Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo Moea o Halalelang o Sebelitseng Kateng Nakong ea Pōpo!

Kamoo Moea o Halalelang o Sebelitseng Kateng Nakong ea Pōpo!

Kamoo Moea o Halalelang o Sebelitseng Kateng Nakong ea Pōpo!

“Maholimo a ile a etsoa ka lentsoe la Jehova, makhotla ’ohle a ’ona a etsoa ka moea oa molomo oa hae.”—PES. 33:6.

1, 2. (a) Tsebo eo batho ba nang le eona mabapi le maholimo le lefatše e ’nile ea eketseha joang ha nako e ntse e feta? (b) Ke potso efe eo ho hlokahalang hore e arajoe?

KA 1905 ha Albert Einstein a ne a phatlalatsa khopolo ea hae e khethehileng ea kamoo lintho li amanang kateng, eena le bo-rasaense ba bangata ba ne ba lumela hore ho na le sehlopha se le seng feela sa linaleli bokahohleng—e leng sa Milky Way. Ruri ba ne ba khella fatše boholo ba bokahohle! Hona joale ho hakanngoa hore ho na le lihlopha tsa linaleli tse fetang libilione tse 100, ’me tse ling tsa lihlopha tseo li na le linaleli tse libilione. Ha batho ba ntse ba sebelisa libonela-hōle tse matla, ho ntse ho sibolloa lihlopha tsa linaleli tse ngata le ho feta.

2 Feela joalokaha tsebo ea saense e ne e fokola ka 1905, tsebo mabapi le lefatše le eona e ne e fokola. Ke ’nete hore batho ba neng ba phela lilemong tse lekholo tse fetileng ba ne ba tseba ho feta baholo-holo ba bona. Leha ho le joalo, kajeno batho ba se ba utloisisa ho feta ka nako eo kamoo bophelo bo leng botle bo bileng bo rarahaneng kateng hammoho le kamoo lefatše le bo tšehetsang kateng. Ebile ha ho pelaelo hore lilemong tse tlang re sa ntse re tla ithuta lintho tse ngata ka lefatše le maholimo. Empa ke ho loketseng haholo hore re ipotse potso ena, Ha e le hantle lintho tsee tsohle li bile teng joang? Re ka tseba karabo ea potso eo hobane feela ’Mōpi a re senoletse eona ka Mangolong a Halalelang.

Pōpo ea Hlolla

3, 4. Molimo o ile a bōpa bokahohle joang, hona mesebetsi ea hae e mo tlotlisa joang?

3 Mantsoe a qalang a Bibele a re hlalosetsa hore na bokahohle bo bile teng joang ha a re: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” (Gen. 1:1) Kaha ho ne ho se na letho pele ho moo, Jehova o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang—e leng matla a hae a sebetsang a maholohali—ho bōpa maholimo, lefatše le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bokahohleng. Setsebi sa mesebetsi ea matsoho se sebelisa matsoho le lisebelisoa tsa sona ho etsa lintho, empa Molimo eena o romela moea o halalelang hore o finyelle mesebetsi ea hae e meholo.

4 Ka tsela ea tšoantšetso Mangolo a re moea o halalelang ke “monoana” oa Molimo. (Luka 11:20; Mat. 12:28) Ho feta moo, “mosebetsi oa matsoho a hae”—e leng seo Jehova a se bōpileng a sebelisa moea oa hae o halalelang—o mo tlotlisa haholo. Mopesaleme Davida o ile a bina a re: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo; sepakapaka se bolela mosebetsi oa matsoho a hae.” (Pes. 19:1) Ka sebele, pōpo e bontša kamoo moea o halalelang oa Molimo o nang le matla a hlollang kateng. (Bar. 1:20) E bontša seo joang?

