Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U se ke Ua Lumela ho Hatelloa ke Maikutlo a Batho

U se ke Ua Lumela ho Hatelloa ke Maikutlo a Batho

U se ke Ua Lumela ho Hatelloa ke Maikutlo a Batho

MAIKUTLO a hore na ke sefe se loketseng kapa se sa amoheleheng le hore na ke sefe se tlotlehang kapa se nyatsuoang a fapana ho ea ka libaka. A boetse aa fetoha ha nako e ntse e feta. Ka lebaka leo, ha re bala litlaleho tsa Mangolo tsa lintho tse etsahetseng khale haholo, re lokela ho nahana hore na mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele ke maikutlo afe le melao efe ea boitšoaro e neng e tloaelehile ka nako eo, ho e-na le ho batla hore seo re se balang se lumellane le maikutlo a rōna.

Ka mohlala, nahana ka lintho tse peli tseo ho buuoang ka tsona ka makhetlo a mangata Mangolong a Segerike a Bakreste—e leng tlhompho le lihlong. E le hore re utloisise litlaleho tse buang ka tlhompho le lihlong hantle, re lokela ho nahana hore na batho ba neng ba phela nakong eo ba ne ba li nka joang.

Melao ea Boitšoaro ea Lekholong la Pele la Lilemo

Setsebi se seng se re: “Bagerike, Baroma le Bajuda ba ne ba nka hore tlhompho le lihlong e ne e le lintho tseo ba neng ba lokela ho ameha haholo ka tsona setsong sa habo bona. Banna ba ne ba nyoretsoe tlhompho, ho ba le lebitso, ho tuma, ho amoheloa ke batho le ho hlomphuoa hoo ba neng ba phelela lintho tsena ba bile ba li shoela.” Kaha ba ne ba labalabela lintho tse joalo, sena se ne se etsa hore ba susumetsoe haholo ke maikutlo a batho ba bang.

Botumo, boemo le tlhompho e ne e le lintho tse khōlō sechabeng se neng se amehile haholo ka maemo, ebang ke boemo ba bohlomphehi kapa ba bokhoba. Tlhompho e ne e sa amane feela le hore na motho o ne a inka e le oa bohlokoa hakae, e ne e boetse e amana le hore na batho ba bang ba ne ba mo nka e le oa bohlokoa hakae. Ho hlompha motho ho ne ho bolela ho lumela phatlalatsa hore o ne a etsa lintho ka tsela eo ho neng ho lebeletsoe hore a li etse ka eona. Ho hlompha motho ho ne ho boetse ho bolela ho khahloa ke leruo la hae, mosebetsi oa hae, kapa boemo ba hae sechabeng ebe o tšoaroa ka tsela e loketseng. Motho o ne a ka sebeletsa hore a hlomphuoe ka hore a etse liketso tse molemo kapa a ipabole har’a batho ba bang. Ho fapana le hoo, ho nyelisoa kapa ho songoa phatlalatsa, ho ne ho hlabisa lihlong kapa ho tlotlolla. E ne e se feela boikutlo boo motho a neng a e-ba le bona kapa seo letsoalo la hae le neng le mo bolella sona empa e ne e le phello ea ho nyatsuoa ke sechaba.

Ha Jesu a ne a bua ka motho ea fuoang ‘sebaka se hlaheletseng ka ho fetisisa’ kapa ‘sebaka se tlaase-tlaase’ moketeng, o ne a bua ka ntho e bontšang tlhompho kapa lihlong ho ea ka tloaelo ea batho ba mehleng eo. (Luka 14:8-10) Ka makhetlo a ka bang mabeli, barutuoa ba Jesu ba ile ba pheha khang ka hore na “ke ofe ho bona ea neng a bonahala eka ke e moholo.” (Luka 9:46; 22:24) Ba ne ba bonahatsa seo batho bao ba neng ba phela har’a bona ba neng ba amehile haholo ka sona. Ka nako e tšoanang, baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ikhohomosang le ba ratang ho hlōlisana ba ne ba nka hore boboleli ba Jesu bo ne bo ba hlompholla bo bile bo nyelisa bolaoli ba bona. Leha ho le joalo, boiteko ba bona ba hore ba batle ho mo hlōla ha ba ne ba bua le eena ka pel’a matšoele, bo ne bo hlōleha kamehla.—Luka 13:11-17.

