Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Mamela Mohoo oa ba Robehileng Lipelo

Jehova o Mamela Mohoo oa ba Robehileng Lipelo

Jehova o Mamela Mohoo oa ba Robehileng Lipelo

JOALOKAHA Morena Solomone ea bohlale oa Iseraele ea boholo-holo a ile a hlokomela, “bohle [re] hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moek. 9:11) Ketsahalo kapa teko e bohloko e ka sitisa tsela eo re phelang ka eona. Ka mohlala, ho shoeloa ke setho se seng sa lelapa se haufi ka tšohanyetso ho ka sithabetsa motho habohloko maikutlong. Ha libeke le khoeli li ntse li feta, motho a ka ’na a imeloa haholo ke maikutlo a ho sareloa le ho nyahama. Motho a ka ferekana hoo a ka ikutloang a sa tšoanelehe hore a ka rapela Jehova.

Motho ea boemong bo joalo o hloka ho khothatsoa, ho nahaneloa le ho ratoa. Mopesaleme Davida o ile a bina ka tsela e khothatsang a re: “Jehova o tšehetsa bohle ba oang, o phahamisa bohle ba inameng.” (Pes. 145:14) Bibele e re bolella hore “mahlo a [Jehova] a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likron. 16:9) O ‘ahile le ea tepeletseng, le motho ea robehileng pelo, a tle a pholose meea ea batho ba robehileng lipelo, a phelise meea ea ba tepeletseng.’ (Esa. 57:15, Bibele ea Sesotho) Jehova o tšehetsa le ho khothatsa motho ea tepeletseng le ea robehileng pelo joang?

“Lentsoe le Buuoang ka Nako ea Lona e Nepahetseng”

E ’ngoe ea litsela tseo Jehova a re thusang ka tsona ka nako e nepahetseng ke ka mokhatlo oa bara ba motho ba Bakreste. Bakreste ba khothalletsoa hore ba “bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo.” (1 Bathes. 5:14) Mantsoe a bontšang hore re utloela molumeli-’moho le rōna bohloko le hore re amehile ka eena ebile rea mo rata, a ka mo thusa hore a mamelle ha a le mahlomoleng le ha a saretsoe. Ho bua mantsoe a khothatsang le haeba e le ka nako e khutšoanyane feela, ho ka thusa haholo ho khothatsa motho ea nyahameng. Mantsoe a joalo a khothatso a ka ’na a buuoa ke motho ea kileng a mamella bohloko bo tšoanang ba kelello le ba maikutlo. Kapa motsoalle eo e leng khale a li bona a ka ’na a re hlokomelisa ntho e ’ngoe e ka re bulang mahlo. Jehova a ka hlasimolla moea oa ba robehileng lipelo ka hore bara le barali babo rōna ba etse lintho tsena tse re tsoelang molemo.

Nahana ka mohlala oa moholo e mong oa Mokreste ea bitsoang Alex, ea neng a sa tsoa nyala, eo ka tšohanyetso a ileng a hlokahalloa ke mofumahali oa hae ea neng a tšoeroe ke lefu le sa phekoleheng. Molebeli e mong oa potoloho ea neng a e-na le kutloelo-bohloko o ile a ipha nako ea ho tšelisa Alex. Molebeli eo oa potoloho le eena o ne a ile a hlokahalloa ke molekane empa o ne a se a nyetse hape. Molebeli eo oa potoloho o ile a hlalosa kamoo a neng a sareloa kateng. Lintho li ne li tsamaea hantle ha a ne a e-na le batho ba bang tšebeletsong le libokeng tsa phutheho. Leha ho le joalo, ha a ne a fihla hae ’me a koala monyako, o ne a jeoa ke bolutu haholo. Alex o re: “E ile ea e-ba ho khothatsang haholo ho tseba hore tsela eo ke neng ke ikutloa ka eona e tloaelehile le hore batho ba bang le bona ba kile ba ikutloa ka tsela e tšoanang.” Ka sebele “lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng” e ka ba le tšelisang nakong ea mahlomola.—Liprov. 15:23.

