Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo Letsatsi la Jehova le Tla se Senola

Seo Letsatsi la Jehova le Tla se Senola

Seo Letsatsi la Jehova le Tla se Senola

“Letsatsi la Jehova le tla tla joaloka lesholu, . . . ’me lefatše le mesebetsi e ho lona li tla pepesoa.”—2 PET. 3:10.

1, 2. (a) Tsamaiso e khopo ea lintho ea hona joale e tla fela joang? (b) Re tla tšohla lipotso life?

TSAMAISO e khopo ea lintho ea hona joale e thehiloe leshanong le ka sehloohong la hore motho a ka atleha ho busa lefatše ntle ho thuso ea Jehova. (Pes. 2:2, 3) Na ho na le ntho efe kapa efe e thehiloeng leshanong e ka tšoarellang ka ho sa feleng? Ho hang ha e eo! Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore re emele lefatše la Satane hore le iphelise ka bolona. Ho e-na le hoo, le tla felisoa ke Molimo ka nako ea hae le ka tsela ea hae. Khato eo Molimo a tla e nka khahlanong le lefatše lena le khopo e tla bonahatsa ka ho phethahetseng toka ea hae le lerato la hae.—Pes. 92:7; Liprov. 2:21, 22.

2 Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Letsatsi la Jehova le tla tla joaloka lesholu, leo ka lona maholimo a tla feta ka lerata le sheshang le hlabang, empa thepa ea motheo e le e chesang ka matla haholo e tla qhibiliha, ’me lefatše le mesebetsi e ho lona li tla pepesoa.” (2 Pet. 3:10) “Maholimo” le “lefatše” tseo ho buuoang ka tsona moo ke eng? “Thepa ea motheo” e tla qhibiliha ke eng? Hona Petrose o ne a bolela’ng ha a ne a re “lefatše le mesebetsi e ho lona” li tla “pepesoa”? Ho tseba likarabo tsa lipotso tsena ho tla re thusa hore re itokisetse liketsahalo tse tšosang tse tla etsahala haufinyane.

Maholimo le Lefatše Tse Tla Feta

3. “Maholimo” ao ho buuoang ka ’ona ho 2 Petrose 3:10 ke eng, hona a tla feta joang?

3 Ha lentsoe “maholimo” le sebelisoa ka tšoantšetso ka Bibeleng, hangata le bolela babusi ba phahametseng bafo ba bona. (Esa. 14:13, 14; Tšen. 21:1, 2) “Maholimo a tla feta” a tšoantšetsa puso ea batho e busang batho ba sa tšabeng Molimo. Ho feta ha ’ona “ka lerata le sheshang”—kapa ka “lerata le tšabehang,” ho ea ka phetolelo e ’ngoe—ho ka ’na ha bolela pheliso e potlakileng ea maholimo ana.

4. “Lefatše” ke eng, hona le tla timetsoa joang?

4 “Lefatše” le tšoantšetsa batho ba arohaneng le Molimo. Lefatše la mofuta oo le ne le le teng mehleng ea Noe ’me ka taelo ea Molimo, le ile la felisoa ke Moroallo. “Ka lentsoe le tšoanang maholimo le lefatše tse teng hona joale li boloketsoe mollo ’me li ntse li bolokiloe ho fihlela letsatsing la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.” (2 Pet. 3:7) Le hoja Moroallo o ile oa timetsa batho bohle ba neng ba sa tšabe Molimo ka nako e le ’ngoe, timetso e tlang e tla etsahala ka mekhahlelo “matšoenyehong a maholo.” (Tšen. 7:14) Mokhahlelong oa pele oa matšoenyeho ao, Molimo o tla susumelletsa babusi ba lipolotiki ba lefatše lena hore ba timetse “Babylona e Moholo,” kahoo a bontša hore o nyelisa seotsoa seo sa bolumeli. (Tšen. 17:5, 16; 18:8) Ka mor’a moo, ntoeng ea Armagedone, e leng mokhahlelo oa ho qetela oa matšoenyeho a maholo, Jehova ka boeena o tla felisa karolo e setseng ea lefatše la Satane.—Tšen. 16:14, 16; 19:19-21.

