Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ho Mamela ho Molemo ho Feta Sehlabelo”

“Ho Mamela ho Molemo ho Feta Sehlabelo”

“Ho Mamela ho Molemo ho Feta Sehlabelo”

SAULE e ne e le morena oa pele oa Iseraele ea boholo-holo. Le hoja Saule a ne a khethiloe ke Molimo oa ’nete, qetellong ha aa ka a mamela.

Saule o ile a etsa liphoso life? Na a ka be a ile a khona ho li qoba? Ho hlahloba mohlala oa hae ho ka re tsoela molemo joang?

Jehova o Bolela Hore na o Khethile Mang Hore e be Morena

Pele Saule e e-ba morena, moprofeta Samuele e ne e le moemeli oa Molimo Iseraele. Joale Samuele o ne a se a tsofetse ’me bara ba hae ba ne ba sa tšepahale. Ka nako e tšoanang, sechaba se ne se sokeloa ke lira tsa sona. Ha banna ba baholo ba Iseraele ba ne ba kōpa Samuele hore a ba khethele morena ea neng a tla ba ahlola a be a ba etelle pele ntoeng, Jehova o ile a laela moprofeta Samuele hore a tlotse Saule hore e be moeta-pele, eaba o re: “O tla pholosa sechaba sa ka matsohong a Bafilista.”—1 Sam. 8:4-7, 20; 9:16.

Saule o ne “a le mocha ebile a le motle.” Leha ho le joalo, o ne a se motle feela empa o ne a e-na le makhabane a mang. O ne a boetse a ikokobelitse. Ka mohlala, Saule o ile a botsa Samuele a re: “Na ha ke Mobenjamine oa moloko o monyenyane ka ho fetisisa melokong ea Iseraele, ’me lelapa leso e le leo e seng la bohlokoa ka ho fetisisa malapeng ’ohle a moloko oa Benjamine? Kahoo ke hobane’ng ha u mpoleletse ntho e kang ee?” Saule o ne a sa inkele holimo a bile a sa nkele lelapa labo holimo le hoja ntat’ae Kishe a ne a e-na le “leruo le lengata.”—1 Sam. 9:1, 2, 21.

Hape, nahana ka hore na Saule o ile a etsa’ng ha Samuele a ne a bolela phatlalatsa hore na Jehova o khethile mang hore e be morena oa Iseraele. Samuele o ile a qala ka ho tlotsa Saule moo ba leng bang, eaba o re ho eena: “Iketsetse seo letsoho la hao le khonang ho se etsa, hobane Molimo oa ’nete o na le uena.” Ka mor’a moo, Moprofeta Samuele o ile a bitsa sechaba e le hore a se tsebise hore na Jehova o ne a khethile mang. Leha ho le joalo, ha ho ne ho boleloa hore Saule ke eena morena, ha aa ka a fumanoa. Kaha Saule o ne a le lihlong, o ne a ipatile. Jehova o ile a bolela hore na Saule o ne a ipatile hokae, ’me ho ile ha phatlalatsoa hore ke morena.—1 Sam. 10:7, 20-24.

Ntoeng

Ho e-s’o ee kae Saule o ile a bontša hore batho ba neng ba mo khella fatše ba ne ba fositse. Ha Baammone ba ne ba sokela motse oa Iseraele, “moea oa Molimo [o ile] oa sebetsa ho Saule.” O ile a laela hore bahlabani ba sechaba ba bokelloe, a ba hlophisa eaba o ba etella pele ntoeng ’me ba ile ba hlōla. Empa Saule o ile a lebisa tlotla ho Molimo ka lebaka la tlhōlo eo, a re: “Kajeno Jehova o tlisitse poloko Iseraele.”—1 Sam. 11:1-13.

Saule o ne a e-na le makhabane ’me Molimo o ne a mo hlohonolofalitse. O ne a boetse a hlokomela hore Jehova o matla. Leha ho le joalo, e le hore Baiseraele le morena oa bona ba ’ne ba tsoele pele ba atleha, seo se ne se itšetlehile ka ntho e le ’ngoe ea bohlokoa. Samuele o ile a re ho Baiseraele: “Haeba le tla tšaba Jehova ’me le mo sebeletse le mamele lentsoe la hae, ’me le sa fetohele taelo ea Jehova, lōna le morena ea tla le busa ka sebele le tla ba balateli ba Jehova Molimo oa lōna.” Haeba Baiseraele ba ne ba tšepahala ho Molimo, ba ne ba ka kholiseha ka eng? Samuele o ile a re: “Jehova a ke ke a tlohela sechaba sa hae ka lebaka la lebitso la hae le leholo, hobane Jehova o ikhethetse ho le etsa sechaba sa hae.”—1 Sam. 12:14, 22.

