Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hlompha Lenyalo Kaha ke Mpho e Tsoang ho Molimo

Hlompha Lenyalo Kaha ke Mpho e Tsoang ho Molimo

Hlompha Lenyalo Kaha ke Mpho e Tsoang ho Molimo

“Ke ka lebaka leo monna a tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.”—GEN. 2:24.

1. Ke hobane’ng ha Jehova a lokeloa ke hore re mo hlomphe?

RURI Jehova Molimo e leng Moqapi oa lenyalo, o lokeloa ke hore re mo hlomphe. Kaha ke eena ’Mōpi oa rōna, ’Musi le Ntate oa rōna ea leholimong, ke ka nepo a hlalosoang e le Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jak. 1:17; Tšen. 4:11) Ena ke tsela eo a bontšang ka eona hore o re rata haholo. (1 Joh. 4:8) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a re rutileng eona, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang hore re e etse le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a re fileng eona haesale e le molemong oa rōna.—Esa. 48:17.

2. Jehova o ile a fa banyalani ba pele litaelo life?

2 Bibele e bua ka lenyalo e le e ’ngoe ea limpho tsena tse “molemo” tse tsoang ho Molimo. (Ruthe 1:9; 2:12) Ha Jehova a ne a theha lenyalo la pele, o ile a fa banyalani ba pele e leng Adama le Eva litaelo tse tobileng tsa kamoo ba neng ba ka atleha kateng. (Bala Matheu 19:4-6.) Haeba ba ne ba ile ba mamela litaelo tsa Molimo, ba ka be ba ile ba lula ba thabile ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, ka booatla ba ile ba tlōla taelo ea Molimo ’me ba kotula litholoana tse bosula.—Gen. 3:6-13, 16-19, 23.

3, 4. (a) Kajeno batho ba bangata ba hlompholla lenyalo le Jehova Molimo joang? (b) Re tla tšohla mehlala efe sehloohong see?

3 Joaloka banyalani bao ba pele, kajeno batho ba bangata ha ba natse litaelo tsa Jehova hakaalo kapa ha ba li natse ho hang ha ba etsa liqeto lenyalong. Batho ba bang ha ba batle ho itlama ka lenyalo ho hang, athe ba bang bona ba leka ho le fetola hore le lumellane le se batloang ke bona. (Bar. 1:24-32; 2 Tim. 3:1-5) Ba iphapanyetsa taba ea hore lenyalo ke mpho e tsoang ho Molimo, ’me ha ba hlompholla mpho eo, ba boetse ba hlompholla Mofani oa eona, e leng Jehova Molimo.

4 Ka linako tse ling, esita le batho ba bang ba Molimo baa lebala hore na maikutlo a Jehova ke afe ka lenyalo. Banyalani ba bang ba Bakreste ba etsa qeto ea ho arohana, kapa ba hlalana ba se na mabaka a Mangolo. See se ka qojoa joang? Taelo ea Molimo e ho Genese 2:24 e ka thusa banyalani ba Bakreste joang hore ba matlafatse lenyalo la bona? Ho feta moo, batho ba nahanang ho kena lenyalong ba ka itokisetsa lona joang? A re ke re hlahlobeng mehlala e meraro ea manyalo a ileng a atleha mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, e bontšang kamoo ho hlompha Jehova e leng habohlokoa kateng ho etsa hore lenyalo e be le tšoarellang.

Loanela ho Lula U Tšepahala

5, 6. Ke boemo bofe boo e ka ’nang eaba bo ile ba leka Zakaria le Elizabetha, hona ba ile ba putsoa joang ka lebaka la botšepehi ba bona?

5 Zakaria le Elizabetha ba ne ba entse lintho ka tsela e nepahetseng. Bobeli ba bona ba ne ba khethile molekane ea tšabang Molimo. Zakaria o ne a phetha mesebetsi ea hae ea boprista ka botšepehi, ’me bobeli ba bona ba ne ba phetha Molao oa Molimo ka hohle kamoo ba neng ba ka khona kateng. Ruri ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo ba neng ba ka leboha Molimo ka tsona. Leha ho le joalo, ha u ne u ka etela ha bona Juda, u ne u tla hlokomela hore ho ne ho e-na le ntho e haellang. Ba ne ba se na bana. Elizabetha e ne e le nyopa, ’me bobeli ba bona ba ne ba se ba hōlile haholo.—Luka 1:5-7.