Ntho e ’ngoe e neng e tloaelehile eo Bajuda, Bagerike le Baroma ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba nahana ka eona, e ne e le lihlong tsa “ho tšoaroa le ho qosetsoa ntho e mpe phatlalatsa.” Ho ne ho nkoa hore ke ntho e tlotlollang hore motho a tlangoe kapa a koalloe chankaneng. Tšoaro e joalo e ne e tlotlolla motho ka pel’a metsoalle, ba lelapa le sechaba ka kakaretso—ebang o ne a fumanoe a le molato kapa che. Sekhobo seo a neng a e-ba le sona ka mor’a moo se ne se ka senya seriti sa hae le kamano ea hae le batho ba bang. Ntho e neng e tlotlolla le ho feta ho tšoaroa, e ne e le lihlong tsa ho hlobolisoa kapa ho shapuoa. Tšoaro e joalo e ne e etsa hore motho a nyelisoe a be a songoe, e leng se neng se mo tlosa tlhompho.

Ho bolaeloa thupeng ea tlhokofatso ho ne ho etsa hore motho a tlotlolohe ka tsela e mpe ka ho fetisisa. Setsebi se bitsoang Martin Hengel, se re ho bolaoa ka tsela eo e ne e le “kotlo ea makhoba. Ka lebaka leo ho ne ho tšoantšetsa nyeliso, lihlong le tlhokofatso e feteletseng.” Lelapa le metsoalle ea motho ea neng a tlotlolotsoe ka tsela ena, le ne le hatelloa ke sechaba hore le mo lahle. Kaha Kreste o ile a shoa ka tsela ena, bohle ba neng ba batla ho ba Bakreste lekholong la pele la lilemo C.E. ba ne ba songoa phatlalatsa. Ho ka etsahala hore ebe batho ba bangata ba ne ba nka hore ke ntho e se nang kelello hore motho a ipolele hore ke molateli oa motho ea ileng a khokhotheloa thupeng. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Re bolela Kreste ea ileng a khokhotheloa thupeng, ho Bajuda ke sesosa sa ho khoptjoa empa ho lichaba ke booatla.” (1 Bakor. 1:23) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba hlōla bothata boo joang?

Melao e Fapaneng ea Boitšoaro

Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba mamela molao ba bile ba leka ka matla hore ba qobe lihlong tse bakoang ke ho itšoara hampe. Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Ho se ke ha e-ba le ea mong oa lōna ea utloang bohloko kahobane e le ’molai kapa lesholu kapa moetsi oa bobe kapa e le ea itšunya-tšunyang litabeng tsa batho ba bang.” (1 Pet. 4:15) Leha ho le joalo, Jesu o ile a bolela esale pele hore balateli ba hae ba ne ba tla hlorisoa ka lebaka la lebitso la hae. (Joh. 15:20) Petrose o ile a ngola a re: “Haeba [motho] a utloa bohloko kahobane e le Mokreste, a se ke a ikutloa a le lihlong, empa a ke a tsoele pele ho tlotlisa Molimo.” (1 Pet. 4:16) Hore ebe molateli oa Kreste o ne a sa hlajoe ke lihlong ha a ne a utloisoa bohloko, ho ne ho bolela hore o ne a sa natse litloaelo tsa nakong eo.

Bakreste ba ne ba ke ke ba lumela hore boitšoaro ba bona bo susumetsoe ke melao ea batho ba bang. Batho ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba nka hore ke booatla ho nka hore motho ea neng a khokhothetsoe thupeng ke Mesia. Ho ba le maikutlo ao ho ka be ho ile ha hatella Bakreste hore ba ikamahanye le tsela eo batho ba neng ba nahana ka eona. Leha ho le joalo, tumelo eo ba neng ba e-na le eona ea hore Jesu e ne e le Mesia e ne e hloka hore ba mo latele, leha ba ne ba songoa. Jesu o ile a re: “Mang kapa mang ea hlajoang ke lihlong ka lebaka la ka le mantsoe a ka molokong ona o febang le o nang le sebe, Mor’a motho le eena o tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la hae ha a fihla ka khanya ea Ntat’ae a e-na le mangeloi a halalelang.”—Mar. 8:38.

