Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Kenya Letsoho ho Etsa Hore Liboka Tsa Bokreste e be Tse Hahang?

Na U Kenya Letsoho ho Etsa Hore Liboka Tsa Bokreste e be Tse Hahang?

Na U Kenya Letsoho ho Etsa Hore Liboka Tsa Bokreste e be Tse Hahang?

“Ha le phutheha, . . . lintho tsohle li ke li etsahale bakeng sa ho haha.”—1 BAKOR. 14:26.

1. Ho ea ka 1 Bakorinthe khaolo ea 14, sepheo se seholo sa liboka tsa Bokreste ke sefe?

‘LIBOKA tsa kajeno e bile tse hahang haholo!’ Na u kile ua bua joalo ka mor’a hore u be teng libokeng Holong ea ’Muso? Ha ho pelaelo hore ho joalo! Ka sebele liboka tsa phutheho lia khothatsa, empa seo hase makatse. Etsoe joaloka mehleng ea Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, sepheo se seholo sa liboka tsa rōna kajeno ke ho matlafatsa bohle ba teng ho tsona tumelong. Hlokomela kamoo moapostola Pauluse a hatisang sepheo seo sa liboka tsa Bokreste kateng lengolong la hae la pele leo a neng a le ngoletse Bakorinthe. Khaolong eohle ea 14, khafetsa o bolela hore puo e ’ngoe le e ’ngoe e fanoang libokeng tsa phutheho e lokela ho fanoa ka sepheo se tšoanang—e leng “ho haha phutheho.”—Bala 1 Bakorinthe 14:3, 12, 26. *

2. (a) Ke eng e etsang hore liboka e be tse hahang? (b) Re tla tšohla potso efe?

2 Pele ho tsohle, rea hlokomela hore tšusumetso ea moea oa Molimo ke eona e etsang hore liboka e be tse hahang kapa tse matlafatsang. Ka lebaka leo, re qala seboka se seng le se seng sa phutheho ka ho rapela Jehova ho tsoa botebong ba pelo, re kōpa Ntate oa rōna ea leholimong hore a hlohonolofatse liboka tsa rōna ka moea oa hae o halalelang. Ho ntse ho le joalo, rea tseba hore litho tsohle tsa phutheho li ka kenya letsoho ho etsa hore liboka e be tse hahang ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng. Kahoo, ke mehato efe eo e mong le e mong oa rōna a ka e nkang ho tiisa hore kamehla liboka tsa beke le beke tse tšoareloang Holong ea rōna ea ’Muso li khatholla moeeng ebile lia khothatsa?

3. Liboka tsa Bokreste ke tsa bohlokoa hakae?

3 E le ho araba potso eo, re tla hlahloba likarolo tse itseng tsa liboka tsa rōna tseo barab’abo rōna ba lokelang ho li hopola ha ba li tsamaisa. Re tla boela re tšohle hore na phutheho ka kakaretso e ka kenya letsoho joang ho etsa hore liboka li matlafatse bohle ba bang teng ho tsona. Taba ena ke ea bohlokoa haholo hobane liboka tsa rōna lia halalela. Ka sebele, ho ba teng libokeng le ho kenya letsoho ho tsona ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna ho Jehova.—Pes. 26:12; 111:1; Esa. 66:22, 23.

Seboka Seo Morero oa Sona e Leng ho Ithuta Bibele

4, 5. Morero oa Thuto ea Molula-Qhooa ke ofe?

4 Kaofela ha rōna re batla hore Thuto ea Molula-Qhooa ea beke le beke e re tsoele molemo ka botlalo. Kahoo, e le hore re utloisise ka ho hlaka morero o ka sehloohong oa seboka seo, a re ke re hlahlobeng liphetoho tse ling tse entsoeng makasineng ea Molula-Qhooa le lihloohong tse ithutoang.

