Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moea o Halalelang o re fa Matla a ho Hlōla Teko Efe Kapa Efe

Moea o Halalelang o re fa Matla a ho Hlōla Teko Efe Kapa Efe

Moea o Halalelang o re fa Matla a ho Hlōla Teko Efe Kapa Efe

“Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—BAFIL. 4:13.

1. Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba hlaheloa ke mahlomola a mangata?

BATHO ba Jehova ba ’nile ba hlaheloa ke mahlomola a mefuta-futa. Liteko tse ling li bakoa ke ho se phethahale ha rōna kapa ke tsamaiso ea lintho eo re phelang ho eona. Tse ling li bakoa ke bora bo teng pakeng tsa batho ba sebeletsang Molimo le ba sa mo sebeletseng. (Gen. 3:15) Ho tloha qalong ea histori ea batho, Molimo o ’nile a thusa bahlanka ba hae ba tšepahalang hore ba mamelle mahloriso a bakoang ke batho ba bolumeli, ba hlōle khatello ea lithaka e kotsi ba be ba mamelle mahlomola a mang a fapa-fapaneng. Moea oa hae o halalelang o ka re fa matla a hore re etse se tšoanang.

O re Thusa ho Mamella Mahloriso a Bakoang ke Batho ba Bolumeli

2. Morero oa mahloriso a bakoang ke batho ba bolumeli ke ofe, hona a ka tla ka litsela life?

2 Mahloriso a bakoang ke batho ba bolumeli ke ho hlekefetsa batho kapa ho ba ntša kotsi ka boomo ka lebaka la tumelo ea bona. Morero oa ’ona ke ho felisa tumelo eo, ho e thibela hore e ate, kapa ho etsa hore ba e lumelang ba khaotse ho e lumela. Mahloriso a ka tla ka litsela tse fapaneng, a mang e ka ba a tobileng, a mang e ka ba a poteletseng. Bibele e tšoantša litlhaselo tsa Satane le tsa taoana le masumu.—Bala Pesaleme ea 91:13.

3. Satane o hlasela joang joalokaha eka ke tau le joalokaha eka masumu?

3 Joaloka tau e bohale, hangata Satane o ’nile a hlasela batho ka ho toba a sebelisa pefo, a etsa hore ba kenngoe lichankaneng kapa mosebetsi oa bona o thibeloe. (Pes. 94:20) Litlaleho tsa Buka ea Selemo tse hlalosang liketso tsa Lipaki Tsa Jehova mehleng ea kajeno li na le mehlala e mengata ea maqiti a joalo. Lihlopha tsa mahoohoo a tsoileng taolong, tseo tse ling tsa tsona li eteletsoeng pele ke baruti kapa batho ba chesehelang lipolotiki ka ho feteletseng, li ’nile tsa tšoara batho ba Molimo hampe libakeng tse ngata. Litlhaselo tsena tse kang tsa tau li entse hore batho ba seng bakae ba khaotse ho sebeletsa Jehova. Joaloka masumu, Diabolose o boetse o hlasela batho ka mokhoa o poteletseng e le hore a silafatse likelello tsa bona le hore a ba eke hore ba etse thato ea hae. Tlhaselo ea mofuta ona e reretsoe ho fokolisa tumelo ea rōna kapa ho etsa hore re e koenehele. Empa moea o halalelang oa Molimo o ka re thusa hore re mamelle mahloriso a mefuta eo e ’meli.

4, 5. Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho itokisetsa mahloriso ke efe, hona hobane’ng? Fana ka mohlala.

4 Ho nahana ka litsela tse fapaneng tseo mahloriso a ka ’nang a tla ka tsona nakong e tlang hase mokhoa o motle ka ho fetisisa oa ho itokisetsa ’ona. Bonneteng re ke ke ra tseba hore na re tla hlorisoa ka litsela life, kahoo ha ho na thuso ea ho ngongoreha ka lintho tse ka ’nang tsa se ke tsa etsahala ho hang. Leha ho le joalo, ho na le ntho eo re ka e etsang. Boholo ba batho ba ileng ba atleha ho mamella mahloriso ba thusitsoe ke ho nahanisisa ka mehlala ea bahlanka ba tšepahalang ba Jehova e tlalehiloeng ka Mangolong, hammoho le lithuto tsa Jesu le mohlala oa hae. Ho etsa joalo ho ba thusitse hore ba rate Jehova le ho feta. Lerato leo le ile la ba thusa hore ba hanyetse liteko life kapa life tse ileng tsa ba hlahela.

