Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U Nahana ka Lintho Tseo Jehova a Seng a U Etselitse Tsona

Lula U Nahana ka Lintho Tseo Jehova a Seng a U Etselitse Tsona

Lula U Nahana ka Lintho Tseo Jehova a Seng a U Etselitse Tsona

NAKOANA ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, barutuoa ba hae ba babeli ba ne ba le tseleng e eang Emmause ba e-tsoa Jerusalema. Tlaleho ea Kosepele ea Luka e re: “Ha ba ntse ba qoqa le ho buisana, Jesu a atamela ’me a qala ho tsamaea le bona; empa mahlo a bona a ne a thibiloe hore a se ke a mo hlokomela.” Joale Jesu o ile a re ho bona: “‘Litaba tsee tseo le phehisanang ka tsona ha le ntse le tsamaea ke life?’ Eaba ba ema ka lifahleho tse hlomohileng.” Ke hobane’ng ha ba ne ba hlomohile? Ke hobane barutuoa ba ne ba e-na le maikutlo a hore ka nako eo Jesu o ne a tla lokolla Baiseraele khatellong ea Balichaba, empa o ne a sa ba lokolla. Ho e-na le hoo, Jesu o ne a bolailoe. Ke kahoo ba neng ba hlomohile.—Luka 24:15-21; Lik. 1:6.

Jesu o ile a qala ho behela barutuoa ba hae mabaka. “Ha a qala ka Moshe le Baprofeta kaofela a ba hlalosetsa lintho tse amanang le eena ka Mangolong ’ohle.” Ka sebele, ho na le lintho tse ngata tsa bohlokoa tse matlafatsang tumelo tse neng li etsahetse nakong ea tšebeletso ea Jesu! Ha barutuoa ba ntse ba mametse ha Jesu a ba hlalosetsa, tsela eo ba neng ba ikutloa ka eona e ile ea fetoha, ba ile ba tlohela ho hlomoha eaba baa thaba. Hamorao mantsiboeeng ao ba ile ba re: “Na lipelo tsa rōna li ne li sa chese ha a ntse a bua le rōna tseleng, ha a ntse a re bulela Mangolo ka botlalo?” (Luka 24:27, 32) Tsela eo barutuoa ba Jesu ba ileng ba ikutloa ka eona e re ruta’ng?

Ha Lintho Tseo re li Lebeletseng li sa Phethahale li re Ama Joang?

Barutuoa ba babeli ba neng ba le tseleng e eang Emmause ba ne ba hlomohile hobane lintho tseo ba neng ba li lebeletse li ne li sa phethahala. Ba ile ba etsahalloa ke se hlalosoang ho Liproverbia 13:12, e reng: “Tebello e chechisetsoang morao e kulisa pelo.” Ka tsela e tšoanang, ba bang ba rōna ba ’nileng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse mashome, ba ne ba nahana hore e ne e tlameha ebe “matšoenyeho a maholo” a se a tlile. (Mat. 24:21; Tšen. 7:14) Ke ntho e utloahalang hore hona joale lintho tse joalo tse sa phethahalang, li ka ’na tsa etsa hore batho ba hlomohe.

Leha ho le joalo, u hopole hore barutuoa bao ba babeli ba ile ba boela ba thaba ka mor’a hore Jesu a ba thuse hore ba nahane ka boprofeta bo neng bo se bo phethahetse—esita le bo neng bo phethahetse mehleng ea bona. Le rōna re ka lula re thabile ra ba ra hlōla maikutlo a ho nyahama ka tsela e tšoanang. Moholo e mong oa Mokreste eo e leng khale a li bona ea bitsoang Michael, o re: “U se ke ua lula u nahana ka lintho tseo Jehova a e-s’o li etse. Ho e-na le hoo, nahana ka tseo a seng a li entse.” Ruri ena ke keletso e ntle!

Seo Jehova a Seng a se Entse

Nahana ka tse ling tsa lintho tse ikhethang tseo Jehova a seng a li entse. Jesu o ile a re: “Ea bontšang tumelo ho ’na, eo ka ho tšoanang o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang; ’me o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena.” (Joh. 14:12) Kajeno, bahlanka ba Molimo ba etsa mesebetsi e moholo ka ho fetisisa eo Bakreste ba kileng ba e etsa. Batho ba fetang limilione tse supileng ba lebeletse ho pholoha matšoenyeho a maholo. Nahana feela, ha ho e-s’o be mohla bahlanka ba bangata hakana ba Jehova ba tšepahalang ba kileng ba mo sebeletsa linaheng tse ngata hakana lefatšeng! Jehova o entse hore mantsoe a Jesu a boprofeta a buang ka “mesebetsi e meholo ho ena,” a phethahale.

Ke eng hape eo Jehova a re etselitseng eona? O entse hore ka tsela ea tšoantšetso batho ba lipelo li ntle ba tsoe lefatšeng le khopo ’me ba kene paradeiseng ea moea eo a e entseng. (2 Bakor. 12:1-4) Iphe nako ea hore u nahane ka tse ling tsa lintho tseo re nang le tsona tse teng paradeiseng eo. Ka mohlala, sheba moo u bolokang libuka teng kapa laebraring e Holong ea ’Muso. Phetla Watch Tower Publications Index, kapa u shebe Watchtower Library. Mamela tšoantšiso ea Bibele. Ka kelellong ea hao, ikhopotse melumo le litšoantšo tsa kopano ea setereke e sa tsoa feta. Ho phaella moo, nahana ka setsoalle se matlafatsang seo re bang le sona le bara le barali babo rōna ba Bakreste. Ruri Jehova o bile seatla se bulehileng ha a re fa lijo tsa moea le mokhatlo oa barab’abo rōna o nang le lerato—ka sebele ena ke paradeise ea moea!

Mopesaleme Davida o ile a re: “U entse lintho tse ngata, Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rōna.” (Pes. 40:5) Ka sebele, haeba re lula re nahana ka lintho tse hlollang tseo Jehova a seng a re etselitse tsona le menahano ea hae e lerato ho rōna, re tla boela re fumana matla a hore re mamelle ka botšepehi ha re ntse re sebeletsa Jehova, e leng Ntate oa rōna ea leholimong, ka lipelo tsohle tsa rōna.—Mat. 24:13.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae hore ba lule ba nahana ka lintho tseo Jehova a neng a se a ba etselitse tsona

[Litšoantšo tse leqepheng la 32]

Ka kelellong ea hao, ikhopotse melumo le litšoantšo tsa kopano ea setereke e sa tsoa feta