Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha Moshe a ile a halefela bara ba Arone e leng Eleazare le Ithamare ka mor’a lefu la barab’abo bona e leng Nadabe le Abihu, hona bohale ba hae bo ile ba kokobetsoa joang?—Lev. 10:16-20.

Nakoana ka mor’a hore ho hlomamisoe boprista tabernakeleng, Jehova o ile a bolaea bara ba Arone e leng Nadabe le Abihu kaha ba ile ba nyehela ka pel’a Jehova mollo oo e seng oa molao. (Lev. 10:1, 2) Moshe o ile a laela bara ba Arone ba pholohileng hore ba se ke ba siamela barab’abo bona ba hlokahetseng. Nakoana ka mor’a moo, Moshe o ile a halefela Eleazare le Ithamare hobane ba ne ba sa ja pōli ea nyehelo ea sebe. (Lev. 9:3) Ke hobane’ng ha Moshe a ile a halefa?

Melao eo Jehova a neng a e file Moshe e ne e boletse ka ho hlaka hore moprista ea etsang nyehelo ea sebe o ne a lokela ho jella karolo e itseng ea eona lebaleng la tente ea pokano. Ha moprista a ne a etsa joalo, ho ne ho nkoa hore o ne a arabella libe tsa batho ba entseng sehlabelo seo. Leha ho le joalo, haeba mali a mang a sehlabelo a ne a isoa ka Sebakeng se Halalelang, e leng ka kamoreng ea pele ea sehalalelo, nyehelo eo e ne e sa lokela ho jeoa. Ho e-na le hoo, e ne e lokela ho chesoa.—Lev. 6:24-26, 30.

Kamoo ho bonahalang kateng, ka mor’a lintho tse bohloko tse ileng tsa etsahala letsatsing leo, Moshe o ile a bona ho hlokahala hore a tiise hore melao eohle ea Jehova e ne e latetsoe. Ha a hlokomela hore pōli ea nyehelo ea sebe e ne e chesitsoe, o ile a botsa Eleazare le Ithamare a halefile hore na ke hobane’ng ha ba ne ba sa e ja joalokaha ba ne ba laetsoe, kaha mali a eona a ne a sa nyeheloa ho Jehova Sebakeng se Halalelang.—Lev. 10:17, 18.

Arone o ile a araba potso ea Moshe, kaha ho ne ho hlakile hore baprista bao ba pholohileng ba ne ba lumeletsoe ke eena hore ba etse joalo. Ka lebaka la lefu la bara ba hae ba babeli, mohlomong Arone o ile a ipotsa hore na ho ne ho e-na le moprista ea neng a ka khona ho ja nyehelo ea sebe ka letsoalo le khutsitseng letsatsing leo. E ka ’na eaba o ne a nahana hore ba ne ba ke ke ba thabisa Jehova haeba ba ne ba ka e ja, le hoja ba ne ba sa kenya letsoho ka ho toba phosong ea Nadabe le Abihu.—Lev. 10:19.

Mohlomong Arone o ile a nahana hore letsatsing la ha litho tsa lelapa la hae li ne li qala ho etsa mosebetsi oa boprista, li ne li lokela hore ebe li ile tsa ba hlokolosi hore li thabise Molimo esita le linthong tse nyenyane haholo. Leha ho le joalo, Nadabe le Abihu ba ne ba nyelisitse lebitso la Jehova, ’me khalefo ea Molimo e ne e ba tuketse. Kahoo, mohlomong Arone o ile a nahana hore litho tsa lelapa la baprista ba entseng sebe seo li ne li sa lokela ho ja nyehelo e halalelang.

Ho bonahala eka Moshe o ile a amohela karabo ea moholoane oa hae kaha litemana tseo li qetella ka ho re: “Ha Moshe a utloa seo, joale ea e-ba se khotsofatsang mahlong a hae.” (Lev. 10:20) Ho hlakile hore Jehova le eena o ile a khotsofalla karabo ea Arone.