5 Nahana ka mohlala oa baralib’abo rōna ba babeli ba Malawi. Ha sehlopha se seng sa mahoohoo se mabifi se ne se leka ho ba qobella hore ba reke likarete tsa mokha oa lipolotiki, se ile sa ba otla, sa ba hlobolisa sa ba sa ba tšosa ka hore se tla ba beta. Sehlopha seo se ile sa bua leshano la hore esita le litho tsa lelapa la Bethele li ne li rekile likarete tsa mokha. Barali bao babo rōna ba ile ba re’ng? “Re sebeletsa Jehova Molimo feela. Kahoo, haeba barab’abo rōna ofising ea lekala ba rekile likarete, hoo ha ho etse phapang ea letho ho rōna. Re ke ke ra li reka, esita le haeba le ka re bolaea!” Ka mor’a hore barali bao babo rōna ba bontše sebete ka tsela eo, ba ile ba lokolloa.

6, 7. Jehova o fa bahlanka ba hae matla a hore ba mamelle mahloriso joang?

6 Moapostola Pauluse o ile a bolela hore Bakreste ba Thesalonika ba ne ba amohetse molaetsa oa ’nete “tlas’a matšoenyeho a mangata” empa “ka thabo ea moea o halalelang.” (1 Bathes. 1:6) Ka sebele, Bakreste ba bangata ba nakong e fetileng le ba kajeno, ba ’nileng ba hlorisoa ba ba ba hlōla mahloriso ao, ba tlalehile hore nakong e boima ka ho fetisisa ea liteko tsa bona, ba ile ba e-ba le khotso ea kelello, e leng tšobotsi e ’ngoe ea tholoana ea moea o halalelang oa Molimo. (Bagal. 5:22) Ka lehlakoreng le leng, khotso eo e ile ea lebela lipelo tsa bona le matla a bona a kelello. Ka sebele, Jehova o sebelisa matla a hae a sebetsang e le hore a fe bahlanka ba hae matla a ho mamella liteko le ho etsa lintho ka bohlale ha ba hlorisoa. *

7 Batho ba re shebileng ba ’nile ba tsota boikemisetso ba batho ba Molimo ba ho lula ba tšepahala esita leha ba tobane le mahloriso a sehlōhō. Lipaki li ne li bonahala li e-na le matla a phahametseng a tlhaho, ’me ho ne ho hlile ho le joalo. Moapostola Petrose oa re tiisetsa o re: “Haeba le ntse le nyelisetsoa lebitso la Kreste, lea thaba, hobane moea oa khanya, moea oa Molimo, o lutse holim’a lōna.” (1 Pet. 4:14) Hore ebe re hlorisetsoa ho khomarela melao e lokileng ho bontša hore rea amoheleha ho Molimo. (Mat. 5:10-12; Joh. 15:20) Ruri pontšo ena ea hore Jehova oa re hlohonolofatsa e re thabisa haholo!

O re Thusa ho Hlōla Khatello ea Lithaka

8. (a) Ke eng e ileng ea thusa Joshua le Kalebe hore ba hlōle khatello ea lithaka? (b) Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Joshua le Kalebe?

8 Mahloriso a poteletseng haholo ao Bakreste ba tlamehang ho a mamella ke khatello ea lithaka e mpe. Leha ho le joalo, kaha moea oa Jehova o matla ho feta moea oa lefatše, re ka hlōla batho ba re somang, ba re etselletsang kapa ba lekang ho re qobella hore re phele ho ea ka melao ea bona. Ka mohlala, ke eng e ileng ea thusa Joshua le Kalebe hore ba se ke ba lumellana le maikutlo a lihloela tse ling tse leshome tse neng li romiloe hore li e’o hloela naha ea Kanana? Moea o halalelang o ile oa ba susumelletsa hore ba be le “moea” kapa maikutlo a fapaneng.—Bala Numere 13:30; 14:6-10, 24.

9. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ikemisetsa ho ba mekhelo?

