Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo U ka se Etsang ha Molekane a U Soetsa

Seo U ka se Etsang ha Molekane a U Soetsa

Seo U ka se Etsang ha Molekane a U Soetsa

MARGARITA le monna oa hae, Raúl, ba ne ba sebelelitse Jehova hammoho tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse ngata. * Empa ha ngoana oa bona oa pele a qeta ho hlaha, tumelo ea Raúl ho Jehova e ile ea qala ho fokola. Raúl o ile a qetella a phela ka boitšoaro bo bobe eaba oa khaoloa phuthehong ea Bakreste. Margarita o re: “Ha sena sohle se etsahala, ke ne ke sa kholoe hore ke tla phela. Ke ne ke sithabetse, ke sa tsebe hore na ke etse’ng.”

Ha Jane a qeta ho nyaloa, monna oa hae o ile a mo soetsa ka tsela e fapaneng le eo, a etsa hore a se ke a hlola a mo tšepa le ho mo rata. O ile a qala ho mo otla. Jane o re: “Mohla a qalang ho nkotla, ke ile ka ema le monn’a mateneng, ke tsielehile ke bile ke tlotlolotsoe. O ile a tloaela ho nkotla ebe ka mor’a moo o kōpa tšoarelo. Ke ne ke nahana hore kaha ke Mokreste, kamehla ke lokela ho mo tšoarela ke be ke mo leballe. Hape ke ne ke nahana hore ho bolella mang kapa mang bothata bona—esita le baholo phuthehong ea heso—ke ho hloka botšepehi. Mokhoa ona oa hore a nkotle ebe kea mo tšoarela, o ile oa tsoela pele ka lilemo-lemo. Nakong ena eohle ke ne ke nahana hore ho na le seo nka se etsang hore monna oa ka a nthate. Qetellong ha a ntšiea le morali oa rōna, ke ne ke lumela hore ha kea etsa sohle seo ke neng ke lokela ho se etsa kapa ho se bua e le hore lenyalo la rōna le se ke la senyeha.”

E ka ’na eaba le uena u tšoana le Margarita le Jane ’me u sithabetse, u na le mathata a lichelete, ’me ua utloa hore kamano ea hao le Jehova e tla senyeha hobane monna oa hao a u soetsitse. Kapa mohlomong u monna ea sithabetseng a bile a e-na le mathata hobane mosali a sa tšepahala. Ha ho pelaelo hore, joalokaha Bibele e profetile, re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ Boprofeta bona bo re “matsatsing a ho qetela” malapa a tla hlaseloa ’me malapeng a mangata lerato la tlhaho le tla fela tu! Bo bontša hore ba bang ba reng ba sebeletsa Molimo, ba ne ba tla be ba sa bue ’nete. (2 Tim. 3:1-5) Mathata ana ha a pote Bakreste ba ’nete ka thōko; kahoo, ke eng seo u ka se etsang hore u atlehe ha molekane oa hao a u soetsitse?

Italime ka Tsela eo Jehova a U Talimang ka Eona

Qalong u ka ’na ua fumana ho le boima ho lumela hore motho eo u mo ratang a ka u utloisa bohloko hakaalo. U ka ba ua qala ho itjarisa molato ka lebaka la sebe sa hae.

Leha ho le joalo, hopola hore esita le Jesu ea phethahetseng o ile a soetsoa ke motho eo a neng a mo tšepa a bile a mo rata. Jesu o ile a khetha metsoalle ea hae ea hlooho ea khomo, e leng baapostola ba 12, ka mor’a hore a nahanisise ka taba eo a be a e rapelle. Kaofela ha bona e ne e le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova. Kahoo, ha ho pelaelo hore Jesu o ile a utloa bohloko haholo ha Judase “a fetoha lehlabaphio.” (Luka 6:12-16) Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a beha Jesu molato ka liketso tsa Judase.

Ke ’nete hore kajeno ha ho na molekane ea phethahetseng. Ka bobeli ba tla etsa liphoso. Mopesaleme ea bululetsoeng o opile khomo lenaka ha a re: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema?” (Pes. 130:3) Balekane ka bobeli ba lokela ho etsisa Jehova ’me ba tšoarelane mefokolo.—1 Pet. 4:8.

Leha ho le joalo, “e mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo.” (Bar. 14:12) Haeba motho a tloaetse ho bua puo e nyefolang molekane oa hae kapa ho mo hlekefetsa, o tla ikarabella ho Jehova. Jehova o hloile pefo le puo e nyefolang, kahoo ha ho na lebaka le utloahalang la ho hlokela molekane e mong lerato le tlhompho ka ho feteletseng joalo. (Pes. 11:5; Baef. 5:33; Bakol. 3:6-8) Ha e le hantle, haeba nako le nako Mokreste a inehella ho tlakoloha ka bohale ’me a sa bake, o lokela ho khaoloa phuthehong ea Bakreste. (Bagal. 5:19-21; 2 Joh. 9, 10) Ha ho hlokahale hore u ikutloe u le molato ha u boleletse baholo hore molekane oa hao o na le mekhoa e joalo e sa tšoaneleng Bakreste. Ka sebele, Jehova o utloela balekane ba tšoaroang hampe joalo bohloko.

