Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ikakhele ka Setotsoana Mosebetsing o Moholo oa Kotulo ea Moea

Ikakhele ka Setotsoana Mosebetsing o Moholo oa Kotulo ea Moea

Ikakhele ka Setotsoana Mosebetsing o Moholo oa Kotulo ea Moea

‘U be le ho hongata hoo u ho etsang mosebetsing oa Morena.’—1 BAKOR. 15:58.

1. Jesu o ile a mema barutuoa ba hae hore ba etse’ng?

HA Jesu a ntse a haola Samaria qetellong ea selemo sa 30 C.E., o ile a fihla a phomola selibeng se pel’a motse oa Sikare. Ha a le moo, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.” (Joh. 4:35) Jesu o ne a sa bue ka kotulo ea sebele, empa o ne a bua ka mosebetsi oa moea oa ho bokella batho ba lipelo li ntle, bao e neng e tla ba balateli ba hae. Ha e le hantle, o ne a mema barutuoa ba hae hore ba kene khabong. Mosebetsi o ne o le mongata empa nako ea ho o phetha e ne e le khutšoanyane!

2, 3. (a) Ke eng e bontšang hore re phela nakong ea kotulo? (b) Re tla tšohla’ng sehloohong see?

2 Mantsoe a Jesu mabapi le kotulo ke a bohlokoa ka tsela e ikhethang mehleng ea rōna. Re phela nakong ea ha tšimo ea lefatše, e leng batho, e “soeufetse bakeng sa kotulo.” Selemo le selemo, batho ba limilione ba amohela memo ea hore ba ithute linnete tse phelisang ’me ho kolobetsoa barutuoa ba bacha ba likete-kete. Re filoe tlotla ea ho kopanela mosebetsing o moholo ka ho fetisisa oa kotulo, o tsamaisoang ke Mong’a kotulo, e leng Jehova Molimo. Na u ‘na le ho hongata hoo u ho etsang’ mosebetsing oo oa kotulo?—1 Bakor. 15:58.

3 Nakong eo Jesu a neng a etsa tšebeletso lefatšeng ka lilemo tse tharo le halofo, o ile a koetlisetsa barutuoa ba hae hore e be bakotuli. Sehloohong sena re tla tšohla lintho tse tharo tsa bohlokoa tseo Jesu a ileng a li ruta barutuoa ba hae. E ’ngoe le e ’ngoe e totobatsa tšobotsi e re tsoelang molemo o moholo ha re ntse re loanela ho etsa se molemohali mosebetsing oa mehleng ena oa ho bokella barutuoa. A re ke re tšohleng litšobotsi tsena ka ho latellana.

Ho Hlokahala Boikokobetso

4. Jesu o ile a bontša bohlokoa ba boikokobetso joang?

4 Ak’u nahane ka sena: Barutuoa ba sa tsoa ngangisana ka hore na e moholo ho bona kaofela ke ofe. Mohlomong maikutlo a ho se tšepane le bora a ntse a bonahala lifahlehong tsa bona. Joale, Jesu o bitsa ngoana e monyenyane hore a eme har’a bona. O sheba ngoana enoa e monyenyane, ’me o re: “Mang kapa mang ea tla ikokobetsa [kapa, “mang kapa mang ea inyenyefatsang,” Byington] joaloka ngoana enoa e monyenyane ke eena e moholo ’musong oa maholimo.” (Bala Matheu 18:1-4.) Ho e-na le hore barutuoa ba nahane joaloka lefatše le kalang motho ho ea ka matla a hae, leruo la hae le boemo ba hae, ba lokela ho utloisisa hore boholo ba bona bo itšetlehile ka hore na ‘ba inyenyefatsa’ hakae mahlong a batho ba bang. Jehova o ne a tla ba hlohonolofatsa le ho ba sebelisa hafeela ba bontša boikokobetso ba sebele.

5, 6. Ke hobane’ng ha u lokela ho ikokobetsa e le hore u ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa kotulo? Bontša.