5 Ho qala ka khatiso ea pele ea Molula-Qhooa o ithutoang, oa January 15, 2008, ho na le ntho ea bohlokoa e ileng ea kenyelletsoa leqepheng le ka holimo. Na u e hlokometse? Ak’u shebisise makasine eo u e tšoereng. U tla hlokomela hore ka tlas’a tora, ho na le Bibele e phetliloeng. Karolo eo e ncha e hatisa hore na ke hobane’ng ha re e-na le Thuto ea Molula-Qhooa. Ke hore re ithute Bibele re sebelisa makasine ena. Ka sebele, Thutong ea rōna ea Molula-Qhooa ea beke le beke, Lentsoe la Molimo lea “qaqisoa,” ’me joaloka mehleng ea Nehemia oa boholo-holo, le “kenngoa moelelo.”—Neh. 8:8; Esa. 54:13.

6. (a) Ke phetoho efe e ileng ea etsoa Thutong ea Molula-Qhooa? (b) Re lokela ho hopola’ng mabapi le mangolo ao ho thoeng a ‘baloe’?

6 Kaha Bibele ke buka e ka sehloohong eo re ithutang eona, ho ile ha etsoa phetoho Thutong ea Molula-Qhooa. Ho ngotsoe hore mangolo a ’maloa a sa qotsoang a ‘baloe.’ Kaofela ha rōna re khothalletsoa hore re bale mangolo ana Libibeleng tsa rōna nakong ea seboka. (Lik. 17:11) Hobane’ng? Ha re bona keletso ea Molimo Libibeleng tsa rōna, e re ama lipelo haholo. (Baheb. 4:12) Ka lebaka leo, pele mangolo ao a balloa holimo, mokhanni oa seboka o lokela ho fa bohle ba teng nako e lekaneng ea hore ba phetle mangolo ana ’me ba tsamaisane le motho ea a balang.

Re ba le Nako e Ngatanyana ea ho Bolela Tumelo ea Rōna

7. Nakong ea Thuto ea Molula-Qhooa re ba le monyetla oa ho etsa’ng?

7 Ntho e ’ngoe e fetotsoeng lihloohong tse ithutoang tsa Molula-Qhooa ke bolelele ba tsona. Lilemong tsa morao tjena li khutšoanyane. Kahoo, nakong ea Thuto ea Molula-Qhooa, ho sebelisoa nako e khutšoanyane ho bala lirapa ’me nako e ngatanyana e sebelisetsoa ho fana ka litlhaloso. Batho ba bangata ka phuthehong ba ba le monyetla oa hore ba bolele tumelo ea bona phatlalatsa ka ho araba potso e ngotsoeng, ka ho bontša hore na lengolo le sebetsa joang, ka ho pheta phihlelo e bontšang hore na ke hobane’ng ha ho le bohlale ho latela melao-motheo ea Bibele kapa ka litsela tse ling. Nako e ’ngoe e lokela ho sebelisetsoa ho tšohla litšoantšo.—Bala Pesaleme ea 22:22; 35:18; 40:9.

8, 9. Mosebetsi oa mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa ke eng?

8 Leha ho le joalo, nako eo e ngatanyana e tla ba teng haeba feela batho ba fana ka likarabo tse khutšoanyane le haeba motho ea tsamaisang seboka a sa fane ka litlhaloso tse ngata nakong ea Thuto ea Molula-Qhooa. Kahoo, ke eng e ka thusang mokhanni hore a lekanyetse lintho hantle mabapi le litlhaloso tseo a fanang ka tsona le tseo phutheho e fanang ka tsona e le hore seboka se hahe batho bohle?

