Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mabaka ao re Ipehelang ’Ona—Jehova o a Talima Joang?

Mabaka ao re Ipehelang ’Ona—Jehova o a Talima Joang?

Mabaka ao re Ipehelang ’Ona—Jehova o a Talima Joang?

MONNA o ile a re: “Mosali eo u faneng ka eena hore a be le ’na, o mphile tholoana ea sefate kahoo ke e jele.” Mosali eena o ile a araba ka ho re: “Noha—e nthetsitse kahoo ke jele.” Mantsoe ana ao batsoali ba rōna ba pele e leng Adama le Eva ba ileng ba a bolella Molimo, e ile ea e-ba qaleho ea nako e telele eo batho ba ’nileng ba ipehela mabaka ka eona.—Gen. 3:12, 13.

Kahlolo eo Jehova a ileng a e fa Adama le Eva ka lebaka la ho tlōla molao oa hae ka boomo, e ile ea totobatsa hore o ne sa amohele mabaka ao ba neng ba ipehela ’ona. (Gen. 3:16-19) Na joale re lokela ho fihlela qeto ea hore Jehova ha a amohele mabaka ’ohle ao motho a a behang? Kapa o nka hore mabaka a mang aa utloahala? Haeba ho joalo, re ka tseba phapang joang pakeng tsa mabaka a utloahalang le a sa utloahaleng? Hore re fumane karabo, a re qaleng ka ho hlalosa hore na ho ipehela lebaka ho bolela’ng.

Ha motho a ipehela lebaka, ke ha a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a entse ntho, a sa e etsa kapa a ke ke a e etsa. Ho ipehela lebaka e ka ’na ea e-ba ho fana ka tlhaloso e utloahalang ea hore na ke hobane’ng ha motho a sa etsa ntho e itseng ’me e ka ’na ea e-ba ho kōpa tšoarelo e le kannete e leng ho ka etsang hore a hauheloe kapa a tšoareloe. Leha ho le joalo, joalokaha ho ile ha etsahala ka Adama le Eva, ho ipehela mabaka e ka ’na ea e-ba moritaoke feela kapa boikemelo ba bohata e le ho leka ho pata lebaka la ’nete. Kaha hangata ho ipehela mabaka ke ntho e joalo, ka tloaelo batho ba belaella motho ea ipehelang mabaka.

Ha re ipehela mabaka—haholo-holo mabapi le tšebeletso ea rōna ho Molimo—re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra “ithetsa ka monahano oa bohata.” (Jak. 1:22) Kahoo, a re tšohleng mehlala le melao-motheo e seng mekae ea Bibele e tla re thusa hore ‘re ’ne re nepisise hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.’—Baef. 5:10.

Seo Molimo a Lebeletseng Hore re se Etse

Lentsoeng la Molimo re fumana litaelo tse tobileng tseo ho hlokahalang hore re li boloke kaha re batho ba Jehova. Ka mohlala, taelo ea Kreste e reng, “e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa,” e ntse e sebetsa ho balateli bohle ba ’nete ba Kreste. (Mat. 28:19, 20) Ha e le hantle, ho phetha taelo eo ke habohlokoa hoo moapostola Pauluse a ileng a re: “Ho malimabe ’na haeba ke sa ka ka bolela litaba tse molemo!”—1 Bakor. 9:16.

Leha ho le joalo, batho ba bang bao e leng khale ba ithuta Bibele le rōna ba sa ntse ba tsilatsila ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mat. 24:14) Ba bang bao pele ba neng ba kopanela mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo ba khaolitse ho li bolela. Ka linako tse ling batho ba sa kopaneleng mosebetsing oa ho bolela ba fana ka mabaka afe? Nakong e fetileng Jehova o ile a etsa’ng ha batho ba itseng ba ne ba tsilatsila ho mamela litaelo tsa hae tse tobileng?