“Thepa ea Motheo . . . e Tla Qhibiliha”

5. Thepa ea motheo ea tšoantšetso e akarelletsa’ng?

5 “Thepa ea motheo” e tla “qhibiliha” ke eng? Dikishinari ea Bibele e hlalosa “thepa ea motheo” e le “lintho tsa mantlha,” kapa “lintho tsa motheo.” E bolela hore lentsoe lena, “le ne le sebelisetsoa litlhaku tsa alfabeta, e li bitsa metheo ea puo.” Kahoo, “thepa ea motheo” eo Petrose a buang ka eona e bolela lintho tsa sehlooho tse etsang hore lefatše lena le be le litšobotsi, maikutlo, litsela le lipakane tse bontšang ho se tšabe Molimo. “Thepa ea motheo” e akarelletsa “moea oa lefatše,” o “sebetsang ho bara ba ho se mamele.” (1 Bakor. 2:12; bala Baefese 2:1-3.) Moea oo o tletse hohle lefatšeng la Satane. O susumelletsa batho hore ba nahane, ba rere, ba bue ba be ba itšoare ka litsela tse bontšang hore ba nahana joaloka Satane, “’musi oa matla a moea” ea ikhohomosang le ea tellang.

6. Moea oa lefatše o iponahatsa joang?

6 Kahoo, ebang baa tseba kapa ha ba tsebe, batho ba kenoeng ke moea oa lefatše ba lumella likelello le lipelo tsa bona hore li susumetsoe ke Satane, hoo ba bonahatsang monahano oa hae le maikutlo a hae. Ka lebaka leo, ba iketsetsa borata, ba sa natse thato ea Molimo. Ba etsa lintho ka boikhohomoso kapa ka boithati, ba bontša moea oa borabele, ’me ba inehella “takatso ea nama le takatso ea mahlo.”—Bala 1 Johanne 2:15-17. *

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘sireletsa lipelo tsa rōna’?

7 Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re ‘sireletse lipelo tsa rōna’ ka ho sebelisa bohlale bo tsoang ho Molimo ha re khetha metsoalle, seo re se balang, boikhathollo le Liwebsaete tseo re ka ’nang ra batla boitsebiso ho tsona Inthaneteng! (Liprov. 4:23) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.” (Bakol. 2:8) Taelo eo e ntse e e-ba e potlakileng haholo ha letsatsi la Jehova le ntse le atamela, hobane ‘mocheso’ oa lona oo ho seng mohla o kileng oa e-ba teng o tla qhibilihisa ‘thepa eohle ea motheo’ ea tsamaiso ea Satane, o pepese hore ho hang e ke ke ea mamella mocheso oa bohale ba Molimo. Sena se re hopotsa mantsoe a Malakia 4:1, a reng: “Letsatsi lea tla le chesang joaloka sebōpi, ’me bohle ba iketelletsang pele le bohle ba etsang bokhopo ba tla ba joaloka litlhaka. Ka sebele letsatsi le tlang le tla ba timetsa.”

“Lefatše le Mesebetsi e ho Lona li Tla Pepesoa”

8. Lefatše le mesebetsi e ho lona li “pepesoa” joang?

8 Petrose o ne a bolela’ng ha a ne a ngola a re “lefatše le mesebetsi e ho lona li tla pepesoa”? Lentsoe “pepesoa” le ka boela la fetoleloa e le “senoloa” kapa “apoloa.” Petrose o ne a bolela hore matšoenyehong a maholo, Jehova o tla apola lefatše la Satane, a pepese hore le khahlanong le Eena le ’Muso oa Hae ’me kahoo le lokela ho timetsoa. Ha Esaia 26:21 e bua ka tsela ea boprofeta mabapi le nako eo, e re: “Jehova o tloha sebakeng sa hae hore a batle boikarabello bakeng sa phoso eo moahi oa naha a e entseng khahlanong le eena, ’me ka sebele naha e tla pepesa tšollo ea eona ea mali ’me ha e sa tla hlola e koahela batho ba eona ba bolailoeng.”

9. (a) Re lokela ho hana eng, hona hobane’ng? (b) Re lokela ho loanela ho ba le eng, hona hobane’ng?

9 Letsatsing la Jehova, batho ba susumelitsoeng ke mekhoa ea lefatše le moea oa lona o khopo ba tla bontša hore na ka sebele ke batho ba mofuta ofe, ba be ba bolaeane. Ha e le hantle, ho ka etsahala hore ebe mefuta e fapa-fapaneng ea boithabiso bo mabifi bo ratoang kajeno, e lokisetsa likelello tsa batho ba bangata nako eo ka eona letsoho la motho e mong le e mong “le tla phahama khahlanong le letsoho la motsoalle oa hae.” (Zak. 14:13) Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re hane eng kapa eng, ebang ke lifilimi, libuka, lipapali tsa video le lintho tse ling tse ka ’nang tsa etsa hore re be le mekhoa eo Molimo a e nyonyang, e kang boikhohomoso le ho rata pefo! (2 Sam. 22:28; Pes. 11:5) Ho e-na le hoo, a re loaneleng ho ba le tholoana ea moea o halalelang oa Molimo, etsoe litšobotsi tse joalo li ke ke tsa chesoa ke mocheso oa tšoantšetso oa letsatsi la Jehova.—Bagal. 5:22, 23.