9 Ho araba potso eo, nahana ka papiso ena. Thuto ea Molula-Qhooa e khannoang hantle e tšoana le sehlopha sa lipalesa se khahlang mahlo. Feela joalokaha sehlopha se seholo sa lipalesa se entsoe ka lipalesa tse fapa-fapaneng, Thuto ea Molula-Qhooa le eona e entsoe ka litlhaloso tse fapa-fapaneng. Ho feta moo, feela joalokaha lipalesa tse sehlopheng sa lipalesa li fapana ka boholo le ka mebala, le litlhaloso tseo batho ba fanang ka tsona nakong ea seboka li fapana ka bolelele le tsela eo li behoang ka eona. Mokhanni eena o phetha karolo efe? Litlhaloso tseo a li kenyang mona le mane li tšoana le limela tse seng kae tse tala tse kenyelletsoang ka makhethe sehlopheng sa lipalesa. Limela tsena hase tsona tse ngata haholo; ho e-na le hoo, li tšehetsa sehlopha li bile li etsa hore e be ntho e le ’ngoe. Ka tsela e tšoanang, motho ea tsamaisang seboka o lokela ho hopola hore mosebetsi oa hae hase ho bua lintho tse ngata empa ke ho tlatsa lipolelo tsa thoriso tseo phutheho e fanang ka tsona. Ka sebele, ha litlhaloso tse fapa-fapaneng tseo phutheho e fanang ka tsona li kopana ka makhethe le litlhaloso tseo mokhanni a fanang ka tsona mona le mane, li tšoana le sehlopha se setle sa lipalesa se etsang hore bohle ba thabe.

“A re Nyeheleng Kamehla ho Molimo Sehlabelo sa Thoriso”

10. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba nka liboka tsa phutheho joang?

10 Tsela eo Pauluse a hlalosang liboka tsa Bokreste ka eona joalokaha ho boletsoe ho 1 Bakorinthe 14:26-33, e re thusa ho utloisisa kamoo liboka tseo li neng li tsamaisoa kateng lekholong la pele la lilemo. Ha setsebi se seng sa Bibele se ne se bua ka litemana tsena, se ile sa ngola sa re: “Ntho e hlaheletseng ka tšebeletso ea Kereke ea lekholong la pele la lilemo ke hore e tlameha ebe hoo e ka bang motho e mong le e mong o ne a e-tla a e-na le maikutlo a hore o na le tokelo le boikarabelo ba ho kenya letsoho ka tsela e itseng. Motho o ne a sa tle ka morero oa ho mamela feela; o ne a tlela ho fana eseng ho amohela feela.” Ka sebele, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba nka hore liboka tsa phutheho li ne li ba fa monyetla oa ho phatlalatsa tumelo ea bona.—Bar. 10:10.

11. (a) Ke eng e etsang hore liboka e be tse hahang haholo, hona hobane’ng? (b) Re ka ntlafatsa litlhaloso tsa rōna libokeng ka ho sebelisa litlhahiso life? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

11 Ho phatlalatsa tumelo ea rōna libokeng ho phetha karolo e khōlō tabeng ea “ho haha phutheho.” Ka sebele u tla lumela hore ho sa tsotellehe hore na ke lilemo tse kae re e-ba teng libokeng, re sa ntse re thabela ho mamela litlhaloso tsa bara le barali babo rōna e le kannete. Re angoa maikutlo ke karabo e tsoang botebong ba pelo ea molumeli-’moho le rōna ea hōlileng le ea tšepahalang; rea matlafala ha moholo ea tsotellang a re hlokomelisa ntho e itseng; ’me re iphumana re bobotheha ha ngoana a phasoloha a fana ka karabo e bontšang hore o rata Jehova e le kannete. Ho hlakile hore ha re fana ka litlhaloso, kaofela ha rōna re kenya letsoho ho etsa hore liboka tsa Bokreste e be tse hahang. *

12. (a) Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Moshe le oa Jeremia? (b) Thapelo e phetha karolo efe tabeng ea ho fana ka litlhaloso?