Ho mamela e ne e le ntho e ka sehloohong hore batho ba amoheloe ke Molimo ’me e ntse e le eona le kajeno. Ha bahlanka ba Jehova ba mamela litaelo tsa hae, oa ba hlohonolofatsa. Empa haeba ba sa mo mamele teng ho etsahala joang?

“U Entse ka Booatla”

Bohato bo latelang boo Saule a ileng a bo nka khahlanong le Bafilista bo ile ba ba halefisa. Lebotho le “joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle ka bongata” le ile la futuhela Saule. ‘Banna ba Iseraele ba ile ba bona hore ba ne ba le mahlomoleng, hobane sechaba se ne se le tsietsing; sechaba sa qala ho ipata mahaheng le likoting le mafikeng le likamoreng tsa polokelo tse ka tlas’a mohaho le likoting tsa metsi.’ (1 Sam. 13:5, 6) Saule o ne a tla etsa’ng?

Samuele o ne a boleletse Saule hore a e’o kopana le eena Gilgale, moo moprofeta Samuele a neng a tla nyehela mahlabelo. Saule o ile a leta, empa Samuele o ile a lieha ho fihla ’me lebotho la Saule le ile la qhalakana. Saule o ile a inkela molao matsohong ka hore a nyehele mahlabelo. Hang ka mor’a hore a etse joalo, Samuele o ile a fihla. Ka mor’a hore Samuele a utloe seo Saule a neng a se entse o ile a re ho eena: “U entse ka booatla. Ha ua boloka taelo ea Jehova Molimo oa hao eo a u laetseng eona, hobane, haeba u ne u e bolokile, Jehova a ka be a entse hore ’muso oa hao o tiee holim’a Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Joale ’muso oa hao o ke ke oa tšoarella. Ka sebele Jehova o tla iphumanela monna ea ratoang ke pelo ea hae; ’me Jehova o tla mo beha hore e be moeta-pele oa batho ba hae, hobane ha ua ka ua boloka seo Jehova a u laetseng sona.”—1 Sam. 10:8; 13:8, 13, 14.

Kaha o ne a hloka tumelo, ka boikhohomoso Saule o ile a khetha ho se mamele taelo ea Molimo ea hore a emele Samuele hore a tl’o nyehela sehlabelo. Ruri tsela eo Saule a ileng a etsa lintho ka eona e ne e fapane le ea Gideone, eo e kileng ea e-ba molaoli oa mabotho a Iseraele! Jehova o ile a laela Gideone hore a fokotse lebotho la hae ho tloha ho 32 000 ho ea ho 300, ’me Gideone o ile a mamela. Hobane’ng? Hobane o ne a e-na le tumelo ho Jehova. Ka thuso ea Molimo o ile a hlōla bafutuhi ba 135 000. (Baahl. 7:1-7, 17-22; 8:10) Jehova a ka be a thusitse le Saule. Leha ho le joalo, kaha Saule ha aa ka a mamela, Bafilista ba ile ba tlatlapa Baiseraele.—1 Sam. 13:17, 18.

Ha re le mathateng, re etsa liqeto joang? Batho ba se nang tumelo ba ka ’na ba bona ho hlokomoloha melao ea Molimo ho le molemo. Kaha Samuele o ne a le sieo, e ka ’na eaba Saule o ile a nahana hore seo a neng a se entse se ne se nepahetse. Leha ho le joalo, ho batho ba ikemiselitseng ho amoheloa ke Molimo, ho latela melao ea Mangolo e sebetsang liqetong tseo ba li etsang ke eona feela tsela e nepahetseng e lokelang ho lateloa.

