Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thusa Bana ba Hao Hore ba Rate ho Bala le ho Ithuta

Thusa Bana ba Hao Hore ba Rate ho Bala le ho Ithuta

Thusa Bana ba Hao Hore ba Rate ho Bala le ho Ithuta

E ’NGOE ea litsela tsa bohlokoa tseo u ka lokisetsang bana ba hao bokamoso ka tsona, ke ka ho ba ruta ho bala le ho ithuta. Ruri ho etsa lintho tseo ho ka thabisa haholo! Ntho eo batho ba bang ba e hopolang e neng e ba thabisa ka ho fetisisa ha e ne e sa le bana, ke ha batsoali ba bona ba ne ba ba balla. Ho bala ka bohona hoa thabisa, ’me le litholoana tsa hona lia thabisa. Sena ke ’nete haholo ho bahlanka ba Molimo kaha ho ithuta Bibele ho thusa motho haholo hore a hōle moeeng. Motsoali e mong oa Mokreste o ile a re: “Lintho tseo re nkang e le tsa bohlokoa haholo ke tse amanang le ho bala le ho ithuta.”

Mekhoa e metle ea ho ithuta e ka thusa bana ba hao hore ba be le kamano e haufi le Molimo. (Pes. 1:1-3, 6) Le hoja hore motho a pholohe ho sa itšetleha ka hore a tsebe ho bala, Bibele ea bontša hore ho tseba ho bala ho ka ruisa motho molemo o moholo moeeng. Ka mohlala, Tšenolo 1:3 e re: “Ho thaba ea ballang holimo le ba utloang mantsoe a boprofeta bona.” Ho feta moo, keletso e bululetsoeng eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Timothea e bontša bohlokoa ba ho tsepamisa mohopolo, hoo e leng karolo ea bohlokoa ea ho ithuta; o ile a re: “Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona.” Hobane’ng? “E le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala.”—1 Tim. 4:15.

Ha e le hantle, hase hore ha motho a tseba ho bala le ho ithuta feela seo se bolela hore tsebo eo e tla mo tsoela molemo. Batho ba bangata ba nang le tsebo ena ha ba e sebelise; ho e-na le hoo, ba phehella mesebetsi e se nang thuso. Kahoo, batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba labalabele ho fumana tsebo e tla ba tsoela molemo?

Lerato la Hao le Mohlala oa Hao

Bana ba ithuta ho thabela linako tsa ho ithuta haeba ba utloa hore baa ratoa linakong tse joalo. Ha ba nahana ka bana ba bona ba babeli, banyalani ba bang ba Bakreste e leng Owen le Claudia ba re: “Ba ne ba lula ba lebeletse nako ea ho ithuta kaha e ne e le nako ea bohlokoa haholo—ba ne ba ikutloa ba sireletsehile ba bile ba phutholohile. Ha ba ne ba nahana ka nako ena ba ne ba tseba hore ho tla rena lerato.” Esita leha bana ba hōla ’me ba fihla lilemong tsa bocha tse ka ’nang tsa e-ba thata, haeba ho rena lerato thutong ea lelapa, sena se tla tsoela pele ho susumetsa tsela eo ba talimang lintho ka eona. Hona joale bana ba Owen le Claudia ke bo-pula-maliboho ’me lerato la ho bala le ho ithuta leo batsoali ba bona ba ileng ba ba thusa hore ba be le lona, le ntse le ba tsoela molemo.

Ntho e matla e tsamaeang le lerato ke mohlala. Bana bao hangata ba bonang batsoali ba bona ba bala ba bile ba ithuta, ho ka etsahala hore le bona ba nke ho bala le ho ithuta e le karolo ea bophelo ba bona. Empa u ka beha mohlala o joalo joang joaloka motsoali haeba ho bala e se ntho e bonolo ho uena? Ho ka ’na ha hlokahala hore u fetole lintho tse tlang pele bophelong ba hao kapa u fetole maikutlo ao u nang le ’ona ka ho bala. (Bar. 2:21) Haeba ho bala e le karolo e khōlō ea kemiso ea hao ea letsatsi le letsatsi, sena se tla ba le tšusumetso e matla ho bana ba hao. Boikitlaetso ba hao—haholo-holo tabeng ea ho bala Bibele, ho lokisetsa liboka, hammoho le thuto ea lelapa—bo tla bontša ka ho hlaka hore na u nka lintho tseo e le tsa bohlokoa hakae.

Kahoo, lerato le mohlala oa hao ke tsa bohlokoa haholo hore u thuse bana ba hao hore ba rate ho bala. Empa ke mehato efe eo u ka e nkang e le hore u ba khothatse?