Matla a Molimo a se Nang Moeli

5. Bontša kamoo moea o halalelang oa Jehova o nang le matla a ho bōpa kateng.

5 Bokahohle ba rōna bo boholo ka tsela e ke keng ea lekanngoa, bo bontša hore Jehova o na le matla a sa feleng. (Bala Esaia 40:26.) Nahana ka letsatsi. Letsatsi la rōna, leo e leng naleli, le bohōle ba lik’hilomithara tse fetang limilione tse 150 ho tloha lefatšeng, ’me mocheso oa lona e ka ba likhato tse limilione li 15 tsa Celsius. Le hoja letsatsi la rōna le ntša mocheso o mongata hakaalo, le bohōle bo lekaneng ho tloha lefatšeng e le hore lintho tsohle tse phelang li ka tsoela pele li phela. Ho hlakile hore ho ne ho hlokahala bonatla le matla a maholo hore ho se ke ha bōptjoa letsatsi feela, empa ho bōptjoe le linaleli tse ling tse libilione. Jehova o na le matla a neng a hlokahala ho etsa joalo—le a fetang ao.

6, 7. (a) Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Molimo o sebelisitse moea oa hae o halalelang ka tsela e hlophisehileng? (b) Ke eng e bontšang hore bokahohle ha boa ba teng ka tsietsi?

6 Re pota-potiloe ke bopaki bo bontšang hore Molimo o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang ka tsela e hlophisehileng haholo. Ka mohlala: A re re u na le lebokose le tšetseng libolo tsa mebala e fapa-fapaneng. U hlokohla lebokose leo haholo hore u tsoake libolo tseo. Ka mor’a moo, u li lahlela fatše kaofela ka nako e le ’ngoe. Na u ne u ka lebella hore li lule ka mahlofo ho ea ka mebala ea tsona—tse putsoa li lule ’moho, le tse tšehla, joalo-joalo? Le hanyenyane! Kamehla lintho tse sa etsoeng ka taolo li senya tlhophiso le ho feta, ha li e ntlafatse. Batho baa lumela hore taba ena ke ’nete. *

7 Leha ho le joalo, re bona’ng ha re phahamisa mahlo kapa re sheba maholimong ka libonela-hōle? Re bona tsamaiso e laolehileng haholo ea lihlopha tsa linaleli, linaleli le lipolanete tseo kaofela ha tsona li tsamaeang ka tsela e nepahetseng haholo. E ne e ke ke eaba sena se etsahetse ka tsietsi feela kapa kotsi e sa reroang le e sa hlophisehang bokahohleng. Kahoo, re lokela ho botsa, Ke matla afe a ileng a sebelisoa qalong e le hore ho ka hlahisoa bokahohle ba rōna bo hlophisehileng? Rōna batho, ha re na bokhoni ba ho bona matla ao re sebelisa saense le theknoloji feela. Leha ho le joalo, Bibele e re tsebisitse hore matla ao ke moea o halalelang oa Molimo, e leng matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng. Mopesaleme o ile a bina a re: “Maholimo a ile a etsoa ka lentsoe la Jehova, makhotla ’ohle a ’ona a etsoa ka moea oa molomo oa hae.” (Pes. 33:6) Ho feta moo, ha re sheba sepakapakeng bosiu, re ka bona karolo e nyenyane feela ea “makhotla” ao a linaleli ka mahlo a rōna!

Moea o Halalelang o Sebelisoa ha ho Bōptjoa Lefatše

8. Ha e le hantle re tseba hakae ka mesebetsi ea Jehova?

8 Kutloisiso eo re nang le eona ka lintho tsa tlhaho hona joale, e fokola haholo ha e bapisoa le hore na ho na le lintho tse ngata hakae tseo re ka ithutang ka tsona. Mabapi le seo re se tsebang ka mesebetsi ea pōpo ea Molimo, Jobo ea tšepahalang o ile a bua, a re: “Bonang! Tsena ke linyane feela tsa litsela tsa hae, ke mohoeshetso o mokaakang o utloiloeng ka eena!” (Jobo 26:14) Lilemo tse makholo hamorao, Morena Solomone, e leng motho ea bohlale ea neng a shebile pōpo ea Jehova, o ile a re: “[Molimo] o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona. O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona, e le hore le ka mohla moloko oa batho o se ke oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.”—Moek. 3:11; 8:17.

9, 10. Molimo o ile a sebelisa matla afe ha a ne a bōpa lefatše, hona ho ile ha etsahala’ng matsatsing a pele a mararo a pōpo?