6 Iseraeleng ea boholo-holo, ho ba le bana ho ne ho nkeloa holimo haholo, ’me malapa a ne a atisa ho ba le bana ba bangata. (1 Sam. 1:2, 6, 10; Pes. 128:3, 4) Mehleng eo, monna oa Moiseraele o ne a ka ’na a hlala mosali oa hae ka bolotsana haeba a ne a sa be le bana. Leha ho le joalo, ka botšepehi Zakaria eena o ile a lula le Elizabetha. Eena le mosali oa hae ha baa ka ba batla monyetla oa ho monyola ka hlooho lenyalong la bona. Le hoja taba ea ho se be le bana e ne e ba utloisa bohloko, ba ile ba tsoela pele ba sebeletsa Jehova ka botšepehi. Ha nako e ntse e e-ea, ka mohlolo Jehova o ile a ba putsa ka mora botsofaling ba bona.—Luka 1:8-14.

7. Elizabetha o ile a bontša ka tsela efe e ’ngoe hore o ne a tšepahala ho monna oa hae?

7 Elizabetha o ile a bontša ka tsela e ’ngoe e babatsehang hore o ne a tšepahala. Ha mora oa hae, Johanne a ne a hlaha, Zakaria o ne a sa khone ho bua kaha o ne a otliloe ka hore a se ke a tseba ho bua ka lebaka la ho se tšepe lengeloi la Molimo. Leha ho le joalo, e tlameha ebe Zakaria o ile a bolella mosali oa hae ka tsela e itseng hore lengeloi la Jehova le ne le mo boleletse hore a rehe moshanyana eo “Johanne.” Baahelani le beng ka eena ba ne ba batla ho rehella moshanyana eo ka ntate oa hae. Empa ka botšepehi Elizabetha o ile a khomarela seo monna oa hae a neng a mo laetse sona. O ile a re: “Che, ka sebele! empa o tla rehoa Johanne.”—Luka 1:59-63.

8, 9. (a) Botšepehi bo matlafatsa lenyalo joang? (b) Monna le mosali ba ka bontša botšepehi ka litsela life tse tobileng?

8 Joaloka Zakaria le Elizabetha, kajeno banyalani ba thulana le lintho tse ba nyahamisang le mathata a mang. Ha ho se na botšepehi lenyalong, lenyalo leo le ke ke la atleha. Ho bonya le motho e mong, litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, bofebe le lintho tse ling tse behang lenyalo kotsing, li ka etsa hore banyalani ba se ke ba hlola ba tšepana. Ho feta moo, ha banyalani ba se ba sa tšepane, lerato le qala ho tapa. Ka litsela tse itseng, botšepehi bo ka tšoantšoa le lekhoakhoa le sireletsang lelapa ’me le thibela lintho tse sa hlokahaleng le tse ka le behang kotsing, ’me le etsa hore batho ba ka tlung ba ikutloe ba sireletsehile. Kahoo, ha monna le mosali ba tšepahala, ba ka lula ba sa tšohe letho ’me ba phetlelana lifuba, ba ba ba ratana le ho feta. Ka sebele botšepehi ke ba bohlokoa.

9 Jehova o ile a re ho Adama: “Monna [o] tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae.” (Gen. 2:24) Seo se bolela’ng? Se bolela hore ba lokela ho fetola tsela eo ba neng ba sebelisana le metsoalle le beng ka bona ka eona. Molekane ka mong o lokela ho tsotella e mong a be a iphe nako ea hae pele ho batho ba bang. Metsoalle le beng ka bona ha baa lokela ho tla pele ho lelapa lena le lecha; ebile banyalani ha baa lokela ho lumella batsoali hore ba kena-kenane le liqeto tsa malapa a bona kapa ba kene litaba tsa bona ha ho e-na le ho se lumellane. Nakong ena banyalani ba lokela ho khomarelana. Eo ke taelo ea Molimo.

