Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Lula ke Phathahane Mokhatlong oa Jehova

Ke Lula ke Phathahane Mokhatlong oa Jehova

Ke Lula ke Phathahane Mokhatlong oa Jehova

Joalokaha ho boletse Vernon Zubko

KE HŌLETSE polasing haufi le motse oa Stenen o profinseng ea Saskatchewan, Canada. Batsoali ba ka, e leng Fred le Adella, ba ne ba sebetsa ka thata ho re hlokomela ka lintho tseo re neng re li hloka nameng le moeeng; ba ne ba hlokomela ’na le ausi oa ka, Aurellia, hammoho le banab’eso, e leng Alvin, Allegra le Daryl. Ho fihlela kajeno, re sa ntse re leboha batsoali ba rōna ka hore ebe ba ile ba re ruta ’nete.

Ntate, eo e neng e le Mokreste ea tlotsitsoeng, e ne e le ’moleli ea sebete oa evangeli. O ne a sebetsa ka thata ho iphelisa, empa o ne a boetse a etsa bonnete ba hore motho e mong le e mong oa tseba hore ke Paki. O ne a lula a bua ka ’nete. Ke tla lula ke hopola kamoo a neng a cheseha a bile a le sebete kateng. O ne a atisa ho re ho ’na, “Lula u phathahane mokhatlong oa Jehova ’me u tla qoba mathata a mangata.”

Hangata re ne re etsa mosebetsi oa ho paka seterateng Stenen le metseng e haufi. Hase kamehla ho neng ho le bonolo hore ke etse seo. Toropong e ’ngoe le e ’ngoe ho ne ho e-na le bo-’mampoli, ba neng ba e-tla ho rōna bana, ba tlil’o re soma. Ka lekhetlo le leng ha ke ne ke le lilemo li robeli, ke ne ke eme k’honeng ke nkile Molula-Qhooa le Tsoha! ha sehlopha sa bashanyana se ne se mpota-pota. Ba ile ba hlotha katiba ea ka e ncha hloohong eaba ba e hloma palong e neng e le haufi le ’na. Ka lehlohonolo, mora e mong oabo rōna ea hōlileng ea neng a ntse a mpehile leihlo, o ile a bona se neng se etsahala. O ile a tla eaba oa mpotsa, “Vern, ho etsahala’ng?” Ka potlako bashanyana bao ba ile ba tšola tlhako morong. Le hoja ketsahalo ena e ile ea nkutloisa bohloko, e ile ea nthuta hore ha motho a etsa mosebetsi oa ho paka seterateng, ha aa lokela ho ema nģa e le ’ngoe joaloka palo. Koetliso e joalo eo ke ileng ka e fumana ha ke sa ntse ke hōla, e ile ea boela ea etsa hore ke be le sebete se hlokahalang sa hore ke ee ka ntlo le ntlo.

’Na le Alvin re ile ra kolobetsoa ka May 1951. Ke ne ke le lilemo li 13. Ke sa ntse ho hopola hore Mor’abo rōna Jack Nathan, ea neng a fana ka puo ea kolobetso, o ile a re khothalletsa hore le ka mohla re se ke ra lumela hore khoeli e fete re sa bua ka Jehova. * Heso haesale ho nkoa hore tšebeletso ea bopula-maliboho ke mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo motho a neng a ka o etsa. Kahoo, ha ke qeta sekolong ka 1958, ke ile ka ea Winnipeg, Manitoba, ho ea bula maliboho. Le hoja Ntate a ne a thabela hore ebe ke ne ke sebetsa le eena khoebong ea lelapa moo ke neng ke kutlula mapolanka, eena le ’Mè ba ne ba nkhothalletsa ka matla hore ke be tšebeletsong ea nako e tletseng ’me ba ile ba ntšehetsa ha ke ne ke e-ea Winnipeg.

Lehae le Lecha le Mosebetsi-’moho e Mocha

Ka 1959 ofisi ea lekala e ile ea kōpa hore mang kapa mang ea neng a ka rata ho fallela Quebec moo ho neng ho hlokahala baboleli ba bangata ba evangeli, a etse joalo. Ke ile ka ea bula maliboho Montreal. Eo e bile phetoho e kaakang! E ne e le ntho e ncha bophelong ba ka, ha ke ntse ke ithuta Sefora ke bile ke leka ho tloaela mokhoa o mocha oa bophelo. Molebeli oa rōna oa potoloho o ile a re ho ’na, “Le ka mohla u se ke ua re, ‘Rōna haeso koana re ne re etsa lintho tjena.’” Eo e ne e le keletso e molemo.—1 Bakor. 9:22, 23.