9 Leha ho le joalo, Jehova o senotse lintho tseo ho hlokahalang hore re li tsebe mabapi le mesebetsi ea hae. Ka mohlala, Mangolo a re bolella hore moea oa Molimo o ne o sebetsa holim’a lefatše lilemo-lemo tse se nang palo tse fetileng. (Bala Genese 1:2.) Ka nako eo, ho ne ho se na naha e omileng, ho se na khanya ’me ho bonahala eka ho ne ho se na moea oo motho a neng a ka o hema lefatšeng.

10 Ha Bibele e tsoela pele e re hlalosetsa seo Molimo a ileng a se etsa ka matsatsi a latellanang a pōpo. Ana hase matsatsi a lihora tse 24 empa ke nako e telele eo ntho e etsahalang ka eona. Letsatsing la pele la pōpo, Jehova o ile a etsa hore leseli le be teng lefatšeng. Mosebetsi oo o ne o tla phethoa hamorao ha letsatsi le khoeli li qala ho bonahala lefatšeng. (Gen. 1:3, 14) Letsatsing la bobeli, sepakapaka se ile sa qala ho etsoa. (Gen. 1:6) Ka nako eo, lefatše le ne le se le e-na le metsi, khanya le moea empa ho ne ho ntse ho e-s’o be le naha e omileng. Qalong ea letsatsi la boraro la pōpo, Jehova o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang ho etsa naha e omileng, mohlomong ka ho sebelisa matla a maholo a hlahang ka tlas’a lefatše ho etsa hore ho be le lik’honthinente. (Gen. 1:9) Ho ne ho tla etsahala lintho tse ling tse hlollang letsatsing la boraro le linakong tse latelang tsa pōpo.

Moea o Halalelang o Sebelisoa ha ho Bōptjoa Libōpuoa Tse Phelang

11. Ho rarahana, ho leka-lekana le botle bo bonahalang linthong tse phelang bo bontša eng?

11 Moea oa Molimo o ile oa boela oa etsa mosebetsi o hlophisehileng haholo mabapi le lintho tse phelang. A sebelisa moea oa hae o halalelang, letsatsing la boraro ho ea ho la botšelela la pōpo, Molimo o ile a bōpa limela le liphoofolo tse hlollang tsa mefuta-futa. (Gen. 1:11, 20-25) Ka lebaka leo, lintho tse phelang li fana ka mehlala e mengata ea ho rarahana, ho leka-lekana le botle bo bontšang boqapi bo phahameng ka ho fetisisa.

12. (a) DNA e etsa mosebetsi ofe? (b) Re ka ithuta’ng tseleng eo ka eona DNA e tsoelang pele ho sebetsa ka katleho?

12 Nahana ka DNA (deoxyribonucleic acid), e amehang tabeng ea ho fetisetsa libōpeho tsa lintho tse phelang ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong. Lintho tsohle tse phelang lefatšeng—ho akarelletsa le likokoana tse sa bonahaleng, joang, litlou, maruarua a maputsoa le batho—li sebelisa DNA ho ikatisa. Le hoja libōpuoa tse lefatšeng li fapane haholo, tsamaiso e laolang bongata ba libōpeho tsa tsona tseo li li futsitseng e tsitsitse haholo ’me e entse hore libōpuoa tsa mefuta e sa tšoaneng li lule li fapane joalo ho theosa le lilemo. Kahoo, tumellanong le morero oa Jehova Molimo, libōpuoa tse fapa-fapaneng tsa lefatše li ntse li tsoela pele ho phetha mesebetsi ea tsona ha li ntse li sebelisana ka tsela e hlollang. (Pes. 139:16) Tokisetso ena e sebetsang hantle le e hlophisehileng e fana ka bopaki bo bong ba hore pōpo ke mosebetsi oa “monoana” oa Molimo kapa moea oa hae o halalelang.

Pōpo ea Bohlokoahali Lefatšeng

13. Molimo o ile a bōpa motho joang?

13 Ha ho se ho fetile lilemo-lemo tse se nang palo Molimo a bōpile lintho tse ngata tse phelang le tse sa pheleng, lefatše e ne e se e se ntho e ‘se nang sebōpeho le e se nang letho.’ Leha ho le joalo, Jehova o ne a e-s’o qete ho sebelisa moea oa hae ho bōpa. O ne a le mothating oa ho bōpa pōpo ea hae ea bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng. Ho elella qetellong ea letsatsi la botšelela la pōpo, Molimo o ile a bōpa motho. Jehova o ile a etsa seo joang? O ile a sebelisa moea oa hae o halalelang le metsoako ea lefatše.—Gen. 2:7.