Kajeno, re ka ’na ra tobana le khatello eo morero oa eona e leng ho re susumelletsa hore re furalle Bokreste. E ka ’na ea hlaha ho bana bao re kenang sekolo le bona, baahelani ba rōna kapa batho bao re sebetsang le bona, ba lekang ho re susumelletsa hore re etse boitšoaro bo bobe, re se ke ra tšepahala kapa re etse lintho tse ling tse mpe. Batho ba joalo ba ka ’na ba leka ho re hlabisa lihlong hobane re emela melao-motheo e nepahetseng. Re lokela ho etsa’ng?

Etsisa ba sa Kang ba Natsa Lihlong

E le hore Jesu a lule a tšepahala ho Jehova, o ile a bolaoa ka tsela e hlabisang lihlong ka ho fetisisa. “O ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong.” (Baheb. 12:2) Lira tsa Jesu li ile tsa mo jabela, tsa mo tšoela ka mathe, tsa mo hlobolisa, tsa mo shapa, tsa mo khokhothela thupeng tsa ba tsa mo hlapaola. (Mar. 14:65; 15:29-32) Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a natsa lihlong tseo ba ileng ba leka ho mo jarisa tsona. Joang? Ha aa ka a qoba ho tšoaroa ka tsela eo. Jesu o ne a tseba hore o ne a sa lahleheloa ke seriti mahlong a Jehova, ’me ka sebele o ne a sa batle ho rorisoa ke batho. Le hoja Jesu a ile a shoa joaloka lekhoba, Jehova o ile a mo tlotla ka hore a mo tsose bafung a be a mo fe sebaka se hlomphehang ka ho fetisisa haufi le Eena. Bafilipi 2:8-11 e re: “[Kreste Jesu] o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso. Ka lebaka lona lena Molimo le eena o ile a mo phahamisetsa boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle, e le hore lengole le leng le le leng la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu le ka khumama ka lebitso la Jesu, ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate.”

Hase hore Jesu o ne a sa natse lihlong tse neng li tsamaea le ho bolaoa ha hae. Mora oa Molimo o ne a amehile ka thohako e neng e ka ’na ea lebisoa ho Ntate oa hae ka lebaka la ho ahloleloa hore o ne a nyefotse. Jesu o ile a kōpa Jehova hore a mo lopolle tlotlollong e joalo. O ile a rapela a re: “Tlosa senoelo sena ho ’na.” Empa Jesu o ile a ikokobelletsa thato ea Molimo. (Mar. 14:36) Leha ho le joalo, Jesu o ile a hlōla khatello eo a ileng a ba tlas’a eona ’me ha aa ka a natsa lihlong. Etsoe, batho ba neng ba tla hlajoa ke lihlong e ne e le ba neng ba amohela ka botlalo melao ea boitšoaro e neng e tloaelehile mehleng ea hae. Ho hlakile hore Jesu o ne a sa e amohele.

Barutuoa ba Jesu le bona ba ile ba tšoaroa ba ba ba shapuoa. Tšoaro e joalo e ile ea ba tlotlolla mahlong a batho ba bangata. Ba ile ba khelloa fatše ba ba ba nyelisoa. Leha ho le joalo, ha baa ka ba nyahama. Barutuoa ba ’nete ha baa ka ba lumela ho hatelloa ke maikutlo a batho ’me ha baa ka ba natsa lihlong. (Mat. 10:17; Lik. 5:40; 2 Bakor. 11:23-25) Ba ne ba tseba hore ba ne ba lokela ho ‘nka lithupa tsa bona tsa tlhokofatso letsatsi le letsatsi ’me ba latele Jesu ba sa khaotse.’—Luka 9:23, 26.

Rōna re lokela ho etsa’ng kajeno? Lintho tseo lefatše le nkang hore ke booatla, lia fokola ebile lia eiseha, Molimo o nka hore li bohlale, li matla ebile lia hlompheha. (1 Bakor. 1:25-28) Na e ne e ke ke ea e-ba booatla hore re susumetsoe ka ho feletseng ke maikutlo a batho?

Batho ba labalabelang hore lefatše le ba hlomphe ba lokela ho khathatseha ka hore na batho ba nahana’ng ka bona. Ka lehlakoreng le leng, joaloka Jesu le balateli ba hae ba lekholong la pele la lilemo, re labalabela hore Jehova e be Motsoalle oa rōna. Ka lebaka leo, re tla hlompha seo a se nkang se hlompheha ’me seo a nkang hore se hlabisa lihlong re se nke se hlabisa lihlong.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Jesu o ne a sa susumetsoe ke hore na ke lintho life tseo lefatše le neng le nka hore li hlabisa lihlong