Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batla Tlhohonolofatso ea Jehova ka Tieo

Batla Tlhohonolofatso ea Jehova ka Tieo

Batla Tlhohonolofatso ea Jehova ka Tieo

“[Molimo] e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—BAHEB. 11:6.

1, 2. (a) Batho ba bangata ba batla tlhohonolofatso ea Molimo joang? (b) Ke hobane’ng ha ka ho khetheha re lokela ho thahasella hore re fumane tlhohonolofatso ea Jehova?

“MOLIMO a u hlohonolofatse!” Linaheng tse ling ho tloaelehile hore batho ba bue mantsoe ao ha ba leboha motho ea ba etselitseng ntho e ntle kapa ba batla hore a ba thuse. Baruti ba malumeli a sa tšoaneng ba ka fumanoa ba hlohonolofatsa batho, liphoofolo kapa lintho tse sa pheleng. Batho ba ka ’na ba ea libakeng tse itseng tsa bolumeli ba tšepile hore ba tla fumana tlhohonolofatso. Hangata bo-ralipolotiki ba kōpa Molimo hore a hlohonolofatse linaha tsa habo bona. Na u nahana hore ho loketse hore batho ba kōpe tlhohonolofatso ka tsela eo? Na ba hlile ba fumana tlhohonolofatso? Ha e le hantle, ke bo-mang ba fumanang tlhohonolofatso ea Molimo, hona hobane’ng?

2 Jehova o ile a bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela, o ne a tla ba le batho ba hloekileng le ba phelang ka khotso ba tsoang lichabeng tsohle, ba neng ba tla bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ho isa lipheletsong tsa lefatše le hoja ba hlouoa ’me ba hanyetsoa. (Esa. 2:2-4; Mat. 24:14; Tšen. 7:9, 14) Rōna ba amohetseng boikarabelo ba ho ba karolo ea batho bana, re batla tlhohonolofatso ea Molimo ebile rea e hloka hobane kantle ho eona, re ke ke ra atleha. (Pes. 127:1) Empa re ka fumana tlhohonolofatso ea Molimo joang?

Ba Mamelang ba Fihleloa ke Litlhohonolofatso

3. Hoja Baiseraele ba ne ba ile ba mamela, litholoana e ka be e ile ea e-ba life?

3 Bala Liproverbia 10:6, 7Nakoana pele sechaba sa Iseraele se fihla Naheng e Tšepisitsoeng, Jehova o ile a bolela hore haeba se ne se ka mamela lentsoe la hae, se ne se tla sireletsoa se be se fumane nala e tsotehang. (Deut. 28:1, 2) Batho ba Molimo ba ne ba ke ke ba fumana litlhohonolofatso tsa Jehova feela empa li ne li tla ba ‘fihlela.’ Joang kapa joang batho ba mo mamelang ba ne ba tla hlohonolofatsoa.

4. Ho mamela e le kannete ho akarelletsa eng?

4 Baiseraele ba ne ba lokela ho ikutloa joang ka ho mamela? Molao oa Molimo o ne o boletse hore o ne a ke ke a thaba haeba batho ba hae ba ne ba ke ke ba mo sebeletsa “ka thabo le ka pelo e nyakaletseng.” (Bala Deuteronoma 28:45-47.) Jehova ha a hloke hore batho ba mo mamele feela ho phetha molao, e leng se ka etsoang ke liphoofolo kapa bademona. (Mar. 1:27; Jak. 3:3) Motho o mamela Molimo ka pelo eohle hobane a mo rata. Seo se bonahala ka thabo eo a bang le eona hobane a lumela hore litaelo tsa Jehova ha li boima le hore “e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheb. 11:6; 1 Joh. 5:3.

5. Haeba motho a ne a tšepa tšepiso ea Jehova, seo se ne se tla mo thusa joang hore a mamele molao o ho Deuteronoma 15:7, 8?

