Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Hloile Tlōlo ea Molao?

Na U Hloile Tlōlo ea Molao?

Na U Hloile Tlōlo ea Molao?

“U [Jesu] hloile tlōlo ea molao.”—BAHEB. 1:9.

1. Jesu o ile a ruta eng mabapi le lerato?

HA Jesu Kreste a ne a hatisa bohlokoa ba lerato, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Joh. 13:34, 35) Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba bontšane lerato le nang le boitelo. Lerato leo e ne e tla ba letšoao le ba khethollang. Hape Jesu o ile a ba eletsa a re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.”—Mat. 5:44.

2. Balateli ba Kreste ba lokela ho hloea eng?

2 Leha ho le joalo, ho phaella tabeng ea ho ruta barutuoa ba hae ka lerato, Jesu o ile a ba ruta le hore na ba hloee eng. Ho ile ha thoe mabapi le Jesu: “U ratile ho loka, ’me u hloile tlōlo ea molao [bokhopo].” (Baheb. 1:9; Pes. 45:7) Sena se bontša hore ha rea lokela ho rata ho loka feela, empa re boetse re lokela ho hloea sebe kapa tlōlo ea molao. Hlokomela hore moapostola Johanne o buile ka ho toba a re: “E mong le e mong ea tloaetseng ho etsa sebe o boetse o tloaetse ho etsa tlōlo molao, kahoo sebe ke tlōlo ea molao.”—1 Joh. 3:4.

3. Mabapi le ho hloea tlōlo ea molao, ho tla tšohloa likarolo life tsa bophelo sehloohong see?

3 Ka hona, kaha re Bakreste, re lokela ho ipotsa, ‘Na ke hloile tlōlo ea molao?’ A re hlahlobeng kamoo re ka bontšang kateng hore re hloile se sebe likarolong tse ’nè tse latelang tsa bophelo: (1) maikutlo a rōna mabapi le ho sebelisa joala hampe, (2) maikutlo a rōna ka boloi, (3) tsela eo re ikutloang ka eona ka boitšoaro bo bobe, le (4) tsela eo re talimang batho ba ratang tlōlo ea molao ka eona.

Le se ke la ba Makhoba a Joala

4. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a bua ka letsoalo le khutsitseng ha a fana ka keletso khahlanong le ho noa haholo?

4 Ka linako tse ling Jesu o ne a e-noa veine, a hlokomela hore ke mpho e tsoang ho Molimo. (Pes. 104:14, 15) Leha ho le joalo, le ka mohla o ne a sa sebelise mpho ena hampe ka ho noa haholo. (Liprov. 23:29-33) Ka lebaka leo, Jesu o ne a bua ka letsoalo le khutsitseng ha a ne a fana ka keletso khahlanong le mokhoa o joalo. (Bala Luka 21:34.) Ho sebelisa joala hampe ho ka etsa hore batho ba etse libe tse ling tse khōlō. Ke ka lebaka leo moapostola Pauluse a ileng a ngola, a re: “Le se ke la tahoa ke veine, eo ho eona ho nang le ho inehella litakatso tsa nama, empa le ’ne le tlale moea.” (Baef. 5:18) O ile a boela a eletsa basali ba hōlileng ka phuthehong hore e se ke ea e-ba “makhoba a veine e ngata.”—Tite 2:3.

5. Batho ba etsang qeto ea ho noa joala ba ka ipotsa lipotso life?

5 Haeba u etsa qeto ea ho noa joala, e ka ba hantle hore le uena u ipotse: ‘Na ke na le maikutlo a kang a Jesu mabapi le ho noa haholo? Haeba ho hlokahala hore ke eletse batho ba bang ka taba ee, na ke etsa joalo ka letsoalo le khutsitseng? Na ke noella ho itebatsa mathata kapa ho pholisa hlooho? Ke noa joala bo bokae beke le beke? Ke itšoara joang ha motho e mong a fana ka maikutlo a hore e ka ’na eaba ke noa ho feta tekano? Na kea ikemela kapa kea halefa?’ Ho itumella hore re be makhoba a veine e ngata ho ka re sitisa ho nahana lintho hantle le ho etsa liqeto tse bohlale. Balateli ba Kreste ba loanela ho sireletsa matla a bona a ho nahana.—Liprov. 3:21, 22.

Qoba Liketso Tsa Boloi

6, 7. (a) Jesu o ile a sebetsana joang le Satane le bademona ba hae? (b) Ke hobane’ng ha liketso tsa boloi li jele setsi hakaale kajeno?

6 Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a hanyetsa Satane le bademona ba hae ka tieo. O ile a hlōla Satane ha a ne a hlasela botšepehi ba hae ka tsela e tobileng. (Luka 4:1-13) O ile a boela a hlokomela boiteko bo bolotsana ba ho susumetsa seo a neng a se nahana le seo a neng a se etsa a ba a bo hlōla. (Mat. 16:21-23) Jesu o ile a thusa batho ba tšoanelehang hore ba se ke ba laoloa ke bademona ka sehlōhō.—Mar. 5:2, 8, 12-15; 9:20, 25-27.

7 Ka mor’a hore Jesu a behoe teroneng e le Morena ka 1914, o ile a hloekisa maholimo ka ho felisa tšusumetso e silafatsang ea Satane le bademona. Ka lebaka leo, hona joale ho feta leha e le neng pele, Satane o ikemiselitse ho ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšen. 12:9, 10) Kahoo, ha rea lokela ho makala hore ebe thahasello ea batho litabeng tsa boloi e jele setsi ebile e ntse e e-hloa mekoalaba. Re ka nka mehato efe ho itšireletsa?

8. Ho ka ’na ha hlokahala hore re itlhahlobe joang tabeng ea boithabiso boo re bo khethang?

8 Bibele e fana ka temoso e hlakileng mabapi le likotsi tsa ho sebelisana le meea. (Bala Deuteronoma 18:10-12.) Kajeno, Satane le bademona ba hae ba susumetsa tsela eo batho ba nahanang ka eona ba sebelisa lifilimi, libuka le lipapali tsa elektronike tse khothalletsang liketso tsa boloi. Ka hona, ha e mong le e mong oa rōna a khetha boithabiso, o lokela ho ipotsa: ‘Likhoeling tse fetileng, na ke entse qeto ea ho ithabisa ka lifilimi, mananeo a TV, lipapali tsa elektronike, libuka kapa metlae e amanang le liketso tsa boloi? Na ke utloisisa bohlokoa ba ho hlōla tšusumetso ea boloi kapa ke nka likotsi tsee hasesaane? Na teng nkile ka nahana ka hore na Jehova o ikutloa joang ka boithabiso boo ke bo khethang? Haeba ke lumeletse tšusumetso e joalo ea Satane bophelong ba ka, na lerato leo ke ratang Jehova le melao ea hae e lokileng ka lona le tla ntšusumelletsa hore ke nke khato e tiileng ’me ke itokolle tšusumetsong eo?’—Lik. 19:19, 20.

Mamela Temoso ea Jesu Mabapi le Boitšoaro bo Bobe

9. Motho a ka ’na a rotetsa lerato la ho rata tlōlo ea molao joang?

9 Jesu o ile a khomarela molao oa Jehova mabapi le boitšoaro ba ho kopanela liphate. O ile a re: “Na ha lea ka la bala hore ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali ’me a re, ‘Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’? E leng hore ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe. Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Mat. 19:4-6) Jesu o ne a tseba hore seo re se shebellang se ka ama lipelo tsa rōna. Ke ka lebaka leo Thutong ea hae ea Thabeng a ileng a re: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U se ke ua feba.’ Empa ke re ho lōna e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Mat. 5:27, 28) Ha e le hantle, batho ba hlokomolohang temoso eo ea Jesu ba rotetsa lerato la ho rata tlōlo ea molao.

10. Pheta phihlelo e bontšang hore motho a ka khona ho itokolla litšoantšong tse litšila tse tsosang takatso.

10 Satane o khothalletsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate a sebelisa litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. Li tletse hohle tsamaisong ena ea lintho. Batho ba shebang litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso ba thatafalloa ke ho hlakola lintho tseo tse litšila likelellong tsa bona. Ba ka ba ba qetella e le makhoba a litšoantšo tseo tse litšila tse tsosang takatso. Nahana ka se ileng sa etsahalla Mokreste e mong. O re: “Ke ne ke sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso ka sekhukhu. Ke ne ke phela bophelo ba litoro boo ke neng ke nahana hore ha bo amane le tšebeletso eo ke e etsetsang Jehova. Ke ne ke tseba hore mokhoa ona o ne o fosahetse empa ke ne ke ipolella hore tšebeletso eo ke neng ke e etsetsa Molimo e ne e ntse e amoheleha.” Tsela eo mora eo oabo rōna a neng a nahana ka eona e ile ea fetoloa ke’ng? O re: “Le hoja e ne e le ntho e thata ka ho fetisisa eo nkileng ka e etsa, ke ile ka etsa qeto ea ho bolella baholo bothata ba ka.” Qetellong mora enoa oabo rōna o ile a itokolla mokhoeng ona o litšila. O re: “Ka mor’a hore ke tlose sebe sena bophelong ba ka, qetellong ke ile ka ikutloa ke e-na le letsoalo le hloekileng e le kannete.” Batho ba hloileng tlōlo ea molao ba tlameha ho ithuta ho hloea litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso.

11, 12. Re ka bontša joang hore re hloile tlōlo ea molao ha re khetha ’mino?

11 ’Mino le mantsoe a tsamaeang le ’ona li ka susumetsa maikutlo a rōna ka matla, ebe ka tsela eo li susumetsa lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso. ’Mino ke mpho e tsoang ho Molimo ’me haesale o phetha karolo ea bohlokoa borapeling ba ’nete. (Ex. 15:20, 21; Baef. 5:19) Empa lefatše le khopo la Satane le khothalletsa ’mino o thoholetsang boitšoaro bo bobe. (1 Joh. 5:19) U ka tseba joang hore na ’mino oo u o mamelang oa u silafatsa kapa che?

12 U ka ’na ua qala ka ho ipotsa: ‘Na lipina tseo ke li mamelang li thoholetsa polao, bofebe, bohlola le bonyefoli? Haeba ke ne nka balla motho e mong mantsoe a lipina tse itseng, na o ne a tla ba le maikutlo a hore ke hloile tlōlo ea molao, kapa mantsoe ao a ne a tla bontša hore pelo ea ka e silafetse?’ Re ke ke ra bolela hore re hloile tlōlo ea molao empa ka nako e tšoanang re mamela lipina tse e thoholetsang. Jesu o ile a re: “Lintho tse tsoang molomong li tsoa pelong, ’me lintho tseo li silafatsa motho. Ka mohlala, pelong ho tsoa menahano e khopo, lipolao, bofebe, bohlola, bosholu, bopaki ba bohata, linyefolo.”—Mat. 15:18, 19; bapisa le Jakobo 3:10, 11.

E-ba le Maikutlo a Kang a Jesu ka Batho ba Ratang Tlōlo ea Molao

13. Jesu o ile a talima batho ba neng ba khomaretse sebe joang?

13 Jesu o ile a bolela hore o ne a tletse ho bitsetsa baetsalibe kapa batho ba tlōlang molao pakong. (Luka 5:30-32) Leha ho le joalo, o ne a ikutloa joang ka batho ba neng ba khomaretse sebe? Jesu o ile a fana ka litemoso tse matla khahlanong le ho susumetsoa ke batho ba joalo. (Mat. 23:15, 23-26) O ile a boela a bua ka ho hlaka a re: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong. Letsatsing leo [la kahlolo ea Molimo], ba bangata ba tla re ho ’na ‘Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao, le ho leleka bademona ka lebitso la hao, le ho etsa mesebetsi e matla e mengata ka lebitso la hao?’” Leha ho le joalo, o tla lahla batho ba etsang tlōlo ea molao ba sa bake, a re: “Tlohang ho ’na.” (Mat. 7:21-23) Ke hobane’ng ha ba tla fumana kahlolo e joalo? Hobane batho ba joalo ba hlompholla Molimo ’me ba utloisa ba bang bohloko ka liketso tsa bona tsa tlōlo ea molao.

14. Ke hobane’ng ha baetsalibe ba sa bakeng ba tlosoa ka phuthehong?

14 Lentsoe la Molimo le laela hore baetsalibe ba sa bakeng ba tlosoe ka phuthehong. (Bala 1 Bakorinthe 5:9-13.) Sena sea hlokahala bonyane ka mabaka a mararo: (1) ho etsa hore lebitso la Jehova le se ke la rohakoa, (2) ho sireletsa phutheho e le hore e se ke ea silafatsoa le (3) ho thusa moetsalibe hore a bake haeba ho khoneha.

15. Haeba re batla ho lula re tšepahala ho Jehova, re lokela ho ipotsa lipotso life tse fatang maikutlo?

15 Na re na le maikutlo a kang a Jesu ka batho ba seng ba khomaretse tlōlo ea molao? Re lokela ho nahana ka lipotso tsena: ‘Na ke ne ke tla etsa qeto ea hore kamehla ke itsoakanye le motho ea khaotsoeng kapa ea ikarotseng phuthehong ea Bokreste? Re lokela ho etsa’ng haeba motho ea joalo e le setho se haufi sa lelapa empa a se a sa lule lapeng?’ Boemo bo joalo bo ka re beha tekong e le kannete mabapi le hore na re rata ho loka ebile re tšepahala ho Molimo hakae. *

16, 17. ’Mè e mong oa Mokreste o ile a tobana le bothata bofe, hona o ile a thusoa ke’ng hore a tšehetse tokisetso ea ho khaola bafosi ba sa bakeng?

16 Nahana ka se ileng sa etsahalla morali e mong oabo rōna eo mora oa hae ea neng a se a le moholo a neng a kile a rata Jehova. Leha ho le joalo, neng-neng hamorao o ile a khetha ho etsa tlōlo ea molao. Ka lebaka leo, o ile a khaoloa ka phuthehong. Morali’abo rōna o ne a rata Jehova, empa o ne a boetse a rata mora oa hae, ’me o ne a thatafalloa haholo ke ho latela taelo ea Mangolo ea hore a qobe ho itsoakanya le eena.

17 U ka be u ile ua fa morali eo oabo rōna keletso efe? Moholo e mong o ile a mo thusa ho hlokomela hore Jehova o ne a utloisisa bohloko boo a neng a bo utloa. Mor’abo rōna o ile a kōpa hore a nahane ka bohloko boo e tlamehang ebe Jehova o ile a bo utloa ha ba bang ba bara ba hae ba mangeloi ba ne ba fetoha marabele. Moholo eo o ile a mo hlokomelisa hore le hoja Jehova a tseba hore na boemo bo joalo bo utloisa bohloko hakae, o batla hore baetsalibe ba sa bakeng ba khaoloe. Morali’abo rōna o ile a nka likhopotso tseo ka ho teba eaba ka botšepehi o tšehetsa tokisetso ea ho khaola. * Botšepehi bo joalo bo thabisa pelo ea Jehova.—Liprov. 27:11.

18, 19. (a) Ho khaola maqhama le motho ea etsang tlōlo ea molao ho bontša hore re hloile eng? (b) Ha re tšepahala ho Molimo le tokisetsong ea hae, seo se ka hlahisa litholoana life?

18 Haeba u tobane le boemo bo tšoanang, ka kōpo hopola hore Jehova o utloisisa bohloko boo u bo utloang. Ha u khaola maqhama le motho ea khaotsoeng kapa ea ikarotseng, u bontša hore u hloile maikutlo le liketso tse entseng hore a be boemong boo. Leha ho le joalo, u boetse u bontša hore u rata mofosi eo haholo hoo u batlang ho etsa se tla mo tsoela molemo. Botšepehi ba hao ho Jehova bo ka ’na ba thusa motho ea khalemetsoeng hore a bake ’me a khutlele ho Jehova.

19 Motho e mong ea neng a khaotsoe eaba hamorao o khutlisetsoa ka phuthehong, o ile a ngola a re: “Ke thabela hore ebe Jehova o rata batho ba hae haholo hoo a tiisang hore mokhatlo oa hae o bolokoa o hloekile. Ntho e ka ’nang ea bonahala e le bokhopo ho batho ba ka ntle, ha e le hantle ea hlokahala ebile e bontša lerato.” Na u nahana hore motho eo a ka be a ile a thusoa hore a fihlele qeto e joalo hoja litho tsa phutheho, ho akarelletsa le litho tsa lelapa labo, li ne li lula li itsoakanya le eena ha a ne a khaotsoe? Ha re tšehetsa tokisetso ea Mangolo ea ho khaoloa, re bontša hore re rata ho loka ebile rea hlokomela hore Jehova o na le tokelo ea ho beha melao ea boitšoaro.

“Hloeang se Sebe”

20, 21. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re ithute ho hloea tlōlo ea molao?

20 Moapostola Petrose oa re lemosa o re: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele.” Hobane’ng? Hobane “mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Pet. 5:8) Na motho eo e mong e tla ba uena? Ho itšetlehile haholo ka hore na u ithuta ho hloea tlōlo ea molao hakae.

21 Ho loanela ho hloea se sebe ha ho bonolo. Re tsoaletsoe sebeng, ’me re phela lefatšeng le re khothalletsang ho latela litakatso tsa rōna tsa nama. (1 Joh. 2:15-17) Leha ho le joalo, ha re etsisa Jesu Kreste ’me re loanela ho rata Jehova Molimo ka lerato le tebileng, re ka atleha ho sebeletsa ho hloea tlōlo ea molao. A re ikemisetseng ho ‘hloea se sebe,’ re kholisehile ka botlalo hore Jehova “o lebela . . . ba tšepahalang ba hae; o ba lopolla matsohong a ba khopo.”—Pes. 97:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 15 Sheba Molula-Qhooa oa March 1, 1982, leqepheng la 24-29, moo taba ena e tšohloang ka ho qaqileng.

^ ser. 17 Sheba le Molula-Qhooa oa January 15, 2007, leqepheng la 17-20.

U ka Araba Joang?

• Ke eng e tla re thusa ho hlahloba hore na maikutlo a rōna ke afe ka joala?

• Re ka itšireletsa joang liketsong tsa boloi?

• Ke hobane’ng ha litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso li le kotsi?

• Re bontša joang hore re hloile tlōlo ea molao ha motho eo re mo ratang a khaoloa?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ha u etsa qeto ea ho noa joala, u lokela ho nahana ka eng?

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Ela hloko tšusumetso ea Satane boithabisong

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Motho ea shebang litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso o rotetsa lerato la eng?