Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Molao oa Mosa o Lerato” o ke o Sireletse Leleme la Hao

“Molao oa Mosa o Lerato” o ke o Sireletse Leleme la Hao

“Molao oa Mosa o Lerato” o ke o Sireletse Leleme la Hao

“O ahlamisitse molomo oa hae ka bohlale, ’me molao oa mosa o lerato o lelemeng la hae.”—LIPROV. 31:26.

1, 2. (a) Barapeli ba Jehova ba khothalletsoa ho sebeletsa hore ba be le tšobotsi efe? (b) Ke eng e tla tšohloa sehloohong see?

MOLAETSA o matla oo Morena Lemuele oa boholo-holo a ileng a o fuoa ke ’mè oa hae, o ne o akarelletsa tšoaneleho ea bohlokoa ea mosali ea molemo. O ile a bolelloa hore “o ahlamisitse molomo oa hae ka bohlale, ’me molao oa mosa o lerato o lelemeng la hae.” (Liprov. 31:1, 10, 26) Mosa o lerato ke oa bohlokoa lelemeng la mosali ea bohlale le malemeng a batho ba bang ba batlang ho khahlisa Jehova Molimo. (Bala Liproverbia 19:22.) Mosa o lerato o lokela ho totobala lipuong tsa barapeli bohle ba ’nete.

2 Mosa o lerato ke eng? Ke bo-mang ba lokelang ho o bontšoa? Ke eng e tla re thusa hore re behe “molao oa mosa o lerato” malemeng a rōna? Ho etsa joalo ho tla ama tsela eo re buisanang ka eona le litho tsa lelapa le Bakreste-’moho le rōna joang?

Mosa o Susumetsoang ke Lerato le Tšepahalang

3, 4. (a) Mosa o lerato ke eng? (b) Mosa o lerato o fapana joang le mosa o tloaelehileng?

3 Feela joalokaha poleloana ena e hlalosa, mosa o lerato o akarelletsa lerato le mosa. O akarelletsa mosa, ke hore, ho thahasella batho ba bang le ho bontša kameho eo ka ho ba thusa le ka ho bua mantsoe a ba nahanelang. Kaha o boetse o akarelletsa lerato, ho bontša mosa o lerato ho hloka hore re thahaselle boiketlo ba batho ba bang hobane re ba rata. Leha ho le joalo, lentsoe la pele-pele le bolelang mosa o lerato, ha le bolele feela mosa o tsoaloang ke lerato. Mosa o lerato ke mosa oo ka boikemisetso le ka botšepehi o khomarelang motho ho fihlela morero oa oona mabapi le motho eo o phethahala.

4 Mosa o lerato o fapana le mosa ka kutloisiso e ’ngoe hape. Mosa o tloaelehileng o ka bontšoa le ho basele. Moapostola Pauluse le batho ba bang ba 275 ba neng ba robehetsoe ke sekepe le eena ba ile ba bontšoa mosa oa mofuta ona ke baahi ba sehlekehleke sa Malta—e leng batho bao ba neng ba qala ho ba bona. (Lik. 27:37–28:2) Ka lehlakoreng le leng, mosa o lerato o amana le tsela eo batho ba seng ba ntse ba e-na le kamano ba khomarelanang ka botšepehi ka eona. * Ke sona seo Bakene ba ileng ba se etsa “bara bohle ba Iseraele nakong ea ha [ba ne] ba tsoa Egepeta.”—1 Sam. 15:6.

Ho Thuisa le Thapelo ke Tsa Bohlokoa

5. Ke eng e tla re thusa hore re laole maleme a rōna?

5 Ho thata hore re bontše mosa o lerato ka lipuo tsa rōna. Mabapi le leleme, morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Ha ho le ea mong oa moloko oa batho ea ka le thapisang. Ke ntho e sa laoleheng e kotsi, le tletse chefo e bolaeang.” (Jak. 3:8) Ke eng e ka re thusang hore re laole setho see sa ’mele seo ho leng thata hakaale ho se laola? Mantsoe a Jesu ho baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae a re fa leseli. O ile a re: “Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” (Mat. 12:34) E le hore mosa o lerato o sireletse maleme a rōna, re lokela ho sebeletsa hore re be le tšobotsi eo lipelong tsa rōna—e leng botebong ba rōna. A re ke re boneng kamoo ho thuisa le thapelo li ka re thusang kateng ntlheng eo.

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho thuisa ka mesebetsi ea Jehova ea mosa o lerato le ho e ananela?