5 Nahana kamoo motho a neng a ka ’na a bontša kateng hore oa mamela ka ho boloka molao o boletsoeng ho Deuteronoma 15:7, 8. (E bale.) Haeba motho a ne a ka phetha molao oo ka lekhonono, qalong seo se ne se ka ’na sa lopolla mofutsana, empa na se ne se tla etsa hore batho ba Molimo ba be le kamano e mofuthu? Habohlokoa haholo, na se ne se tla be se bontša hore motho oa lumela hore Jehova o khona ho hlokomela bahlanka ba hae le hore o ananela monyetla oo a nang le oona oa ho etsisa ho fana ha Jehova? Le hanyenyane! Molimo o ne a hlokomela boemo ba pelo ea motho ea neng a fana ho tsoa pelong ’me o ile a tšepisa hore o ne a tla mo hlohonolofatsa ketsong e ’ngoe le e ’ngoe ea hae le mosebetsing o mong le o mong. (Deut. 15:10) Ho lumela tšepiso eo ho ne ho tla etsa hore motho a nke khato ho be ho felle ka hore a hlohonolofatsoe haholo.—Liprov. 28:20.

6. Baheberu 11:6 e lokela ho re kholisa ka eng?

6 Ho phaella tabeng ea ho tšepa hore Jehova ke Moputsi oa bahlanka ba hae, Baheberu 11:6 e totobatsa ntho e ’ngoe eo motho a e hlokang e le hore Molimo a mo hlohonolofatse. Hlokomela hore Jehova o putsa “ba mo batlang ka tieo.” Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona le fana ka maikutlo a ho etsa ntho ka matla le ho ikakhela ka setotsoana. Ruri seo se lokela ho re kholisa hore ha re etsa boiteko bo tiileng re tla hlohonolofatsoa! Re tla hlohonolofatsoa ke Molimo a le mong feela oa ’nete, “ea ke keng a bua leshano.” (Tite 1:2) O se a bontšitse ka lilemo tse ngata hore lintho tseo a li tšepisang lia phethahala. Mantsoe a hae a phethahala kamehla. (Esa. 55:11) Kahoo, re ka kholiseha ka botlalo hore haeba re bontša hore re na le tumelo ea ’nete, e tla ba Moputsi oa rōna.

7. Re ka tiisa joang hore re hlohonolofatsoa ka “peō” ea Abrahama?

7 Jesu Kreste e bile eena karolo e ka sehloohong ea “peō” ea Abrahama. Bakreste ba tlotsitsoeng ke karolo ea bobeli ea “peō” eo e boletsoeng esale pele. Ba filoe taelo ea ho ‘bolela hohle makhabane a hlomphehang a ea ba bitsitseng ho ba ntša lefifing ho ba kenya leseling la hae le hlollang.’ (Bagal. 3:7-9, 14, 16, 26-29; 1 Pet. 2:9) Re ke ke ra lebella ho ba le kamano e ntle le Jehova haeba re sa natse bao Jesu a ba khethileng hore ba hlokomele lintho tsa hae. Haeba e ne e se ka thuso ea “lekhoba le tšepahalang le le masene,” re ne re ke ke ra utloisisa ka ho feletseng seo re se balang Lentsoeng la Molimo ’me re ne re ke ke ra tseba ho se sebelisa. (Mat. 24:45-47) Ha re sebelisa seo re ithutang sona Mangolong, Molimo o tla re hlohonolofatsa.

Ho Tsepamisa Kelello Thatong ea Molimo

8, 9. Mopatriareka Jakobo o ile a ikitlaetsa joang tumellanong le likōpo tsa hae tse matla?

8 Taba ea ho ikitlaelletsa hore Molimo a re hlohonolofatse e ka ’na ea re hopotsa mopatriareka Jakobo. O ne a sa tsebe hore na tšepiso ea Molimo ho Abrahama e ne e tla phethahala joang, empa o ne a lumela hore Jehova o ne a tla atisa bana ba ntate-moholo oa hae haholo le hore litloholo tsa bona li ne li tla fetoha sechaba se seholo. Kahoo, ka 1781 B.C.E., Jakobo o ile a ea Harane ho ea batla mosali. O ne a sa batle feela motho eo e neng e tla ba molekane ea molemo; empa o ne a batla mosali eo e neng e le morapeli oa Jehova, ea neng a nka litaba tsa moea ka ho teba le ea neng a tla hōlisa bana ba hae hantle.