10. Ke eng e tla thusa banyalani hore ba loanele ho lula ba tšepahala?

10 Esita le malapeng ao ho ’ona molekane e mong e seng Mokreste, botšepehi bo hlahisa melemo. Morali e mong oabo rōna ea nang le molekane ea sa lumelang, o re: “Ke leboha Jehova haholo hore ebe o nthutile hore na nka ikokobelletsa monna oa ka joang ka ba ka mo hlompha ka ho teba. Ho lula ke tšepahala ho entse hore re qete lilemo tse 47 re ratana re bile re hlomphana.” (1 Bakor. 7:10, 11; 1 Pet. 3:1, 2) Kahoo, ikitlaelletse ho etsa hore molekane oa hao a ikutloe a sireletsehile. Ka mantsoe a hao le ka liketso tsa hao, batla litsela tsa ho tiisetsa molekane oa hao hore ke eena motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao. Leka ka hohle hore u se ke ua lumella motho leha e le ofe kapa ntho leha e le efe ho kena lipakeng tsa hao le molekane oa hao. (Bala Liproverbia 5:15-20.) Ron le Jeannette, ba seng ba qetile lilemo tse fetang 35 ba nyalane ba bile ba thabile, ba re, “Kaha ka botšepehi re etsa seo Molimo a se hlokang ho rōna, re thabile ebile re atlehile lenyalong la rōna.”

Bonngoe bo Matlafatsa Lenyalo

11, 12. Akuila le Prisilla ba ne ba sebelisana joang (a) lapeng, (b) mosebetsing oa bona oa boipheliso le (c) tšebeletsong ea Bokreste?

11 Kamehla ha moapostola Pauluse a ne a bua ka metsoalle ea hae e leng Akuila le Prisilla, o ne a sa bue ka e mong ebe o siea e mong. Banyalani bana ba neng ba le bonngoeng ke mohlala o motle oa hore na Molimo o ne a bolela’ng ha a ne a re monna le mosali e lokela ho ba “nama e le ’ngoe.” (Gen. 2:24) Kamehla ba ne ba sebetsa hammoho lapeng, mosebetsing oa boipheliso le tšebeletsong ea Bokreste. Ka mohlala, ha Pauluse a ne a qala ho fihla Korinthe, ka mosa Akuila le Prisilla ba ile ba kōpa hore a lule ha bona, e leng sebaka seo ka mor’a moo ho bonahalang a ile a qeta nako e itseng a se sebelisa. Hamorao ha ba le Efese, ba ile ba lumela hore lehae la bona le sebelisoe e le moo ho tšoareloang liboka tsa phutheho teng, ’me ba ile ba sebetsa ’moho ho thusa batho ba bacha, ba kang Apolose, hore ba hōle moeeng. (Lik. 18:2, 18-26) Ka mor’a moo, banyalani bana ba chesehang ba ile ba ea Roma, moo le teng ba ileng ba boela ba lumela hore lehae la bona le sebelisoe e le moo ho tšoareloang liboka teng. Hamorao, ba ile ba khutlela Efese, ba matlafatsa barab’abo rōna.—Bar. 16:3-5.

12 Ka nakoana, Akuila le Prisilla ba ile ba boela ba sebetsa le Pauluse mosebetsing oa bona oa ho etsa litente. Le mona banyalani bana ba ne ba ntse ba etsa lintho hammoho, ba sebelisana ho e-na le ho hlōlisana kapa ho loantšana. (Lik. 18:3) Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore ntho e neng e etsa hore lenyalo la bona le matlafale ke hore ba ne ba qeta nako hammoho mesebetsing ea Bokreste. Ebang ba ne ba le Korinthe, Efese kapa Roma, ba ne ba tsebahala e le ‘basebetsi-’moho ho Kreste Jesu.’ (Bar. 16:3) Ba ne ba sebetsa ’moho ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso kae kapa kae moo ba neng ba sebeletsa teng.

13, 14. (a) Ke lintho life tse ka etsang hore ho se ke ha e-ba le bonngoe lenyalong? (b) Ke lintho life tseo banyalani ba ka li etsang, tse ka matlafatsang tlamahano ea bona joaloka “nama e le ’ngoe”?

13 Ka sebele, ho ba le lipakane tse tšoanang le ho etsa lintho tse tšoanang ho matlafatsa lenyalo. (Moek. 4:9, 10) Ka bomalimabe, kajeno banyalani ba bangata ba qeta nako e fokolang ba le ’moho. Ba sebetsa lihora tse ngata mesebetsing ea bona e fapaneng. Ba bang ba tsamaea haholo ka mosebetsi kapa ba fallela linaheng tse ling ba le bang ba il’o sebeletsa ho romela chelete hae. Esita leha ba le malapeng, banyalani ba bang ba fumana ho e-na le lekhalo lipakeng tsa bona ka lebaka la ho qeta nako e ngata ba shebeletse thelevishene, ba etsa lintho tse ba tlosang bolutu, ba bapala lipapali tse itseng kapa tsa video kapa ba le Inthaneteng. Na ke sona se etsahalang lelapeng la hao? Haeba ho joalo, na le ka fetola maemo a lōna e le hore le qete nako e ngata le le ’moho? Ho ka ba joang ha le ka lokisa lijo hammoho, la hlatsoa lijana hammoho kapa la sebetsa jareteng hammoho? Ho ka ba joang ha le ka sebetsa hammoho ho hlokomela bana kapa ho thusa batsoali ba lōna ba seng ba hōlile?