Lerato le Qalang ka ho Bala

Ke mehato efe ea bohlokoa e ka u thusang hore u fihlele sepheo sa ho thusa bana ba hao hore ba rate ho bala? Ba batlele libuka ba sa le banyenyane. Moholo e mong oa Mokreste eo batsoali ba hae ba ileng ba mo thusa hore a rate ho bala o fana ka keletso ena: “Etsa hore bana ba hao ba tloaele ho tšoara libuka le ho li sebelisa. Ka tsela eo, ba tla rata libuka haholo ebile e tla ba tsa bohlokoa bophelong ba bona.” Kahoo, libuka tse thehiloeng Bibeleng tse kang Ithute ho Mosuoe e Moholo le Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele, e ba tsa bohlokoa haholo ho bana ba bangata le pele ba tseba ho bala. Ha u bala libuka tseo le bana ba hao, ha u ba rute puo feela empa u ba ruta le “litaba tsa moea” le “mantsoe a moea.”—1 Bakor. 2:13.

Ballang holimo kamehla. Etsa hore le be le kemiso ea ho bala le bana ba hao letsatsi le leng le le leng. Ha u etsa joalo u tla ba ruta tsela e nepahetseng ea ho bitsa mantsoe ’me seo se tla ba thusa hore ba tloaele ho bala. Tsela eo u balang ka eona le eona ke ea bohlokoa. Bala ka cheseho ’me le bona ba tla bala ka cheseho. Ha e le hantle, bana ba hao ba ka ’na ba u kōpa hore u ba balle pale e le ’ngoe hangata. Etsa seo ba se kōpang! Ha nako e ntse e e-ea, ba tla batla ho ithuta lintho tse ncha. Leha ho le joalo, ela hloko hore u se ke ua ba qobella ho bala. Jesu o ile a beha mohlala ka hore a rute bamameli ba hae hafeela “ba ne ba khona ho mamela.” (Mar. 4:33, NW) Ha u sa qobelle bana ba hao, ba tla lebella nako e hlahlamang ea ho bala ka tjantjello ’me u tla finyella sepheo sa hao sa ho ba thusa hore ba rate ho bala.

Ba khothalletse hore ba kenye letsoho, ’me le tšohle seo le se balang. U tla thaba hobane ho e-s’o ee kae bana ba hao ba tla tseba mantsoe a mangata, ba tsebe ho a bitsa ba be ba utloisise hore na a bolela’ng. Ha le tšohla seo le se balang, seo se ka ba thusa hore ba tsoele pele haholo. Buka e ’ngoe e buang ka hore na bana ba ka thusoa joang hore ba tsebe ho bala hantle e re puisano e thusa bana hore “ba ithute mantsoe ao hamorao ho tla hlokahala hore ba a hopole ba be ba a utloisise ha ba bala.” Buka eo e tsoela pele ka ho re: “Ke habohlokoa hore ho buisanoe ka lintho tsa bohlokoa le bana ba banyenyane, bao likelello tsa bona tse sa ntseng li hōla, li lekang ho ithuta ho bala le ho ngola.”

E-re bana ba hao ba u balle ’me u ba khothalletse hore ba botse lipotso. U ka ’na ua botsa lipotso ebe u ba bolella hore na likarabo e ka ’na ea e-ba life. Ka tsela eo, bana baa ithuta hore libuka li fana ka boitsebiso le hore mantsoe ao ba a balang ho na le seo a se bolelang. Mokhoa ona o thusa haholo haeba seo le se balang se thehiloe Lentsoeng la Molimo, e leng buka ea bohlokoa ka ho fetisisa.—Baheb. 4:12.

Leha ho le joalo, u se ke ua lebala hore ho bala hase ntho e bonolo. Ho nka nako ho bile ho hloka hore motho a itlhakise e le hore a tsebe ho bala hantle. * Kahoo, hōlisa lerato la ho bala leo bana ba hao ba nang le lona ka hore u ba babatse haholo. Ha u babatsa bana ba hao, seo se tla etsa hore ba rate ho bala.

Ho Bala ho Molemo Ebile ho Monate

Ho ruta bana ba hao hore na ba lokela ho ithuta joang, ho etsa hore ba bone molemo oa ho bala. Ho ithuta ho akarelletsa ho ithuta lintlha le ho utloisisa hore na li amana joang le tse ling. Ho hloka hore motho a tsebe ho hlophisa lintho, a hopole a be a sebelise boitsebiso boo a nang le bona. Ha ngoana a se a ithutile hore na a ka ithuta joang a bile a bona bohlokoa ba ho ithuta, joale oa bona hore ho ithuta ho molemo ebile ho monate.—Moek. 10:10.

Ba rute hore na ke lintho life tse hlokahalang ha ho ithutoa. Liketsahalo tse kang Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea, ho tšohla temana ea letsatsi le liketsahalo tse ling tse tšoanang le tsona, li fana ka monyetla o motle oa ho ruta bana ba hao mekhoa ea ho ithuta. Ho lula fatše le ho tšohla taba e itseng ka nako e khutšoanyane ho tla ruta bana ba hao ho tsepamisa mohopolo, e leng ntho e hlokahalang hore ba tsebe ho ithuta. Ho feta moo, u ka khothalletsa mora oa hao hore a u bolelle hore na seo a sa tsoa ithuta sona se amana joang le seo a seng a ntse a se tseba. Sena se mo ruta ho bapisa lintho. Ho kōpa morali oa hao hore a u hlalosetse taba eo a e balileng ka bokhutšoanyane le ka mantsoe a hae ho tla mo thusa joang? Sena se tla mo thusa hore a utloisise hore na se bolela’ng ’me se tla mo thusa hore a se hopole. Ho pheta lintlha tsa sehlooho ka mor’a ho bala sehlooho se itseng, ke tsela e ’ngoe eo u ka ba thusang ka eona hore ba hopole lintho. Esita le bana ba banyenyane ba ka rutoa hore ba ngole lintlha ka bokhutšoanyane nakong ea ha le ithuta kapa libokeng tsa phutheho. Ruri sena se ka ba thusa haholo hore ba tsepamise mohopolo ha ba ithuta! Mekhoa ena e bonolo e etsa hore ho ithuta ho khatholle ho be ho tsoele uena le bana ba hao molemo.

