Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha Baa Tsofala Haholo Hore ba ka Sebeletsa Molimo

Ha Baa Tsofala Haholo Hore ba ka Sebeletsa Molimo

Ha Baa Tsofala Haholo Hore ba ka Sebeletsa Molimo

Motseng oa Málaga, o karolong e ka boroa ea Spain, ’mè le morali oa hae bao ka bobeli ba bitsoang Ana, ba ile ba kolobetsoa ka la 19 December, 2009. Ba ne ba le har’a batho ba Spain ba 2 352 ba ileng ba nka bohato boo ka 2009. Empa ho ne ho e-na le ntho e ikhethang ka ’mè enoa le morali oa hae—lilemo tsa bona. ’Mè o ne a le lilemo li 107 ’me morali a le lilemo li 83!

Ke eng e ileng ea etsa hore ba kolobetsoe e le ho bontša boinehelo ba bona ho Jehova? Qalong ea lilemo tsa bo-1970, moahelani e mong o ne a tloaetse ho mema morali e leng Ana hore a be teng sebokeng sa Thuto ea Buka ea Phutheho e neng e tšoareloa lelapeng la Paki eo. Ka linako tse ling Ana o ne a e-ba teng. Leha ho le joalo, ka lebaka la mosebetsi, Ana ha aa ka a tsoela pele.

Hoo e ka bang lilemo tse leshome hamorao, ba bang ba bana ba Ana ba ile ba qala ho ithuta Bibele ’me ea e-ba bahlanka ba Jehova. Qetellong e mong oa bona e leng Mari Carmen, o ile a tsosolosa lerato leo ’mè oa hae a neng a rata ’nete ea Bibele ka lona a ba a mo thusa hore a lumele ho khanneloa thuto ea Bibele. Ka mor’a moo, nkhono oa Mari Carmen, e leng Ana e moholo, le eena o ile a bontša hore o thahasella ho ithuta Bibele. Qetellong, litho tse leshome tsa lelapa lena li ile tsa kolobetsoa.

Letsatsing leo ba neng ba kolobetsoa ka lona, bo-Ana ba babeli, e leng ’mè le morali ba ne ba thabile haholo. Ana ea lilemo li 107 o ile a re: “Jehova o bile mosa haholo ho ’na, o nthusitse hore ke mo tsebe.” Morali o ile a phaella ka ho re: “Pele Paradeise e fihla, ke batla ho sebeletsa Jehova, ke etse thato ea hae ke be ke bolele litaba tse molemo ka hohle kamoo nka khonang kateng.”

Ntho e thabisang bahlolohali bana ba babeli haholo ke ho ba teng libokeng. E mong oa baholo phuthehong ea habo bona o re: “Ha ho seboka seo ba se lofang. Kamehla ba lula ba le malala-a-laotsoe hore ba fane ka likarabo nakong ea Thuto ea Molula-Qhooa.”

Mohlala oa bona o bontšang botšepehi o re hopotsa mohlolohali e mong ea bitsoang Anna, “eo le ka mohla a neng a sa hlokoe tempeleng, a etsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare ka ho itima lijo le lithapeli.” Sena se ile sa etsa hore a be le tlotla ea ho bona Jesu ha e ne e sa le ngoana. (Luka 2:36-38) Le hoja Anna a ne a le lilemo li 84, o ne a sa tsofala haholo hore a ka sebeletsa Jehova, ’me ho joalo le ka bo-bitso ba hae kajeno.

Na ho na le batho bao u amanang le bona ba ikemiselitseng ho mamela molaetsa oa Bibele? Kapa na u kile ua kopana le motho ea hōlileng ea thahasellang le ea ikemiselitseng ho u mamela ha u fihla lelapeng la hae? Batho ba joalo ba ka tšoana le bo-Ana bao ho buuoang ka bona phihlelong ena, kaha ha ho na mohla ho ka thoeng motho o tsofetse haholo hore a ka sebeletsa Molimo oa ’nete, Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]

“Jehova o bile mosa haholo ho ’na”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]

“Pele Paradeise e fihla, ke batla ho sebeletsa Jehova”