Mabaka ao Molimo a sa a Amoheleng

“Ke mosebetsi o boima haholo.” Ho ka ’na ha bonahala eka ho kopanela mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo ke mosebetsi o boima haholo, haholo-holo ho batho ba lihlong. Leha ho le joalo, nahana hore na ke eng eo re ka ithutang eona mohlaleng oa Jonase. O ile a fuoa mosebetsi oo a neng a o nka o le boima haholo—Jehova o ile a re a phatlalatse hore Ninive e ne e le haufi le ho timetsoa. Hoa hlaka hore na ke hobane’ng ha Jonase a ile a bona ho le boima ho phetha mosebetsi oo. Ninive e ne e le motse-moholo oa Assyria, ’me Baassyria ba ne ba tumme ka hore ke batho ba sehlōhō haholo. E ka ’na eaba Jonase o ile a ipotsa: ‘Ebe ho tla etsahala’ng ka ’na har’a batho bao? Ba tla nketsa’ng?’ Ntle ho tšenyo ea nako o ile a baleha. Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a amohela lebaka leo Jonase a ileng a ipehela lona. Ho e-na le hoo, Jehova o ile a boela a mo laela hore a e’o bolella Baninive molaetsa. Lekhetlong lena Jonase o ile a phetha mosebetsi oa hae ka sebete ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa.—Jon. 1:1-3; 3:3, 4, 10.

Haeba u nahana hore mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o boima haholo hore u ka o etsa, u hopole hore “lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Mar. 10:27) U ka kholiseha hore Jehova o tla u matlafatsa ha u ntse u tsoela pele ho kōpa thuso ea hae ebile o tla u hlohonolofatsa ha u iteta sebete ho etsa mosebetsi oa boboleli.—Luka 11:9-13.

“Ha ke batle ho o etsa.” U ka etsa’ng haeba u sa labalabele ho etsa tšebeletso ea hao ea Bokreste? Hopola hore Jehova a ka sebetsa ka ho uena a ba a u susumetsa. Pauluse o ile a re: “Molimo ke eena eo, ka lebaka la ho khahloa ha hae, a sebetsang ho lōna e le hore le rate le be le sebetse.” (Bafil. 2:13) Kahoo, u ka kōpa Jehova hore a etse hore u batle ho etsa thato ea hae. Ke sona seo Morena Davida a ileng a se etsa. O ile a kōpa Jehova ka tieo a re: “Ntsamaise ’neteng ea hao.” (Pes. 25:4, 5) Le uena u ka etsa se tšoanang ka hore u rapele ka tieo hore Jehova a etse hore u batle ho etsa se mo khahlisang.

Ke ’nete hore ka linako tse ling ha re khathetse kapa re nyahame re ka ’na ra tlameha ho iqobella hore re ee libokeng Holong ea ’Muso kapa re kopanele tšebeletsong. Haeba ho le joalo, na joale re lokela ho etsa qeto ea hore ha re rate Jehova e le kannete? Le hanyenyane. Bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba nakong e fetileng le bona ba ile ba lokela ho loana ka thata e le hore ba etse thato ea Molimo. Ka mohlala, Pauluse o ile a re o ne a ‘teteka ’mele oa hae’ ka tsela ea tšoantšetso, e le hore a ka mamela litaelo tsa Molimo. (1 Bakor. 9:26, 27) Kahoo esita le haeba re ka lokela ho iqobella hore re etse tšebeletso ea rōna, re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa. Hobane’ng? Kaha re tla be re iqobella ho etsa thato ea Molimo ka lebaka le utloahalang—hobane re rata Jehova. Ka ho etsa joalo, re fana ka karabo qosong ea Satane ea hore bahlanka ba Molimo ba ne ba tla Mo hlanohela ha ba lekoa.—Jobo 2:4.

“Ha ke na nako.” Haeba u sa kopanele tšebeletsong hobane u nka hore ha u na nako, ke habohlokoa haholo hore u hlahlobe lintho tseo u li etelletsang pele bophelong ba hao. Jesu o ile a re: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele.” (Mat. 6:33) E le hore u latele molao-motheo oo, u ka ’na ua lokela ho nolofatsa tsela eo u phelang ka eona kapa u fokotse nako eo u e qetang boithabisong ebe u e sebelisa tšebeletsong. Ke ’nete hore boithabiso le lintho tse ling tsa botho lia hlokahala, empa hase lebaka le utloahalang la ho hlokomoloha tšebeletso ea rōna. Mohlanka oa Molimo o etelletsa ’Muso pele bophelong ba hae.

