Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebelisa Nako ea Bosoha ka Tsela e Molemo

Sebelisa Nako ea Bosoha ka Tsela e Molemo

Sebelisa Nako ea Bosoha ka Tsela e Molemo

‘Ea ka bo etsetsang sebaka a ke a bo etsetse sebaka.’—MAT. 19:12.

1, 2. (a) Jesu, Pauluse le ba bang ba ne ba nka bosoha joang? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba nka hore bosoha ke mpho?

HA HO pelaelo hore lenyalo ke e ’ngoe ea limpho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo Molimo a li fileng batho. (Liprov. 19:14) Leha ho le joalo, Bakreste ba bangata ba masoha le bona ba thabela bophelo bo monate le bo khotsofatsang. Mor’abo rōna ea lilemo li 95 ea bitsoang Harold, ea sa kang a nyala, o re: “Le hoja ke thabela ho ba le batho ba bang le ho amohela baeti, ha ho mohla ke jeoang ke bolutu ha ke le mong. Ke nahana hore ka nepo ho ka boleloa hore ke na le mpho ea bosoha.”

2 Ka sebele, Jesu Kreste le moapostola Pauluse ba ile ba bolela hore bosoha ke mpho e tsoang ho Molimo joaloka lenyalo. (Bala Matheu 19:11, 12; 1 Bakorinthe 7:7.) Leha ho le joalo, ’nete ke hore hase motho e mong le e mong eo e leng lesoha hobane a rata. Ka linako tse ling maemo a etsa hore ho be thata ho fumana molekane ea loketseng. Athe batho ba bang ba bileng lenyalong ka lilemo tse ngata, ka tšohanyetso ba iphumana ba se ba setse ba le bang ka mor’a ho hlokahalloa ke balekane kapa ho hlalana. Joale bosoha e ka ba mpho ka tsela efe? Hona Bakreste ba masoha ba ka sebelisa bosoha ba bona ka tsela e molemo joang?

Mpho e Ikhethang

3. Hangata Bakreste ba masoha ba ba le menyetla efe?

3 Hangata motho oa lesoha o na le nako e ngata le bolokolohi bo bongata ho feta motho ea lenyalong. (1 Bakor. 7:32-35) Ena ke melemo e ikhethang e ka mo lumellang hore a eketse nako eo a e qetang tšebeletsong ea hae, a atolose lerato leo a ratang batho ba bang ka lona a be a be le kamano e haufi haholo le Jehova. Ka lebaka leo, Bakreste ba bangata ba ananela melemo ea bosoha, kahoo ba entse qeto ea hore ba bo “etsetse sebaka,” mohlomong ka nako e itseng. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba ne ba sa ikemisetsa ho ba masoha, empa ha maemo a bona a fetoha ba ile ba rapella boemo ba bona ’me ba hlokomela hore ka thuso ea Jehova le bona ba ne ba ka tsitsa lipelong tsa bona. Kahoo, ba ile ba amohela maemo a bona a macha eaba ba etsetsa bosoha sebaka.—1 Bakor. 7:37, 38.

4. Ke hobane’ng ha Bakreste ba masoha ba ka ikutloa ba khotsofetse tšebeletsong ea Molimo?

4 Bakreste ba masoha baa tseba hore ha baa tlameha ho ba lenyalong e le hore Jehova le mokhatlo oa hae ba ba ananele. Molimo o re rata kaofela re le batho ka bomong. (Mat. 10:29-31) Ha ho na motho kapa ntho e ka re arohanyang le lerato la Molimo. (Bar. 8:38, 39) Ebang re lenyalong kapa re masoha, re na le mabaka a hore re ikutloe re khotsofetse tšebeletsong ea Molimo.

5. Ho hlokahala’ng e le hore motho a rue melemo ea bosoha ka botlalo?

5 Ho ntse ho le joalo, joalokaha talenta ea ’mino le ea boatlelete e hloka boikitlaetso, ho boetse ho hlokahala boikitlaetso e le hore motho a ka sebelisa mpho ea bosoha ka tsela e molemo. Kahoo, kajeno Bakreste ba masoha—ebang ke bara kapa barali babo rōna, ba baholo kapa ba banyenyane, ba ikhethetse bosoha kapa ba tlanngoe ke maemo—ba ka sebelisa maemo a bona ka tsela e molemo joang? A re ke re hlahlobeng mehlala e khothatsang ea phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo ’me re bone hore na ke sefe seo re ka ithutang sona.