9 Ka ho tšoanang moea o halalelang o ile oa fa baapostola ba Jesu matla a hore ba khone ho mamela Molimo ho e-na le batho ba neng ba nkeloa holimo hobane ho nkoa hore ke mesuoe ea bolumeli ba ’nete. (Lik. 4:21, 31; 5:29, 32) Batho ba bangata ba khetha ho ea le bongata, e le hore ba qobe ho qoaketsana le ba bang kapa ho hohlana le bona. Leha ho le joalo, hangata Bakreste ba ’nete bona ho hlokahala hore ba emele seo ba tsebang hore se nepahetse. Ho ntse ho le joalo, ka lebaka la matla a sebetsang ao Molimo a ba fang ’ona, ha ba tšabe ho ba mekhelo. (2 Tim. 1:7) Nahana ka taba e ’ngoe eo ho eona re sa lokelang ho lumella lithaka hore li re hatelle.

10. Bakreste ba bang ba ka ’na ba thulana le bothata bofe?

10 Bacha ba bang ba ka ’na ba iphumana ba tobane le bothata haeba ba tseba hore motsoalle oa bona o entse ntho e itseng e sa lumellaneng le Mangolo. Ba ka ’na ba nka hore ho kōpa baholo hore ba thuse motsoalle oa bona e tla be e le ho mo tsoa tlaase; kahoo ha ba bue ka taba eo hobane ba batla ho tšepahala ho metsoalle ea bona, empa boo ke botšepehi bo fosahetseng. Motho ea entseng phoso a ka ba a qobella metsoalle ea hae hore e etse sebe seo pinyane. Bonneteng, bothata bo kang bona ha bo hlahele bacha feela. Batho ba bang ba baholo le bona ba ka ’na ba thatafalloa ho bua le baholo ba phutheho ka sebe se entsoeng ke motsoalle oa bona kapa ke setho se seng sa lelapa. Empa Bakreste ba ’nete ba lokela ho etsa’ng ha ba hatelloa ka tsela eo?

11, 12. Ntho e molemo ka ho fetisisa eo u lokelang ho e etsa haeba setho sa phutheho se kōpa hore u se ke ua tlaleha phoso eo se e entseng ke efe? Hona hobane’ng?

11 Nahana ka boemo bona. A re re Alex, e leng mor’abo rōna ea ntseng a le mocha lilemong, oa tseba hore Steve, e leng motsoalle oa hae ka phuthehong, o tloaetse ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. Alex o bolella Steve hore o tšoenyehile haholo ka seo a se etsang. Leha ho le joalo, Steve ha a nkele mantsoe a hae hloohong. Ha Alex a mo khothalletsa hore a e’o bolella baholo bothata bona, Steve o araba Alex ka hore haeba ke motsoalle oa hlooho ea khomo a ke ke a mo tlaleha. Na Alex o lokela ho tšoha hore setsoalle sa bona se tla fela? A ka ’na a ipotsa hore na baholo ba tla lumela mang haeba Steve a ka latola bosehla. Leha ho le joalo, bothata bona ha bo na ho fela haeba Alex a ka le nyaea la koloba. Ha e le hantle, bo ka fella ka hore kamano ea Steve le Jehova e senyehe. Ho ka ba molemo ha Alex a ka hopola hore “ho thothometsoa ke batho ho cheha leraba, empa ea tšepang Jehova o tla sireletsoa.” (Liprov. 29:25) Alex o ne a ka etsa’ng hape? Ka lerato a ka ’na a ea ho Steve hape eaba o buisana ka bothata bona le eena. Ho tla hlokahala sebete hore a etse joalo. Empa ho ka ’na ha etsahala hore lekhetlong lena Steve o tla thabela monyetla oa ho bua ka bothata ba hae. Alex o lokela ho boela a khothalletsa Steve hore a e’o buisana le baholo a be a mo bolelle hore haeba a sa etse joalo ka mor’a nako e itseng, eena o tla ea ho bona.—Lev. 5:1.

12 Haeba ho ka etsahala hore u be boemong bo joalo, qalong motsoalle oa hao a ka ’na a se ke a ananela boiteko boo u bo etsang ba ho mo thusa. Empa ka mor’a nako a ka ’na a hlokomela hore u batla ho mo thusa e le kannete. Haeba motsoalle ea entseng phoso a thusoa a bile a amohela thuso eo, joale a ka ’na a u leboha haholo ka sebete le botšepehi ba hao. Ka lehlakoreng le leng, haeba a u koatella ruri, na kannete ke eena motsoalle eo u mo batlang? Ho khahlisa Motsoalle oa rōna e moholo ka ho fetisisa e leng Jehova, ke hona ho nepahetseng ka linako tsohle. Haeba re etelletsa Jehova pele, batho ba bang ba mo ratang ba tla re hlompha ka lebaka la botšepehi ba rōna ’me e tla ba metsoalle ea rōna ea ’nete. Le ka mohla ha rea lokela ho lumella Diabolose sebaka ka phuthehong ea Bokreste. Haeba re ne re ka etsa joalo, ruri re ne re tla soabisa moea o halalelang oa Jehova. Leha ho le joalo, re tla be re sebetsa tumellanong le oona haeba re loanela ho boloka phutheho ea Bokreste e hloekile.—Baef. 4:27, 30.

