe. Morali’abo rōna o ne a halefetse mosali eo ’me a batla ho tlohela mosebetsi. Moholo o ile a mo khothalletsa hore a se ke a nka bohato ka lepotlapotla. A lemoha hore morali’abo rōna o sentse litaba ka ho halefa ha mookameli oa hae a sa mo tšoare hantle. (Tite 3:1-3) O ile a mo bolella hore le haeba a ka qetella a fumane mosebetsi o mong, ho ntse ho hlokahala hore a fetole tsela eo a etsang lintho ka eona ha a tšoaroa hampe. A mo eletsa hore a tšoare mookameli oa hae ka tsela eo le eena a ka ratang ho tšoaroa ka eona, e leng seo Jesu a re rutileng hore re se etse. (Bala Luka 6:31.) Morali’abo rōna o ile a re o tla leka. Phello ea e-ba efe? Ka mor’a nako e itseng, mookameli o ile a tšoara morali’abo rōna hantle a ba a leboha mosebetsi oa hae.

12. Ke hobane’ng ha re utloa bohloko le ho feta ha re qabana le Bakreste ba bang?

12 Ha re makale ha motho ea ka ntle ho phutheho ea Bakreste a re bakela mathata a joalo. Rea tseba hore hangata lefatšeng la Satane ha ho na toka ’me re lokela ho ithiba hore re se ke ra halefisoa ke ba khopo. (Pes. 37:1-11; Moek. 8:12, 13; 12:13, 14) Leha ho le joalo, ho utloisa bohloko le ho feta ha re qabana le mora kapa morali oabo rōna. Morali’abo rōna e mong o ile a re, “Bothata bo boholo boo ke bileng le bona ha ke qala ho ithuta ’nete ke ho amohela hore batho ba Jehova ha baa phethahala.” Ha re tsoa lefatšeng le se nang lerato, moo batho ba sa tsotellaneng, re ne re tšepile hore Bakreste bohle ka phuthehong ba tšoarana ka mosa. Kahoo, ha Mokreste, haholo-holo ea nang le boikarabelo ka phuthehong, a sa nahanele a bile a sa etse lintho tse tšoanelang Bakreste, sena se ka re utloisa bohloko kapa sa re halefisa. Re ka ’na ra re, ‘Na batho ba Jehova le bona ba etsa lintho tse tjee?’ Ha e le hantle, mehleng ea baapostola lintho tse joalo li ile tsa etsahala esita le har’a Bakreste ba tlotsitsoeng. (Bagal. 2:11-14; 5:15; Jak. 3:14, 15) Re lokela ho ikutloa joang ha li re hlahela?

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho rarolla liqabang, hona re ka etsa see joang?

13 Morali enoa oabo rōna o re: “Ke ithutile ho rapella motho e mong le e mong ea nkutloisang bohloko. Ke eona pheko.” Joalokaha re se re bone, Jesu o re rutile hore re rapelle ba re hlorisang. (Mat. 5:44) Haeba re rapella lira tsa rōna, ke eng e tla re sitisa ho rapella bara le barali babo rōna? Joalokaha ntate a batla hore bana ba hae ba ratane, Jehova le eena o batla hore bahlanka ba hae ba lefatšeng ba ratane. Re lebeletse ho phela hammoho ka ho sa feleng ka khotso le thabo, ’me Jehova o re ruta ho etsa joalo hona joale. O batla hore re tšoarisane ha re etsa mosebetsi oa hae oa bohlokoa. Kahoo, a re rarolleng liqabang kapa re mpe re ‘hlokomolohe’ tlōlo ’me re lule re momahane. (Bala Liproverbia 19:11.) Ho e-na le ho koekoetla barab’abo rōna ha ba re sitetsoe, re lokela ho thusana hore re lule har’a batho ba Molimo re sireletsehile ka har’a ‘matsoho a Jehova a hlolang ka ho sa feleng.’—Deut. 33:27, American Standard Version.

Ho ba Bonolo ho Bohle ho Beha Litholoana Tse Molemo

14. Re ka sitisa Satane ho luka khotso ea rōna joang?

14 Satane le bademona ba hae ba re sitisa ho hasa litaba tse molemo ka ho leka ho luka khotso ea malapa le ea liphutheho. Ka bokhopo ba leka ho re qabanya, ba tseba hore sena se ka baka tšenyo e khōlō. (Mat. 12:25) E le hore re ba sitise, ho ka ba molemo hore re latele keletso ea Pauluse e reng: “Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle.” (2 Tim. 2:24) Hopola hore “ha re loane le nama le mali, empa re loana le . . . makhotla a moea a khopo.” E le hore re hlōle ntoeng ena, re lokela ho sebelisa lihlomo tsa ntoa tsa moea, tse akarelletsang “lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso.”—Baef. 6:12-18.

