Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“U Tsoele Pele ho Ikitlaetsa . . . ho Ruteng”

“U Tsoele Pele ho Ikitlaetsa . . . ho Ruteng”

“U Tsoele Pele ho Ikitlaetsa . . . ho Ruteng”

“LE MPITSA, ‘Mosuoe,’ le ‘Morena,’ ’me le, bua ka nepo, etsoe ke eena.” (Joh. 13:13) Ka mantsoe ana ao Jesu a ileng a a bolella barutuoa ba hae, o ne a totobatsa karolo eo a e phethang e le mosuoe. Joale, nakoana pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a fa barutuoa ba hae taelo ena: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mat. 28:19, 20) Hamorao, moapostola Pauluse le eena o ile a hatisa bohlokoa ba ho ba mesuoe ea Lentsoe la Molimo. O ile a eletsa moholo oa Mokreste Timothea a re: “U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng. . . . Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.”—1 Tim. 4:13-15.

Joaloka nakong eo, kajeno ho ruta ke karolo e khōlō ea mosebetsi oa rōna oa boboleli le liboka tsa rōna tsa Bokreste. Re ka tsoela pele re ikitlaetsa ho ruteng joang, ’me see se ka re thusa ka litsela life hore re be mesuoe ea Lentsoe la Molimo e hatelang pele?

Etsisa Mosuoe e Moholo

Tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona e ne e hlolla batho ba bangata ba neng ba mo utloa. Hlokomela hore na mantsoe a hae a ile a ama batho ba neng ba le synagogeng Nazaretha ka tsela efe. Mongoli oa Kosepele Luka o ile a tlaleha sena: “Kaofela ba qala ho fana ka bopaki bo molemo ka eena le ho hlolloa ke mantsoe a khahlisang a tsoang molomong oa hae.” (Luka 4:22) Barutuoa ba Jesu ba ne ba latela mohlala oa Mong’a bona ha ba ne ba ruta. Ha e le hantle, moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste-’moho le eena a re: “E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.” (1 Bakor. 11:1) Kaha o ne a etsisa tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona, Pauluse o ile a atleha haholo ‘ho ruteng phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.’—Lik. 20:20.

Ho Ruta “’Marakeng”

Mohlala o ikhethang oa bokhoni ba Pauluse ba ho ruta phatlalatsa o fumanoa ho Liketso khaolo ea 17. Moo re bala ka leeto la hae Athene, Greece. Hohle moo Pauluse a neng a sheba teng motseng oo—literateng le libakeng tsa sechaba—ho ne ho e-na le melimo ea litšoantšo. Ha ho makatse hore ebe Pauluse o ile a khathatseha haholo! Leha ho le joalo, ha aa ka a nkoa ke maikutlo. Ho e-na le hoo, o ile a “behelana mabaka ka synagogeng . . . le ba neng ba e-ba teng ’marakeng letsatsi le leng le le leng.” (Lik. 17:16, 17) O re behetse mohlala o motle hakaakang! Ha re bua le batho ba litso tsohle re sa ba nyatse empa re ba bontša tlhompho, re ka bula tsela ea hore ba bang ba bona ba tle ba mamele ’me qetellong ba lokolohe botlamuoeng ba bolumeli ba bohata.—Lik. 10:34, 35; Tšen. 18:4.

Batho ba bangata bao Pauluse a ileng a buisana le bona ’marakeng, ha baa ka ba amohela molaetsa oa hae. Har’a bamameli ba hae ho ne ho e-na le bo-rafilosofi bao maikutlo a bona a neng a sa lumellane le linnete tseo a neng a li ruta. Ha bamameli ba Pauluse ba ne ba pheha khang, o ile a mamela hore na ba ne ba re’ng. Ba bang ba ne ba re ke “mobeberi” (eo ka ho toba ka Segerike e bolelang “ea thonakang peō”). Ba bang ba ne ba re: “O bonahala e le mophatlalatsi oa melimo esele.”—Lik. 17:18.

