Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Letšolo le Khethehileng Lea Atleha Bulgaria

Letšolo le Khethehileng Lea Atleha Bulgaria

Letšolo le Khethehileng Lea Atleha Bulgaria

“Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.”—MAT. 9:37, 38.

RURI mantsoe ao a Jesu a loketse boemo ba Bulgaria, e leng naha e ntle e Hloahloeng ea Balkan, karolong e ka boroa-bochabela ea Europe! Ho hlile ho hlokahala basebetsi ba bangata ba ka bolellang baahi ba teng ba fetang limilione tse supileng litaba tse molemo. Ho na le bahoeletsi ba ka bang 1 700 Bulgaria, empa ha ba khone ho akaretsa tšimo ea bona. Kahoo, Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ea hore Lipaki tse buang Sebulgaria tse lulang linaheng tse ngata tsa Europe, li ee Bulgaria ho ea kenya letsoho letšolong le khethehileng ka 2009. Ho ne ho reriloe hore letšolo lena le nke libeke tse supileng nakong ea lehlabula ’me le ne le tla qetella ka hore ho tšoaroe Kopano ea Setereke ea “Le Lule le Lebetse!” e neng e tla tšoareloa Sofia, ka la 14-16 August, 2009.

Batho ba Tla ka Bongata bo Tšosang

Barab’abo rōna ba ofising ea lekala e Sofia ba ne ba ipotsa hore na ke batho ba bakae ba neng ba tla tla ba tsoa Fora, Jeremane, Greece, Italy, Poland le Spain. Ba ne ba tla lokela ho itefella litšenyehelo tsa ho ea Bulgaria ba be ba sebelise nako ea bona ea phomolo ho etsa mosebetsi oa boboleli. E ile ea e-ba ntho e thabisang haholo ha lenane la batho ba neng ba etsa likōpo le ntse le eketseha beke le beke ho fihlela le fihla ho batho ba 292! Kaha ke batho ba bangata ba neng ba batla ho ea Bulgaria, ho ne ho ka khoneha hore baithaopi bana ba romeloe litoropong tsa eona tse tharo: e leng Kazanlak, Sandanski le Silistra. Balebeli ba tsamaeang ba Bulgaria ba ile ba kōpa bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba sebakeng seo hore le bona ba tšehetse letšolo leo. Qetellong, baithaopi ba 382 ba ile ba bolela litaba tse molemo ka cheseho tšimong e neng e sebetsoa ngope’a-setšoha.

Barab’abo rōna ba liphuthehong tse haufi ba ile ba romeloa esale pele hore ba e’o hlophisa litaba tsa bolulo. Ba ile ba hira lifolete ba ba ba etsa kōpo ea bolulo lihoteleng tse neng li sa bitse chelete e ngata. Bara bana babo rōna ba ile ba sebetsa ka thata ho thusa baithaopi ha ba ntse ba fihla hore ba fumane bolulo le ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Ho ile ha hiroa libaka tseo ho tšoareloang liboka ho tsona litoropong tseo tse tharo. Ho ile ha etsoa litlhophiso tsa hore liboka tsa phutheho li tšoaroe ke barab’abo rōna ba baeti. E ne e le ntho e thabisang ho bona hore libakeng tseo ho tsona ho neng ho se na le Paki e le ’ngoe feela, bahoeletsi ba 50 ba ne ba kopana ho rorisa Jehova.

Cheseho ea batho ba neng ba tlile letšolong lena ba e-tsoa linaheng tse ling e ne e hlolla. Nakong ea lehlabula Bulgaria, mocheso o ka fihla likhatong tse 40 tsa Celsius. Leha ho le joalo, ho ne ho se letho le ka thibang bara le barali bana babo rōna ba chesehang. Libekeng tsa pele tse tharo ho ile ha fanoa ka bopaki bo phethahetseng Silistra, e leng motse o Nōkeng ea Danube, o nang le baahi ba fetang 50 000. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba ile ba sebetsa le metsaneng e haufi, ba ba ba fihla le Tutrakan, e leng motsana o lik’hilomithara li 55 ka bophirimela ho Silistra. Hangata ba ne ba qala mosebetsi oa boboleli ka 9:30 hoseng. Ka mor’a khefu ea lijo tsa motšehare ba ne ba atisa ho tsoela pele ho fihlela ka 7:00 mantsiboea kapa ka mor’a moo. Ka lebaka la cheseho e khōlō eo baithaopi ba neng ba e-na le eona, baboleli ba neng ba le Kazanlak le Sandanski le bona ba ile ba ea le metseng le metsaneng e haufi.

Ho Ile ha Finyelloa’ng?