6 Bibele e re Jehova Molimo o ‘tletse mosa o lerato.’ (Ex. 34:6) Mopesaleme o ile a bina a re: “Mosa oa hao o lerato, Jehova, o tletse lefatše.” (Pes. 119:64) Mangolo a na le litlaleho tse ngata tsa kamoo Jehova a ileng a bontša mosa o lerato kateng ho barapeli ba hae. Ha re ipha nako ea ho thuisa ka ‘mesebetsi ea Jehova’ le ho e ananela, sena se ka kenya ka ho rōna takatso ea hore re be le tšobotsi ena ea Molimo.—Bala Pesaleme ea 77:12.

7, 8. (a) Ke ketso efe ea mosa o lerato eo Jehova a ileng a e etsetsa Lota le lelapa la hae? (b) Davida o ile a ikutloa joang ha Molimo a ne a mo bontša mosa o lerato?

7 Ka mohlala, nahana hore na Jehova o ile a lopolla mora oa mor’abo Abrahama, e leng Lota le lelapa la hae joang, ha A ne a timetsa motse oa Sodoma oo ba neng ba lula ho oona. Ha nako eo e ntse e atamela, mangeloi a neng a tlile ha Lota a ile a mo phehella hore a nke ba lelapa la hae ’me a tsoe motseng oo ka potlako. Bibele e re: ‘Ha a ntse a lieha, joale ka lebaka la qenehelo ea Jehova ho eena, mangeloi ao a mo tšoara ka letsoho ’me a tšoara mosali oa hae le barali ba hae ba babeli ka matsoho ’me a mo ntša a mo beha ka ntle ho motse.’ Na ha re thabe ha re nahana ka ketso ee ea pholoso, ’me na ha e re susumelletse ho lumela hore e ne e le pontšo ea mosa o lerato oa Molimo?—Gen. 19:16, 19.

8 Nahana le ka mohlala oa Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo, ea ileng a bina a re: ‘Jehova o tšoarela liphoso tsohle tsa hao, o folisa mafu ’ohle a hao.’ E tlameha ebe Davida o ile a leboha hakaakang hore ebe Jehova o ile a mo tšoarela sebe sa hae le Bathe-sheba! O ile a rorisa Jehova, a re: “Joalokaha maholimo a phahame ho feta lefatše, mosa oa hae o lerato o phahame ho ba mo tšabang.” (Pes. 103:3, 11) Ha re thuisa ka litlaleho tsena le tse ling tsa Mangolo, lipelo tsa rōna li tlala teboho ka lebaka la mosa o lerato oa Jehova ’me li re susumelletsa hore re mo rorise re be re mo lebohe. Ha lipelo tsa rōna li tletse teboho, re tla susumelletseha ho ba baetsisi ba Molimo oa ’nete.—Baef. 5:1.

9. Ho na le lebaka lefe le matla la hore barapeli ba Jehova ba bontše mosa o lerato bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi?

9 Mehlala e ka Mangolong e bontša hore Jehova o bontša batho ba seng ba ntse ba e-na le kamano e ntle le eena mosa o lerato—e leng lerato la hae le tšepahalang. Ho etsahala’ng ka ba se nang kamano eo e haufi le Molimo ea phelang? Na Jehova o bohale kapa ha a mosa ho bona? Le hanyenyane. Luka 6:35 e re: “[Molimo] o mosa ho ba se nang teboho le ba khopo.” “O chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Mat. 5:45) Pele re ithuta ’nete le pele re nka khato, Molimo o ne a re bontša mosa oa hae, kapa mosa o tloaelehileng. Empa, kaha re se re le barapeli ba hae, o re bontša lerato la hae le tšepahalang—e leng mosa oa hae o lerato o tiileng. (Bala Esaia 54:10.) Re lokela ho leboha seo hakaakang! Ke lebaka le matla hakaakang la ho bontša mosa o lerato lipuong tsa rōna le likarolong tse ling tsa bophelo ba rōna ba kamehla!

10. Ke hobane’ng ha thapelo e le ea bohlokoa haholo mabapi le ho re thusa hore re sebeletse ho ba le mosa o lerato?

10 Thapelo ke ea bohlokoa haholo mabapi le ho re thusa hore re sebeletse ho ba le mosa o lerato. Lebaka ke hobane mosa le lerato—e leng mantsoe a mabeli a bōpang poleloana mosa o lerato—ke litšobotsi tsa tholoana ea moea o halalelang oa Jehova. (Bagal. 5:22) Re ka etsa hore mosa o lerato o thophothele lipelong tsa rōna ka hore re lumelle moea oo hore o re susumetse. Tsela e tobileng ka ho fetisisa ea hore re fumane moea o halalelang oa Jehova ke ka hore re o kōpe ka thapelo. (Luka 11:13) Ho loketse hore re rapelle moea oa Molimo khafetsa re be re o lumelle hore o re tataise. Ha ho pelaelo hore ho thuisa le thapelo ke lintho tsa bohlokoa e le hore molao oa mosa o lerato o be malemeng a rōna.