15. Re lokela ho etsa’ng ha batho ba ka ntle ho phutheho ba re hlasela?

15 Lira tsa Jehova tse mabifi tse ka ntle ho phutheho li hlasela batho ba hae ba ratang khotso. Tse ling tsa lira tsena li tsohela Lipaki Tsa Jehova matla. Tse ling li re etselletsa likoranteng kapa makhotleng. Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba lebelle seo. (Mat. 5:11, 12) Re lokela ho etsa’ng ha re tšoaroa joalo? Le ka mohla re se ke ra ‘busetsa bobe ka bobe,’ ebang ke ka mantsoe kapa ka liketso.—Bar. 12:17; bala 1 Petrose 3:16.

16, 17. Phutheho e ’ngoe e ile ea thulana le bothata bofe?

16 Ho sa tsotellehe hore na Diabolose o re etsa’ng, re ka fana ka bopaki bo botle ka hore re “hlōle bobe ka botle.” Ka mohlala, phutheho e sehlekehlekeng se seng sa Pacific e ile ea hira holo eo e tla tšoarela Sehopotso ho eona. Ha baeta-pele ba kereke ba utloa seo, ba ile ba bolella litho tsa eona hore li ee tšebeletsong ea kereke holong eo nakong eo Sehopotso se neng se lokela ho tšoaroa ka eona. Leha ho le joalo, mookameli oa mapolesa o ile a laela baeta-pele ba kereke hore ba be ba tsoile ka holong ha nako ea hore Lipaki li qale e fihla. Leha ho le joalo, ha nako eo e fihla, litho tsa kereke li ne li tletse ka holong ’me e le hona tšebeletso e qalang.

17 Ha mapolesa a ntse a lokisetsa hore a li ntše ka holong ka sheshe, mopresidente oa kereke o ile a atamela e mong oa baholo, a re ho eena: “Na ho na le tšebeletso e khethehileng eo le rerileng ho e tšoara mantsiboeeng aa?” Mor’abo rōna o ile a mo bolella hore ba rerile ho tšoara Sehopotso, eaba monna eo o re: “Ao banna, ke ne ke sa tsebe!” Eaba lepolesa le re: “Empa re u boleletse hona hoseng hona!” Monna eo a retelehela ho moholo a bososela ka ho phoqa, eaba o re: “Joale le tla etsa joang? Batho ba se ba tletse ka holong. Le tla re mapolesa a re leleke?” Ka mano o ne a rerile hore ho tle ho bonahale eka Lipaki ke tsona tse ba hlorisang! Barab’abo rōna ba ile ba etsa’ng?

18. Barab’abo rōna ba ile ba etsa’ng ha ba qholotsoa, ’me ha hlaha litholoana life?

18 Lipaki li ile tsa lumella litho tsa kereke hore li tšoare tšebeletso ka nako e etsang halofo ea hora e le hore ka mor’a moo barab’abo rōna ba tšoare Sehopotso. Tšebeletso ea kereke e ile ea ja nako, empa ka mor’a hore litho tsa kereke li tsoe ka holong, Sehopotso se ile sa qala. Letsatsing le latelang, ’muso o ile oa theha moifo o batlisisang taba eo. Ka mor’a hore moifo o hlahlobe taba ena, o ile oa laela kereke hore e etse tsebiso ea hore bothata ha boa bakoa ke Lipaki, empa bo bakiloe ke mopresidente oa kereke. O ile oa boela oa leboha Lipaki Tsa Jehova hobane li bontšitse mamello. Boiteko ba Lipaki ba ho ba “le khotso le batho bohle” bo ile ba beha litholoana tse molemo.

19. Ke eng hape e ka re thusang ho ba le khotso le batho ba bang?

19 Ntho e ’ngoe ea bohlokoa e ka re thusang ho ba le khotso le batho ba bang ke ho bua ka mosa. Sehloohong se latelang re tla hlalosa se boleloang ke ho bua ka mosa, hore na re ka ithuta hona joang le hore na ke maemong afe moo re lokelang ho bua ka mosa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Ha re bua ka “mashala a mollo” re bua ka mokhoa o neng o sebelisoa mehleng ea boholo-holo oa ho qhibilihisa tšepe ka ho e beha holim’a mashala ’me mashala a mang a behoa holim’a eona ho etsa hore karolo ea eona e hloekileng e itšeke ho e litšila. Ka ho bontša batho ba sa re tšoarang hantle mosa re ka ’na ra fetola maikutlo a bona ’me ra ba susumelletsa hore ba etse se molemo.

Na U ka Hlalosa?

• Ke hobane’ng ha lefatše le tletse batho ba bohale kajeno?

• Ho na le mehlala efe ka Bibeleng e bontšang se ka etsahalang ha re laola bohale le ha re sa bo laole?

• Re lokela ho etsa’ng ha Mokreste a re utloisa bohloko?

• Re lokela ho etsa’ng ha batho ba ka ntle ho phutheho ba re hlasela?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Simeone le Levi ba khutlela hae ka mor’a ho hlōloa ke bohale

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Ho ba mosa ho ka etsa hore ba bang ba qetelle ba re tšoara hantle