Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thusa Bana Hore ba Tsebe Mokhatlo oa Jehova

Thusa Bana Hore ba Tsebe Mokhatlo oa Jehova

Thusa Bana Hore ba Tsebe Mokhatlo oa Jehova

BANA ba rata ho ithuta. Nahana ka lipotso tseo e ka ’nang eaba bana ba Baiseraele ba neng ba le Egepeta ba ne ba li botsa bosiung ba Paseka ea pele: ‘Ke hobane’ng ha ho bolailoe konyana?’ ‘Ke hobane’ng ha Ntate a fafatsa mali monyako?’ ‘Re ea kae?’ Seo Jehova a neng a se laetse bo-ntate ba Baiseraele se bontša hore o ne a amohela lipotso tse joalo. Jehova o ile a ba bolella sena mabapi le ho ketekoa ha Paseka nakong e tlang: “Etlare ha bara ba lōna ba re ho lōna, ‘Tšebeletso ee e bolela’ng ho lōna?’ joale le tla re, ‘Ke sehlabelo sa paseka ea Jehova, ea fetileng matlo a bara ba Iseraele Egepeta ha a otla Baegepeta, empa a lopolla matlo a rōna.’” (Ex. 12:24-27) Hamorao Jehova o ile a hopotsa batsoali ba Baiseraele bohlokoa ba hore ba arabe lipotso tsa bana ba bona mabapi le “melao ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli” tseo Jehova a neng a ba laetse tsona.—Deut. 6:20-25.

Ho hlakile hore Jehova o ne a batla hore bana ba fumane likarabo tse ba khotsofatsang lipotsong tsa bona tse mabapi le borapeli ba ’nete—e leng likarabo tse neng li tla ba susumelletsa hore ba rate Jehova joaloka Molimo oa bona le Mopholosi oa bona. Le kajeno Jehova o ntse a batla hore bana ba etse se tšoanang. Tsela e ’ngoe eo ka eona batsoali ba ka etsang hore bana ba bona ba rate Molimo le batho ba hae ka lipelo tsohle tsa bona, ke ka ho ba thusa hore ba tsebe mokhatlo oa Jehova ba be ba utloisise hore na seo o re etsetsang sona se ba tsoela molemo joang. Kahoo, a re ke re hlahlobeng tse ling tsa litsela tseo re ka thusang bana hore ba ithute ka ho eketsehileng ka mokhatlo oa Molimo.

Phutheho eo le Kopanelang ho Eona

Ho hlokahala hore bana ba tsebe phutheho eo lelapa la lōna le kopanelang ho eona. E le ho finyella seo, batsoali le lokela ho tsamaea le bana ba lōna ha le e-ea libokeng tsohle tsa Bokreste. Ka tsela eo, le tla be le latela taelo eo Jehova a neng a e file Baiseraele, e reng: “Phutha sechaba, banna le basali le bana ba banyenyane . . . , e le hore ba mamele le hore ba ithute, kaha ba lokela ho tšaba Jehova Molimo oa lōna ’me ba ele hloko hore ba phethe mantsoe ’ohle a molao ona. Bara ba bona ba sa kang ba tseba ba lokela ho mamela, ’me ba tla ithuta ho tšaba Jehova Molimo oa lōna.”—Deut. 31:12, 13.

Bana ba ka qala ho ithuta Lentsoe la Jehova ho tloha boseeng. Moapostola Pauluse o ile a re ka Timothea: “Ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang.” (2 Tim. 3:15) Libokeng tse tšoareloang Holong ea ’Muso, esita le bana ba banyenyane haholo ba ka qala ho utloisisa se buuoang ’me ba ka ba ba tseba le ho bina lipina tsa ’Muso. Ha ba le moo, ba ithuta ho sebelisa Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ebile ba ithuta ho li hlompha. Ho phaella moo, ha ba le libokeng tsa rōna ba tla bona lerato la sebele le khethollang balateli ba ’nete ba Kreste. Jesu o ile a re: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Joh. 13:34, 35) Lerato le mofuthu le tšireletseho ea sebele tse bonahalang Holong ea ’Muso li tla khahla bana ’me li ba thuse hore ba nke ho ba teng libokeng tsa Bokreste e le ntho ea bohlokoa haholo eo ba ke keng ba arohana le eona bophelong ba bona.