Jehova o Lahla Saule

Nakong eo Saule a neng a futuhetse Baamaleke, o ile a etsa phoso e ’ngoe e khōlō. Molimo o ne a ile a nyatsa batho ba Amaleke ka hore ebe ntle ho mabaka, ba ne ba hlasetse Baiseraele ha ba ne ba e-tsoa Egepeta. (Ex. 17:8; Deut. 25:17, 18) Ho feta moo, nakong ea Baahloli, Baamaleke ba ile ba ikopanya le batho ba lichaba tse ling ha ba ne ba boetse ba hlasela sechaba sa Molimo se khethiloeng. (Baahl. 3:12, 13; 6:1-3, 33) Kahoo, Jehova o ile a jarisa Baamaleke boikarabelo eaba o laela Saule hore a ba timetse.—1 Sam. 15:1-3.

Ho e-na le hore Saule a mamele taelo ea Jehova ea hore a felise Baamaleke ba neng ba le manganga le hore a senye thepa ea bona, Saule o ile a hapa morena oa bona eaba o boloka le liphoofolo tsa bona tse ntlehali. Ho ile ha etsahala’ng ha Samuele a ne a hloma Saule lipotso ka taba ee? Saule o ile a leka ho jarisa sechaba molato ka hore a re: “Sechaba se ile sa qenehela tse ntlehali tsa mohlape oa likhutšoane le tsa mohlape oa liphoofolo tse khōlō, ka morero oa ho etsetsa Jehova . . . sehlabelo.” Ho sa tsotellehe hore na Saule o ne a hlile a ikemiselitse ho nyehela liphoofolo tseo kapa che, taba ke hore o ne a sa mamela. Saule o ne a se a se ‘monyenyane mahlong a hae.’ Kahoo, moprofeta oa Molimo o ile a bolela hore Saule o ne a sa mamela Molimo. Joale Samuele o ile a re: “Na Jehova o thabela linyehelo tsa secheso le mahlabelo joalokaha a thabela ho mameloa ha lentsoe la Jehova? Bona! Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo . . . Kaha u lahlile lentsoe la Jehova, ka lebaka leo oa u lahla hore u se ke ua ba morena.”—1 Sam. 15:15, 17, 22, 23.

Ha Jehova a ne a tlosa moea oa hae o halalelang le tlhohonolofatso ea hae ho Saule, morena enoa oa pele oa Iseraele o ile a qala ho laoloa ke “moea o mobe.” Saule o ile a qala ho belaella le ho honohela Davida—e leng monna eo hamorao Jehova a neng a tla mo fa borena. Ka makhetlo a ’maloa Saule o ile a leka ho bolaea Davida. Bibele e bolela hore kaha o ne a bona hore ‘Jehova o ne a e-na le Davida, Saule e ile ea e-ba sera sa Davida kamehla.’ Saule o ile a leka ho mo kototsa hohle ’me o ile a ba a bolaea le baprista ba 85 hammoho le batho ba bang. Ha ho makatse hore ebe Jehova o ile a lahla Saule!—1 Sam. 16:14; 18:11, 25, 28, 29; 19:10, 11; 20:32, 33; 22:16-19.

Ha Bafilista ba ne ba hlasela Baiseraele hape, Saule o ile a kōpa thuso ho batho ba buisanang le meea empa hoo ha hoa ka ha mo tsoela molemo. Letsatsing le hlahlamang, o ile a ntšoa likotsi tse mpe ntoeng eaba oa ipolaea. (1 Sam. 28:4-8; 31:3, 4) Mabapi le morena oa pele oa Iseraele ea neng a sa mamele, Mangolo a re: “Saule a shoa ka lebaka la ho se tšepahale ha hae hoo ka hona a neng a itšoere ka ho hloka tumelo khahlanong le Jehova malebana le lentsoe la Jehova leo a neng a sa ka a le boloka le ka lebaka la ho kōpa ea buisanang le meea hore a e botse. Ha aa ka a botsa Jehova.”—1 Likron. 10:13, 14.

Mohlala o mobe oa Saule o bontša ka ho hlaka hore ho mamela Jehova ho molemo ho feta ho nyehela sehlabelo ho eena. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” (1 Joh. 5:3) E se e ka le ka mohla re ke ke ra hlokomoloha ’nete ena ea bohlokoa: Ho ba le setsoalle se tšoarellang le Molimo ho itšetlehile ka hore re mo mamele.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Qalong Saule e ne e le moeta-pele ea ikokobelitseng

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ke hobane’ng ha Samuele a ile a bolella Saule hore “ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo”?