9 Rea tseba hore Jakobo o ile a kopana le mong ka eena, e leng Ragele. O ne a rata Ragele ’me o ile a lumela ho sebeletsa ntat’ae Labane ka lilemo tse supileng e le hore e ka ba mosali oa hae. Ena hase pale feela tjee ea lerato le sa lebaleheng. Ha ho pelaelo hore Jakobo o ne a tseba ka tšepiso eo Molimo ea Matla ’Ohle a neng a e etselitse ntate-moholo oa hae Abrahama le eo a neng a e phetile ho ntate oa hae Isaka. (Gen. 18:18; 22:17, 18; 26:3-5, 24, 25; 27:19) Isaka le eena o ile a bolella mora oa hae Jakobo sena: “Molimo ea Matla ’Ohle o tla u hlohonolofatsa a u atise ’me a u ngatafatse, ’me ka sebele u tla ba phutheho ea lichaba. O tla u fa tlhohonolofatso ea Abrahama, uena hammoho le peō ea hao, e le hore u rue naha ea bojaki ba hao, eo Molimo a e fileng Abrahama.” (Gen. 28:3, 4) Kahoo, boiteko boo Jakobo a ileng a bo etsa ba hore a fumane mosali ea nepahetseng le hore a be le lelapa, bo ne bo bontša hore o ne a tšepa seo Jehova a neng a se boletse.

10. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a thabela ho hlohonolofatsa Jakobo?

10 Jakobo o ne a sa batle leruo leo a neng a tla hlokomela lelapa la hae ka lona. O ne a nahanne ka lefa la hae. O ne a tsepamisitse kelello tabeng ea hore thato ea Jehova e phethahale. Jakobo o ne a ikemiselitse ho etsa sohle se matleng a hae hore a fumane tlhohonolofatso ea Molimo ho sa tsotellehe litšitiso. O ile a lula a e-na le maikutlo ao ho fihlela botsofaling ba hae, ’me ka lebaka leo Jehova o ile a mo hlohonolofatsa.—Bala Genese 32:24-29.

11. Ke boiteko bofe boo re lokelang ho bo etsa tumellanong le thato ea Molimo eo a e senotseng?

11 Joaloka Jakobo, ha re tsebe lintlha tsohle tse amanang le ho phethahala ha morero oa Jehova. Leha ho le joalo, ha re ithuta Lentsoe la Molimo, rea utloisisa hore na ka kakaretso re ka lebella eng mabapi le “letsatsi la Jehova.” (2 Pet. 3:10, 17) Ka mohlala, ha re tsebe hantle hore na letsatsi leo le tla fihla neng, empa rea tseba hore le haufi. Re lumela se boleloang ke Lentsoe la Molimo ha le re ha re fana ka bopaki ka botlalo nakong ena e khutšoanyane e setseng, re tla ipholosa re be re pholose le batho ba re mamelang.—1 Tim. 4:16.

12. Ke eng eo re ka kholisehang ka eona?

12 Rea hlokomela hore bofelo bo ka ’na ba fihla neng kapa neng; nako ea Jehova ha ea itšetleha ka hore re pakele motho e mong le e mong ea phelang lefatšeng. (Mat. 10:23) Ho feta moo, re fuoa tataiso e ntle mabapi le hore na re lokela ho etsa mosebetsi oa rōna oa boboleli joang ka tsela e atlehang. Ka tumelo, re etsa sohle seo re ka se khonang ho phetha mosebetsi ona, re sebelisa ntho leha e le efe eo re nang le eona. Na kamehla re tla bolela litaba tse molemo tšimong e behang litholoana ka ho fetisisa? Ruri eo ke ntho eo re ke keng ra e tseba esale pele. (Bala Moeklesia 11:5, 6.) Mosebetsi oa rōna ke ho bolela litaba tse molemo, re tšepile hore Jehova o tla re hlohonolofatsa. (1 Bakor. 3:6, 7) Re ka kholiseha hore o bona boiteko ba rōna bo matla, ’me ka moea oa hae o halalelang, o tla re fa tataiso e tobileng eo re e hlokang.—Pes. 32:8.