Libekeng tsena tse supileng ho ile ha fanoa ka bopaki bo tsoileng matsoho. Joalokaha ho ile ha boleloa mehleng ea baapostola, baahi ba metse ena ba ne ba ka re, ‘Le tlatsitse motse oa rōna thuto ea lōna.’ (Lik. 5:28) Lipaki tse ileng tsa kenya letsoho letšolong lena li ile tsa tsamaisa limakasine tse 50 000 ’me tsa qalisa lithuto tsa Bibele tse 482. Se thabisang ke hore ka la 1 September, 2009, ho ile ha thehoa phutheho Silistra, ’me Kazanlak le Sandanski teng ho na le lihlopha. Ke ntho e thabisang ho bona batho ba ileng ba utloa litaba tse molemo ka lekhetlo la pele nakong ea letšolo lena ba tsoela pele hantle moeeng.

Bekeng ea pele ea letšolo lena, morali’abo rōna ea neng a e-tsoa Spain, ea buang se Bulgaria, ebile e le pula-maliboho ea khethehileng, o ile a pakela Karina, e leng mosali e mong oa Silistra ea neng a ntse a rekisa likoranta seterateng. Karina o ile a thabela seo a neng a se bolelloa, eaba o tla sebokeng. O ile a amohela thuto ea Bibele ntle ho tika-tiko. Kaha monna oa hae ha a lumele hore Molimo o teng, o ile a kōpa hore a khanneloe thuto ea Bibele serapeng sa boikhathollo. Barali ba hae ba babeli le bona ba ile ba kopanyelletsoa thutong ena ea Bibele. Morali oa hae e moholo e leng Daniela, o ne a ananela ’nete ea Bibele ka tsela e ikhethang. O ile a bala buka ea Seo Bibele e se Rutang ka beke e le ’ngoe feela eaba hang-hang o sebelisa seo Bibele e se buang mabapi le ho se sebelise litšoantšo borapeling. Ka mor’a moo o ile a qala ho bolella metsoalle ea hae ’nete. Libeke tse tharo feela ka mor’a hore a qale ho ea libokeng tsa phutheho, o ile a re ho morali’abo rōna ea neng a ba khannela thuto: “Ke ikutloa eka ke se ke le e mong oa lōna. Ke lokela ho etsa’ng e le hore le ’na ke qale ho etsa mosebetsi oa boboleli?” Daniela le ’mè oa hae le ngoan’abo ba ntse ba hatela pele hantle haholo.

Kazanlak teng, mora e mong oabo rōna oa Mobulgaria ea bitsoang Orlin, ea neng a tlile letšolong lena a e-tsoa Italy, o ne a khutlela moo a lulang teng ka mor’a ho sebetsa tšimong. Ha a ntse a le tseleng o ile a pakela bahlankana ba babeli ba neng ba lutse setulong serapeng sa boikhathollo. O ile a ba fa buka ea Seo Bibele e se Rutang a ba a etsa litokisetso tsa ho etsa leeto la ho boela letsatsing le hlahlamang. Ha a khutlela, Orlin o ile a qalisa thuto ea Bibele le Svetomir ’me thuto eo e ile ea boela ea tsoela pele le letsatsing le hlahlamang. Matsatsing a robong, Orlin o ile a ithuta le Svetomir ka makhetlo a robeli. Svetomir o ile a re: “Matsatsi a mabeli pele ke kopana le uena, ke ile ka rapela Molimo ka kōpa hore a nthuse hore ke mo tsebe. Ke ile ka mo tšepisa hore haeba a ne a ka nthusa, ke ne ke tla nehela bophelo ba ka ho eena.” Ka mor’a hore Orlin a khutlele Italy, barab’abo rōna ba sebakeng seo ba ile ba tsoela pele ho ithuta le Svetomir, ’me o phela tumellanong le seo a ithutang sona.

Batho ba Itelang ba Hlohonolofatsoa Haholo

Batho baa bao ka boitelo ba ileng ba sebelisa nako ea bona ea phomolo ba ba ba itefella litšenyehelo ho ea bolela litaba tse molemo naheng e ’ngoe ba ikutloa joang? Moholo e mong oa Spain o ile a ngola a re: “Letšolo lena le entse hore barab’abo rōna ba sebetsang tšimong ea Sebulgaria, Spain, ba momahane. Le amme barab’abo rōna ba ileng ba kenya letsoho ho lona haholo.” Banyalani ba bang ba Italy ba ile ba ngola ba re: “Ena e bile khoeli e monate ka ho fetisisa bophelong ba rōna!” Ba ile ba phaella ka ho re: “Letšolo lena le fetotse bophelo ba rōna! Hona joale ha re sa tšoana le pele.” Banyalani bana ba ile ba qala ho nahanisisa ka taba ea hore na ba ka fallela ruri Bulgaria ho ea sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba bangata. Morali e mong oabo rōna oa lesoha oa Spain eo ebileng e leng pula-maliboho oa kamehla ea bitsoang Carina, o ile a kenya letsoho letšolong lena ’me o ne a sebetsa Silistra. Ka mor’a moo, o ile a tlohela mosebetsi Spain ’me a fallela Bulgaria ho ea tšehetsa phutheho e ncha motseng oo. O ne a bokeletse chelete e neng e ka mo thusa hore a lule selemo Bulgaria. Mabapi le qeto eo a e entseng, Carina o re: “Ke thabile haholo hore ebe Jehova o ntumeletse hore ke sebeletse mona Bulgaria, ’me ke tšepa hore ke tla khona ho lula mona nako e telele. Ho se ho e-na le batho ba bahlano bao ke ithutang Bibele le bona ’me ba bararo ba bona ba ba teng libokeng.”