O re fa Matla a ho Mamella Mahlomola a Mefuta Eohle

13. Batho ba Jehova ba thulana le mahlomola a mofuta ofe, hona ke hobane’ng ha lintho tsa mofuta oo li atile hakaale?

13 Mahlomola a ka ’na a tla ka litsela tse ngata—e ka ba mathata a lichelete, ho felloa ke mosebetsi, likoluoa tsa tlhaho, ho hlokahalloa ke motho eo u mo ratang, ho kula le mahlomola a mang. Kaha re phela ‘linakong tse mahlonoko,’ ho ka lebelloa hore neng-neng kaofela ha rōna re ka ’na ra hlaheloa ke teko e itseng. (2 Tim. 3:1) Ha seo se etsahala, ke habohlokoa hore re se ke ra tšoha. Moea o halalelang o ka re fa matla a hore re mamelle mahlomola a mofuta ofe kapa ofe.

14. Ke eng e ileng ea fa Jobo matla a ho mamella mahlomola a hae?

14 Jobo o ile a hlaheloa ke mahlomola ka ho latellana. O ile a lahleheloa ke lintho tseo a iphelisang ka tsona, bana, metsoalle, a kula ’me mosali oa hae a khaotsa ho tšepa Jehova. (Jobo 1:13-19; 2:7-9) Leha ho le joalo, Jobo o ile a fumana matšeliso a sebele ho Elihu. Molaetsa oa hae hammoho le moko-taba oa molaetsa oo Jehova a ileng a o bolella Jobo, o ne o re: “Ema ’me u iponahatse u ela hloko mesebetsi e hlollang ea Molimo.” (Jobo 37:14) Jobo o ile a thusoa ke’ng hore a mamelle liteko tsa hae? Hona rōna re ka thusoa ke’ng hore re mamelle tsa rōna? Ke ho hopola le ho nahanisisa ka litsela tse fapa-fapaneng tseo moea o halalelang oa Jehova le matla a hae a bonahalang ka tsona. (Jobo 38:1-41; 42:1, 2) Mohlomong re hopola linako tse itseng bophelong ba rōna tseo ka tsona re ileng ra bona bopaki ba hore Molimo o re tsotella re le batho ka bomong. O ntse a re tsotella.

15. Moapostola Pauluse o ile a matlafatsoa ke’ng hore a mamelle liteko?

15 Ka lebaka la tumelo ea hae, moapostola Pauluse o ile a mamella mahlomola a mangata a neng a beha bophelo ba hae kotsing. (2 Bakor. 11:23-28) O ile a lula a sheba lintho hantle a bile a tsitsitse kelellong joang maemong ao a boima? Ka ho rapela Jehova le ho mo tšepa. Nakong ea teko, eo ho bonahalang eka e ile ea qetella ka hore Pauluse a shoele tumelo, o ile a ngola a re: “Morena a ema haufi le ’na ’me a kenya matla ka ho ’na, e le hore ka ’na boboleli bo ka phethoa ka botlalo le hore lichaba tsohle li ka bo utloa; ke ile ka lopolloa molomong oa tau.” (2 Tim. 4:17) Kahoo, ka lebaka la maemo ao Pauluse a ileng a tobana le ’ona, o ne a ka tiisetsa balumeli-’moho le eena hore ho ne ho sa hlokahale hore ba ‘tšoenyehe ka letho.’—Bala Bafilipi 4:6, 7, 13.

16, 17. Fana ka mohlala oa kamoo Jehova a fang batho ba hae matla a hore ba mamelle mahlomola kateng kajeno.