Ho ba Lesoha Nakong ea Bocha

6, 7. (a) Barali ba Filipi ba baroetsana ba ile ba thabela tokelo efe tšebeletsong ea Molimo? (b) Timothea o ile a sebelisa bosoha ba hae ka tsela e molemo joang, ’me o ile a hlohonolofatsoa joang ka lebaka la boikemisetso ba hae ba ho sebeletsa Molimo bocheng?

6 Moevangeli Filipi o ne a e-na le barali ba bane ba baroetsana ba neng ba chesehela mosebetsi oa boevangeli joaloka eena. (Lik. 21:8, 9) Ho profeta e ne e le e ’ngoe ea limpho tsa mohlolo tsa moea o halalelang ’me baroetsana bana ba ile ba sebelisa mpho eo e le ho phethahatsa Joele 2:28, 29.

7 Timothea e ne e le mocha ea ileng a sebelisa bosoha ba hae ka tsela e molemo. Ho tloha boseeng ’mè oa hae, Eunise, le nkhono oa hae Loise, ba ile ba mo ruta “lingoliloeng tse halalelang.” (2 Tim. 1:5; 3:14, 15) Empa mohlomong e ile ea e-ba Bakreste ka mor’a hore Pauluse a etele motseng oa habo bona oa Lystra ka lekhetlo la pele hoo e ka bang ka 47 C.E. Lilemo tse peli hamorao ha Pauluse a ne a etetse moo ka lekhetlo la bobeli, mohlomong Timothea o ne a le ka tlaasenyana ho lilemo tse 20 kapa a sa tsoa li feta. Le hoja a ne a sa le mocha lilemong le ’neteng, “o ne a buuoa hantle” ke baholo ba Bakreste ba Lystra le ba motseng o haufi oa Ikoniamo. (Lik. 16:1, 2) Kahoo Pauluse o ile a mema Timothea hore a tsamaee le eena. (1 Tim. 1:18; 4:14) Re ke ke ra tiisa hore Timothea ha aa ka a nyala. Empa seo se re tsebang ke hore ha a sa le mocha, o ile a amohela memo ea Pauluse ka liatla tse peli ’me ka lilemo tse ngata ka mor’a moo o ile a thabela ho sebeletsa e le moromuoa le molebeli oa lesoha.—Bafil. 2:20-22.

8. Johanne Mareka o ile a thusoa ke eng hore a hahamalle lipakane tsa moea, ’me o ile a fumana litlhohonolofatso life ka lebaka la ho etsa joalo?

8 Ha Johanne Mareka a sa le mocha le eena o ile sebelisa bosoha ba hae ka tsela e molemo. Eena le ’mè oa hae, Maria, hammoho le Barnabase ea tsoalanang le eena, e ne e le litho tsa pele tsa phutheho ea Jerusalema. E ka ’na eaba lelapa labo Mareka le ne le ikhona kaha ba ne ba e-na le ntlo motseng o moholo ba bile ba e-na le lekhabunyane. (Lik. 12:12, 13) Leha ho le joalo, le hoja Mareka a ne a phela mabothobothong, ho tloha ha e ne e sa le mohlankana, o ne a sa phele bophelo ba ho ikhotsofatsa kapa ba ho icheba boeena feela; ebile o ne a sa ikemisetsa ho kena lenyalong ebe o nama leoto. Mohlomong taba ea hore o ile a tloaelana le baapostola a sa le mocha, e ile ea mo susumelletsa hore a rate ho sebeletsa e le moromuoa. Kahoo, ha aa ka a tsilatsila ho tsamaea le Pauluse le Barnabase leetong la bona la pele la boromuoa ’me o ile a sebeletsa e le mohlanka oa bona. (Lik. 13:5) Hamorao o ile a tsamaea le Barnabase, ’me hamorao hape o ile a sebetsa le Petrose, Babylona. (Lik. 15:39; 1 Pet. 5:13) Ha re tsebe hore na Mareka e ile ea e-ba lesoha ho fihlela neng. Empa o ile a iketsetsa botumo bo botle ba hore e ne e le motho ea ikemiselitseng ho sebeletsa batho ba bang le ho ikitlaetsa tšebeletsong ea Molimo.

9, 10. Kajeno bacha ba Bakreste ba masoha ba na le menyetla efe ea ho eketsa tšebeletso ea bona? Fana ka mohlala.