Leha ho le joalo, Pauluse ha aa ka a nyahama ha bamameli ba hae ba ne ba mo nyefola. Ho e-na le hoo, ha a ne a kōptjoa hore a hlalose lintho tseo a neng a li ruta, Pauluse o ile a sebelisa monyetla oo ho fana ka puo e ileng ea bontša hore o ne a utloisisa batho, le hore o ne a e-na le bokhoni ba ho ruta. (Lik. 17:19-22; 1 Pet. 3:15) A re ke re hlahlobeng puo ea hae ka tsela e batsi ’me re bone hore na ke lintho life tseo re ka ithutang tsona tse ka re thusang hore re ntlafatse tsela eo re rutang ka eona.

Bua ka Lintho Tse ka ba Khahlang

Pauluse o ile a re: “Banna ba Athene, kea bona hore linthong tsohle le bonahala le ineheletse tšabo ea melimo ho feta kamoo ba bang ba ineheletseng eona kateng. Ka mohlala, ha ke . . . shebisisa ka hloko lintho tsa lōna tse hlomphuoang ka borapeli ke ile ka boela ka fumana aletare eo ho eona ho neng ho ngotsoe ‘Ho Molimo ea sa Tsejoeng.’ Ka hona seo ka ho se tsebe le se fang boinehelo ba bomolimo, sena kea se phatlalatsa ho lōna.”—Lik. 17:22, 23.

Pauluse o ne a ela hloko lintho tse neng li mo potolohile. Ho latela lintho tseo a neng a li bone, o ile a ithuta hore na batho bao a neng a bua le bona e ne e le ba mofuta ofe. Le rōna ho na le seo re ka ithutang sona ka beng ba matlo haeba re ela lintho hloko. Ka mohlala, lintho tsa bana tsa ho bapala kapa matšoao a lemating a ka u ruta lintho tse ngata. Haeba re hlokomela hore na e ka ’na eaba maemo a mong’a ntlo ke afe, ka hloko re ka khetha seo re tla se bua le hore na re tla se beha joang.—Bakol. 4:6.

Molaetsa oa Pauluse o ne o khothatsa. Leha ho le joalo, o ile a hlokomela hore “boinehelo ba bomolimo” ba batho ba Athene, bo ne bo sa thehoa tsebong e nepahetseng. Pauluse o ile a bontša ka ho hlaka hore na ba ne ba ka rapela Molimo oa ’nete joang. (1 Bakor. 14:8) Ruri ke habohlokoa hore ha re phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso re bue ka tsela e hlakileng le e khothatsang!

E-ba Bohlale ’me U se ke Ua ba Leeme

Pauluse o ile a tsoela pele a re: “Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona, e leng Morena oa leholimo le lefatše, ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho, leha e le hore o hlokomeloa ke matsoho a batho joalokaha eka o hloka letho, hobane o fa batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.”—Lik. 17:24, 25.

Mona Pauluse o totobatsa taba ea hore Jehova ke Ea re Fang Bophelo, ’me o etsa seo ka bohlale ka hore a mo bitse “Morena oa leholimo le lefatše.” Ruri ke tlotla e khōlō hore re thuse batho ba lipelo li ntle ba tsoang malumeling a sa tšoaneng le litsong tse sa tšoaneng hore ba hlokomele hore bophelo bohle bo tsoa ho Jehova Molimo!—Pes. 36:9.

Ka mor’a moo, Pauluse o ile a re: “O entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, . . . ’me o laetse linako tse behiloeng le meeli e behiloeng ea ho lula ha batho, hore ba batle Molimo, haeba ba ka mo phopholetsa ’me ka sebele ba mo fumana, le hoja, ha e le hantle, a se hōle le e mong le e mong oa rōna.”—Lik. 17:26, 27.

Tsela eo re rutang ka eona e ka bontša hore na re rapela Molimo oa mofuta ofe. Jehova ha a leeme, o lumella batho ba lichaba tsohle hore ba ‘mo phopholetse ’me ka sebele ba mo fumane.’ Ka tsela e tšoanang, re ka bua le batho bohle bao re kopanang le bona ka tsela e hlokang leeme. Re leka ho thusa batho ba lumelang hore ’Mōpi o teng hore ba be le kamano e haufi le eena e le hore ba tle ba fumane mahlohonolo a ka ho sa feleng. (Jak. 4:8) Empa re ka thusa batho ba belaelang hore na ebe Molimo o teng joang? Re latela mohlala oa Pauluse. Hlokomela hore na ka mor’a moo o ile a re’ng.