“Ha ke tšoanelehe.” U ka ’na ua ikutloa eka ha u tšoanelehe ho ba ’moleli oa litaba tse molemo. Bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Jehova ba mehleng ea Bibele ba ne ba ikutloa ba sa tšoanelehe ho etsa mesebetsi eo Jehova a neng a ba file eona. Nahana ka mohlala oa Moshe. Ha Jehova a ne a mo fa taelo e tobileng, Moshe o ile a re: “Ntšoarele, Jehova, empa ha ke motho ea buang ka mokhoa o phollatsi, leha e le ho tloha maobane kapa ho tloha pele ho moo kapa ho tloha ha u bua le mohlanka oa hao, etsoe ke molomo o boima ’me ke leleme le boima.” Le hoja Jehova a ile a mo khothatsa, Moshe o ile a araba a re: “Ntšoarele, Jehova, empa ka kōpo romela ka letsoho la eo u tla mo romela.” (Ex. 4:10-13) Jehova o ile a etsa’ng?

Jehova ha aa ka a re Moshe a tlohele ho etsa mosebetsi oo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a khetha Arone hore a thuse Moshe ho o etsa. (Ex. 4:14-17) Ho feta moo, lilemong tse ileng tsa latela Jehova o ile a tšehetsa Moshe a ba a mo fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e hloka e le hore a atlehe ho phetha mesebetsi eo Molimo a neng a mo file eona. Kajeno, le uena u ka kholiseha hore Jehova o tla susumetsa balumeli-’moho le uena ba nang le boiphihlelo hore ba u thuse ho phetha tšebeletso ea hao. Ka holimo ho tsohle, Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore Jehova o tla etsa hore re tšoanelehe ho etsa mosebetsi oo a re laetseng hore re o etse.—2 Bakor. 3:5; sheba lebokose le nang sehlooho se reng,  “Lilemo Tse Thabisang ka ho Fetisisa Bophelong ba Ka.”

“Ho na le motho ea nkutloisitseng bohloko.” Batho ba bang ba khaotsa ho kopanela tšebeletsong kapa ho ea libokeng tsa phutheho hobane ba re ho na le motho ea ba utloisitseng bohloko, ’me ba nka hore Jehova o tla utloisisa lebaka leo la hore ebe ba khaolitse tšebeletso ea bona ea Bokreste. Le hoja e le ntho e utloahalang ho utloa bohloko ha motho e mong a re utloisa bohloko, na leo ke lebaka le utloahalang la ho khaotsa ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste? E ka ’na eaba Pauluse le molumeli-’moho le eena Barnabase ba ile ba utloa bohloko ka mor’a hore ho se lumellane ka maikutlo ho ileng ha e-ba teng pakeng tsa bona ho felle ka hore ho be le “ho phatloha ho hoholo ka bohale.” (Lik. 15:39) Empa na ho bona ho na le ea ileng a khaotsa ho kopanela tšebeletsong ka lebaka la ketsahalo eo? Che ha ho joalo!

Ka ho tšoanang, ha u utloisitsoe bohloko ke molumeli-’moho le uena, u hopole hore sera sa hao hase mor’eno oa Mokreste ea sa phethahalang empa Satane ea batlang ho u harola, ke eena sera. Leha ho le joalo, Diabolose a ke ke a atleha haeba u ‘ema khahlanong le eena, u tiile tumelong.’ (1 Pet. 5:8, 9; Bagal. 5:15) Haeba u e-na le tumelo e joalo, le ka mohla u ke ke ua “soetseha.”—Bar. 9:33.

Re ka Etsa’ng Haeba re sa Khone ho Etsa ho Hongata?

Mehlaleng ena e seng mekae ea mabaka ao batho ba ka ipehelang ’ona, hoa hlaka hore ha ho na mabaka a utloahalang a Mangolo a ho se phethe litaelo tse tobileng tsa Jehova, ho akarelletsa le taelo ea ho bolela litaba tse molemo. Ho ntse ho le joalo, re ka ’na ra ba le mabaka a utloahalang a ho se khone ho etsa ho hongata tšebeletsong ea rōna. Boikarabelo bo bong ba Mangolo bo ka ’na ba fokotsa nako eo re ka e sebelisang mosebetsing oa boboleli. Hape, ka linako tse ling re ka ’na ra khathala haholo kapa ra kula haholo hoo re ka sitoang ho etsa ho hongata kamoo re neng re ka rata kateng tšebeletsong ea Jehova. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo lea re tiisetsa hore Jehova o tseba hore na ke sefe seo re hlileng re batlang ho se etsa ’me o ela mefokolo ea rōna hloko.—Pes. 103:14; 2 Bakor. 8:12.