Morali e mong oabo rōna oa Italy o ne a batla ho kenya letsoho letšolong lena, empa kaha o ne a sa tsoa fumana mosebetsi o mocha, o ne a se na matsatsi a phomolo. Ha aa ka a tšaba ho kōpa hore a fuoe matsatsi a phomolo a etsang khoeli a sa lefshoe ’me o ne a ikemiselitse ho tlohela mosebetsi haeba kōpo ea hae e ne e sa amoheloe. O ile a makala ha mohiri oa hae a ne a re: “Ho lokile, empa u tla ea haeba feela u ka nthomella poskarete ha u fihla Bulgaria.” Morali eo oabo rōna o ne a lumela hore ruri Jehova o ne a arabetse lithapelo tsa hae.

Morali e mong oabo rōna e mocha lilemong ea bitsoang Stanislava, ea neng a tsoa motseng oa Varna, Bulgaria, a bile a sebetsa mosebetsi o lefang haholo, o ile a nka matsatsi a phomolo e le hore a kenye letsoho letšolong lena motseng oa Silistra. O ile a tšolla likeleli ha a ne a bona thabo ea bo-pula-maliboho ba bangata ba neng ba tlil’o bolela litaba tse molemo naheng ea habo e hōle. O ile a qala ho nahana hore na o ne a etsa’ng ka bophelo ba hae, ka hore ebe o ne a phehella mosebetsi lefatšeng. Ha a khutlela hae ka mor’a libeke tse peli, o ile a tlohela mosebetsi ’me ea e-ba pula-maliboho oa kamehla. Hona joale o ikutloa a thabile haholo, kaha o hopola ’Mōpi oa hae bocheng.—Moek. 12:1.

Ruri ho sebeletsa Jehova ka mafolofolo ke tlotla e khōlō! Ha ho letho leo u ka le etsang le molemo ho feta ho sebelisa nako le matla a hao mosebetsing oa bohlokoa oa ho ruta batho le ho ba bolella litaba tse molemo. Na ho na le litsela tseo uena ka bouena u ka eketsang seabo seo u bang le sona mosebetsing oo o pholosang bophelo? E ka ’na eaba naheng ea heno ho na le libaka tseo ho hlokahalang baboleli ba bangata ho tsona. Na u ka fallela sebakeng se joalo? Kapa mohlomong u ka ’na ua nahana ka taba ea ho ithuta puo e ’ngoe e le hore u thuse batho ba nyoretsoeng ’nete ea Bibele naheng ea heno. Ho sa tsotellehe hore na ke liphetoho life tseo u ka li etsang e le hore u eketse seabo seo u bang le sona boboleling, u ka kholiseha hore Jehova o tla u hlohonolofatsa haholo.—Liprov. 10:22.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 32]

Letsatsi le sa Lebaleheng

Bongata ba batho ba neng ba tsoa linaheng tsa Europe ba neng ba tlil’o kenya letsoho letšolong le khethehileng Bulgaria, ba ne ba rerile ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Le Lule le Lebetse!” e neng e tla tšoareloa Sofia. Bara le barali babo rōna ba sebakeng seo ba ile ba khothala haholo ha ba ne ba kopana le baeti ba bangata joalo ba neng ba tsoa linaheng tse fapa-fapaneng. Batho ba 2 039 ba neng ba tlile kopanong ba ile ba thaba hakaakang ha Mor’abo rōna Geoffrey Jackson oa Sehlopha se Busang a ne a lokolloa Bibele e feletseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Sebulgaria! Bohle ba neng ba le teng ka Labohlano leo ba ile ba bontša kananelo e tsoang botebong ba pelo ka ho opa liatla ka cheseho nako e telele. Ba bangata ba bile ba tšolla meokho ea thabo. Phetolelo ena e nepahetseng le eo ho leng bonolo ho e utloisisa e tla thusa batho ba Bulgaria ba lipelo li ntle hore ba tsebe Jehova.

[’Mapa o leqepheng la 30, 31]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

BULGARIA

SOFIA

Sandanski

Silistra

Kazanlak

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Libekeng tseo tse supileng ho ile ha fanoa ka bopaki bo tsoileng matsoho