5 Ho fihlela kajeno, batho ba bangata lefatšeng ba itella ho phehella ho ba le matla, leruo le maemo. Ka lebaka leo, ba na le nako e nyenyane ea lintho tsa moea kapa ha ba na eona ho hang. (Mat. 13:22) Ho fapana le hoo, batho ba Jehova ba thabela ho ‘inyenyefatsa’ mahlong a batho ba bang e le hore Mong’a kotulo a ba hlohonolofatse a be a ba amohele.—Mat. 6:24; 2 Bakor. 11:7; Bafil. 3:8.

6 Nahana ka mohlala oa Francisco, ea sebeletsang e le moholo Amerika Boroa. Ha e ne e sa le mohlankana, o ile a tlohela thuto ea univesithi eaba e ba pula-maliboho. O re: “Hamorao ha ke ne ke lebeletsa mosali, nka be ke ile ka fumana mosebetsi o ka beng o ile oa etsa hore ’na le mosali oa ka re ikemele licheleteng. Ho e-na le hoo, re ile ra etsa qeto ea ho phela bophelo bo sa rarahanang eaba re tsoela pele hammoho tšebeletsong ea nako e tletseng. Hamorao, re ile ra ba le bana ba bararo ’me mathata a ile a eketseha. Empa Jehova o ile a re thusa hore re khomarele qeto ea rōna.” Francisco o lihela likhala ka ho re: “Ho phaella mesebetsing e meng e mengata e khethehileng, ke bile le tlotla ea ho sebeletsa ke le moholo ka lilemo tse 30. Ha ho mohla re kileng ra ikoahlaela ho phela bophelo bo sa rarahanang.”

7. U lekile ho sebelisa keletso e fumanoang ho Baroma 12:16 joang?

7 Ha u hana “lintho tse phahameng” tsa lefatše lena ’me u itumella hore u “tsamaisane le lintho tse tlaase,” le uena u ka lebella ho fumana litlhohonolofatso le likabelo tse ngata mosebetsing oa kotulo.—Bar. 12:16; Mat. 4:19, 20; Luka 18:28-30.

Ho ba Mahlahahlaha Hoa Putsa

8, 9. (a) Pheta papiso ea Jesu ea litalenta ka bokhutšoanyane. (b) Papiso ee e ka khothatsa bo-mang haholo-holo?

8 Tšobotsi e ’ngoe eo re lokelang ho ba le eona e le hore re ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa kotulo, ke mahlahahlaha. Jesu o ile a bontša sena papisong ea litalenta. * Papiso eo e bua ka monna eo eitseng pele a etela hōle, a ileng a siea thepa ea hae le makhoba a mararo. O ile a fa lekhoba la pele litalenta tse hlano, la bobeli tse peli, la boraro e le ’ngoe. Ha mong’a makhoba a qeta ho tsamaea, makhoba a pele a mabeli a ile a sebetsa ka mafolofolo ’me hang-hang a ile a “etsa khoebo” ka litalenta tsa ’ona. Ka lehlakoreng le leng, lekhoba la boraro le ile la ‘noaboloha.’ Le ile la epela talenta ea lona fatše. Ha monna eo a khutla, o ile a putsa makhoba a pele a mabeli ka ho a beha hore a laole “lintho tse ngata.” O ile a nka talenta eo a neng a e file lekhoba la boraro eaba o le leleka ha hae.—Mat. 25:14-30.

9 Ha ho pelaelo hore takatso ea pelo ea hao ke hore u etsise makhoba a neng a le mahlahahlaha a papiso ea Jesu ’me u ikakhele ka setotsoana ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng mosebetsing oa ho etsa barutuoa. Empa ho thoe’ng haeba hona joale maemo a u thatafalletsa ho etsa seo u neng u ka rata ho se etsa? Mohlomong maemo a boima a moruo a u qobella hore u sebetse lihora tse telele e le hore u hlokomele lelapa la hao. Kapa mohlomong ha u sa le mahlahahlaha joaloka bocheng ebile u se u fokolloa ke bophelo. Haeba ho joalo, papiso ea litalenta e na le molaetsa o ka u khothatsang.

10. Papisong ea litalenta, mong’a makhoba o ile a bontša joang hore e ne e le motho ea nahanelang, hona seo se u khothatsa joang?