Kahoo, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra ikahlola kapa ra ahlola ba bang ka thata litabeng tsena. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “U mang hore u ahlole mohlanka oa ntlo oa e mong? Ho mong’a hae oa ema kapa oa oa.” (Bar. 14:4) Ho e-na le ho bapisa boemo ba rōna le ba batho ba bang re lokela hopola hore “e mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo.” (Bar. 14:12; Bagal. 6:4, 5) Ha re rapela Jehova ’me re mo bolella mabaka a rōna, e mong le e mong oa rōna o lokela ho etsa joalo ka ‘letsoalo le tšepahalang.’—Baheb. 13:18.

Ke Hobane’ng ha ho Sebeletsa Jehova ho re Thabisa

Kaofela ha rōna re ka sebeletsa Jehova ka lipelo tse thabileng hobane kamehla seo a se hlokang sea utloahala ebile re ka khona ho se phetha—ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna ke afe bophelong. Ke hobane’ng ha re ka rialo?

Lentsoe la Molimo le re: “U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang, ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.” (Liprov. 3:27) Ke ntho efe eo u e hlokometseng maeleng aa mabapi le seo Molimo a se hlokang? Jehova ha a u laele hore u leke ho ipapisa le se matleng a letsoho la mor’eno empa hore u mo sebeletse ka se “matleng a letsoho la hao.” Ka sebele, e mong le e mong oa rōna a ka sebeletsa Jehova ka pelo eohle—ho sa tsotellehe hore na letsoho la hae le fokola hakae kapa le matla hakae.—Luka 10:27; Bakol. 3:23.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14]

 “Lilemo Tse Thabisang ka ho Fetisisa Bophelong ba Ka”

Esita le haeba re fokola haholo ’meleng kapa maikutlong, ha rea lokela ho tatela ho etsa qeto ea hore seo se tla re thibela ho kopanela ka botlalo tšebeletsong. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahalla Ernest, e leng mor’abo rōna oa Mokreste oa Canada.

Ernest o ne a e-na le bothata ba ho bua a bile a le lihlong haholo. Ka mor’a hore a holofale hampe mokokotlong, o ile a tlameha ho tlohela mosebetsi oa hae oa ho haha. Le hoja a ne a holofetse, boemo bona ba hae bo bocha bo ile ba mo fa monyetla oa ho qeta nako e ngata tšebeletsong. Ha batho ba ne ba khothalletsoa hore e be bo-pula-maliboho ba thusang libokeng tsa phutheho, seo se ile sa etsa hore a labalabele ho etsa joalo. Leha ho le joalo, o ne a ikutloa a sa tšoanelehe ho etsa tšebeletso ea mofuta oo.

E le ho tiisa hore o ne a ke ke a khona ho ba pula-maliboho ea thusang, o ile a bo nka ka khoeli e le ’ngoe. O ile a makala haholo ha a ne a khona ho finyella sepheo sa hae ka katleho. Joale o ile a re, ‘Kea tseba hore nke ke ka hlola ke se finyella.’ E le ho tiisa seo, o ile a bo nka hape khoeling ea bobeli—’me o ile a boela a finyella sepheo sa hae.

Ernest o ile a qeta selemo a sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang, empa o ile a re, “Ke tseba hantle hore ha ho mohla nka khonang ho ba pula-maliboho oa kamehla.” E le ho tiisa seo, o ile a boela a nka tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla. O ile a makala ha a ne a khona ho qeta selemo sa pele e le pula-maliboho oa kamehla. O ile a etsa qeto ea ho tsoela pele ’me o ile a hlohonolofatsoa ka ho thabela ho sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla ka lilemo tse peli, ho fihlela ha a ne a hlokahala ka lebaka la mathata a neng a bakoa ke ho holofala ha hae. Leha ho le joalo, pele a hlokahala o ne a atisa ho bolella batho ba neng ba mo etela a tletse likhapha ka mahlong ho re, “Lilemo tseo ke li qetileng ke sebeletsa Jehova ke le pula-maliboho e ne e le tse thabisang ka ho fetisisa bophelong ba ka.”

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Re ka hlōla mathata leha e le afe a ka re sitisang ho kopanela tšebeletsong

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Jehova oa thaba ha re mo sebeletsa ka lipelo tsohle ka hore re etse sohle seo maemo a rōna a re lumellang hore re se etse