Kamoo Mosa o Lerato o ka Bang Malemeng a Banyalani Kateng

11. (a) Re tseba joang hore Jehova o lebeletse hore banna ba bontše basali ba bona mosa o lerato? (b) Molao oa mosa o lerato o ka thusa monna joang hore a sireletse leleme la hae?

11 Moapostola Pauluse o eletsa banna o re: “Le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona.” (Baef. 5:25) Pauluse o boetse o ba hopotsa seo Jehova a ileng a se bolella Adama le Eva. Pauluse o re: “Monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me ba babeli bana e tla ba nama e le ’ngoe.” (Baef. 5:31) Ka ho hlakileng, Jehova o lebeletse hore banna ba khomarele basali ba bona ka botšepehi, kamehla ba ba bontše mosa o lerato. Monna eo leleme la hae le laoloang ke lerato le tšepahalang ha a pepese liphoso tsa mosali oa hae phatlalatsa kapa hona ho mo eisa. O thabela ho mo rorisa. (Liprov. 31:28) Haeba ka lebaka le itseng ho hlaha mathata lenyalong, mosa o lerato o susumelletsa monna hore a thibe leleme la hae e le hore a se ke a tlotlolla mosali oa hae.

12. Lipuo tsa mosali li ka bontša joang hore molao oa mosa o lerato o laola leleme la hae?

12 Leleme la mosali le lona le lokela ho laoloa ke molao oa mosa o lerato. Lipuo tsa hae ha lia lokela ho susumetsoa ke moea oa lefatše. Kaha o na le “tlhompho e tebileng ho monna oa hae,” o mo bua hantle har’a batho, kahoo o eketsa tlhompho eo e ka ’nang eaba batho ba bang ba se ba ntse ba mo hlompha ka eona. (Baef. 5:33) Kaha ha a batle ho fokotsa tlhompho eo bana ba hlomphang ntate oa bona ka eona, o qoba ho hanyetsana le eena kapa ho eisa maikutlo a hae ka pel’a bana. O lokisa litaba tsa mofuta ona ha ba le babeli. Bibele e re: “Mosali ea bohlale e le kannete o hahile ntlo ea hae.” (Liprov. 14:1) Ntlo ea hae ke sebaka seo lelapa lohle le thabang le bileng le khatholohang ho sona.

13. Ke hokae moo ka ho khetheha molao oa mosa o lerato o lokelang ho rena teng, ’me o ka rena joang?

13 Esita le ha ba le bang lapeng, banyalani ba lokela hore ba ’ne ba sebelise maleme a bona ka tsela e bontšang hore baa hlomphana. Pauluse o ile a ngola a re: “Li tloseng kaofela ho lōna, khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang melomong ea lōna.” O ile a phaella ka ho re: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso. . . . Le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakol. 3:8, 12-14) Haeba ka tloaelo bana ba utloa batsoali ba bona ba bua ka tsela e bontšang lerato le e mosa ka lapeng, ba tla hōla hantle ’me ba ka ba ba leka ho etsisa tsela eo batsoali ba bona ba buang ka eona.

14. Lihlooho tsa malapa li ka sebelisa maleme a tsona joang hore li tšelise ba tlhokomelong ea tsona?

14 Mopesaleme o ile a ngola sena mabapi le Jehova: “E se eka mosa oa hao o lerato o ka ntšelisa.” (Pes. 119:76) Tsela e babatsehang eo Jehova a tšelisang batho ba hae ka eona ke ka ho ba eletsa le ho ba tataisa. (Pes. 119:105) Lihlooho tsa malapa li ka rua molemo joang mohlaleng oa Ntate oa rōna ea leholimong tsa ba tsa sebelisa maleme a tsona hore li tšelise ba tlhokomelong ea tsona? Li ka etsa sena ka ho fana ka tataiso le khothatso e hlokahalang. Ho kopanela Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea ho fana ka monyetla o motle hakaakang oa ho fumana tsebo ea bohlokoa ea Bibele!—Liprov. 24:4.

Rata Balumeli-’moho le Uena ka Lerato le Tšepahalang

15. Baholo hammoho le batho ba bang ba butsoitseng moeeng ba ka sebelisa maleme a bona joang ho sireletsa ba bang ka phuthehong?