“Maholimo a Macha le Lefatše le Lecha”

10, 11. “Maholimo a macha” le “lefatše le lecha” ke eng?

10 Bala 2 Petrose 3:13. “Maholimo a macha” ke ’Muso oa Molimo o leholimong, o ileng oa thehoa ka selemo sa 1914 ha ho ne ho fela “linako tse behiloeng tsa lichaba.” (Luka 21:24) Puso ena ea borena e entsoe ka Kreste Jesu le babusi-’moho le eena ba 144 000, ’me boholo ba bona bo se bo amohetse moputso oa bona leholimong. Bukeng ea Tšenolo, bakhethoa bana ba hlalosoa e le “motse o halalelang, Jerusalema e Mocha, o [theohang] leholimong ho Molimo ’me o lokisitsoe joaloka monyaluoa ea khabileng bakeng sa monna oa hae.” (Tšen. 21:1, 2, 22-24) Joalokaha Jerusalema ea lefatšeng e ne e le setsi sa ’muso oa Iseraele ea boholo-holo, Jerusalema e Mocha le Monyali oa hae ke bona ’muso oa tsamaiso e ncha ea lintho. Motse ona o leholimong o tla “theoha leholimong” ka hore o laole litaba tsa lefatše.

11 “Lefatše le lecha” le bolela moloko o mocha oa lefatšeng oa batho ba tla beng ba bontšitse hore ba ikemiselitse ho ikokobelletsa ’Muso oa Molimo. Paradeise ea moea eo batho ba Molimo ba e thabelang le hona joale, qetellong e tla ba boemong ba eona bo loketseng ‘lefatšeng leo le letle leo ho tla beng ho ahiloe ho lona le tlang ho tla.’ (Baheb. 2:5) Re ka ba karolo ea tsamaiso eo e ncha e tlang joang?

Itokisetse Letsatsi le Leholo la Jehova

12. Ke hobane’ng ha lefatše le tla makala ha letsatsi la Jehova le fihla?

12 Pauluse le Petrose ba ile ba profeta hore letsatsi la Jehova le ne le tla tla “joaloka lesholu”—le patile mohoasa ebile le sa lebelloa. (Bala 1 Bathesalonika 5:1, 2.) Esita le Bakreste ba ’nete ba lebeletseng letsatsi leo, ba tla makala ke tsela eo le tla fihla ka tšohanyetso ka eona. (Mat. 24:44) Leha ho le joalo, lefatše lona ha le na ho makala feela. Pauluse o ile a ngola a re: “Neng kapa neng ha [batho ba arohaneng le Jehova] ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko ba mahlomola ho mosali oa moimana; ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.”—1 Bathes. 5:3.

13. Re ka qoba ho thetsoa ke mohoo o reng “Khotso le tšireletseho!” joang?

13 Mohoo o reng “Khotso le tšireletseho!” e tla ba leshano le leng feela le bululetsoeng ke bademona; leha ho le joalo, o ke ke oa thetsa bahlanka ba Jehova. Pauluse o ile a ngola a re: “Ha le lefifing, hoo letsatsi leo le ka le fihlelang joalokaha le ne le tla fihlela masholu, kaha kaofela le bara ba leseli le bara ba motšehare.” (1 Bathes. 5:4, 5) Kahoo, a re luleng leseling, hōle-hōle le lefifi la lefatše la Satane. Petrose o ile a ngola a re: “Baratuoa, [kaha] le e-na le tsebo ena e fanoeng esale pele, le itebele e le hore le se ke la hulanngoa hammoho le bona [mesuoe ea bohata e ka phuthehong ea Bokreste] ke phoso ea batho ba nyelisang molao ’me la oa ho tieeng ha lōna.”—2 Pet. 3:17.

14, 15. (a) Jehova o re tlotla joang? (b) Ke mantsoe afe a bululetsoeng ao re lokelang ho a nka ka botebo?

14 Hlokomela hore Jehova ha a re bolelle hore re “itebele” feela, ebe re fella hona moo. Ho e-na le hoo, o re tlotla ka hore ka mosa a re fe ‘tsebo e fanoeng esale pele’ e re fang tlhaloso ea motheo ea se tla etsahala nakong e tlang.

15 Leha ho le joalo, ka masoabi ba bang ba khella fatše kapa ba khesa likhopotso tse reng ho hlokahala hore re lule re falimehile. Ba ka ’na ba re, ‘Ke khale re utloa khopotso eo.’ Leha ho le joalo, batho bao ba lokela ho hopola hore ha ba bua joalo, ba bontša hore ha ba tšepe sehlopha sa lekhoba le tšepahalang ebile ha ba tšepe Jehova le Mora oa hae. Jehova o ile a re, ‘U lule u lebeletse.’ (Hab. 2:3) Ka ho tšoanang, Jesu o ile a re: “Le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.” (Mat. 24:42) Ho phaella moo, Petrose o ile a ngola a re: “Le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo, le letile ’me le lutse le hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova!” (2 Pet. 3:11, 12) Le ka mohla sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le Sehlopha se Busang sa lona se ke ke sa khella fatše mantsoe ao a matla!

