Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala limakasine tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

• Ke eng e tla u thusa hore u hōlise bana ba nang le boikarabelo?

‘Behela ngoana oa hao mohlala’ tabeng ea hore na ho itšoara ka tsela e nang le boikarabelo ho bolela’ng. (Joh. 13:15) U se ke ua lebella mohlolo; ha a ntse a hōla, u ka lebella ho hongata litabeng tsa bohloeki, ho boloka nako le mosebetsi oa sekolo. Fana ka litaelo tse tobileng e le hore u rute ngoana oa hao hore a jare boikarabelo ba hae.—5/1, leqepheng la 19-20.

• Ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a otla Arone ha a ne a entse namane ea khauta?

Ke ’nete hore Arone o ile a tlōla molao oa Molimo mabapi le borapeli ba litšoantšo. (Ex. 20:3-5) Leha ho le joalo, Moshe o ile a mo rapella ka tieo ho Molimo, ’me thapeli ea hae e ile ea e-ba le “matla a maholo.” (Jak. 5:16) Arone o ne a tšepahetse ka lilemo tse ngata. Ho feta moo, le hoja sechaba se ile sa phehella Arone hore a etse namane, hamorao o ile a bontša hore pelo ea hae e ne e sa lumellane le sona, hobane o ile a ikopanya le bara ba Levi ha ba ne ba emela Jehova. (Ex. 32:25-29)—5/15, leqepheng la 21.

• Ofire, eo Bibele e reng e ne e hlahisa khauta, e hokae?

E le hore Solomone a late khauta Ofire, o ile a haha likepe Ezione-gebere. (1 Mar. 9:26-28) Kou eo ea likepe e ne e le holimo Koung ea Aqaba haufi le sebaka seo kajeno se bitsoang Elat le Aqaba, Leoatleng le Lefubelu. Kahoo, mohlomong Ofire e ne e le Arabia haufi le Leoatle le Lefubelu kapa e le lebōpong la Afrika kapa la India.—6/1, leqepheng la 15.

• ‘Balsame ea Gileade’ e ne e le eng? (Jer. 8:22)

Oli ea balsame e ne e le oli e nkhang hamonate e entsoeng ka boka bo tsoang limeleng tse sa tšoaneng, tseo sebaka se seng seo li neng li fumanoa ho sona e neng e le Gileade, ka bochabela ho Nōka ea Jordane. Kaha e ne e tsebahala ka matla a eona a ho folisa, e ne e tlotsoa maqebeng. Boemo bo haulang ba Baiseraele bo ne bo lokela hore ebe bo ne bo ile ba susumelletsa sechaba seo hore se batle pholiso, empa ha sea ka sa etsa joalo. (Jer. 8:9)—6/1, leqepheng la 21-22.

• Mokreste a ka thusoa ke’ng hore a sebetsane le boemo ha molekane oa hae a febile?

Haeba molekane ea se nang molato a lekile ho phela ka melao-motheo ea Bibele, ha ho hlokahale hore a ikutloe a le molato ka lebaka la sebe sa molekane ea mo soetsitseng ka bofebe. Molimo oa tseba hore u hloka matšeliso le khothatso. A ka ’na a u tšelisa ka Bakreste-’moho le uena.—6/15, leqepheng la 30-31.

• U ka thusa motho ea kulang joang?

Mamela ka hloko. (Moek. 3:1, 7) E-ba le kutloelo-bohloko ’me u be ea nahanelang. (Bar. 12:15) Mo matlafatse u be u ikemisetse ho mo thusa. (Bakol. 4:6; 1 Joh. 3:18) Lula u le haufi le eena. (Liprov. 17:17)—7/1, leqepheng la 10-13.

• Re tseba joang hore ha ho na moo Molimo a qalileng teng?

Moshe o ile a bua sena ha a ne a rapela. (Pes. 90:2) Kahoo, Jehova o na le tlotla e ikhethang ea hore ke “Morena oa bosafeleng.” (1 Tim. 1:17)—7/1, leqepheng la 28.

• U ka thusa bana ba hao joang hore ba rate ho bala?

Lerato hammoho le mohlala oa batsoali li ka thusa ngoana hore a rate ho bala. Hape, ba batlele libuka. Ballang holimo. Ba khothalletse hore ba kenye letsoho, ’me le tšohle seo le se balang. E-re bana ba hao ba u balle, ’me u ba khothalletse hore ba botse lipotso.—7/15, leqepheng la 26.

• Ke hobane’ng ha Jesu a sa a ka a potlakela ho motsoalle oa hae Lazaro hore a e’o mo folisa?

Ha Jesu a fihla, Lazaro o ne a se a e-na le matsatsi a mane a shoele. Ka hore ebe o ile a leta, Jesu o ile a pakela Ntate oa hae hamolemo. Kahoo, batho ba bangata e ile ea e-ba balumeli. (Joh. 11:45)—8/1, leqepheng la 14-15.

• ‘Libaka tse phahameng’ e ne e le eng?

Maemong a mangata, ho buuoa ka libaka tse ka ntle liqhooeng tsa maralla kapa libaka tse ling tsa borapeli ba bohata. Ka linako tse ling lialetare, lipalo kapa litšiea tse halalelang le mekhabiso e meng ea bolumeli, li ne li behoa libakeng tseo e le hore ho rapeloe Molimo ka tsela eo a neng a e nyatsa. (Num. 33:52)—8/1, leqepheng la 23.