Ha u tloaetse ho fihla esale nako Holong ea ’Muso ’me u sa potlakele ho tsamaea ha liboka li tsoa, bana ba hao ba tla ba le monyetla oa ho fumana metsoalle. Ho e-na le ho ba tlohela hore ba tloaelane le bana ba bang feela, e ka ba hantle hore u ba tsebise bara le barali babo rōna ba lilemo tse fapa-fapaneng. Haeba bana ba hao ba tloaelana le batho ba baholo, ba tla hlokomela kamoo ba nang le liphihlelo tse ngata kateng tse babatsehang le kamoo ba leng bohlale kateng. Feela joalokaha Zakaria oa boholo-holo eo e neng e le “morupeli oa hore ho tšajoe Molimo oa ’nete” a ile a behela Uzia ea neng a sa le monyenyane, eo e neng e le morena oa Juda mohlala o motle, ka ho tšoanang batho bao kajeno ba sebelelitseng Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata ba behela bana mohlala o motle. (2 Likron. 26:1, 4, 5) Ha le le Holong ea ’Muso, u ka boela ua hlalosetsa bana ba hao hore na bohlokoa ba laebrari, lematjana la litsebiso le lintho tse ling ke bofe.

Mokhatlo oa Lefatše ka Bophara

Bana ba lokela ho utloisisa hore phutheho eo le kopanelang ho eona ke karolo ea mokhatlo oa lefatše ka bophara o nang le liphutheho tse fetang 100 000. Ba hlalosetse likarolo tse fapa-fapaneng tsa mokhatlo ona le kamoo o sebetsang kateng le hore na bana ba phetha karolo efe ho tšehetsa mosebetsi oa oona. Ba bontše hore na ke hobane’ng ha u lebella likopano tsa potoloho, likopano tsa setereke le ketelo ea molebeli oa potoloho ka tjantjello.—Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng,  “Lintho Tseo le ka li Tšohlang Nakong ea Borapeli ba Lelapa,” le leqepheng la 28.

Ha u e-na le monyetla, mema balebeli ba tsamaeang, baromuoa, litho tsa lelapa la Bethele le basebeletsi ba bang ba nako e tletseng hore ba tle lijong ha hao. U se ke ua nahana hore ha ba na nako ea bana. Basebeletsi bana ba nako e tletseng ba leka ka hohle hore ba etsise Jesu, eo ka linako tsohle a neng a amohela bana a bile a bua le bona. (Mar. 10:13-16) Ha bana ba hao ba utloa ha bahlanka bao ba Jehova ba pheta liphihlelo ’me ba bona kamoo ba thabelang tšebeletso e halalelang kateng, le bona ba ka ’na ba ipehela pakane ea ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng.

Le ka etsa’ng hape le le lelapa e le ho thusa bana ba hao hore ba tsebe mokhatlo oa Jehova haholoanyane? Litlhahiso tse ling ke tsena: Ithuteng buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo. Hatisa bohlokoa ba boinehelo, boikokobetso le botšepehi boo bahlanka bao ba Jehova ba bo bontšitseng. Ba bontše kamoo Jehova a ba sebelisitseng kateng ho phatlalatsa litaba tse molemo lefatšeng lohle. Sebelisa livideo tsa mokhatlo oa Jehova hore li ba thuse ho ithuta lintho tsa bohlokoa tsa nakong e fetileng le tsa kajeno. Haeba le khona, etelang ofisi ea lekala le lehae la Bethele le naheng ea habo lōna kapa linaheng tse ling. Ho nka maeto a joalo ho tla khahla bana ba hao ha ba bona kamoo karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova e tataisoang ke lekhoba le tšepahalang e hlophisitsoeng kateng hore e fane ka lijo tsa moea le hore e tataise barab’abo rōna lefatšeng ka bophara, joalokaha e ’nile ea etsa lekholong la pele la lilemo C.E.—Mat. 24:45-47; Lik. 15:22-31.