14. Batho ba fapane le liphoofolo ka tsela efe ea bohlokoa?

14 Genese 1:27 e re: “Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bōpa e le e motona le e motšehali.” Hore re bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo ho bolela hore Jehova o re bōpile re e-na le bokhoni ba ho bontša lerato, ho sebelisa bolokolohi ba ho ikhethela, esita le ho ba le kamano e haufi le ’Mōpi oa rōna. Ka lebaka leo, boko ba rōna bo fapane haholo le ba liphoofolo. Ka ho khetheha, Jehova o entse boko ba motho ka tsela eo re ka tsoelang pele re ithuta ka eena le ka mesebetsi ea hae ka ho sa feleng.

15. Adama le Eva ba ne ba e-na le monyetla ofe?

15 Tšimolohong ea batho, Molimo o ile a fa Adama le mosali oa hae Eva lefatše le lintho tsohle tsa lona tse hlollang e le hore ba ka ithuta tsona ba ba ba li thabela. (Gen. 1:28) Jehova o ile a ba fa matletsetletse a lijo le lehae la paradeise. Ba ne ba e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng le hore e be batsoali ba ratehang ba nang le bana ba libilione ba phethahetseng. Leha ho le joalo, lintho ha lia ka tsa e-ba joalo.

Ho Ananela Karolo eo Moea o Halalelang o e Phethang

16. Ho sa tsotellehe hore ebe batho ba pele e ile ea e-ba marabele, re na le tšepo efe?

16 Ho e-na le hore Adama le Eva ba mamele ’Mōpi oa bona ba be ba bontše teboho, ka boithati e ile ea e-ba marabele. Batho bohle ba sa phethahalang ba tsoa ho bona ’me ke sona se entseng hore ba be mahlomoleng. Empa Bibele e hlalosa kamoo Molimo a tla lokisa tšenyo eohle e bakiloeng ke boetsalibe ba batsoali ba rōna ba pele. Mangolo a boetse a bontša hore Jehova o tla phethahatsa morero oo a neng a e-na le oona tšimolohong. Lefatše e tla ba paradeise e tletseng batho ba thabileng le ba phetseng hantle, ba hlohonolofalitsoeng ka bophelo bo sa feleng. (Gen. 3:15) E le hore re ka lula re e-na le tumelo tšepisong eo e khothatsang, re hloka thuso ea moea o halalelang oa Molimo.

17. Re lokela ho qoba monahano oa mofuta ofe?

17 Re lokela ho rapela Jehova hore a re fe moea o halalelang. (Luka 11:13) Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re tiise kholiseho ea rōna tabeng ea hore pōpo ke mosebetsi oa matsoho a Molimo. Kajeno, ho latola boteng ba Molimo le ho buella khopolo ea ho iphetola ha lintho, ho thehiloeng monahanong o fosahetseng le o se nang motheo, ho ntse ho e-ja setsi. Ha rea lokela ho lumella monahano ona o fosahetseng hore o re ferekanye kapa o re tšose. Bakreste bohle ba tlameha ho itokisetsa hore ba hlōle tlhaselo e joalo hammoho le khatello ea lithaka e tsamaeang le eona.—Bala Bakolose 2:8.

18. Ha re nahana ka tšimoloho ea bokahohle le ea batho, ke hobane’ng ha ho ne ho ke ke ha utloahala ho latola hore ho na le ’Mōpi ea bohlale?

18 Ruri ho hlahloba ka botšepehi bopaki bo matla bo tšehetsang pōpo ho tla matlafatsa tumelo eo re nang le eona Bibeleng le ho Molimo ka boeena. Ha batho ba bangata ba nahanisisa ka tšimoloho ea bokahohle le batho, ba nka hore ha ho utloahale ho lumela hore ho sebelisitsoe matla a mang ntle le ao ba ka a pakang ka saense. Leha ho le joalo, haeba re ne re ka sheba litaba ka tsela eo, re ne re tla be re sa hlahlobe bopaki bohle ka ho hloka leeme. Ho feta moo, re ne re tla be re iphapanyetsa ’nete e totobetseng ea hore ho na le pōpo e hlophisehileng le e nang le morero ea lintho “tse se nang palo.” (Jobo 9:10; Pes. 104:25) Kaha re Bakreste, re kholisehile hore moea o halalelang ke oona matla a sebetsang a ileng a sebelisoa ho bōpa lintho, ka tataiso e bohlale ea Jehova.