Ho Batla Moea o Halalelang

13, 14. Ho bonahetse joang hore moea o halalelang oa Molimo o khona ho etsa hore bahlanka ba hae ba tšoanelehe?

13 Re lokela ho etsa’ng haeba re utloa eka ha re tšoanelehe ho phetha mosebetsi o itseng kapa ho etsa mosebetsi oa boboleli? Re lokela ho kōpa Jehova hore a re fe moea oa hae o halalelang e le hore o ntlafatse bokhoni boo re nang le bona tšebeletsong ea hae. (Bala Luka 11:13.) Moea oa Molimo o ka etsa hore batho ba tšoanelehele ho phetha mosebetsi kapa boikarabelo bo itseng ho sa tsotellehe maemo a bona a nakong e fetileng kapa boiphihlelo ba bona. Ka mohlala, hang ka mor’a hore Baiseraele ba tsoe Egepeta, moea oa Molimo o ile oa thusa balisa le makhoba hore ba hlōle lira tsa bona ho sa tsotellehe taba ea hore ba ne ba se na boiphihlelo ntoeng. (Ex. 17:8-13) Ka mor’a moo, oona moea oo, o ile oa thusa Bezaliele le Oholiabe hore ba sebelise meralo e metle e neng e bululetsoe ke Molimo ea ho haha tabernakele.—Ex. 31:2-6; 35:30-35.

14 Moea oo o matla o ile oa thusa bahlanka ba Molimo ba kajeno hore ba thuse mokhatlo ka mesebetsi e itseng nakong eo o neng o qala ho ikhatisetsa lingoliloeng. Mor’abo rōna R. J. Martin, eo e neng e le molebeli oa fektheri ka nako eo, o ile a ngola lengolo leo ho lona a ileng a hlalosa se neng se finyeletsoe ho fihlela ka 1927. O ile a re: “Ka nako e loketseng, Morena o ile a bula menyako ’me re ile ra fumana mochine o moholo oa rotary [oa khatiso], re ile ra o fumana re sa tsebe letho ka hore na o ne o entsoe joang le hore na o ne o sebetsa joang. Leha ho le joalo, Morena o tseba ho etsa hore likelello tsa batho ba inehetseng ho eena ka botlalo li tšoare lintho kapele. . . . Ka mor’a libeke tse seng kae feela re ile ra khona ho etsa hore mochine oo o khabole; ’me o ntse o khabola le kajeno, o etsa mosebetsi oo le baetsi ba oona ba neng ba sa tsebe hore o ka o etsa le ka mohla.” Ho fihlela kajeno, Jehova o ’nile a tsoela pele ho hlohonolofatsa boiteko bo joalo bo tiileng.

15. Baroma 8:11 e ka khothatsa batho ba tobaneng le teko ea ho etsa se fosahetseng joang?

15 Moea oa Jehova o sebetsa ka litsela tse sa tšoaneng. Bahlanka bohle ba Molimo ba ka fumana moea oo ’me o ba thusa hore ba hlōle litšitiso tse khōlō. Re lokela ho etsa joang haeba re ikutloa eka re imeloa ke teko ea ho etsa se fosahetseng? Re ka matlafatsoa ke mantsoe a Pauluse a ho Baroma 7:21, 25 le 8:11. Ka sebele, “moea oa ea ileng a tsosa Jesu bafung” o ka re thusa, oa re fa matla a hore re hlōle litakatso tsa nama. Litemana tseo li ne li ngoletsoe Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, leha ho le joalo molao-motheo oo o sebetsa le ho bahlanka bohle ba Molimo. Kaofela ha rōna re fumana bophelo ka ho bontša tumelo ho Kreste, ka ho ikitlaelletsa ho bolaea litakatso tse fosahetseng le ka ho phela tumellanong le tataiso ea moea.