10 Hlokomela hore papisong ena mong’a makhoba o ne a tseba hore makhoba a hae a ne a e-na le bokhoni bo sa tšoaneng. O ile a bontša sena ha a ne a abela “le leng le le leng [litalenta] ho ea ka bokhoni ba lona.” (Mat. 25:15) Joalokaha ho ne ho lebeletsoe, lekhoba la pele le ile la hlahisa ho hongata ho feta lekhoba la bobeli. Leha ho le joalo, mong’a makhoba ao o ile a bontša hore o ne a ananela boiteko ba makhoba ana a mabeli ka hore a re ke makhoba a “molemo le [a] tšepahalang” le ka hore a a fe moputso o tšoanang. (Mat. 25:21, 23) Ka ho tšoanang, Mong’a kotulo, e leng Jehova Molimo, oa tseba hore maemo a hao a ama seo u khonang ho se etsa tšebeletsong ea hae. A ke ke a hlōleha ho bona boiteko boo u bo etsang ka pelo eohle tšebeletsong ea hae le ho u putsa kamoo ho tšoanetseng kateng.—Mar. 14:3-9; bala Luka 21:1-4.

11. Bontša kamoo ho ba mahlahahlaha maemong a boima ho ka etsang hore motho a fumane litlhohonolofatso tse khōlō kateng.

11 Mohlala oa morali e mong oabo rōna oa Mokreste oa Brazil ea bitsoang Selmira, o bontša hore ho ba mahlahahlaha tšebeletsong ea Molimo ha hoa itšetleha ka hore lintho li tsamaele motho hantle bophelong. Lilemong tse fetileng tse 20, monna oa Selmira o ile thunngoa ke masholu eaba o mo siea le bana ba banyenyane ba bararo bao a neng a lokela ho ba hōlisa. Kaha o ne a sebetsa malapeng, o ne a sebetsa lihora tse telele ’me o ne a khathala hobane o ne a tsamaea ka lipalangoang tse tletseng haholo tsa litoropong. Ho sa tsotellehe mathata ana, o ile a lokisa maemo a hae e le hore o ne a ka sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla. Hamorao bana ba hae ba babeli ba ile ba sebetsa le eena e le bo-pula-maliboho. O re: “Ha lilemo li ntse li feta, ke ithutile Bibele le batho ba fetang 20 ’me ba fetohile litho tsa ‘lelapa’ la ka. Ho fihlela kajeno, ke ntse ke thabela lerato la bona le setsoalle sa bona. Ke letlotlo le ke keng la rekoa ka chelete.” Ka sebele Mong’a kotulo o putsitse Selmira ka lebaka la mahlahahlaha a hae!

12. Re ka bontša joang hore re mahlahahlaha mosebetsing oa boboleli?

12 Haeba maemo a hao a hona joale a sa u lumelle hore u qete nako e telele tšimong, u ntse u ka leka ho eketsa seabo sa hao mosebetsing oa kotulo ka ho etsa hore tšebeletso ea hao e behe litholoana haholoanyane. Ha u le hlokolosi hore u sebelise litlhahiso tse molemo tse hlahang Sebokeng sa Tšebeletso sa beke le beke, u tla chorisa bokhoni ba hao ba ho bolela u be u leke mekhoa e mecha ea ho paka. (2 Tim. 2:15) Ho feta moo, ha ho khoneha, u ka tlohela mesebetsi eo e seng ea bohlokoa kapa ua e etsa ka nako e ’ngoe e le hore u ka sebetsa le phutheho kamehla litokisetsong tsa tšebeletso ea tšimo.—Bakol. 4:5.