Moholo e mong oa Mokreste ea neng a tloaelane le batho ba bangata ba neng ba hlokahaletsoe ke balekane ba bona, o ile a susumetseha hore a khothatse Alex. Ka kutloelo-bohloko le ka lerato, o ile a totobatsa hore Jehova o tseba seo re se hlokang le tsela eo re ikutloang ka eona. Mora eo oabo rōna o ile a re: “Haeba likhoeling kapa lilemong tse tlang u bona eka u hloka molekane, Jehova o entse tokisetso e lerato ea hore u ka nyala hape.” Ke ’nete hore hase batho bohle ba hlokahaletsoeng ke balekane ’me ba batla ho kena lenyalong hape, ba boemong ba hore ba ka etsa joalo. Empa ha a nahana ka mantsoe a mora eo oabo rōna, Alex o ile a re, “Ha batho ba u hopotsa hore eo ke tokisetso ea Jehova, seo se etsa hore u se ke ua ikutloa u le molato oa hore u tla be u sa tšepahale ho molekane oa hao kapa tokisetsong ea Jehova ea lenyalo haeba ka moso u ka nyala hape.”—1 Bakor. 7:8, 9, 39.

Mopesaleme Davida, eo ka boeena a ileng a hlaheloa ke liteko le matšoenyeho a mangata o re: “Mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, o sekehela mohoo oa bona o kōpang thuso tsebe.” (Pes. 34:15) Ka sebele, Jehova a ka araba mehoo ea motho ea robehileng pelo ka nako e nepahetseng, ka hore Mokreste-’moho ea nang le kutloelo-bohloko le boiphihlelo a bue lintho tse ka mo bulang mahlo. Tokisetso e joalo ke ea bohlokoa ebile e molemo.

Thuso e Fanoang ka Liboka Tsa Bokreste

Ho ka ba bonolo hore motho ea nyahameng a nahane lintho tse nyahamisang feela, tse ka etsang hore a itšehle thajana. Leha ho le joalo, Liproverbia 18:1 ea re lemosa e re: “Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati; o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.” Alex o ile a re: “Ha u hlokahalloa ke molekane, u nahana lintho tse ngata tse nyahamisang.” O hopola hore ka nako e ’ngoe o ile a ipotsa a re: “‘Na ebe nka be ke ile ka etsa lintho ka tsela e fapaneng? Na nka be ke ile ka mo nahanela haholoanyane ka ba ka mo utloela bohloko?’ Ke ne ke sa batle ho sala ke le mong. Ke ne ke sa batle ho hloka molekane. Ho thata haholo ho khaotsa ho nahana ka tsela ena hobane letsatsi le leng le leng ho ba le ntho e hopotsang motho hore o se a setse a le mong.”

Motho ea tepeletseng o hloka ho thabela setsoalle se molemo ho feta neng kapa neng. Setsoalle se joalo se sengata libokeng tsa phutheho. Ha re le moo, re etsa hore likelello tsa rōna li amohele mantsoe a Molimo a khothatsang le a hahang.

Liboka tsa Bokreste li re thusa hore re shebe boemo ba rōna ka tsela e loketseng. Ha re mametse litemana tsa Bibele re bile re thuisa ka tsona, re tsepamisa mehopolo ea rōna linthong tse peli tsa bohlokoa haholo—e leng ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova le ho halaletsoa ha lebitso la hae—eseng bohlokong ba rōna feela. Ho feta moo, ha re ntse re rutoa ka Jehova libokeng tsa Bokreste, rea matlafala ha re tseba hore esita le hoja ba bang ba sa hlokomele mahlomola ao re tobaneng le ’ona kapa ba sa utloisise kamoo re ikutloang kateng, Jehova eena oa tseba. Oa tseba hore “ka lebaka la bohloko ba pelo ho na le moea o hlomohileng.” (Liprov. 15:13) Molimo oa ’nete o batla ho re thusa, ’me sena sea re matlafatsa ebile se re susumelletsa hore re tsoele pele.—Pes. 27:14.