Ha ke ne ke e-ea Quebec ho ne ho se na motho eo ke neng ke bula maliboho le eena. Leha ho le joalo, morali’abo rōna ea neng a le mocha lilemong, ea bitsoang Shirley Turcotte, eo ke neng ke ile ka kopana le eena pejana Winnipeg, e ile ea e-ba mosebetsi-’moho le ’na ho ea ho ile ha re ne re nyalana ka February 1961. Le eena o ne a tsoa lelapeng le neng le rata Jehova. Le hoja ka nako eo ke ne ke sa hlokomele, o ile a ’matlafatsa le ho nkhothatsa haholo ha lilemo li ntse li feta.

Leeto la Boboleli Hloahloeng ea Gaspé

Ka mor’a lilemo tse peli re nyalane, re ile ra khethoa hore re be bo-pula-maliboho ba khethehileng Rimouski, Quebec. Nakong e latelang ea selemo, ofisi ea lekala e ile ea re kōpa hore re nke leeto la boboleli ho pholletsa le Hloahloa ea Gaspé, ho thatika le lebōpo le ka bochabela la leoatle, Canada. Mosebetsi oa rōna e ne e le hore re jale peō ea ’nete e ngata kamoo ho neng ho ka khoneha. (Moek. 11:6) Re ile ra laela limakasine tse fetang 1 000 le libuka tse ka bang 400 koloing ea rōna, hammoho le lijo le liaparo, eaba re kena leetong la boboleli le ileng la nka khoeli kaofela. Re ile ra sebetsa metsana eohle e Gaspé ka ho latellana. Seea-le-moea sa moo se ile sa lemosa batho hore Lipaki li ne li e-tla, sa ba sa ba bolella hore ba se ke ba amohela lingoliloeng tsa rōna. Leha ho le joalo, baahi ba bangata ba ne ba sa utloisisa tsebiso hantle ’me ba ile ba utloa eka e ne e buella lingoliloeng tsa rōna, kahoo ba ile ba li amohela.

Lilemong tseo, bolokolohi ba ho etsa mosebetsi oa boboleli e ne e le ntho e ncha likarolong tse ling tsa Quebec, kahoo mapolesa a ne a atisa ho re emisa. Sena se ile sa etsahala motseng o mong moo re neng re ntse re tsamaisa lingoliloeng hoo e ka bang ntlong e ’ngoe le e ’ngoe. Lepolesa le leng le ile la kōpa hore re ee le lona seteisheneng sa mapolesa, eaba rea lumela. Ke ile ka fumana hore ’muelli oa molao oa motseng oo o ne a ntšitse taelo ea hore re thibeloe ho etsa mosebetsi oa boboleli. Kaha mookameli oa mapolesa o ne a le sieo letsatsing leo, ke ile ka fa ’muelli eo oa molao lengolo le neng le tsoa ofising ea lekala Toronto, le neng le hlalosa ka botlalo tokelo eo re nang le eona ea ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ka mor’a hore ’muelli eo a bale lengolo leo, ka potlako o ile a re: “Bona, ha ke batle ho kena mathateng. Ke moruti oa pharishe ea itseng ke le thibe.” Kaha re ne re batla hore batho ba sebakeng seo ba hlokomele hore mosebetsi oa rōna o molaong, hang-hang re ile ra khutlela moo mapolesa a ileng a re thiba re le teng eaba re tsoela pele ka tšebeletso ea rōna.

Hoseng ha letsatsi le hlahlamang ha re ne re khutlela ho ea kopana le mookameli oa mapolesa, o ile a halefa ha a utloa hore re ile ra thibeloa ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ekare u ka be u ile ua utloa kamoo a ileng a bua le ’muelli eo oa molao kateng fonong! Mookameli eo o ile a re bolella hore haeba re ne re ka thulana le mathata, re letsetse eena ’me o ne a tla sebetsa taba eo. Le hoja re ne re se baahi ba moo re bile re sa tsebe Sefora hantle, batho ba ne ba le mosa ba bile ba re amohela ka mofuthu. Empa re ile ra ipotsa, ‘Na ebe ba tla ke ba tsebe ’nete?’ Re ile ra fumana karabo lilemo hamorao ha re ne re khutlela Gaspé ho ea haha Liholo Tsa ’Muso. Re ile ra fumana hore batho ba bangata bao re neng re ile ra ba pakela e ne e se e le barab’abo rōna. Ka sebele, Jehova ke eena ea hōlisang.—1 Bakor. 3:6, 7.