9 Kajeno bacha ba bangata ba ka phuthehong le bona ba sebelisa lilemo tsa bona tsa ha e sa le masoha ho eketsa seo ba se etsang tšebeletsong ea Molimo. Joaloka Mareka le Timothea, baa hlokomela hore bosoha bo ba fa monyetla oa “ho sebeletsa Morena kamehla ntle ho tšitiso.” (1 Bakor. 7:35) Ona ke monyetla o babatsehang. Ba ba le menyetla e mengata—bopula-maliboho, ho sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba bangata, ho ithuta puo e ncha, ho thusa kahong ea Liholo Tsa ’Muso kapa ea makala, ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi le ho sebeletsa Bethele. Haeba u sa ntse u le mocha ebile ha u e-s’o kene lenyalong, na u sebelisa menyetla eo u nang le eona ka tsela e molemo?

10 Mora e mong oabo rōna ea bitsoang Mark, o qalile ho bula maliboho a le ka tlaasenyana ho lilemo tse 20, a ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi a ba a sebeletsa linaheng tse fapa-fapaneng. Ha a nahana ka lilemo tse 25 tseo a li qetileng tšebeletsong ea nako e tletseng, o re: “Ke lekile ho sebetsa le motho e mong le e mong ka phuthehong, ke sebetsa le bona tšimong, ke ba etsetsa maeto a bolisa, ke ba memela lijong moo ke lulang ke bile ke hlophisa lipokano tse hahang moeeng. Lintho tsena kaofela li nthabisitse haholo.” Joalokaha mantsoe a Mark a bontša, ntho e thabisang ka ho fetisisa bophelong ke ho fana ’me ho ikakhela ka setotsoana tšebeletsong e halalelang ho fa motho menyetla e mengata ea ho fana. (Lik. 20:35) Ho sa tsotellehe hore na ke lintho life tseo ba li ratang, hore na ba na le tsebo efe kapa boiphihlelo ba mofuta ofe, kajeno bacha ba na le ho hongata hoo ba ka ho etsang mosebetsing oa Morena.—1 Bakor. 15:58.

11. Ho se potlakele ho kena lenyalong ho na le melemo efe?

11 Le hoja qetellong bacha ba bangata ba ka rata ho kena lenyalong, ho na le mabaka a mangata a hore ba se ke ba potlakela ho kena ho lona. Pauluse o khothalletsa bacha hore bonyane ba eme ho fihlela ba fetile “palesa ea bocha,” e leng nako eo ka eona takatso ea ho kopanela liphate e leng matla haholo. (1 Bakor. 7:36) Ho nka nako hore motho a itsebe le hore a be le phihlelo e hlokahalang hore a tsebe ho khetha molekane ea loketseng. Ho etsa kano ea lenyalo ke qeto e lokelang ho nkoa ka ho teba, ke qeto ea bophelo bohle.—Moek. 5:2-5.

Ho ba Lesoha ha Motho a se a Hōlile

12. (a) Anna oa mohlolohali o ile a sebelisa maemo a hae a macha joang? (b) O ile a fumana tlotla efe?

12 Ho ka etsahala hore ebe Anna eo ho buuoang ka eena Kosepeleng ea Luka, o ile a utloa bohloko haholo ha monna oa hae a ne a hlokahala ka tšohanyetso ka mor’a hore ba qete lilemo tse supileng feela ba nyalane. Ha re tsebe hore na ba ne ba e-na le bana kapa hore na o kile a nahana ho nyaloa hape. Empa Bibele e bolela hore ha Anna a le lilemo li 84, e ne e ntse e le mohlolohali. Ho latela seo Bibele e se bolelang, re ka fihlela qeto ea hore Anna o ile a sebelisa maemo a hae a macha ho ba le kamano e haufi le Jehova. ‘Le ka mohla o ne a sa hlokoe tempeleng, a etsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare ka ho itima lijo le lithapeli.’ (Luka 2:36, 37) Kahoo, lintho tsa moea li ne li tla pele bophelong ba hae. Seo se ne se hloka boiteko bo boholo le boikemisetso, empa o ile a putsoa haholo. O ile a ba le tlotla ea ho bona Jesu ha e ne e sa le lesea, a ba a pakela ba bang ka topollo eo Mesia a neng a tla e tlisa haufinyane.—Luka 2:38.

13. (a) Ke eng e bontšang hore Dorkase o ne a le mafolofolo ka phuthehong? (b) Dorkase o ile a putsoa joang ka lebaka la molemo le mosa oa hae?

