Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“E Nthusa Hore ke Finyelle Batho Lipelo”

“E Nthusa Hore ke Finyelle Batho Lipelo”

“E Nthusa Hore ke Finyelle Batho Lipelo”

NAKONG e fetileng, ho ile ha tšoaroa seboka sa machaba se mabapi le litaba tsa sechaba, motseng oa Porto Alegre o karolong e ka boroa ea Brazil. Batho ba likete tse mashome ba tsoang linaheng tse 135 ba ile ba e-ba teng sebokeng seo. Nakong ea khefu, sehlopha sa Lipaki tsa phutheho e Porto Alegre, li ile tsa buisana le batho ba bangata ba neng ba tlile sebokeng seo, tsa ba bolella molaetsa oa ’Muso o ka Bibeleng. Li ile tsa buisana le bona joang?

Elizabete, eo e leng pula-maliboho, o re: “Re ile ra sebelisa bukana ea Good News for People of All Nations.” O ile a phaella ka ho re: “Batho ba bangata ba neng ba tlile sebokeng seo ba ne ba e-s’o ka ba utloa litaba tse molemo tsa ’Muso, empa ba ile ba thabela molaetsa oa rōna. Re ile ra buisana le batho ba neng ba tsoa Bolivia, Chaena, Fora, India, Iseraele le Nigeria. Re ne re e-na le lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tsa batho ba bang ba neng ba le sebokeng seo, ’me ba ile ba li thabela.”

Pula-maliboho e mong oa Mexico ea bitsoang Raúl le eena o atleha haholo ha a sebelisa bukana ena. Nakong e fetileng o ile a buisana le monna-moholo e mong oa Moarabo ea lilemo li 80, ea neng a sa tsoa hlokahalloa ke mosali. Ka mor’a hore monna-moholo eo a bale leqephe le fanang ka molaetsa oa ’Muso ka Searabo, o ile a ntša meokho ea thabo. Hobane’ng? O ile a angoa haholo ke tšepiso ea Molimo ea hore lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng e ho Tšenolo 21:3, 4, ha a ne a e bala ka puo ea habo. Ka lekhetlo le leng, ha Raúl a ne a ntse a fana ka bopaki bo sa reroang, o ile a kopana le monna e mong ea neng a bua Sepotoketsi. Monna eo le eena o ne a hlokahalletsoe ke motho eo a mo ratang—e leng mora oa hae. Raúl o ile a mo kōpa hore a bale leqephe le ngotsoeng ka Sepotoketsi bukaneng eo. Ka mor’a hore monna eo a le bale, o ile a bolela hore o batla ho ithuta Bibele haholoanyane a ba a lumela hore a khanneloe thuto ea Bibele.

Raúl o ’nile a sebelisa bukana ea Good News for People of All Nations ha a pakela batho ba buang Searmenia, Sechaena, Sefora, Sehindi, Sejeremane, Sekorea, Semixe, Senyesemane, Sepersia, Serussia le Sezapotec. O re: “Ke bone kamoo e leng habohlokoa kateng ho sebelisa bukana ena tšebeletsong ea ka. E nthusa hore ke finyelle batho lipelo le haeba ke sa tsebe lipuo tsa bona.”

Ha batho ba bangata ba ntse ba etela linaheng tse ling ’me ba bang ba lula teng, re ba le menyetla ea ho kopana le batho ba buang lipuo tse ling. Re tla khona ho ba bolella molaetsa oa ’Muso ha re sebelisa bukana ea Good News for People of All Nations. Na u lula u e nkile?

[Litšoantšo tse leqepheng la 32]

Raúl o nkile bukana e mo thusang hore a finyelle batho lipelo