16 Pula-maliboho ea bitsoang Roxana ke e mong oa batho ba boneng kamoo Jehova a hlokomelang batho ba hae kateng. Ha a ne a kōpa hore mohiri oa hae a mo lumelle ho nka matsatsi a phomolo e le hore a ka ea ho e ’ngoe ea likopano tsa rōna, o ile a mo araba ka bohale, a re haeba a ne a ka ea o ne a tla mo leleka. Ho ntse ho le joalo, Roxana o ile a ea, a rapela ka tieo hore a se ke a felloa ke mosebetsi. Ka mor’a moo, o ile a utloa maikutlo a hae a kokobela. Ka Mantaha oa ka mor’a kopano, mohiri oa hae o ile a fela a mo leleka. Roxana o ne a tšoenyehile. Le hoja a ne a fumana chelete e nyenyane, o ne a hloka mosebetsi oo e le hore a phelise lelapa la hae. O ile a boela a rapela, ’me a nahana ka taba ea hore kaha Molimo o ne a mo hlokometse moeeng ha a ne a le kopanong, joang kapa joang o ne a tla mo hlokomela nameng. Ha Roxana a ntse a tsamaea a e-ea hae, o ile a bona letšoao le reng, “Ho Hlokoa Basebetsi” ba nang boiphihlelo ba ho sebelisa mechine e meholo e rōkang eaba o fana ka lengolo la kōpo ea mosebetsi. Mookameli o ile a hlokomela hore o ne a se na boiphihlelo, leha ho le joalo o ile a mo hira, ’me moputso oa hae o ne o batla o kopola oo a neng a o fumana habeli. Roxana o ne a lumela hore lithapelo tsa hae li ne li arabetsoe. Leha ho le joalo, tlhohonolofatso e khōlō ka ho fetisisa ke hore o ile a khona ho bolella basebetsi-’moho le eena ba bangata litaba tse molemo. Ba bahlano ba bona, ho akarelletsa le mookameli, ba ile ba amohela ’nete ba ba ba kolobetsoa.

17 Ka linako tse ling, ho ka ’na ha bonahala eka lithapelo tsa rōna ha li arabeloe—mohlomong ha li arabeloe hang-hang kapa kamoo re neng re lebeletse kateng. Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore ho na le lebaka le utloahalang. Jehova eena oa le tseba, empa rōna re ka ’na ra le utloisisa nakong e tlang. Ntho eo re ka kholisehang ka eona ke hore, Molimo ha a lahle batho ba hae ba tšepahalang.—Baheb. 6:10.

O re fa Matla a ho Hlōla Liteko

18, 19. (a) Ke hobane’ng ha re ka lebella hore re tla tobana le liteko? (b) U ka mamella liteko joang ka katleho?

18 Batho ba Jehova ha ba makale ha ba tobana le liteko, ba nyahama, ba hlorisoa ba bile ba hatelloa ke lithaka. Ha e le hantle lefatše le re hloile. (Joh. 15:17-19) Leha ho le joalo, moea o halalelang o ka re thusa hore re hlōle bothata bofe kapa bofe boo re ka tobanang le bona ha re ntse re sebeletsa Molimo. Jehova a ke ke a re tlohela hore re lekoe ho feta seo re ka se jarang. (1 Bakor. 10:13) Ho hang a ke ke a re tlohela kapa a re furalla. (Baheb. 13:5) Ha re mamela Lentsoe la hae le bululetsoeng, lea re sireletsa le ho re matlafatsa. Ho feta moo, moea oa Molimo o ka susumelletsa balumeli-’moho le rōna hore ba re fe thuso eo re e hlokang, ka nako eo re e hlokang haholo ka eona.

19 E se eka kaofela ha rōna re ka tsoela pele ho batla moea o halalelang ka ho rapela le ka ho ithuta Mangolo. E se eka re ka tsoela pele ‘re ntse re etsoa ba matla ka matla ’ohle ho isa tekanyong ea bonatla ba Molimo bo khanyang e le hore re mamelle ka botlalo ’me re tiisetse ka thabo.’—Bakol. 1:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Sheba mehlala Molula-Qhooeng oa May 1, 2001, leqepheng la 16; le Tsoheng! (ea Senyesemane) ea February 8, 1993, leqepheng la 21 le la 22.

U ka Araba Joang?

• U ka itokisetsa ho mamella mahloriso joang?

• U lokela ho etsa’ng haeba motho a kōpa hore u se ke ua tlaleha phoso eo a e entseng?

• U ka kholiseha ka eng ha u tobane le mahlomola a mofuta ofe kapa ofe?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Re ka ithuta’ng ho Joshua le Kalebe?

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

U ka thusa motsoalle oa hao joang ha a entse phoso?