13 Mosali e mong ea bitsoang Dorkase kapa Tabitha, o ne a lula Jopa, e leng motse oa boholo-holo o koung ea leoatle ka leboea-bophirimela ho Jerusalema. Kaha Bibele ha e bolele hore o ne a e-na le monna, ho ka etsahala hore ebe ka nako eo o ne a sa nyaloa. Dorkase “o ne a tletse liketso tse molemo le limpho tsa mohau.” Ho hlakile hore o ne a etsetsa bahlolohali ba hlokang le batho ba bang liaparo tse ngata, ’me sena se ile sa etsa hore ba mo rate haholo. Kahoo, ka mor’a hore a kule ka tšohanyetso a be a hlokahale, phutheho kaofela e ile ea romela molaetsa ho Petrose ea kōpa hore a tl’o tsosa morali eo oabo rōna ea ratehang. Ha litaba tsa hore o tsositsoe bafung li phatlalla Jopa, batho ba bangata e ile ea e-ba balumeli. (Lik. 9:36-42) E ka ’na eaba Dorkase o ile a thusa ba bang ba bona ka lebaka la liketso tsa hae tse neng li bontša mosa o sa tloaelehang.

14. Bakreste ba masoha ba susumetsoa ke’ng hore ba be le kamano e haufi le Jehova?

14 Joaloka Anna le Dorkase, kajeno batho ba bangata ka phuthehong ba iphumana ba se na balekane ha ba se ba hōlile. E ka ’na eaba ba bang ha baa ka ba fumana balekane ba loketseng. Ba bang bona ba hlalane kapa ba hlokahalletsoe ke balekane. Kaha Bakreste ba masoha ha ba na balekane bao ba ka tšollelang lipelo tsa bona ho bona, hangata ba itšetleha haholo ka Jehova. (Liprov. 16:3) Silvia, e leng morali’abo rōna oa lesoha ea seng a sebelelitse Bethele ka lilemo tse fetang 38, o nka hore sena se molemo. O re: “Ka linako tse ling kea khathala ke hore e be ’na ea khothatsang ba bang ka linako tsohle. Kea ipotsa, ‘Ebe ’na ke tla khothatsoa ke mang?’” Empa o phaella ka ho re: “Ho ba le tšepo ea hore Jehova o tseba seo ke se hlokang ho mpheta, ho nthusa hore ke be le kamano e haufi le eena. Ha e le hantle, kamehla oa nkhothatsa, ’me ka linako tse ling o sebelisa batho bao ke neng ke sa ba lebella ho hang.” Kamehla ha re atamela ho Jehova, o re thusa ka tsela e bonolo le e khothatsang ka ho fetisisa.

15. Bakreste ba seng lenyalong ba ka ‘atolosa’ lerato la bona joang?

15 Bosoha bo fa batho monyetla o ikhethang oa hore ba “atolohe” leratong. (Bala 2 Bakorinthe 6:11-13.) Jolene, e leng morali’abo rōna oa lesoha ea qetileng lilemo tse 34 tšebeletsong ea nako e tletseng, o re: “Ke lekile ho sebetsa ka thata ho etsa setsoalle se haufi le batho ba mefuta eohle, eseng lithaka tsa ka feela. Bosoha bo fa motho monyetla o babatsehang oa ho fana ho Jehova, ho ba lelapa, ho bara le barali babo hammoho le ho baahelani. Ha ke ntse ke hōla, ke thabela bosoha ba ka le ho feta.” Ka sebele, batho ba hōlileng, ba kulang, batsoali ba se nang balekane, bacha le batho ba bang ka phuthehong ba ananela thuso e se nang boithati eo masoha a ba fang eona. Ruri kamehla rea thaba ha re bontša ba bang lerato. Na le uena u ka ‘atolosa’ lerato leo u ratang ba bang ka lona?

Ho ba Lesoha Bophelo Bohle

16. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lula e le lesoha bophelo bohle ba hae? (b) Pauluse o ile a sebelisa bosoha ba hae ka bohlale joang?