16. Re lokela ho etsa’ng e le hore re fumane moea o halalelang oa Molimo?

16 Na re ka lebella hore Molimo a re fe matla a hae a sebetsang empa ho se na boiteko boo rōna re bo etsang? Che. Ho phaella tabeng ea ho o rapella, re lokela ho ithuta ka matla Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. (Liprov. 2:1-6) Ho feta moo, moea oa Molimo o holim’a phutheho ea Bokreste. Ha re e-ba teng kamehla libokeng re tla be re bontša hore re batla ho “[utloa] seo moea o se bolellang liphutheho.” (Tšen. 3:6) Ho feta moo, ka boikokobetso re lokela ho sebelisa seo re ithutang sona. Liproverbia 1:23 e re fa keletso ena: “Khutlang ha ke le khalemela. Joale ke tla etsa hore moea oa ka o phallele ho lōna.” Ka sebele, Molimo o fa “ba mo mamelang e le ’musi” moea oa hae o halalelang.—Lik. 5:32.

17. Re ka tšoantša se etsahalang ha Molimo a hlohonolofatsa boiteko ba rōna le eng?

17 Le hoja ho hlokahala boiteko bo tiileng hore re fumane tlhohonolofatso ea Molimo, u hopole hore ho sebetsa ka thata hase hona feela ho ka etsang hore re fumane lintho tse ngata tse molemo tseo Jehova a li fang batho ba hae. Se etsahalang ha a hlohonolofatsa boiteko ba rōna se ka tšoantšoa le tsela eo ’mele ea rōna e ruang molemo ka eona lijong tse matlafatsang. Molimo o entse ’mele ea rōna ka tsela e etsang hore re thabele lijo li be li re matlafatse. O boetse o fana ka lijo tseo. Ha re tsebe hantle hore na lijo tsa rōna li fumana limatlafatsi tse ho tsona joang, ebile boholo ba rōna re ke ke ra tseba ho hlalosa hore na ’mele ea rōna e fumana matla joang lijong tseo re li jang. Seo re se tsebang feela ke hore ho na le ntho e joalo e etsahalang ’me re sebelisana le eona ka hore re je. Haeba re khetha ho ja lijo tse nang le phepo, litholoana tsa seo li ba ntle le ho feta. Ka tsela e tšoanang, Jehova ke eena ea bolelang hore na ho hlokahala lintho life e le hore re fumane bophelo bo sa feleng ebile o re thusa hore re finyelle lintho tseo tse hlokahalang. Ho hlakile hore o re thusa haholo ’me o lokela ho rorisoa. Ho ntse ho le joalo, re lokela ho sebelisana ’moho le eena, re etse lintho tumellanong le thato ea Molimo e le hore a re hlohonolofatse.—Hag. 2:18, 19.

18. U ikemiselitse ho etsa’ng, hona hobane’ng?

18 Kahoo, ikitlaetse mosebetsing o mong le o mong oo u o filoeng. Kamehla u kōpe thuso ho Jehova e le hore u atlehe. (Mar. 11:23, 24) Ha u ntse u etsa joalo, kholiseha hore “e mong le e mong ea batlang oa fumana.” (Mat. 7:8) Ba tlotsitsoeng ka moea ba tla hlohonolofatsoa ka “moqhaka oa bophelo” leholimong. (Jak. 1:12) “Linku tse ling” tsa Kreste tse ikitlaelletsang hore li fumane tlhohonolofatso ka peō ea Abrahama, li tla thaba ha li utloa A re: “Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le rue ’muso oo le o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.” (Joh. 10:16; Mat. 25:34) Ka sebele, “bao [Molimo] a ntseng a ba hlohonolofatsa ba tla rua lefatše, . . . ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pes. 37:22, 29.

Na U ka Hlalosa?

• Ho mamela e le kannete ho akarelletsa eng?

• Ho hlokahala’ng e le hore motho a hlohonolofatsoe ke Molimo?

• Re ka fumana moea o halalelang oa Molimo joang, hona o ka re thusa joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Jakobo o ile a betana le lengeloi e le hore Jehova a mo hlohonolofatse.

Na ka tsela e tšoanang le uena u etsa boiteko bo tiileng?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Moea o halalelang oa Molimo o ile oa thusa Bezaliele le Oholiabe hore ba ipabole