Etsa hore ho be le maemo a etsang hore ho ithuta ho be bonolo. Ha le ithutela sebakeng seo ho nang le moea le khanya e lekaneng, moo ho khutsitseng le moo le lulang hamonate, seo se tla etsa hore le nolofalloe ke ho tsepamisa mohopolo. ’Nete ke hore tsela eo batsoali ba talimang ho ithuta ka eona ke ea bohlokoa haholo. ’Mè e mong o re: “Ke habohlokoa haholo hore u hlophise hore le bale le be le ithute kamehla. Sena se thusa bana ba hao hore e be batho ba hlophisehileng. Baa ithuta hore na ke eng e lokelang hore e be e finyeletsoe ka nako efe.” Batsoali ba bang ha ba lumele ho hang hore ho etsoe lintho tse ling ka nako ea ho ithuta. Ho ea ka setsebi se seng, mokhoa ona o thusa bana haholo hore ba be le mekhoa e metle ea ho ithuta.

Totobatsa bohlokoa ba ho ithuta. Qetellong, thusa bana ba hao hore ba bone hore na lintho tseo ba ithutang tsona li ka ba tsoela molemo joang. Ha ba sebelisa seo ba ithutang sona baa bona hore na morero oa sebele oa ho ithuta ke ofe. Mora e mong oabo rōna e mocha o re: “Ha ke sa bone hore na seo ke ithutang sona se tla ntsoela molemo joang, ruri ha ho be bonolo hore ke batle ho ithuta sona. Empa haeba ke bona hore nka se sebelisa bophelong ba ka, ke batla ho se utloisisa.” Haeba bacha ba bona hore seo ba ithutang sona se tla ba thusa hore ba finyelle sepheo se itseng sa bohlokoa, ba tla ikakhela ka setotsoana ha ba ithuta. Ba tla labalabela ho ithuta joalokaha ba ne ba labalabela ho bala.

Moputso oa Bohlokoa ka ho Fetisisa

Letsatsi le ka likela re ntse re bolela melemo eohle ea ho ruta bana ba hao hore ba rate ho bala. E meng ea eona ke ho atleha sekolong, mosebetsing, litšebelisanong le batho, ho utloisisa lefatše leo re phelang ho lona esita le ho ba le maqhama a tiileng pakeng tsa motsoali le ngoana, ’me ho bala ka bohona ho etsa hore motho a khotsofale.

Ka holimo ho tsohle, ho rata ho ithuta ho ka thusa bana ba hao hore e be batho ba nkang lintho tsa moea ka botebo. Ho rata ho ithuta ke ntho e ka sehloohong e ka etsang hore ba rate ho tseba “bophara le bolelele le bophahamo le botebo” ba ’nete ea Mangolo. (Baef. 3:18) ’Nete ke hore batsoali ba Bakreste ba na le lintho tse ngata tseo ba lokelang ho li ruta bana ba bona. Ha batsoali ba ipha nako ea bana ba bona, ba bile ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho ba thusa hore ba qalise bophelo hantle, ba na le tšepo ea hore qetellong bana ba bona ba tla khetha ho ba barapeli ba Jehova. Ho ruta bana ba hao mekhoa e metle ea ho ithuta ho ba thusa hore ba be le kamano e ntle le Molimo ’me ba lule ba e-na le eona. Kahoo, rapella tlhohonolofatso ea Jehova ha u ntse u leka ka matla ho thusa bana ba hao hore ba rate ho bala le ho ithuta.—Liprov. 22:6.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 14 Ho bala le ho ithuta ho thatafalla bana ba nang le bothata ba ho ithuta. Hore na batsoali ba ka etsa’ng ho ba thusa, sheba Tsoha! ea March 8, 1997, leqepheng la 25-31.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Ho Bala . . .

• Ba batlele libuka

• Ballang holimo

• Ba khothalletse hore ba kenye letsoho

• Tšohlang seo le se balang

• E-re bana ba hao ba u balle

• Khothalletsa bana ba hao ho botsa lipotso

Ho Ithuta . . .

• Joaloka motsoali, beha mohlala o motle

• Koetlisa bana ba hao hore . . . 

○ ba tsepamise mohopolo

○ ba bapise lintho

○ ba hlalose taba ka bokhutšoanyane

○ ba phete lintlha

○ ba ngole lintlha

• Etsa hore ho be le maemo a etsang hore ho ithuta ho be bonolo

• Totobatsa bohlokoa ba ho ithuta