13. Ke ntho efe e ka sehloohong e ka re thusang hore re loanele ho ba mahlahahlaha re be re lule re e-na le ’ona?

13 Hopola hore ha re e-na le kananelo, seo se tla re susumelletsa hore re be mahlahahlaha. (Pes. 40:8) Lekhoba la boraro le boletsoeng papisong ea Jesu le ne le tšaba mong’a lona, le nka hore ke motho ea thata le ea sa nahaneleng. Ka lebaka leo, monna eo o ile a epela talenta ea hae ho e-na le hore a e sebelisetse ho eketsa thepa ea mong’a hae. E le hore le rōna re se ke ra ba batho ba sa tsotelleng joalo, re lokela ho loanela ho ba le kamano e haufi le Mong’a kotulo, e leng Jehova, re be re lule re e-na le eona. Iphe nako ea ho ithuta le ho thuisa ka litšobotsi tsa hae tse ntle—lerato la hae, mamello ea hae le mohau oa hae. Ka tsela eo, pelo ea hao e tla u susumelletsa hore u etse sohle seo u ka se khonang tšebeletsong ea hae.—Luka 6:45; Bafil. 1:9-11.

“Le Halalele”

14. Batho ba batlang ho ba bakotuli ba tlameha ho finyella ntho efe ea bohlokoa e hlokahalang?

14 Ha moapostola Petrose a qotsa Mangolo a Seheberu, o bolela hore na thato ea Molimo e boletsoeng ka ho hlakileng ke efe bakeng sa bahlanka ba hae ba lefatšeng, o re: “Tumellanong le Mohalaleli ea le bitsitseng, le lōna le fele le halalele boitšoarong bohle ba lōna, hobane ho ngoliloe: ‘Le halalele, hobane kea halalela.’” (1 Pet. 1:15, 16; Lev. 19:2; Deut. 18:13) Mantsoe ana a totobatsa hore bakotuli ba lokela ho hloeka boitšoarong le moeeng. Re ka finyella ntho eo ea bohlokoa e hlokahalang ka hore re nke mehato ea hore re hlatsuoe hore re hloeke ka tsela ea tšoantšetso. Seo se ka etsoa joang? Ka thuso ea lentsoe la Molimo la ’nete.

15. ’Nete ea lentsoe la Molimo e na le matla a ho re etsetsa’ng?

15 Lentsoe la Molimo la ’nete le tšoantšoa le metsi a hloekisang. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a ngola hore, joaloka monyaluoa oa Kreste, phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e hloekile mahlong a Molimo, ea e hloekisitseng “ka ho e hlatsoa ka metsi ka lentsoe . . . , hore e be e halalelang le e se nang sekoli.” (Baef. 5:25-27) Pejana, Jesu le eena o ne a buile ka matla a hloekisang a lentsoe la Molimo, leo a neng a le phatlalatsa. Ha Jesu a ne a bua le barutuoa ba hae, o ile a re: “Le se le hloekile ka lebaka la lentsoe leo ke le boleletseng lona.” (Joh. 15:3) Kahoo, ’nete ea lentsoe la Molimo e na le matla a ho hloekisa boitšoarong le moeeng. Molimo o tla amohela borapeli ba rōna hafeela re lumella ’nete ea hae hore e re hloekise ka tsela ena.

16. Re ka lula re hloekile moeeng le boitšoarong joang?

16 Kahoo, e le hore re be basebetsi kotulong ea Molimo, re qala ka ho lahla mekhoa eohle e re silafatsang boitšoarong le moeeng. Ka sebele, e le hore re tsoele pele re tšoanelehela tlotla ea ho ba bakotuli, re lokela ho beha mohlala tabeng ea ho khomarela melao ea Jehova e phahameng e amanang le boitšoaro le borapeli. (Bala 1 Petrose 1:14-16.) Feela joalokaha re ipoloka re hloekile ’meleng kamehla, re lokela hore re amohele ho hloekisoa ke lentsoe la Molimo la ’nete kamehla. Hona ho akarelletsa ho bala Bibele le ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Ho boetse ho bolela ho ikitlaelletsa ho sebelisa likhopotso tsa Molimo bophelong ba rōna. Ha re etsa joalo, re tla khona ho hlōla mekhoa ea rōna ea boetsalibe le ho hanela litšusumetso tse silafatsang tsa lefatše lena. (Pes. 119:9; Jak. 1:21-25) Ruri hoa khothatsa ho tseba hore ka thuso ea lentsoe la Molimo la ’nete, re ka ‘hlatsuoa hore re hloeke’ esita le sebeng se seholo!—1 Bakor. 6:9-11.