Ha molekane a feba, ha a siteloe molekane e mong feela empa o siteloa le Jehova. (Mat. 19:4-9; Baheb. 13:4) Haeba molekane ea se nang molato a ntse a leka ho phela ka melao-motheo ea Bibele, ha ho hlokahale hore a ikutloe a le molato ka lebaka la sebe sa molekane ea mo soetsitseng ka bofebe.

Hopola hore Jehova o tseba kamoo u ikutloang kateng. O ipitsa monghali eo e leng monna oa sechaba sa Iseraele, ’me ka Lentsoeng la hae ho na le litemana tse ngata tse amang pelo tse bontšang kamoo a neng a utloa bohloko kateng ha sechaba seo se sa tšepahale borapeling ba sona. (Esa. 54:5, 6; Jer. 3:1, 6-10) Kholiseha hore ka sebele Jehova o bona meokho ea hao haeba ka tsela e itseng molekane oa hao a u soetsa. (Mal. 2:13, 14) Oa tseba hore u hloka matšeliso le khothatso.

Jehova o U Tšelisa Joang?

E ’ngoe ea litsela tseo Jehova a re tšelisang ka tsona ke ka phutheho ea Bakreste. Jane o ile a tšelisoa joalo. O re: “Ha molebeli oa potoloho a ne a etetse phutheho ea heso, ke ne ke tetebetse haholo. O ne a tseba hore ke tetebetse maikutlo kahobane monna oa ka a ne a lokisetsa ho ntlhala. O ile a ipha nako ea ho nthusa hore ke nahane ka mangolo a kang 1 Bakorinthe 7:15. Litemana tsa Bibele le mantsoe a hae a mosa li ile tsa nthusa hore ke se ke ka ikutloa ke le molato ’me ke be le khotso ea kelello.” *

Margarita, ea boletsoeng qalong le eena o ile a hlokomela hore Jehova o re thusa ka phutheho ea Bakreste. O re: “Ha ho totobala hore monna oa ka ha a bake, ke ile ka nka bana ba ka eaba ke fallela motseng o mong. Ha ke fihla teng, ka hira likamore tse peli. Letsatsing le hlahlamang ke ne ke utloile bohloko haholo ’me ke ntse ke pakolla mekotla ea rōna ha motho a kokota monyako. Ke ne ke nahana hore ke mosali eo ke hirileng ha hae, ea neng a lula pel’a rōna. Ke ile ka makala ha ke fumana hore ke morali’abo rōna ea neng a ile a ithuta Bibele le ’Mè a ba a thusa lelapa leso ho ithuta ’nete. O ne a sa lebella ho mpona empa o ne a tlile ntlong ena hobane a ne a ithuta Bibele le mosali eo ke hirileng ha hae. Ha ba ha re kokololo! empa ka sitoa ho itšoara eaba kea lla. Ke ile ka mo bolella se etsahetseng, eaba re lla hammoho. Hang-hang o ile a lokisetsa hore re ee sebokeng hona letsatsing leo. Phutheho e ile ea re thabela, ’me baholo ba nthusa hore ke hlokomele lelapa la ka hore le be le kamano e ntle le Molimo.”

Ba Bang ba ka U Thusa Joang?

Ruri litho tsa phutheho ea Bakreste li ka u thusa ka litsela tse ngata. Ka mohlala, mothating ona Margarita o ne a lokela ho batla mosebetsi. Lelapa le leng phuthehong le ile la ithaopela hore ha ho hlokahala le tla hlokomela bana ba hae ha ba tsoa sekolong.

Margarita o re: “Ntho eo ke e ratang ka ho fetisisa ke ha bara le barali babo rōna ba ithaopela ho tsamaea le ’na le bana ba ka tšebeletsong ea tšimo.” Ha litho tsa phutheho li thusana ka tsela e joalo, li “jarelana meroalo” ’me li phethahatsa “molao oa Kreste.”—Bagal. 6:2.

Ruri batho ba utloileng bohloko ka lebaka la libe tsa batho ba bang ba ananela ho thusoa ka tsela ena. Monique, eo monna oa hae a ileng a mo siea ka sekoloto sa liranta tse 110 000 le bana ba bane, o re: “Bara le barali babo rōna ba ile ba mpontša lerato. Ha ke tsebe hore na ke ne ke tla etsa’ng ha e ne e se ka thuso ea bona. Ke nka hore Jehova o ile a mpha barab’abo rōna ba molemo ka ho fetisisa, ba ileng ba itella bana ba ka. Ke ile ka thabela ho bona kamoo ba ileng ba thusa bana ba ka hore ba hatele pele tšebeletsong ea bona. Ha ke ne ke hloka keletso, baholo ba ne ba nthusa. Ha ke hloka motho eo nka buang le eena, ba ne ba ’mamela.”—Mar. 10:29, 30.