14 Taba ea bohlokoa le ho feta ke hore le qete nako e ngata le etsa mesebetsi e amanang le borapeli ba Jehova hammoho. Ho tšohla temana ea letsatsi hammoho, le ho kopanela borapeling ba lelapa ke monyetla o motle oa ho etsa hore lelapa la lōna le be le lipakane tse tšoanang le be le nahane ka tsela e tšoanang. Ho feta moo, kopanelang hammoho boboleling. Haeba ho khoneha, lekang ho bula maliboho hammoho, le haeba maemo a lōna a le lumella ho etsa joalo ka khoeli e le ’ngoe feela kapa selemo se le seng feela. (Bala 1 Bakorinthe 15:58.) Morali e mong oabo rōna ea kileng a bula maliboho le mohats’ae, o re: “Boboleli e ne e le e ’ngoe ea litsela tseo ka tsona re neng re qeta nako re le ’moho re bile re phetlelana lifuba. Kaha bobeli ba rōna re ne re e-na le pakane e tšoanang ea ho thusa batho ba bang moeeng, ke ne ke utloa hore re ne re hlile re le ngatan’a ’ngoe. Ke ne ke utloa ke e-na le kamano e haufi le eena, eseng feela hobane e le monna oa ka empa hobane e le motsoalle eo ke ntšanang se inong le eena.” Ha u ntse u sebetsa hammoho le molekane oa hao mesebetsing e molemo, hanyane ka hanyane lintho tseo le li thahasellang, tseo le li etelletsang pele le mekhoa ea lōna e tla tšoana, ho fihlela joaloka Akuila le Prisilla, le qetella le nahana, le ikutloa le bile le etsa lintho joaloka “nama e le ’ngoe.”

Etelletsang Molimo Pele

15. Ke ntho efe ea bohlokoa e etsang hore lenyalo le atlehe? Hlalosa.

15 Jesu o ne a tseba bohlokoa ba ho etelletsa Molimo pele lenyalong. O ile a bona ha Jehova a ne a theha lenyalo la pele. O ile a bona kamoo Adama le Eva ba neng ba thabile kateng ha ba ne ba mamela litaelo tsa Molimo, ’me a bona ka mahlo mathata a ileng a ba tlela ha ba ne ba iphapanyetsa tsona. Kahoo ha Jesu a ne a ruta batho ba bang, o ile a pheta taelo ea Ntate oa hae e fumanoang ho Genese 2:24. O ile a phaella ka ho re: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Mat. 19:6) Kahoo, ho hlompha Jehova ka ho teba, e sa ntse e le ntho ea bohlokoa e etsang hore lenyalo le thabise le be le atlehe. Batsoali ba Jesu ba nama, e leng Josefa le Maria, ba ile ba beha mohlala o ikhethang tabeng ena.

16. Josefa le Maria ba ile ba bontša joang hore ba ne ba etelletsa Molimo pele bophelong ba bona ba lelapa?

16 Josefa o ne a le mosa ho Maria a bile a mo hlompha. Ha a ne a qala ho utloa hore Maria o ne a imme, o ne a batla ho mo tšoara ka mohau, esita le pele lengeloi la Molimo le mo hlalosetsa hore na ho ne ho etsahetse’ng ka eena. (Mat. 1:18-20) Ha ba se ba nyalane ba ile ba mamela taelo ea Cesare ba ba ba latela Molao oa Moshe ka hloko. (Luka 2:1-5, 21, 22) Le hoja e ne e le banna feela ba neng ba tlameha ho ba teng meketeng e meholo ea bolumeli Jerusalema, Josefa le Maria, hammoho le litho tsa lelapa la bona, ba ne ba e-ba teng ho eona selemo le selemo. (Deut. 16:16; Luka 2:41) Ka litsela tsena le tse ling, banyalani bana ba neng ba tšaba Molimo ba ne ba loanela ho khahlisa Jehova ’me ba ile ba bontša hore ba ne ba hlompha lintho tsa moea ka ho teba. Ha ho makatse hore ebe Jehova o ne a khethile bona hore ba hlokomele Mora oa hae Jesu lefatšeng ha a ne a sa le monyenyane.

