Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Jesu o ile a re ho bamameli ba hae: “Le phethahale, joalokaha Ntat’a lōna oa leholimo a phethahetse.” Kajeno ho ka boleloa hore batho ba “phethahale” joang?—Mat. 5:48.

Ntho e ka re thusang hore re arabe potso ena ke hore re utloisise tsela eo lentsoe le reng “phethahetse” le le reng “phetheho” a sebelisoang ka eona ka Bibeleng. Hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Mangolo a e hlalosang e “phethahetse” eo e hlileng e phethahetseng ka tsela e feletseng. ’Nete ke hore Jehova eena o phethahetse ka tsela e feletseng. Ho phethahala ha batho le lintho, ho na le moeli. Mantsoe a Bibele a Seheberu le Segerike a fetoletsoeng e le “ho phethahala” hangata a bolela “ho fella,” “ho hōla ka ho feletseng,” kapa “ho hloka sekoli” ho latela melao e behiloeng ke ba ikarabellang.

Ha Adama le Eva ba ne ba bōptjoa ba ne ba phethahetse boitšoarong, moeeng le ’meleng. Ba ne ba phethahetse ho ea ka molao o neng o behiloe ke ’Mōpi oa bona. Ka lebaka la ho se mamele, ha baa ka ba finyella melao, ’me bona le bana ba bona ba ile ba lahleheloa ke phetheho. Kahoo, batho ba ile ba futsa sebe, ho se phethahale le lefu ho Adama.—Bar. 5:12.

Leha ho le joalo, joalokaha Jesu a ile a bolela Thutong ea hae ea Thabeng, esita le batho ba sa phethahalang ba ka phethahala ka tsela e itseng. Thutong eo, o ile a beha melao ea hore na lerato le phethahetseng kapa le feletseng ke le joang. Lena ke lerato le tšoanang le leo Molimo a le bontšitseng batho. Jesu o ile a re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang; e le hore le ka ba bara ba Ntat’a lōna ea leng maholimong, kaha o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Mat. 5:44, 45) Ha balateli ba Jesu ba ne ba ka ratana ka tsela ena, ba ne ba tla be ba etsisa mohlala o phethahetseng oa Molimo.

Kajeno Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle li leka ka hohle hore li lule li rata batho ba bang ka lerato le joalo le phahameng haholo. Li lakatsa ho thusa batho ba limelo tsohle, ba merabe eohle le ba malumeli ’ohle hore ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete ea Bibele. Hona joale Lipaki li khannela batho ba thahasellang ba ka holimo ho 7 000 000 lithuto tsa Bibele, linaheng tse 236.

Jesu o ile a botsa a re: “Haeba le rata ba le ratang, le na le moputso ofe? Na le babokelli ba lekhetho ha ba etse ntho e tšoanang? Hape haeba le lumelisa barab’abo lōna feela, le etsa ntho efe e fetang e tloaelehileng? Na le batho ba lichaba ha ba etse ntho e tšoanang?” (Mat. 5:46, 47) Bakreste ba ’nete ha ba khetholle batho ba bang ho ea ka hore na ba rutehile hakae kapa hore na ke ba morabe ofe; ebile ha ba rate feela batho ba ka ba buseletsang. Ho e-na le hoo, ba thusa batho ba futsanehileng le ba kulang, ba bacha le ba hōlileng. Ka tsela eo, Bakreste ba ka etsisa lerato la Jehova ’me ea e-ba ba phethahetseng ka tsela e itseng.

Na re tla ke re fumane phetheho eo Adama a e lahlileng? E, ka tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu, batho ba mamelang ba tla phethahala ka ho feletseng nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, ha ‘Mora oa Molimo a qhaqha mesebetsi ea Diabolose.’—1 Joh. 3:8.