Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“U se ke Ua Tšoha. Ke Tla U Thusa”

“U se ke Ua Tšoha. Ke Tla U Thusa”

“U se ke Ua Tšoha. Ke Tla U Thusa”

JESU o ile a lemosa balateli ba hae, a re: “Diabolose o tla ’ne a lahlele ba bang ba lōna chankaneng e le hore le ka lekoa ka ho feletseng.” Leha ho le joalo, pelenyana ho temoso eo, Jesu o ile a re: “U se ke ua tšoha lintho tseo u leng haufi le ho utloisoa bohloko ke tsona.” Kaha Satane o ntse a tsoela pele ho sebelisa litšoso tsa ho kenya Bakreste chankaneng e le ho thibela mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso, ho ka etsahala hore ebe mebuso e meng e tla hlorisa Bakreste. (Tšen. 2:10, NW; 12:17) Kahoo, joalokaha Jesu a re elelitse, ke eng e tla re thusa hore re itokisetse maqiti a Satane ’me re ‘se ke ra tšoha’?

Ha ho pelaelo hore boholo ba rōna re kile ra utloa re tšohile. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore Jehova a ka re thusa hore re se ke ra inehella tšabo. Joang? Tsela e ’ngoe eo Jehova a re thusang ka eona hore re itokisetse ho sebetsana le khanyetso, ke ka hore a re hlokomelise maqiti a Satane le baemeli ba hae. (2 Bakor. 2:11) Ho bontša hore na sena se etsahala joang, a re ke re hlahlobeng ketsahalo e ’ngoe e ileng ea etsahala mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele. Re tla boela re shebe mehlala e meng ea kajeno ea balumeli-’moho le rōna ba tšepahalang ba ileng ba “ema [ba] tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.”—Baef. 6:11-13.

Morena ea Tšabang Molimo o Tobana le ’Musi ea Khopo

Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Morena Sankeribe ea khopo oa Assyria o ile a hlōla lichaba tse ngata. Kaha o ne a se a le makōkō, o ne a ikemiselitse ho hapa le batho ba Jehova le motse-moholo oa bona oa Jerusalema, moo Ezekiase ea tšabang Molimo a neng a busa teng e le morena. (2 Mar. 18:1-3, 13) Ha ho pelaelo hore Satane o ile a nka monyetla ka boemo boo, a hlohlelletsa Sankeribe hore a phethe merero ea hae, e le hore borapeli ba ’nete bo ka felisoa lefatšeng.—Gen. 3:15.

Sankeribe o ile a romela moifo Jerusalema hore o laele motse oo hore o inehele. Rabshake o ne a le teng moifong oo, ’me e ne e le eena ’muelli e moholo oa morena. * (2 Mar. 18:17) Sepheo sa Rabshake e ne e le ho nyahamisa Bajuda le ho etsa hore ba inehele feela ba sa loana. Rabshake o ile a sebelisa mekhoa efe ha a leka ho tšosa Bajuda?

Ba Ile ba Lula ba Tšepahala Leha ba ne ba Koaletsoe ba le Bang

Rabshake o ile a re ho baemeli ba Ezekiase: “Sena ke seo morena e moholo, morena oa Assyria, a se boletseng: ‘U tšepile’ng? . . . Bona! u tšepile hore u tla itšetleha ka lehlaka lena le tletleraneng, Egepeta, leo, haeba motho a ka ikokotlela ka lona, ka sebele le ka mo hlabang seatla ’me le se phunye.’” (2 Mar. 18:19, 21) Qoso ea Rabshake e ne e le bohata hobane Ezekiase o ne a sa etsa selekane le Egepeta. Leha ho le joalo, qoso eo e ne e hatisa seo Rabshake a neng a batla hore Bajuda ba se hopole ka ho hlaka: ‘Ha ho na motho ea tla le thusa. Le setse lepalapaleng.’