16 Jesu o ne a sa nyala; o ne a lokela ho itokisetsa mosebetsi oo a neng a o filoe a be a o phethe. O ne a tsamaea haholo, a sebetsa ho tloha hoseng ho fihlela bosiu haholo ’me qetellong o ile a nyehela bophelo ba hae e le sehlabelo. Bosoha bo ile ba mo tsoela molemo. Moapostola Pauluse o ile a tsamaea lik’hilomithara tse likete a ba a thulana le mathata a mangata tšebeletsong. (2 Bakor. 11:23-27) Le hoja e ka ’na eaba pele Pauluse o ne a nyetse, e ka ’na eaba o ile a khetha ho lula a se na molekane ka mor’a hore a fuoe mosebetsi oa boapostola. (1 Bakor. 7:7; 9:5) Ka lebaka la tšebeletso, Jesu le Pauluse ba ile ba khothalletsa ba bang hore ha ho khoneha ba latele mohlala oa bona. Empa ha ho le ea mong oa bona ea ileng a re basebeletsi ba Molimo ba tlameha hore ba se ke ba nyala.—1 Tim. 4:1-3.

17. Kajeno batho ba bang ba latetse mohlala oa Jesu le oa Pauluse joang, hona ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o ananela boitelo bo joalo?

17 Kajeno batho ba bang le bona ba khethile hore ba lule e le masoha e le hore ba ka ba boemong bo botle ba ho hahamalla tšebeletso. Harold, eo ho builoeng ka eena pele, o bile tšebeletsong ea Bethele ka lilemo tse fetang 56. O re, “Nakong eo ke neng ke se ke le Bethele ka lilemo tse leshome, ke ne ke se ke bone banyalani ba bangata ba tloha Bethele hobane ba kula kapa ho hlokahala hore ba il’o hlokomela batsoali ba seng ba hōlile. Batsoali ba ka ba ne ba se ba hlokahetse. Empa ke ne ke rata Bethele hoo ke neng ke sa batle ho nyala ebe ho etsahala hore tokelo eo e mphonyohe.” Ka tsela e tšoanang, lilemong tse ngata tse fetileng pula-maliboho e mong ea bitsoang Margaret o ile a re: “Ke ile ka ba le menyetla ea ho nyaloa, empa ha kea ka ka nyaloa. Ho e-na le hoo, ke ile ka khona ho sebelisa bolokolohi boo ke neng ke e-na le bona ka lebaka la bosoha hore ke phathahane tšebeletsong, ’me sena se ile sa nthabisa haholo.” Ka sebele, le ka mohla Jehova a ke ke a lebala bohle ba iteletseng borapeli ba ’nete joalo.—Bala Esaia 56:4, 5.

Sebelisa Maemo ao U Leng ho ’Ona ka Tsela e Molemo

18. Ba bang ba ka khothatsa le ho tšehetsa Bakreste ba masoha joang?

18 Re lokela ho babatsa le ho khothatsa Bakreste bohle ba seng lenyalong ba etsang sohle seo ba ka se khonang ho sebeletsa Jehova. Re ba rata ka lebaka la seo ba leng sona le ka lebaka la boiteko bohle boo ba bo etsang ka phuthehong. Le ka mohla ba ke ke ba jeoa ke bolutu haeba re fela re e-ba ‘barab’abo bona le baralib’abo bona le bo-’mè ba bona le bana ba bona’ ba moea.—Bala Mareka 10:28-30.

19. U ka etsa’ng e le hore u sebelise bosoha ba hao ka tsela e molemo?

19 Ebang u ikhethetse ho ba lesoha kapa u tlanngoe ke maemo, e se eka mehlala ena e tsoang ka Mangolong le ea kajeno e ka u kholisa hore u ka phela bophelo bo thabisang le bo khotsofatsang. Limpho tse ling ke tseo batho ba li lebeletseng ka tjantjello athe tse ling ke tseo ba neng ba sa li lebella ho hang. Tse ling li ananeloa hang-hang athe tse ling li ananeloa ha nako e ntse e feta. Ho itšetlehile ka hore na re nka lintho joang. U ka sebelisa bosoha ka tsela e molemo joang? E-ba le kamano e haufi le Jehova, u be le ho hongata hoo u ho etsang tšebeletsong ea Molimo u be u atolose lerato leo u ratang ba bang ka lona. Joaloka lenyalo, bosoha bo ka khotsofatsa haeba re bo talima ka tsela eo Molimo a bo talimang ka eona re bile re sebelisa mpho eo ka tsela e bohlale.

Na U sa Hopola?

• Bosoha e ka ba mpho ka litsela life?

• Bosoha bo ka ba molemo joang ha motho a sa le mocha?

• Bakreste ba masoha ba na le menyetla efe ea ho ba le kamano e haufi le Jehova le ho atolosa lerato la bona?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Na u sebelisa menyetla eo u nang le eona tšebeletsong ea Molimo ka tsela e molemo?