Ke ’nete hore motsoalle ea lerato o tla lemoha ha e se nako e loketseng ea ho bua ka litaba tse bohloko tse hlahetseng motho e mong. (Moek. 3:7) Margarita o re: “Hangata ke ne ke thabela ho bua le baralib’abo rōna ba phutheho ea heso e ncha ka mosebetsi oa boboleli, lithuto tsa rōna tsa Bibele, bana ba rōna—empa eseng ka mathata a ka. Ke ne ke thabela hore ba nthusa ho lebala tse fetileng ’me ke qale bophelo bo bocha.”

Hanela Takatso ea ho Iphetetsa

Ka linako tse ling, le hoja u ka ’na ua se itjarise molato oa libe tsa molekane oa hao, u ka ’na ua khopisoa ke hore u utloa bohloko bo boholo ka lebaka la liphoso tsa hae. Haeba u lula u mo jere ka pelo, seo se ka ’na sa u sitisa ho phetha tabatabelo ea hao ea ho lula u tšepahala ho Jehova. Ka mohlala, u ka ’na ua lekeha hore u batle litsela tsa ho iphetetsa ho molekane ea sa tšepahaleng.

Haeba u lemoha hore u tlallane ’me u batla ho iphetetsa, ak’u nahane ka mohlala oa Joshua le Kalebe. Banna bana ba tšepahalang ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ’me ba ea hloela Naha e Tšepisitsoeng. Lihloela tse ling li ile tsa haelloa ke tumelo eaba li etsa hore sechaba se se ke sa mamela Jehova. Baiseraele ba bang ba ne ba bile ba batla ho tlepetsa Joshua le Kalebe ka majoe ha ba leka ho khothalletsa sechaba hore se lule se tšepahala. (Num. 13:25–14:10) Ka lebaka la liketso tsa Baiseraele, Joshua le Kalebe ba ile ba tlameha ho lelera lefeelleng ka lilemo tse 40, eseng ka lebaka la liphoso tsa bona empa ka lebaka la liphoso tsa batho ba bang.

Le hoja mohlomong Joshua le Kalebe ba ne ba nyahame, ha baa ka ba lumella hore libe tsa barab’abo bona li etse hore ba ba jare ka pelo. Ba ne ba amehile ka ho sebeletsa Jehova. Qetellong ea lilemo tse 40 ba le lefeelleng, bona le Balevi ba ile ba putsoa ka hore molokong oo e be bona feela ba pholohang le ba lumelloang ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.—Num. 14:28-30; Josh. 14:6-12.

Liketso tsa molekane oa hao ea sa tšepahaleng li ka ’na tsa u utloisa bohloko ka nako e telele. Ke ’nete hore lenyalo le ka ’na la qhalana, empa hamorao u ka ’na ua sithabela ua ba ua hula ka thata licheleteng. Leha ho le joalo, ho e-na le hore u lule u nahana ka lintho tse u tetebetsang, hopola hore mohlala oa Baiseraele ba sa tšepahaleng lefeelleng o bontša hore Jehova ke eena ea tsebang tsela e molemo ea ho otla batho ba hlomphollang melao ea hae ka boomo.—Baheb. 10:30, 31; 13:4.

U ka Atleha!

Ho e-na le hore u lule u imetsoe ke ho nahana lintho tse u nyahamisang, tlatsa kelello ea hao ka menahano ea Jehova. Jane o re: “Ntho e ileng ea nthusa hore ke atlehe ho sebetsana le bothata ba ka ke ho mamela lik’hasete tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Liboka le tsona li ile tsa ’matlafatsa haholo. Ho ikakhela ka setotsoana libokeng ho ile ha nthusa hore ke lebale mathata a ka. Mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo le oona o ile oa nthusa. Ho thusa ba bang hore ba be le tumelo ho Jehova ho ile ha matlafatsa tumelo ea ka. Ho hlokomela lithuto tsa Bibele ho ile ha nthusa hore ke nahane lintho tsa bohlokoa haholo.”

Monique, eo ho builoeng ka eena pejana o re: “Ho ba teng kamehla libokeng le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo hangata kamoo nka khonang, ho ile ha nthusa hore ke mamelle. Lelapa la ka le momahane ebile re iketselitse metsoalle ka phuthehong. Bothata ba ka bo nthusitse hore ke lemohe mefokolo ea ka. Ke fetile har’a liteko, empa Jehova o nthusa hore ke atlehe.”

Le uena u ka atleha haeba u le har’a liteko tse tšoanang le tseo. Ho sa tsotellehe hore na u nyahame hakae ka lebaka la ho soetsoa ke molekane, leka ho latela keletso ena ea Pauluse e bululetsoeng: “A re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.”—Bagal. 6:9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 13 Sheba buka ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo” leqepheng la 125-130, 219-221 moo ho tšohloang pono ea Bibele ka karohano le tlhalo.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Ba lahliloeng ke balekane ba leboha ba ba thusang tšebeletsong