12 Leha ho le joalo, batho ba lihlong ba ka ’na ba thatafalloa haholo ke ho fana ka litlhaloso. Haeba u e-na le bothata boo, ho hopola hore ha u mokhelo ho ka ’na ha u tsoela molemo. Ha e le hantle, esita le bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba kang Moshe le Jeremia ba ile ba bolela hore ba ne ba sa itšepe hore ba ka bua phatlalatsa. (Ex. 4:10; Jer. 1:6) Leha ho le joalo, feela joalokaha Jehova a ile a thusa bahlanka bao ba hae ba boholo-holo hore ba mo rorise phatlalatsa, Molimo o tla u thusa hore u nyehele mahlabelo a thoriso. (Bala Baheberu 13:15.) U ka etsa joang hore Jehova a u thuse hore u se ke ua tšaba ho fana ka litlhaloso? Pele, lokisetsa liboka hantle. Ka mor’a moo, pele u ea Holong ea ’Muso, rapela Jehova ’me ka ho toba u mo kōpe hore a u fe sebete sa hore u fane ka tlhaloso. (Bafil. 4:6) U tla be u kōpa ntho “ho ea ka thato ea hae,” kahoo, u ka kholiseha hore Jehova o tla arabela thapelo ea hao.—1 Joh. 5:14; Liprov. 15:29.

Liboka Tseo Sepheo sa Tsona e Leng ‘ho Haha, ho Khothatsa le ho Tšelisa’

13. (a) Liboka tsa rōna li lokela ho ama batho ba tlileng ho tsona joang? (b) Ke potso efe eo baholo ba e nkang e le ea bohlokoa haholo?

13 Pauluse o bolela hore morero o ka sehloohong oa liboka tsa phutheho ke ‘ho haha, ho khothatsa le ho tšelisa’ ba teng ho tsona. * (1 Bakor. 14:3) Kajeno baholo ba Bakreste ba ka tiisa joang hore lipuo tseo ba fanang ka tsona libokeng li fela li haha bara le barali babo bona ebile lia ba tšelisa? Ho araba potso eo, a re ke re tšohleng seboka seo Jesu a ileng a se tsamaisa nakoana ka mor’a hore a tsohe bafung.

14. (a) Ke lintho life tse ileng tsa etsahala pele ho seboka seo Jesu a neng a se hlophisitse? (b) Ke hobane’ng ha e tlameha ebe baapostola ba ile ba imoloha ha ‘Jesu a ne a atamela ’me a bua le bona’?

14 Pele, hlokomela lintho tse ileng tsa etsahala pele ho seboka seo. Nakoana pele Jesu a bolaoa, baapostola ba ile “ba mo tlohela ’me ba baleha,” ’me joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele, ba ile ba “hasana e mong le e mong ho ea tlung ea hae.” (Mar. 14:50; Joh. 16:32) Joale ka mor’a hore Jesu a tsohe bafung, o ile a memela baapostola ba hae ba neng ba nyahame hore ba tle sebokeng se khethehileng. * Ka lebaka leo, “barutuoa ba leshome le motso o mong ba [ile ba] ea Galilea thabeng moo Jesu a neng a ba lokiselitse teng.” Ha ba fihla, ‘Jesu o ile a atamela ’me a bua le bona.’ (Mat. 28:10, 16, 18) Nahana feela hore na e tlameha ebe baapostola ba ile ba imoloha hakaakang ha Jesu a ne a nka bohato boo! Jesu o ile a bua le bona ka eng?

15. (a) Ke lintho life tseo Jesu a ileng a bua ka tsona, empa ke life tseo a sa kang a bua ka tsona? (b) Seboka seo se ile sa ama baapostola joang?