“Etsoe ka eena re na le bophelo ’me rea sisinyeha ’me re teng, esita le joalokaha ba bang ba liroki har’a lōna ba itse, ‘Etsoe le rōna re bana ba hae.’ Ka hona, kaha re bana ba Molimo, ha rea tšoanela ho nahana hore Boleng ba Molimo bo joaloka khauta kapa silevera kapa lejoe.”—Lik. 17:28, 29.

Pauluse o ne a batla hore batho ba Athene ba mo mamele ka hore a qotse liroki tseo ba neng ba li tseba ba bile amohela seo li se buileng. Le rōna re batla hore re bue ka lintho tseo re tsebang hore batho bao re buang le bona ba tla li amohela. Ka mohlala, papiso eo Pauluse a ileng a e etsa lengolong leo a neng a le ngoletse Baheberu le eona ea kholisa kajeno, o ile a re: “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” (Baheb. 3:4) Haeba re behelana mabaka le beng ba matlo ka papiso ena e bonolo, seo se ka ba thusa hore ba bone bonnete ba seo re ba bolellang sona. Puong ena ea Pauluse, hlokomela mokhoa o mong oa ho ruta ka tsela e atlehang—ho susumetsa.

Hatisa Hore Metsotso e se e Jele Babeli

Pauluse o ile a re: “Ke ’nete, Molimo o hlokomolohile linako tsa ho hloka tsebo ho joalo, empa joale o bolella moloko oa batho hore hohle ba lokela ho baka kaofela. Hobane o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng.”—Lik. 17:30, 31.

Taba ea hore ebe Molimo o lumeletse bobe ka nakoana, e file e mong le e mong oa rōna monyetla oa hore re mo bontše hore na lipelo tsa rōna li hlile li joang. Ke habohlokoa hore re hatise hore metsotso e se e jele babeli le hore re bue ka tsela e kholisang ka mahlohonolo a tla tlisoa ke puso ea ’Muso o seng o le haufi.—2 Tim. 3:1-5.

Batho ba Itšoara ka Litsela Tse sa Tšoaneng

“Joale, ha ba utloa ka tsoho ea bafu, ba bang ba qala ho soma, ha ba bang ba re: ‘Re tla u utloa ka sena le ka nako e ’ngoe.’ Kahoo Pauluse a tsoa har’a bona, empa banna ba bang ba ikopanya le eena ’me ea e-ba balumeli.”—Lik. 17:32-34.

Ba bang ba nka bohato hang-hang ka seo re ba rutang sona; ba bang ba ka ’na ba hloka nako e ngatanyana hore ba kholisehe ka mabaka ao re ba behelang ’ona. Leha ho le joalo, ha tsela e bonolo le e hlakileng eo re hlalosang ’nete ka eona e thusa motho leha a le mong feela hore a fumane tsebo e nepahetseng ka Jehova, re ba motlotlo haholo ka hore ebe Molimo o ile a re sebelisa hore re hulele batho ho Mora oa hae!—Joh. 6:44.

Ke Sefe Seo re ka Ithutang Sona?

Ha re ntse re nahana ka puo eo Pauluse a ileng a fana ka eona, re ka ithuta lintho tse ngata mabapi le ho hlalosetsa batho ba bang linnete tsa Bibele. Haeba re fuoe tlotla ea ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa ka phuthehong, re ka ikitlaetsa hore re etsise Pauluse ka hore re sebelise lipolelo tse behiloeng ka bohlale tse tla thusa motho eo e seng molumeli hore a utloisise a be a amohele linnete tsa Bibele. Re lokela ho bolela linnete tse joalo ka tsela e hlakileng, empa re tla ba hlokolosi hore re se ke ra eisa lintho tse lumeloang ke motho ofe kapa ofe ea sa lumelang eo ho ka etsahalang hore ebe o teng. Ka nako e tšoanang, ha re etsa mosebetsi oa ho bolela phatlalatsa, re leka ka matla ho susumetsa le ho ba bohlale. Ha re etsa joalo, ka sebele re latela keletso ea Pauluse ea hore ‘re ikitlaetse ho ruteng.’

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Tsela eo Pauluse a neng a ruta ka eona e ne e hlakile, e le bonolo hape e le bohlale

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Re etsisa Pauluse ka hore re nahanele batho bao re ba bolellang litaba tse molemo