Ha Morena Davida a ne a imetsoe haholo ka lebaka la lira tsa hae, o ile a kōpa thuso ho Molimo a re: “Moea oa ka o imetsoe, pelo ea ka e thethefetse, e thethefetse ka sefubeng sa ka.” (Pes. 143:4, BPN) Hangata mahlomola a thefula motho ’meleng le maikutlong a bile a thethefatsa pelo. Mahlomola a ka bakoa ke ho kula kapa ho fokolloa ke bophelo ka nako e telele. Re ka kholiseha hore Jehova o tla re thusa hore re mamelle. (Pes. 41:1-3) Le hoja kajeno ho se motho eo Molimo a mo phekolang ka mohlolo, o fa motho bohlale le matla ao a a hlokang e le hore a ka sebetsana le boemo ba hae. Hopola hore ha Davida a ne a imetsoe ke liteko, o ile a kōpa thuso ho Jehova. O ile a bina a re: “Ke hopotse matsatsi a khale, ke thuisitse ka mosebetsi oohle oa hao; ka ho rata ke ’nile ka nahanisisa ka mosebetsi oa matsoho a hao.”—Pes. 143:5.

Taba ea hore mantsoe ana a bululetsoeng a tlalehiloe Lentsoeng la Molimo, e bontša hore Jehova o utloisisa tsela eo re ikutloang ka eona. Mantsoe ana a re tiisetsa hore o mamela likōpo tsa rōna tse tiileng. Haeba re amohela thuso ea Jehova, ‘o tla re tšehetsa.’—Pes. 55:22.

“Rapelang le sa Phetse”

Jakobo 4:8 e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” Tsela e ’ngoe eo re ka atamelang ho Molimo ka eona ke ka thapelo. Moapostola Pauluse o re eletsa hore re ‘rapele re sa phetse.’ (1 Bathes. 5:17) Esita le haeba re sa khone ho bolela kamoo re ikutloang kateng, “moea o re kōpela ka tieo ka lipōbōli tse sa buuoeng.” (Bar. 8:26, 27) Ka sebele Jehova o utloisisa tsela eo re ikutloang ka eona.

Monika, ea nang le kamano e haufi le Jehova ka tsela eo, o re: “Kea utloa hore Jehova ke Motsoalle oa ka ea haufi-ufi, ka lebaka la thapelo, ho bala Bibele le ho ba le thuto ea botho. Ke mo nka e le motho oa sebele hoo kamehla ke bonang tsela eo a nthusang ka eona bophelong ba ka. Hoa khothatsa ho tseba hore esita leha ke sa khone ho hlalosa kamoo ke ikutloang kateng, oa nkutloisisa. Kea tseba hore mosa oa hae le litlhohonolofatso tsa hae ha li fele.”

Kahoo, a re se keng ra tsilatsila ho amohela mantsoe a lerato le a tšelisang a tsoang ho Bakreste-’moho le rōna, re sebelise likeletso tse mosa le likhopotso tse matlafatsang tumelo tseo re li fumanang libokeng tsa Bokreste, ’me re tšollele lipelo tsa rōna ho Jehova ka thapelo. Litokisetso tsena tse nakong ke tsela eo Jehova a re bontšang ka eona hore oa re tsotella. Alex o bua ntho eo a e tsebang ha a re, “Haeba re phetha karolo ea rōna ea ho lula re tsamaisana le sohle seo Jehova Molimo a re etsetsang sona e le hore re lule re le matla moeeng, re tla ba le ‘matla a fetang se tloaelehileng’ a tla re thusa ho mamella teko leha e le efe eo re ka thulanang le eona.”—2 Bakor. 4:7.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]

Khothatsa ba Robehileng Lipelo

Lipesaleme li na le lipolelo tse ngata tse bontšang kamoo batho ba ikutloang kateng hammoho le tse tiisang hore Jehova o mamela thapeli ea motho ea robehileng pelo ea imetsoeng kelellong. Nahana ka litemana tse latelang:

“Mahlomoleng a ka ka ’na ka ipiletsa ho Jehova, ka ’na ka hoeletsa ho kōpa thuso ho Molimo oa ka. A utloa lentsoe la ka a le tempeleng ea hae, joale mohoo oa ka o kōpang thuso ka pel’a hae oa fihla litsebeng tsa hae.”—Pes. 18:6.

“Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”—Pes. 34:18.

“[Jehova] o folisa ba robehileng lipelo, o tlamisa maqeba a bona a bohloko.”—Pes. 147:3.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

“Lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng” e ka ba le tšelisang hakaakang letsatsing la mahlomola!