17, 18. (a) Banyalani ba ka etelletsa Molimo pele joang lelapeng la bona? (b) See se tla ba tsoela molemo joang?

17 Na lelapa la lōna le lona le etelletsa Molimo pele bophelong ba lona? Ka mohlala, ha le etsa liqeto tsa bohlokoa, na le qala ka ho batlisisa melao-motheo ea Bibele, ka ho rapella taba eo ebe le batla keletso ea Bakreste ba hōlileng tsebong? Kapa le iphumana le rarolla mathata ka ho latela maikutlo a lōna kapa a beng ka lōna le metsoalle? Na le leka ka matla hore le sebelise likeletso tse ngata tse molemo tse hatisitsoeng ke lekhoba le tšepahalang, tse mabapi le lenyalo le bophelo ba lelapa? Kapa le iphumana feela le latela litloaelo tsa sebakeng sa habo lōna kapa likeletso tse atileng tsa lefatše? Na le atisa ho rapela le ho ithuta hammoho, ho beha lipakane tsa moea le ho bua ka lintho tseo lelapa la lōna le lokelang ho li etelletsa pele?

18 Ha Ray a bua ka lilemo tse 50 tseo eena le mohats’ae ba li qetileng ba nyalane ba bile ba thabile, o re, “Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le bothata boo re ileng ra hlōleha ho bo rarolla, hobane re ne re entse hore Jehova a lule e le karolo ea ‘thapo ea rōna e meloho e meraro.’” (Bala Moeklesia 4:12.) Danny le Trina ba lumellana le seo. Ba re: “Ha re ntse re sebeletsa Molimo hammoho, lenyalo la rōna le ’nile la matlafala le ho feta.” Ba se ba qetile lilemo tse fetang 34 ba nyalane ba bile ba thabile. Haeba kamehla le etelletsa Jehova pele lenyalong la lōna, o tla le thusa hore le atlehe a be a le hlohonolofatse haholo.—Pes. 127:1.

Tsoelang Pele le Hlompha Mpho ea Molimo

19. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a fana ka mpho ea lenyalo?

19 Kajeno batho ba bangata ba amehile feela ka hore ba thabe. Empa mohlanka oa Jehova eena ha a talime lintho joalo. Oa tseba hore Molimo o fane ka lenyalo ho ntšetsa morero oa Hae pele. (Gen. 1:26-28) Hoja Adama le Eva ba ile ba hlompha mpho eo, lefatše lohle e ka be e ile ea e-ba paradeise e tletseng bahlanka ba Molimo ba thabileng le ba lokileng.

20, 21. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho nka lenyalo le halalela? (b) Bekeng e tlang re tla ithuta ka mpho efe?

20 Ka holim’a tsohle, bahlanka ba Molimo ba nka hore lenyalo le ba fa monyetla oa ho fa Jehova thoriso. (Bala 1 Bakorinthe 10:31.) Joalokaha re se re bone, botšepehi, bonngoe le ho etelletsa Molimo pele ke lintho tse khahlisang Molimo le tse matlafatsang lenyalo. Kahoo, ebang re itokisetsa lenyalo, rea le matlafatsa kapa re leka ho le boloka, ntho ea pele eo re lokelang ho e hlokomela ke hore lenyalo ke tokisetso e entsoeng ke Molimo le e halalelang. Ha re lula re hopola seo, re tla susumelletseha hore ha re etsa liqeto lenyalong, re etse sohle seo re ka se khonang hore re li thehe Lentsoeng la Molimo. Ha re etsa joalo re tla be re bontša hore ha re hlomphe lenyalo feela empa re boetse re hlompha le Mofani oa mpho eo, e leng Jehova Molimo.

21 Ke ’nete hore lenyalo hase eona feela mpho eo Jehova a re fileng eona; ebile hase eona feela tsela ea ho fumana thabo bophelong. Sehloohong sa rōna se latelang, re tla hlahloba mpho e ’ngoe ea bohlokoa e tsoang ho Molimo—e leng mpho ea bosoha.

U ka Araba Joang?

• Botšepehi bo lokela ho susumetsa Bakreste ba lenyalong joang?

• Ho etsa lintho hammoho ho tla matlafatsa lenyalo joang?

• Banyalani ba ka etelletsa Molimo pele ka litsela life?

• Re ka bontša joang hore re hlompha Jehova, e leng Moqapi oa lenyalo?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Ho etsa lintho hammoho ho thusa banyalani hore ba lule ba le bonngoeng