Re Fumana Lefa

Morali oa rōna, Lisa, o ile a hlaha ka 1970. Re ile ra thaba haholo ha re fumana lefa lena le tsoang ho Jehova. Shirley le Lisa ba ne ba sebetsa le ’na mosebetsing oa ho haha Liholo Tsa ’Muso. Ha Lisa a qeta sekolong, o ile a re: “’Mè le Ntate, kaha ke le tlohelisitse tšebeletso ea nako e tletseng ka nakoana, ke tla leka ho lefeletsa nako eo ka ho ba pula-maliboho.” Ho se ho fetile lilemo tse 20 Lisa e le pula-maliboho, empa hona joale o se a bula maliboho le monna oa hae, Sylvain. Ba bile le tlotla ea ho sebetsa hammoho mererong e mengatanyana ea kaho linaheng tse ling. Re le lelapa, sepheo sa rōna ke hore re se ke ra ikimetsa bophelong le hore re lule re le malala-a-laotsoe hore Jehova a re sebelise. Ha ke e-s’o lebale mantsoe ao Lisa a ileng a a bua ha a ne a qala ho bula maliboho. Ha e le hantle, o ile a ntšusumelletsa hore ke khutlele tšebeletsong ea nako e tletseng ka 2001, ’me haesale ke bula maliboho ho tloha ka nako eo. Le hona joale bopula-maliboho bo sa ntse bo nthuta hore ke tšepe Jehova nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e etsang le hore ke phele bophelo bo khotsofatsang le bo thabisang empa ke sa ikimetse ka letho.

Ho Hlokahala Lerato le Botšepehi Mesebetsing ea Kaho

Jehova o nthutile hore haeba re lula re le malala-a-laotsoe hore a re sebelise ’me re amohela mosebetsi ofe kapa ofe oo a re fang oona, ho na le melemo e mengata eo re ka e fumanang. Ho sebetsa Komiting ea Kaho ea Lebatooa le ho sebetsa hammoho le bara le barali beso mesebetsing ea kaho ho pholletsa le Quebec le libakeng tse ling, ke tlotla e khōlō.

Le hoja e ka ’na eaba baithaopi ba bang hase likheleke ha ba fana ka lipuo sethaleng, mosebetsing oa ho haha Liholo Tsa ’Muso teng baa ipabola. Baithaopi bana ba ratehang ba ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa bona, ’me litalenta tsa bona lia bonahala. Kamehla litholoana tsa mosebetsi oa bona e ba mohaho o motle o sebelisoang borapeling ba Jehova.

Ke ’nile ka botsoa, “Ke makhabane afe a bohlokoa ao moithaopi ea sebetsang mosebetsing oa ho haha Liholo Tsa ’Muso a lokelang ho ba le ’ona?” Ho ea ka seo ke se hlokometseng, pele ho tsohle, motho o tlameha ho rata Jehova le Mora oa hae hammoho le mokhatlo oohle oa bara ba motho. (1 Bakor. 16:14) Ntho ea bobeli e hlokahalang ke botšepehi. Ha lintho li sa tsamaee ka tsela eo re e batlang—e leng seo joang kapa joang se tla etsahala—motho ea tšepahalang o tla tsoela pele ho latela tataiso ea mokhatlo, ’me botšepehi boo bo tla mo susumelletsa hore a ithaopele ho sebetsa mesebetsing ea kaho ea nakong e tlang.

Ke Leboha Jehova

Le hoja Ntate a ile a hlokahala ka 1985, nke ke ka lebala keletso eo a ileng a mpha eona ea hore ke lule ke phathahane mokhatlong oa Jehova. Ha ho pelaelo hore le eena o phathahane joaloka ka ba bang ba seng ba fumane likabelo tsa bona karolong e leholimong ea mokhatlo oa Jehova. (Tšen. 14:13) ’Mè o se a le lilemo li 97. Kaha o ile a otloa ke seterouku, ha a khone ho bua hantle joaloka pele; ho ntse ho le joalo, o ntse a tseba Bibele. Mangolong ao a re ngollang ’ona, o qotsa litemana ’me o re khothalletsa hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova ka botšepehi. Ruri re leboha haholo hore ebe re bile le batsoali ba lerato joalo!

Ke boetse ke leboha Jehova ka Shirley, molekane oa ka ea tšepahalang. O lula a hopola keletso ena eo ’mè oa hae a ileng a mo fa eona, “Vern o tla lula a phathahane haholo ’neteng, ’me u tla tlameha ho ithuta ho mo arolelana le batho ba bang.” Ha re ne re nyalana lilemong tse 49 tse fetileng, re ile ra itlama hore re ne re tla phela hammoho ho fihlela botsofaling, re sebeletse Jehova, ’me haeba bobeli ba rōna re pholoha bofelo ba tsamaiso ena, re ne re tla nchafala hammoho re be re tsoele pele re mo sebeletsa ka ho sa feleng. Ka sebele, re bile ‘le ho hongata hoo re ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (1 Bakor. 15:58) Ruri Jehova o re hlokometse a ba a etsa bonnete ba hore le ka mohla ha re haelloe ke letho le molemo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Sheba Molula-Qhooa oa September 1, 1990, leqepheng la 10-14, hore u bale pale ea bophelo ea Jack Halliday Nathan.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

“Re le lelapa, sepheo sa rōna ke hore re se ke ra ikimetsa bophelong le hore re lule re le malala-a-laotsoe hore Jehova a re sebelise”