Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘A re Hlahiseng Nyehelo ea Jehova’

‘A re Hlahiseng Nyehelo ea Jehova’

‘A re Hlahiseng Nyehelo ea Jehova’

HA MOTHO e mong a u etsetsa ntho e molemo, u bontša joang hore u ananela seo? Nahana kamoo balaoli ba lebotho la sesole sa Iseraele ba ileng ba bontša teboho kateng ka mor’a hore ba loane le Bamidiane. Ntoa eo e ile ea loanoa ka mor’a hore Baiseraele ba etse sebe mabapi le Baale oa Peore. Molimo o ile a etsa hore batho ba hae ba hlōle, ’me lintho tse hapiloeng li ile tsa aroleloa masole a 12 000 le Baiseraele bohle. Tumellanong le tataiso ea Jehova, masole a ile a fana ka karolo e itseng ea thepa ea ’ona ho baprista, Baiseraele ba bang le bona ba ile ba fana ka karolo e ’ngoe ea thepa ea bona ho Balevi.—Num. 31:1-5, 25-30.

Leha ho le joalo, balaoli ba lebotho la sesole ba ne ba batla ho etsa se fetang seo. Ba ile ba re ho Moshe: “Bahlanka ba hao ba balile banna ba ntoa ba taolong ea rōna ’me ha ho le ea mong eo ho tlalehiloeng hore ha a eo ho rōna.” Ba ile ba etsa qeto ea ho nyehela khauta le mekhabiso e fapa-fapaneng ho Jehova. Boima ba mekhabiso ea khauta e ne e le lik’hilograma tse ka holimo ho 190.—Num. 31:49-54.

Ka ho tšoanang, kajeno batho ba bangata ba susumelletseha ho bontša kananelo ea bona bakeng sa lintho tseo Jehova a ba etselitseng tsona. Ho feta moo, hase bahlanka ba Molimo ba inehetseng feela ba nang le boikutlo bo joalo ba kananelo. Ka mohlala, nahana ka mokhanni oa bese ea neng a khannela sehlopha sa baeti ba neng ba ile kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe lebaleng la lipapali Bologna, Italy, ka 2009. Kaha e ne e le mokhanni ea hlokolosi a bile a ikokobelitse, batho ba neng ba palame bese ea hae ba ile ba etsa qeto ea ho mo ngolla karete le ho mo fa chelete ea teboho hammoho le buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Ha mokhanni eo a amohela mpho ena o ile a re: “Ke amohela karete le buka ena ka liatla tse peli, empa ke khutlisa chelete kaha ke lakatsa ho nehelana ka eona e le hore le tsoele pele le etsa mosebetsi oa lōna. Le hoja ke se Paki ea Jehova, ke batla ho ntša monehelo ona hobane ke hlokometse hore le etsa lintho ka lerato.”

Tsela e ’ngoe eo u ka bontšang ka eona hore u ananela seo Jehova a u etselitseng sona, ke ka ho fana ka monehelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle oa Lipaki Tsa Jehova. (Mat. 24:14) Litsela tse ling tseo ba bang ba khethang ho fana ka tsona li thathamisitsoe lebokoseng le sehloohong sena.

[Lebokose le leqepheng la 20, 21]

LITSELA TSEO BA BANG BA KHETHANG HO FANA KA TSONA

MENEHELO BAKENG SA MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE

Ba bangata ba behella ka thōko, kapa ba lekanyetsa esale pele chelete eo ba e tšelang mabokoseng a monehelo a ngotsoeng “Mosebetsi oa Lefatše Lohle.”

Khoeli le khoeli, liphutheho li romela chelete ena ofising ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang linaha tsa habo tsona. Menehelo ea boithatelo ea chelete le eona e ka romeloa ka ho toba ho Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa, Attention: Accounting Office, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang naha ea heno. (Menehelo ea boithatelo e boletsoeng ka tlaase le eona e ka romeloa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang naha ea heno.) Licheke tse romeloang atereseng e ka holimo li lokela ho ngoloa hore li lefuoe “Watch Tower Society.” Mabenyane le lintho tse ling tsa bohlokoa le tsona li ka fanoa. Ka mor’a moo, ho lokela ho ngoloe lengolo le lekhutšoanyane le tsamaeang le thepa eo le bolelang hore lintho tseo ke mpho.

HO FANA HO RERILOENG

Ho phaella limphong tsa chelete, ho na le mekhoa e meng ea ho fana e ka thusang mosebetsing oa ’Muso o etsoang lefatšeng lohle. Mekhoa ena e akarelletsa e latelang:

Inshorense: Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e ka ngolisoa e le eona e tla fuoa chelete ea inshorense ea bophelo kapa ea tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/ea penshene.

Li-stock le Li-bond: Ho ka ’na ha nehelanoa ka li-stock le li-bond ho Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e le mpho kapa ha etsoa hore li oele ho Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa ha mong’a tsona a e-shoa.

Setša se Nang le Mehaho: Ho ka ’na ha nehelanoa ka setša se nang le mehaho, ebang ke ka ho fana ka sona kapa haeba e le setša sa bolulo, ka ho lokisetsa hore mong’a sona a tsoele pele a lula ho sona ha a sa ntse a phela. Ikopanye le ofisi ea lekala naheng ea heno pele u ngolisa setša leha e le sefe se nang le mohaho.

Mangolo a Kabo ea Lefa: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e le lefa ka ho e ngolisa ka molao lengolong la kabo ea lefa.

Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, u ka ikopanya le Accounting Office, ka ho ngolla atereseng e bontšitsoeng ka tlaase mona, kapa ka ho letsetsa nomorong e ka tlaase, kapa u ka ikopanya le ofisi ea lekala e sebeletsang naha ea heno.

Accounting Office

Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa

Private Bag X2067

Krugersdorp 1740 South Africa

Thelefono: 011 761 1000