17. E le hore re lule re hloekile, re lokela ho mamela keletso efe ea Bibele?

17 Na u lumella lentsoe la Molimo la ’nete hore le hloekise bophelo ba hao? Ka mohlala, u itšoara joang ha u hlokomelisoa likotsi tse silafatsang tsa boithabiso ba lefatše lee? (Pes. 101:3) Na u qoba setsoalle se sa hlokahaleng le bana bao u kenang sekolo le bona kapa basebetsi-’moho le uena ba sa lumeleng seo u se lumelang? (1 Bakor. 15:33) Na kannete u leka ho hlōla mefokolo ea hao e ka ’nang ea etsa hore u se ke ua hloeka mahlong a Jehova? (Bakol. 3:5) Na u lula u ikarotse litsekisanong tsa lipolotiki tsa lefatše lee le moeeng oa bochaba o renang lipapaling tseo ho hlōlisanoang ho tsona?—Jak. 4:4.

18. Ho hloeka boitšoarong le moeeng ho tla re thusa joang hore re be bakotuli ba behang litholoana?

18 Ha u mamela ka botšepehi litabeng tse joalo u tla rua molemo o moholo. Ha Jesu a ne a bapisa barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng le makala a sefate sa morara, o ile a re: “Lekala le leng le le leng le ho ’na le sa beheng litholoana [Ntate] oa le tlosa, ’me le leng le le leng le behang litholoana oa le hloekisa, e le hore le ka beha litholoana tse eketsehileng.” (Joh. 15:2) Ha u lumella metsi a ’nete ea Bibele hore a u hloekise, u tla beha litholoana tse ngata le ho feta.

Litlhohonolofatso Tsa Hona Joale le Tsa ka Moso

19. Barutuoa ba Jesu ba ile ba hlohonolofatsoa joang mosebetsing oa bona oa kotulo?

19 Hamorao ka Pentekonta ea 33 C.E., moea o halalelang o ile oa fa barutuoa ba tšepahalang ba ileng ba sebelisa seo Jesu a neng a ba rutile sona matla a hore e be lipaki “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) Ba ile ba tsoela pele ba sebetsa e le litho tsa sehlopha se busang, e le baromuoa, e le baholo ba tsamaeang ’me ba ile ba phetha karolo ea bohlokoa mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo “pōpong eohle e tlas’a leholimo.” (Bakol. 1:23) Ruri ba ile ba fumana litlhohonolofatso tse khōlō, ba ba ba etsa hore batho ba bang ba thabe haholo!

20. (a) U fumane litlhohonolofatso life ka lebaka la ho ikitlaetsa kotulong ea moea? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng?

20 Ha ho pelaelo hore ha re ikokobelitse, re le mahlahahlaha re bile re khomarela melao e phahameng ea Lentsoe la Molimo, re tla tsoela pele ho ikakhela ka setotsoana mosebetsing o moholo oa kotulo ea moea o etsoang hona joale. Ha batho ba bangata ba ntse ba hlokofatsoa ke bohloko le pherekano e tsamaeang le bophelo ba lefatše lena ba ho rata maruo le ho batla menyaka, rōna re thabile e le kannete ebile re khotsofetse. (Pes. 126:6) Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore “mosebetsi oa [rōna] hase oa lefeela mabapi le Morena.” (1 Bakor. 15:58) Mong’a kotulo, e leng Jehova Molimo, o tla re putsa ka ho sa feleng ka lebaka la ‘mosebetsi oa rōna le lerato leo re ileng ra le bontša bakeng sa lebitso la hae.’—Baheb. 6:10-12.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Papiso ea litalenta e bua haholo-holo ka kamano ea Jesu le barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng, empa e na le melao-motheo e sebetsang ho Bakreste bohle.

Na U sa Hopola?

Ha u ntse u loanela ho ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa kotulo . . . 

• ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u ikokobetse?

• u ka loanela ho ba mahlahahlaha ua ba ua lula u e-na le ’ona joang?

• ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore motho a lule a hloekile boitšoarong le moeeng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Boikokobetso bo ka re thusa hore re phele bophelo bo sa rarahanang boo ntho e khōlō ho bona e leng ho sebeletsa Molimo le ho tšehetsa ’Muso oa hae