Etsa Hore Boitsebiso bo Tšoanele Ngoana e Mong le e Mong

Ha u ntse u ruta bana ba hao, hopola tsela eo Jesu a neng a ruta baapostola ba hae ka eona. O kile a re ho bona: “Ke na le lintho tse ngata tseo ke sa ntseng ke tla le bolella tsona, empa ha le khone ho li jara hona joale.” (Joh. 16:12) Jesu ha aa ka a imetsa barutuoa ba hae ka boitsebiso bo bongata haholo. Ho e-na le hoo, o ile a ’na a ba ruta linnete tsa bohlokoa hanyane ka hanyane e le hore ba ka li utloisisa hantle. Ka tsela e tšoanang, u se ke ua imetsa bana ba hao. Haeba hanyane ka hanyane u ba ruta ka mokhatlo oa Jehova nako le nako, u tla etsa hore ba lule ba ntse ba thahasella ho ithuta ka oona ’me u tla etsa hore ba thabele ho ithuta ka phutheho ea Bokreste. Ha litlhoko tsa bana ba hao li ntse li fetoha, u ka ’na ua pheta le ho eketsa boitsebiso boo ba neng ba se ba ithutile bona.

Phutheho ea Bokreste ke tšiea e re thusang hore kamano ea rōna le Molimo e lule e le matla, ’me bana ba ikakhelang ka setotsoana mesebetsing ea eona ba ka khona ho hanela tšusumetso ea lefatše la Satane. (Bar. 12:2) Re kholisehile hore u tla thabela ho thusa bana ba hao hore ba tsebe mokhatlo oa Jehova. E se eka a ka ba hlohonolofatsa e le hore ba lule ba tšepahala ho oona le ho Molimo ea lerato eo re mo sebeletsang.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]

 Lintho Tseo le ka li Tšohlang Nakong ea Borapeli ba Lelapa

Tse ling tsa lintho tse mabapi le mokhatlo Jehova tseo le ka li tšohlang nakong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea ke tsena.

▪ Hlahlobang histori ea phutheho ea habo lōna. E qalile neng hona joang? Phutheho e ’nile ea sebelisa Liholo life Tsa ’Muso? Ha le tšohla taba ena, e ka ba hantle hore le meme setho sa khale sa phutheho hore se tl’o araba lipotso tsa bana ba hao?

▪ Ba hlalosetse morero oa liboka tse fapa-fapaneng tsa phutheho le likopano le hore na ba ka rua molemo joang ho tsona.

▪ Tšohlang morero oa likolo tse fapa-fapaneng tsa mokhatlo oa Jehova. Phetang liphihlelo tse bontšang hore na mosebetsi oa batho ba tsoang likolong tsena o beha litholoana life tse ntle.

▪ Thusa bana hore ba bone bohlokoa ba ho ba baboleli ba kamehla ba litaba tse molemo. Ba bontše hore na ba ka kenya letsoho joang tlalehong ea lefatše ka bophara e hlahang Bukeng ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova.

▪ Tšohlang mefuta e fapa-fapaneng ea tšebeletso ea nako e tletseng eo bacha ba ka e etsang mokhatlong oa Jehova. Khaolong ea 10 ea buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, le ka fumana boitsebiso bo bongata mabapi le taba ena.

▪ Thusa bana hore ba utloisise hore na ke hobane’ng ha ho lateloa tlhophiso e itseng ka phuthehong. Ba hlalosetse hore na ke hobane’ng ha ba sa lokela ho itaola empa ba tsamaisane le mokhatlo oa Jehova, esita le linthong tse nyenyane. Ba bontše kamoo ba ka kenyang letsoho kateng ho etsa hore ho be le taolo ka phuthehong ka hore ba latele tataiso ea baholo.

[Setšoantšo]

Joaloka Iseraeleng ea boholo-holo, kajeno batsoali ba leka ka hohle hore ba fe bana likarabo tse khotsofatsang, ha ba ba botsa ka mokhatlo oa Jehova

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Bana ba hao ba tla rua molemo ha ba etsa setsoalle le batho bao e leng khale ba sebeletsa Molimo