Kamoo Moea o Halalelang o Amang Tumelo ea Rōna ho Molimo

19. Ke eng e u tiisetsang hore Molimo o teng le hore moea oa hae oa sebetsa?

19 Ha ho hlokahale hore re tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka pōpo e le hore re ka ba le tumelo ho Molimo re be re mo rate le ho mo hlompha ka tsela e tebileng. Joalokaha ho tseba lintho tse itseng ka motho ho sa bolele hore re metsoalle, ho tseba lintho tse itseng ka Jehova ha ho bolele hore re na le tumelo ho eena. Feela joalokaha setsoalle sa batho se matlafala ha ba ntse ba tsebana haholo, tumelo eo re nang le eona ho Molimo le eona ea eketseha ha re ntse re ithuta haholo ka eena. Ka sebele, ha a araba lithapelo tsa rōna re bile re hlokomela litholoana tse molemo tsa ho sebelisa melao ea hae bophelong ba rōna, re kholiseha le ho feta hore o teng. Re ba le kamano e haufi le Jehova le ho feta ha re ntse re bona bopaki bo bongata ba hore o tataisa mehato ea rōna, oa re sireletsa, o hlohonolofatsa boiteko boo re bo etsang tšebeletsong ea hae ebile o re fa lintho tseo re li hlokang. Sena sohle sea re tiisetsa hore Molimo o teng le hore moea oa hae o halalelang oa sebetsa.

20. (a) Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bōpa bokahohle le batho? (b) Ho tla etsahala’ng haeba re tsoela pele ho latela tataiso ea moea o halalelang oa Molimo?

20 Bibele ke mohlala o ikhethang oa kamoo Jehova a sebelisitseng matla a hae a sebetsang kateng hobane bangoli ba eona “ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.” (2 Pet. 1:21) Ha re ithuta Mangolo ka hloko, seo se ka matlafatsa tumelo eo re nang le eona ea hore Molimo ke eena ea bōpileng lintho tsohle. (Tšen. 4:11) Jehova e ile ea e-ba ’Mōpi e le ho bontša tšobotsi ea hae e ratehang ea lerato. (1 Joh. 4:8) Ka lebaka leo, e se eka re ka etsa sohle seo re ka se khonang ho thusa batho ba bang hore ba ithute ka Ntate le Motsoalle oa rōna ea lerato ea leholimong. Haeba re tsoela pele ho tataisoa ke moea oa Molimo, re tla ba le tlotla ea ho ithuta ka eena ka ho sa feleng. (Bagal. 5:16, 25) E se eka e mong le e mong oa rōna a ka tsoela pele a ithuta ka Jehova le ka mesebetsi ea hae e meholo ’me bophelong ba rōna re bonahatse lerato la hae le leholo leo a ileng a le bontša ha a ne a sebelisa moea oa hae o halalelang ho bōpa maholimo, lefatše le batho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Sheba buka ea Is There a Creator Who Cares About You? leqepheng la 24 le la 25.

Na U ka Hlalosa?

• Ho ba teng ha maholimo le lefatše ho re ruta’ng ka tsela eo Molimo a sebelisitseng moea oa hae o halalelang ka eona?

• Hore ebe re bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo ho re fa menyetla efe?

• Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re hlahlobe bopaki ba hore lintho li bōpiloe?

• Kamano ea rōna le Jehova e ka hōla ka litsela life?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Tlhophiso eo re e bonang bokahohleng e re ruta’ng ka pōpo?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Stars: Anglo-Australian Observatory/David Malin Images

[Litšoantšo tse leqepheng la 8]

DNA e sebetsa ka ho tšoana joang linthong tsee kaofela?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Na u itokiselitse ho sireletsa tumelo ea hao?