Morao tjena, bahanyetsi ba borapeli ba ’nete le bona ba ’nile ba sebelisa litšoso tsa hore ba tla arohanya Bakreste ba ’nete le balumeli-’moho le bona e le ha ba leka ho ba kenya tšabo. Morali e mong oabo rōna oa Mokreste ea ileng a kenngoa chankaneng a ba a arohanngoa le balumeli-’moho le eena ka lilemo tse telele, hamorao o ile a bolela hore na ke eng e ileng ea mo thusa hore a se ke a inehella tšabo. O ile a re: “Thapelo e ile ea nthusa hore ke atamele haufi le Jehova . . . Ke ile ka hopola tšepiso e ho Esaia 66:2 ea hore Molimo o talima ‘ea hlorileng le ea soabileng moeeng.’ Kamehla tšepiso ena e ne e ’matlafatsa ebile e nkhothatsa haholo.” Ka tsela e tšoanang, mor’abo rōna ea ileng a qeta lilemo a koaletsoe a le mong chankaneng, o ile a re: “Ke ile ka hlokomela hore le ka har’a sele e nyenyane ea chankana, motho a ka ikutloa a lokolohile ha a e-na le kamano e ntle le Molimo.” Ha ho pelaelo hore kamano e haufi le Jehova e ile ea fa Bakreste bana ba babeli matla a hlokahalang a ho mamella ha e mong le e mong oa bona a ne a koaletsoe a le mong. (Pes. 9:9, 10) Bahlorisi ba Lipaki tseo tse neng li koaletsoe chankaneng ba ne ba ka li arohanya le malapa, metsoalle le balumeli-’moho le tsona, empa Lipaki tseo li ne li tseba hore bahanyetsi ba tsona ba ne ba ke ke ba li arohanya le Jehova.—Bar. 8:35-39.

Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re sebelise monyetla o mong le o mong oo re o fumanang hore re matlafatse kamano ea rōna le Jehova! (Jak. 4:8) Kamehla re lokela ho ipotsa: ‘Jehova ke motho oa sebele hakae ho ’na? Na letsatsi le letsatsi mantsoe a hae a ntšusumetsa ka matla ha ke etsa liqeto tse khōlō le tse nyenyane?’ (Luka 16:10) Haeba re sebetsa ka thata hore re lule re e-na le kamano e haufi le Molimo, ha ho na lebaka la hore re tšohe. Ha moprofeta Jeremia a ne a bua e le moemeli oa Bajuda ba neng ba hlorisoa o ile a re: “Ke hoelelitse lebitso la hao, Jehova, ke le ka sekoting sa mofuta o tebileng ka ho fetisisa . . . U atametse haufi letsatsing leo ke neng ke ntse ke u bitsa ka lona. U itse: ‘U se ke ua tšoha.’”—Lillo 3:55-57.

Ho Jala Lipelaelo ha ho Atlehe

Rabshake o ile a sebelisa bomenemene e le hore a jale lipelaelo likelellong tsa sechaba. O ile a re: “Na [Jehova] hase eena eo Ezekiase a tlositseng libaka tsa hae tse phahameng le lialetare tsa hae? . . . Jehova o itse ho ’na, ‘Futuhela naha ena, ’me u e felise.’” (2 Mar. 18:22, 25) Kahoo, Rabshake o ile a beha lebaka la hore Jehova o ne a ke ke a loanela sechaba sa Hae hobane o ne a se halefetse. Empa ho ne ho se joalo. Jehova o ne a thabisoa ke Ezekiase le Bajuda ba neng ba khutletse borapeling ba ’nete.—2 Mar. 18:3-7.

Kajeno, bahlorisi ba rerang bolotsana ba ka ’na ba bolela litaba tse seng kae tsa ’nete e le ho etsa hore ho be le ntho eo re lumellanang ka eona, empa ka bolotsana ba tsamaea ba tsoaka ’nete eo le leshano, ka tšepo ea ho jala lipelaelo. Ka mohlala, ka linako tse ling bara le barali babo rōna ba koaletsoeng chankaneng ba ’nile ba bolelloa hore mor’abo rōna ea etellang pele naheng ea habo bona o koenehile le hore ka lebaka leo e ka ba hantle hore le bona ba koenehele seo ba se lumelang. Leha ho le joalo, mokhoa ona o hlōleha ho tsosa lipelaelo ho Bakreste ba hlokolosi.

Nahana ka se ileng sa etsahalla Morali e mong oabo rōna oa Mokreste nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ha a ntse a le chankaneng, o ile a bontšoa lipolelo tse ngotsoeng tse neng li bontša hore mor’abo rōna ea ikarabellang o ne a furaletse tumelo. Motho ea neng a mo hloma lipotso o ile a mo botsa hore na o ne a tšepa Paki eo. Morali’abo rōna o ile a araba a re, “[Ke] motho feela ea sa phethahalang.” O ile a phaella ka ho bolela hore hafeela a ne a ntse a latela melao-motheo ea Bibele, Molimo o ne a mo sebelisa. “Empa kaha lipolelo tsa hae ha li sa lumellana le Bibele, ha e sa le mor’eso.” Ka bohlale morali eo oabo rōna ea tšepahalang o ile a latela keletso ea Bibele e reng: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena.”—Pes. 146:3.

