Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala limakasine tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

Ke balateli ba mang ba khetholloang ka ho lumela thuto ea ho rereloa qetello esale pele?

Bocalvin bo buella thuto ea ho rera qetello esale pele. Lithuto tsa Jean Cauvin (John Calvin) eo e neng e le mofetoheli oa lithuto tsa kereke e K’hatholike li rutoa haholo likerekeng tse kang ea Reformed, ea Presbitheri, ea Congregational le ea Maphurithane.—9/1, leqepheng la 18-21.

• Kaine o fumane mosali oa hae hokae?

E tlameha ebe mosali oa Kaine e ne e le e mong oa leloko la Eva, eo ho boleloang hore o ile a tsoala “bara le barali.” (Gen. 5:4)—9/1, leqepheng la 25.

• Molimo o ile a romela lengeloi lefe hore le etelle Baiseraele pele ha a ne a ba ntša Egepeta? (Ex. 23:20, 21)

Ke ntho e utloahalang ho lumela hore lengeloi leo ‘lebitso la Jehova le neng le le ho lona,’ e ne e le Mora oa Molimo oa letsibolo, eo hamorao e ileng ea e-ba Jesu.—9/15, leqepheng la 21.

• Ke hobane’ng ha bukeng ea 1 Bakorinthe ho buuoa ka nama ea mahlabelo a neng a etsetsoa litšoantšo?

Ho ne ho etsoa mahlabelo a liphoofolo litempeleng tsa Bagerike le Baroma, empa nama e neng e sa jeoa nakong ea mokete, e ne e ka ’na ea qetella e rekisoa limmarakeng tsa sechaba tsa nama. Bakreste ba ne ba sa kopanele borapeling ba bohetene; kahoo, ho ne ho sa hlokahale hore ba nke hore nama eo ho neng ho entsoe mahlabelo ka eona tempeleng, e neng e rekisoa ’marakeng, e ne e silafetse. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e rekisoang ’marakeng oa nama le ’ne le e je, le sa botsisise letho ka lebaka la matsoalo a lōna; kaha ‘lefatše ke la Jehova le se tletseng ho lona.’” (1 Bakor. 10:25, 26)—10/1, leqepheng la 12.

• Mabapi le borapeli ba ’nete, ke mabaka afe ao re ka ’nang ra ipehela ’ona ao Molimo a sa a amoheleng?

‘Ke mosebetsi o boima haholo. Ha ke batle ho o etsa. Ha ke na nako. Ha ke tšoanelehe. Ho na le motho ea nkutloisitseng bohloko.’ Ao hase mabaka a utloahalang a hore re se ke ra phetha litaelo tsa Molimo.—10/15, leqepheng la 12-15.

• U ka etsa hore liboka tsa Bokreste li u hahe li be li hahe le ba bang ka litsela life?

Lokisetsa esale pele. E-ba teng kamehla. Fihla ka nako. Tloo le lintho tsohle tse hlokahalang. Qoba lintho tse ka u sitisang. E-ba le seabo. Fana ka litlhaloso tse khutšoanyane. Phetha likabelo tsa hao. Babatsa ba bileng le seabo. Bua le ba bang pele le ka mor’a liboka.—10/15, leqepheng la 22.

• Ke tlaleho efe ea Bibele e amanang le ngoananyana oa Moiseraele e buang ka lepera, le akarelletsang lefu leo mehleng ee le tsejoang e le Hansen’s disease?

Buka ea Marena a Bobeli khaolo ea 5 e re bolella ka ngoanana oa Moiseraele, eo e neng e le lekhabunyane ka tlung ea molaoli oa lebotho la Syria ea neng a bitsoa Naamane. Kaha molaoli eo o ne a tšoeroe ke lepera, ngoanana eo o ile a mo khothalletsa hore a ee ho moprofeta Elisha e le hore a e’o mo phekola.—11/1, leqepheng la 22.

• Re ka ithuta’ng tabeng ea hore ebe Arone o ile a inehela khatellong ea lithaka?

Ha Moshe a ne a le sieo, Baiseraele ba ile ba phehella Arone hore a ba etsetse molimo. O ile a inehela eaba oa o etsa. Sena se bontša hore hase bacha feela ba thulanang le khatello ea lithaka. E ka ama le batho ba baholo ba batlang ho etsa se nepahetseng. Re lokela ho hlōla khatello e mpe ea lithaka.—11/15, leqepheng la 8.

• Ke sefe seo e leng ’nete, hona ke sefe se iqapetsoeng?

Satane ke motho oa sebele: ke ’nete. (2 Bakor. 11:14) Ha batho bohle ba e-shoa, ba fetela sebakeng sa moea: ke se iqapetsoeng. (Moek. 9:5) Mangeloi a tšepahalang aa re tsotella: ke ’nete. (Pes. 34:7) Jesu o lekana le Molimo: ke se iqapetsoeng. (1 Bakor. 11:3)—12/1, leqepheng la 8-9.