15 Jesu o ile a qala ka ho etsa phatlalatso ena: “Ke filoe matla ’ohle.” Eaba o ba fa mosebetsi, o re: “Ka hona e-eang ’me le etse . . . barutuoa.” Qetellong, ka lerato o ile a ba tiisetsa sena: “Ke na le lōna ka matsatsi ’ohle.” (Mat. 28:18-20) Empa na u hlokometse hore na ke sefe seo Jesu a sa kang a se etsa? Ha aa ka a khalemela baapostola ba hae ka thata; ebile ha aa ka a sebelisa seboka seo ho belaella sepheo sa bona kapa ho etsa hore ba ikutloe ba le molato le ho feta ka hore a bue ka ho fokola ha bona ka nakoana tumelong. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a ba tiisetsa hore eena le Ntate oa hae baa ba rata ka hore a ba fe mosebetsi oa bohlokoa haholo. Tsela eo Jesu a ileng a sebetsa litaba ka eona e ile ea ama baapostola joang? Ba ile ba hahuoa, ba khothatsoa ba ba ba tšelisoa hoo ka mor’a seboka seo, ba ileng ba boela ba “ruta le ho bolela litaba tse molemo.”—Lik. 5:42.

16. Kajeno baholo ba Bakreste ba latela mohlala oa Jesu joang ha ba tsamaisa liboka tse khathollang?

16 Kajeno baholo ba etsisa Jesu ka hore ba nke liboka e le monyetla oa hore ba tiisetse balumeli-’moho le bona hore Jehova o rata batho ba hae ka lerato le sa feleng. (Bar. 8:38, 39) Kahoo, ha baholo ba beha lipuo, ba bua haholo ka makhabane a barab’abo bona eseng ka mefokolo ea bona. Ha ba belaelle sepheo sa barab’abo bona. Ho e-na le hoo, lipuo tsa bona li bontša hore ba nka balumeli-’moho le bona e le batho ba ratang Jehova le ba batlang ho etsa se nepahetseng. (1 Bathes. 4:1, 9-12) Ho hlakile hore ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore baholo ba khalemele phutheho ka kakaretso, empa haeba e le batho ba seng bakae feela ba hlokang khalemelo e joalo, hangata ho molemo hore batho ba joalo ba eletsoe ka thōko. (Bagal. 6:1; 2 Tim. 2:24-26) Ha baholo ba bua le phutheho kaofela, ba ikemisetsa ho e babatsa ha ho loketse. (Esa. 32:2) Ba ikitlaelletsa ho bua ka tsela eo qetellong ea seboka, bohle ba teng ba tla ikutloa ba khatholohile ba bile ba le mafolofolo.—Mat. 11:28; Lik. 15:32.

Ke Setšabelo

17. (a) Ke hobane’ng ha e le ha bohlokoa hore liboka tsa rōna e be setšabelo ho feta neng kapa neng? (b) Uena ka bouena u ka kenya letsoho joang ho etsa hore liboka e be tse hahang? (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Litsela Tse Leshome Tsa ho Etsa Hore Liboka li U Hahe li be li Hahe le ba Bang.”)

17 Ha lefatše la Satane le ntse le hatella batho le ho feta, re lokela ho tiisa hore liboka tsa rōna tsa Bokreste e ba setšabelo—li tšelise batho bohle. (1 Bathes. 5:11) Morali e mong oabo rōna eo eena le monna oa hae ba ileng ba thulana le teko e matla lilemong tse ’maloa tse fetileng o re: “Ha re le Holong ea ’Muso re ne re ikutloa joalokaha eka Jehova o re sikile ka lerato. Lihora tseo re neng re le moo ka tsona, re pota-potiloe ke bara le barali babo rōna ba Bakreste, re ne re ikutloa joalokaha eka re khona ho rōlela moroalo oa rōna ho Jehova, ’me re ne re ikutloa re e-na le khutso.” (Pes. 55:22) E se eka bohle ba bang teng libokeng tsa rōna le bona ba ka ikutloa ba khothalitsoe ba bile ba tšelisitsoe. Ho tiisa hore sena sea etsahala, a re tsoeleng pele re phetha karolo ea rōna ho etsa hore liboka tsa Bokreste e be tse hahang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 1 Ho ile ha boleloa esale pele hore likarolo tse ling tsa liboka tsa Bokreste tsa lekholong la pele la lilemo li ne li tla khaotsa. Ka mohlala, ha re sa “bua maleme” ebile ha re sa ‘profeta.’ (1 Bakor. 13:8; 14:5) Leha ho le joalo, litaelo tseo Pauluse a faneng ka tsona li re thusa ho utloisisa hore na liboka tsa Bokreste li lokela ho tsamaisoa joang kajeno.