Ha re e-na le tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo re bile re sebelisa keletso ea lona, sena se tla re thusa hore re ikalose hore re se ke ra mamela mabaka a thetsang a ka ’nang a fokolisa qeto ea rōna ea hore re tla mamella. (Baef. 4:13, 14; Baheb. 6:19) Kahoo, e le hore re itokisetse ho nahana ka likelello tse hlaphohileng ha re hatelloa, ho bala Bibele letsatsi le letsatsi le thuto ea botho, e lokela ho ba lintho tse tlang pele bophelong ba rōna. (Baheb. 4:12) Ka sebele, ena ke nako ea hore re tebise tsebo ea rōna re be re matlafatse tumelo ea rōna. Mora e mong oabo rōna ea ileng a mamella ka lilemo tse ngata ha a ne a koaletsoe a le mong chankaneng, o ile a re: “Ke batla ho khothalletsa e mong le e mong hore a lemohe bohlokoa ba lijo tsohle tsa moea tseo re li fuoang, kaha ha re tsebe hore na e tla ba tsa bohlokoa hakae ho rōna ka nako e itseng.” Ka sebele, haeba re le hlokolosi ho ithuta Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tse lokisetsoang ke sehlopha sa lekhoba kajeno, ha re thulana le mathata, moea o halalelang o tla re ‘hopotsa’ seo re ithutileng sona.—Joh. 14:26.

Baa Sireletsoa ha ba Tšosoa

Rabshake o ile a leka ho tšosa Bajuda. O ile a re: ‘Ka kōpo, fanang ka tebeletso ho khosi ea ka morena oa Assyria, ’me ke le fe lipere tse likete tse peli ho bona hore na le khona ho beha bapalami holim’a tsona. Joale, ke joang le neng le ka furallisa sefahleho sa ’musi a le mong oa bahlanka ba banyenyane ka ho fetisisa ba moren’a ka?’ (2 Mar. 18:23, 24) Batho ba ne ba ka ’na ba nahana hore Ezekiase le sechaba sa hae ba ne ba ke ke ba o besa oa tuka khahlanong le lebotho le matla la Assyria.

Kajeno le teng bahlorisi ba ka ’na ba bonahala ba e-na le matla a maholo, haholo-holo ha ba tšehetsoa ke ’Muso. Ka sebele ke sona se ileng sa etsahala ka bahlorisi ba Manazi Ntoeng ea II ea Lefatše. Ba ile ba leka ho tšosa bahlanka ba bangata ba Molimo. Mora e mong oabo rōna, ea ileng a qeta lilemo a le chankaneng, hamorao o ile a hlalosa hore na o ne a tšosoa joang. Ka lekhetlo le leng, ofisiri e ’ngoe e ile ea mo botsa ea re: “Na u bone hore na mor’eno o thuntsoe joang? U ithutile’ng ho seo?” Ha a araba o ile a re: “Ke paki ea Jehova ’me ke tla lula ke le eona.” Ofisiri eo e ile ea mo tšosa ka ho re, “Joale ho tlil’o thunngoa uena.” Leha ho le joalo, mor’abo rōna o ile a ema a tiile, ’me mohlorisi o ile a mo tlohela. O ile a thusoa ke eng hore a lule a tiile ha a ne a tšosoa joalo? O ile a araba ka ho re: “Ke ne ke tšepile lebitso la Jehova.”—Liprov. 18:10.

Ha re e-na le tumelo e feletseng ho Jehova, re tšoere thebe e khōlō e re sireletsang nthong e ’ngoe le e ’ngoe e sebelisoang ke Satane hore a re ntše kotsi moeeng. (Baef. 6:16) Kahoo, ke hantle hore re kōpe Jehova ka thapelo hore a re thuse ho matlafatsa tumelo ea rōna. (Luka 17:5) Re boetse re lokela ho sebelisa hamolemo seo lekhoba le tšepahalang le le masene le re fang sona hore re matlafatse tumelo ea rōna. Ha re tšosoa, rea matlafala ha re hopola tšepiso e tiileng eo Jehova a ileng a e fa moprofeta Ezekiele, ea neng a tlameha ho bolella batho ba manganga molaetsa. Jehova o ile a re ho eena: ‘Ke entse hore sefahleho sa hao se be thata hantle feela joaloka lifahleho tsa bona le phatla ea hao e be thata hantle feela joaloka liphatla tsa bona. Ke entse hore phatla ea hao e be joaloka taemane, e thata ho feta lejoe le thata.’ (Ezek. 3:8, 9) Haeba ho hlokahala, Jehova a ka re thusa hore joaloka Ezekiele, re be thata joaloka taemane.