16. Re lokela ho qoba maikutlo afe, hona hobane’ng?

16 Ha e le hantle, ‘lekhoba le lebe’ ke lona le etsang qeto ea hore Mong’a lona oa lieha. (Mat. 24:48) Lekhoba leo le lebe, ke karolo ea sehlopha se hlalositsoeng ho 2 Petrose 3:3, 4. Petrose o ile a ngola a re: “Matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi” bao, “ho ea ka litakatso tsa bona,” ba tla soma bao ka boikokobetso ba lulang ba hopotse letsatsi la Jehova. Ka sebele, ho e-na le ho tsepamisa kelello linthong tse amanang le ’Muso, basomi bao ba icheba bobona ebile ba tsepamisa kelello litakatsong tsa bona tsa boithati. Le ka mohla re se ke ra ba le maikutlo ao a ho se mamele le a kotsi! Ho e-na le hoo, e se eka re ka ‘nka ho se fele pelo ha Morena oa rōna e le poloko’ ka hore re lule re phathahane mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa le ka hore re se ke ra tšoenyeha ka hore na lintho li tla etsahala neng, kaha seo se taolong ea Jehova Molimo.—2 Pet. 3:15; bala Liketso 1:6, 7.

Tšepa Molimo oa Poloko

17. Bakreste ba tšepahalang ba ile ba nka bohato bofe mabapi le keletso ea Jesu ea hore ba balehe Jerusalema, hona hobane’ng?

17 Ka mor’a hore mabotho a Roma a hlasele Judea ka 66 C.E., Bakreste ba tšepahalang ba ile ba mamela keletso ea Jesu ea hore ba balehe motseng oa Jerusalema hang ha monyetla o hlaha. (Luka 21:20-23) Ke hobane’ng ha ba ile ba nka bohato hang-hang ba bile ba sa qeaqee? Ha ho pelaelo hore ba ne ba lutse ba hopola temoso ea Jesu. Ka sebele, ba ne ba lebeletse hore joalokaha Kreste a ne a boletse, qeto ea bona e ne e tla etsa hore ba thulane le mathata. Empa ka nako e tšoanang, ba ne ba tseba hore le ka mohla Jehova o ne a ke ke a furalla batho ba hae ba tšepahalang.—Pes. 55:22.

18. Mantsoe a Jesu a ho Luka 21:25-28 a susumetsa tsela eo u nkang matšoenyeho a maholo a tlang ka eona joang?

18 Le rōna re lokela ho tšepa Jehova ka ho feletseng, hobane ke eena feela ea ka re pholosang ha tsamaiso ea hona joale e oeloa ke matšoenyeho a maholo ka ho fetisisa historing eohle ea batho. Neng-neng ka mor’a hore matšoenyeho a maholo a qale empa e le pele Jehova a phethahatsa kahlolo ea hae karolong e setseng ea lefatše, batho ba tla “ilibana ke tšabo le tebello ea lintho tse [tla tla] holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” Leha ho le joalo, ha lira tsa Molimo li ntse li thothomela ke tšabo, bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba ke ke ba tšoha. Ho e-na le hoo, ba tla nyakalla hobane ba tseba hore topollo ea bona e haufi.—Bala Luka 21:25-28.

19. Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?

19 Ruri batho ba lulang ba ikarotse lefatšeng le ‘thepeng ea lona ea motheo’ ba tla ba le bokamoso bo hlollang! Joalokaha ho hlalosoa sehloohong se latelang, haeba re batla ho fumana bophelo, ha rea lokela ho fella feela ka hore re qobe se sebe. Re lokela ho ba le litšobotsi tse khahlisang Jehova re be re etse mesebetsi eo a e amohelang.—2 Pet. 3:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 E le hore u fumane tlhaloso e batsi mabapi le mekhoa e khothalletsoang ke moea oa lefatše, sheba buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo, leqepheng la 321-324.

Na U ka Hlalosa?

• Ke eng e tšoantšetsoang ke . . . 

‘maholimo le lefatše’ tsa hona joale?

“thepa ea motheo”?

“maholimo a macha le lefatše le lecha”?

• Ke hobane’ng ha re tšepa Molimo ka ho feletseng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

U ka ‘sireletsa pelo ea hao’ joang ’me ua lula u ikarotse lefatšeng?

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Re bontša joang hore re ‘nka ho se fele pelo ha Morena oa rōna e le poloko’?