^ ser. 11 Ho fumana litlhahiso tsa hore na re ka ntlafatsa litlhaloso tseo re fanang ka tsona libokeng joang, sheba Molula-Qhooa oa September 1, 2003, leqepheng la 19-22.

^ ser. 13 Mabapi le phapang e teng pakeng tsa ho “khothatsa” le ho “tšelisa,” Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words, e hlalosa hore lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho “tšelisa” le na le moelelo o moholo oa “kutloelo-bohloko ho feta [ho khothatsa].”—Bapisa le Johanne 11:19.

^ ser. 14 E ka ’na eaba ena ke ketsahalo eo Pauluse a neng a bua ka eona hamorao ha a ne a re Jesu o ile “a bonahala ho barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano.”—1 Bakor. 15:6.

U ka Araba Joang?

• Liboka tsa Bokreste ke tsa bohlokoa hakae?

• Ke hobane’ng ha litlhaloso tse fanoang libokeng li tlatsetsa tabeng ea “ho haha phutheho”?

• Re ka ithuta’ng sebokeng seo Jesu a ileng a se tšoarela balateli ba hae?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 22, 23]

LITSELA TSE LESHOME TSA HO ETSA HORE LIBOKA LI U HAHE LI BE LI HAHE LE BA BANG

Lokisetsa esale pele. Ha u ithuta esale pele lintlha tse tla tšohloa Holong ea ’Muso, u tla thahasella liboka haholo ’me u ke ke ua li lebala.

E-ba teng kamehla. Kaha motho e mong le e mong ea teng oa khothala ha batho ba le bangata, boteng ba hao ke ba bohlokoa.

Fihla ka nako. Haeba u se u lutse fatše pele liboka li qala, u ka kopanela pineng e qalang le thapelong, e leng karolo ea borapeli ba rōna ho Jehova.

Tloo le lintho tsohle tse hlokahalang. Tloo le Bibele ea hao hammoho le (li)sengoliloeng se sebelisoang libokeng e le hore u ka tsamaisana le sebui ’me u utloisise se tšohloang hantle.

Qoba lintho tse ka u sitisang. Ka mohlala, bala melaetsa ea selefouno ka mor’a liboka eseng ha li ntse li tsoela pele. Ka tsela eo u etsa hore litaba tsa botho li be le nako ea tsona.

E-ba le seabo. Ha batho ba bangata ba fana ka litlhaloso, batho ba bangata baa khothatsoa ebile ba hahuoa ke litlhaloso tse fapa-fapaneng tse phatlalatsang tumelo.

Fana ka litlhaloso tse khutšoanyane. Sena se etsa hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba fane ka litlhaloso.

Phetha likabelo tsa hao. Ha u le seithuti Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo kapa u e-na le kabelo Sebokeng sa Tšebeletso, lokisetsa hantle, itlhakise esale pele ’me u leke ka matla hore u se ke ua tlohela ho phetha kabelo ea hao.

Babatsa ba bileng le seabo. Bolella ba bileng le seabo libokeng kapa ba faneng ka litlhaloso kamoo u ananelang boiteko ba bona kateng.

Bua le ba bang. Ho lumelisa ba bang ka mosa le ho qoqa le bona ka tsela e hahang pele le ka mor’a liboka, ho etsa hore batho ba li thabele ba be ba rue molemo ka ho ba teng ha bona.