Ho Hlōla Lintho Tse Lekang

Bahanyetsi ba hlokometse hore ha mekhoa e meng e sa atlehe, ka linako tse ling motho a ka tlohela ho tšepahala haeba ba tšepisa hore ba tla mo putsa. Rabshake le eena o ile a sebelisa mokhoa ona. O ile re ho batho ba neng ba le Jerusalema: “Sena ke seo morena oa Assyria a se boletseng: ‘Ineheleng ho ’na, le tsoele ho ’na . . . ho fihlela ke tla ’me ke le isa naheng e tšoanang le naha ea lōna, naha ea lijo-thollo le veine e ncha, naha ea bohobe le lirapa tsa morara, naha ea lifate tsa oli ea mohloaare le mahe a linotši; le ’ne le phele e le hore le se ke la shoa.’” (2 Mar. 18:31, 32) E tlameha ebe tšepiso ea hore ba ne ba tla ja bohobe bo bocha ba be ba noe veine e ncha e ile ea ipiletsa ka matla ho ba neng ba koaletsoe ka marakong a motse o neng o thibeletsoe!

Tšepiso e joalo e kile ea sebelisoa e le ho leka ho nyahamisa moromuoa e mong ea neng a koaletsoe chankaneng. O ile a bolelloa hore o ne a tla isoa “ntlong e khathollang” e “serapeng se setle” ka likhoeli tse tšeletseng, e le hore a ke a inahane. Leha ho le joalo, mora eo oabo rōna o ile a lula a falimehile moeeng ’me ha aa ka a koenehela melao-motheo ea Bokreste. O ile a thusoa ke’ng? Hamorao o ile a re: “Ke ne ke hopola hore ’Muso ke oona tšepo feela ea sebele. . . . Kaha ke ne ke matlafalitsoe ke ho tseba ka ’muso oa Molimo, ke kholoa hore oa tla, ho hang ke se na pelaelo, ho ne ho se letho le neng le ka ntšisinya.”

’Muso oa Molimo ke oa sebele hakae ho rōna? Mopatriareka Abrahama, moapostola Pauluse le Jesu ka boeena, ba ile ba khona ho mamella liteko tse boima hobane ’Muso e ne e le oa sebele ho bona. (Bafil. 3:13, 14; Baheb. 11:8-10; 12:2) Haeba re tsoela pele ho etelletsa ’Muso pele bophelong ’me re lula re hopola melemo ea oona ea ka ho sa feleng, le rōna re ka hlōla teko ea ho amohela litšepiso tsa ho re lopolla litekong ka nakoana.—2 Bakor. 4:16-18.

Jehova a ke ke a re Furalla

Ho sa tsotellehe boiteko bohle ba Rabshake ba ho tšosa Bajuda, Ezekiase le bafo ba hae ba ile ba tšepa Jehova ba sa thekesele. (2 Mar. 19:15, 19; Esa. 37:5-7) Jehova le eena o ile a araba lithapelo tsa bona tse neng li kōpa thuso ka hore a romele lengeloi leo ka bosiu bo le bong, le ileng la bolaea masole a 185 000 kampong ea Baassyria. Letsatsing le latelang feela, ka potlako Sankeribe o ile a khutlela ka lihlong motse-moholo oa hae oa Ninive, a e-na le sehlotšoana se neng se setse sa lebotho la hae.—2 Mar. 19:35, 36.

Ho hlakile hore Jehova ha aa ka a furalla ba neng ba mo tšepile. Mehlala ea mehleng ena ea bara le barali babo rōna ba emang ba tiile ha ba lekoa, e bontša hore le kajeno Jehova o ntse a sa fetoha. Kahoo, hoa utloahala hore ebe Ntate oa rōna ea leholimong o re tiisetsa sena: “’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’”—Esa. 41:13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 “Rabshake” e ne e le tlotla ea ofisiri e phahameng ea Assyria. Tlalehong eo monna eo ha a boleloe ka lebitso.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Jehova ka boeena o tiisetsa bahlanka ba hae ka makhetlo a fetang 30 Lentsoeng la hae, o re: “U se ke ua tšoha”

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Maqiti a Rabshake a ne a tšoana joang le a sebelisoang ke lira tsa batho ba Molimo kajeno?

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Kamano e haufi le Jehova e re thusa hore re lule re tšepahala ha re lekoa