15 Morena Davida o ile a rapela a re: “Mosa oa hao o lerato le ’nete ea hao e ke e ntšireletse kamehla.” (Pes. 40:11) Baholo ba Bakreste hammoho le ba bang ba butsoitseng moeeng ka phuthehong ba ka etsisa Jehova joang ntlheng ee? Ha ho pelaelo hore ha re sebelisa maleme a rōna ho thusa batho hore ba hlokomele boitsebiso bo ka Mangolong, sena ke ketso ea mosa o lerato.—Liprov. 17:17.

16, 17. Litsela tse ling tseo re ka bontšang ka tsona hore lipuo tsa rōna li laoloa ke molao oa mosa o lerato ke life?

16 Re lokela ho etsa’ng haeba re bona Mokreste a nka tsela e khahlanong le melao-motheo ea Bibele? Na mosa o lerato o ke ke oa re susumelletsa hore re sebelise maleme a rōna ho leka ho mo khalemela? (Pes. 141:5) Haeba re ka tseba hore molumeli-’moho le rōna o entse sebe se seholo, lerato le tšepahalang le re susumelletsa hore re khothalletse mofosi hore “a bitsetse banna ba baholo ba phutheho ho eena” e le hore ba ka ‘mo rapella, ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova.’ (Jak. 5:14) Haeba mofosi a sa iteanye le baholo, re tla be re sa bontše mosa o lerato haeba re sa tlalehe taba eo. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba rōna ba nyahame, ba jeoa ke bolutu, ba ikutloa ba sa tšoanelehe kapa ba soetsehile. Tsela e molemo ea ho bontša hore molao oa mosa o lerato o malemeng a rōna ke hore re “bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo.”—1 Bathes. 5:14.

17 Re lokela ho etsa’ng haeba lira tsa Molimo li jala mashano ka balumeli-’moho le rōna? Ho e-na le ho belaella barab’abo rōna, re lokela ho hlokomoloha lipolelo tseo kapa, haeba moqosi a buiseha, re mo botse hore na o hlile o kholisehile hore lipolelo tseo tsa hae li na le motheo. Haeba lira tsa Molimo li batla ho tseba moo barab’abo rōna ba Bakreste ba leng teng e le hore li ba lematse, lerato le tšepahalang leo re ratang barab’abo rōna ka lona le re tlama hore re se ke ra li fa boitsebiso boo.—Liprov. 18:24.

Motho ea Nang le “Mosa o Lerato o Tla Fumana Bophelo”

18, 19. Ke hobane’ng ha molao oa mosa o lerato o sa lokela ho tloha malemeng a rōna ha re sebelisana le barapeli-’moho le rōna?

18 Lerato le tšepahalang le lokela ho bonahala litšebelisanong tsohle tsa rōna le bao re rapelang Jehova le bona. Esita le maemong a thata, molao oa mosa o lerato ha oa lokela ho tloha malemeng a rōna. Ha mosa o lerato oa Baiseraele o ne o e-ba “joaloka phoka e tlohang kapele,” Jehova o ne a sa thabe. (Hos. 6:4, 6) Ka lehlakoreng le leng, Jehova o thabela mosa o lerato o bontšoang ka linako tsohle. Nahana kamoo a hlohonolofatsang ba o phehellang kateng.

19 Liproverbia 21:21 e re: “Ea phehellang ho loka le mosa o lerato o tla fumana bophelo, ho loka le khanya.” E ’ngoe ea litlhohonolofatso tseo motho eo a tla li fumana ke bophelo—eseng bophelo ba nakoana empa bophelo bo sa feleng. Jehova o mo thusa hore a ‘tšoare ka tieo bophelo ba sebele.’ (1 Tim. 6:12, 19) Ka sebele, a re ‘etsetsaneng mosa o lerato.’—Zak. 7:9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 E le hore u fumane boitsebiso bo batsi mabapi le hore na mosa o lerato o fapana joang le botšepehi, mosa le lerato, sheba Molula-Qhooa oa May 15, 2002, leqepheng la 12-13, 18-19.

Na U ka Hlalosa?

• U ka hlalosa mosa o lerato joang?

• Ke eng e tla re thusa hore re be le molao oa mosa o lerato malemeng a rōna?

• Banyalani ba ka bontša molao oa mosa o lerato joang lipuong tsa bona?

• Ke eng e bontšang hore molao oa mosa o lerato o malemeng a rōna ha re sebelisana le balumeli-’moho le rōna?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Davida o ile a rorisa mosa o lerato oa Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Na le na le tokisetso ea kamehla ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea?