Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ruri Hase Tšenyo ea Nako!

Ruri Hase Tšenyo ea Nako!

Ruri Hase Tšenyo ea Nako!

HO BA le borapeli ba lelapa le ho ithuta Bibele ke habohlokoa e le hore bana ba ka hōlisoa “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Leha ho le joalo, haeba u motsoali, ua tseba hore ho bonolo hore bana ba felloe ke thahasello. U ka etsa’ng hore e se ke ea ba fella? Hlokomela seo batsoali ba bang ba se entseng.

George, ea lulang California, U.S.A., o re, “Ha bana ba rōna ba ne ba sa le banyenyane, ’na le mohats’a ka re ne re lula re leka ho fetola maoa e le ho etsa hore thuto ea Bibele ea lelapa e be monate. Ka linako tse ling, kaofela ha rōna re ne re apara joaloka batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ebe re tšoantšisa seo re se balang Bukeng ea ka ea Lipale Tsa Bibele. Re ne re bile re iketselitse thepa eo re e sebelisang—lisabole, mare, libaskete le tse ling. Re ne re boetse re bapala lipapali tsa Bibele tseo re neng re li bitsa ‘ke ’na mang?’ hammoho le morabaraba oa Bibele o nang le lipotso tse thata le tse bonolo. Ho ne ho boetse ho e-na le mesebetsi ea ho ithuta eo re neng re e etsa, joaloka ho haha areka e tšoanang le ea Noe kapa ho ngola lethathamo le bontšang nako le tatellano eo liketsahalo tsa Bibele li etsahetseng ka eona. Ka linako tse ling, re ne re toroea batho ba boletsoeng Bibeleng kapa lipale tse boletsoeng ho eona. Hona joale re ntse re rera ho etsa mosebetsi oa ho toroea lihlomo tsa moea tse hlalositsoeng ho Baefese 6:11-17, ’me e mong le e mong oa rōna o tla hlalosa hore na sehlomo ka seng se emela’ng. Ho sebelisa litsela tsena ho re thusitse hore re thabele thuto ea rōna ea lelapa.”

’Mè e mong ea bitsoang Debi, ea lulang Michigan, U.S.A., o re: “’Na le mohats’a ka re ne re thatafalloa ke ho thusa morali oa rōna hore a tsepamise mohopolo ha a ne a le lilemo li ka bang tharo. Joale, ka letsatsi le leng ha re ntse re bala pale ea Isaka le Rebeka ka lentsoe le phahameng Bukeng ea ka ea Lipale Tsa Bibele, ke ile ka nka lipopi tse peli eaba ke li qapela mantsoe. Joale o ile a tsepamisa mohopolo! Likhoeling tse latelang, lipopi tseo li ile tsa sebelisoa e le batho ba fapa-fapaneng ba boletsoeng ka Bibeleng. Ka mor’a ho bala tlaleho e itseng, morali oa rōna o ne a phenyekolla hohle ka tlung a batla lintho tsa ho bapala tse neng li ka sebelisoa ho tšoantšisa pale eo. E ne eka o letšolong la ho batla matlotlo! Lebokose la lieta e ne e e-ba ntlo ea Rahaba ’me lelente le lekhubelu e e-ba ropo e ’mala o sekareleta. Noha ea maiketsetso e bolelele ba mithara e le ’ngoe le halofo e thatetsoeng lefielong e ne e e-ba noha ea koporo e boletsoeng ho Numere 21:4-9. Re ne re boloka thepa ena ka mokotleng o moholo oa seile. Re ne re thaba ha re bona morali oa rōna a atisa ho lula ka kamoreng ea ho phomola, a ntse a phahlolla seo re ka reng ke mokotla oa hae oa lipale tsa Bibele. Ruri ho ne ho thabisa ho mo bona a tšoantšisa lipale tseo ka tselanyana ea hae!”

Ho hōlisa bana ha ho bonolo, ebile ha ho hlokahale mananeo a beke le beke feela ho ba thusa hore ba rate ho sebeletsa Jehova. Empa ho ba le borapeli ba lelapa le thuto ea Bibele e ka ba motheo oa ho ba rupela ka litsela tse ling moeeng. Ruri hase tšenyo ea nako!