Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo U ka Lulang U Tšepahala Lefatšeng le sa Tšepahaleng

Kamoo U ka Lulang U Tšepahala Lefatšeng le sa Tšepahaleng

Kamoo U ka Lulang U Tšepahala Lefatšeng le sa Tšepahaleng

HO SE tšepahale ho tletse hohle joaloka moea oo re o hemang. Batho ba bua leshano, baa hanyapetsa, baa utsoa, ha ba patale likoloto, ’me ba ikakasa ka mekhoa ea khoebo e bolotsana. Kaha re phela tikolohong e joalo, hangata re thulana le maemo a lekang boikemisetso ba rōna ba ho lula re tšepahala. Re ka tsoela pele ho hlōla tloaelo ea ho se tšepahale joang? A re tšohleng lintlha tsa bohlokoa tse tharo tse tla re thusa ho etsa sena. Ke ho tšaba Jehova, letsoalo le letle le ho khotsofala.

Ho Tšaba Jehova ka Tsela e Loketseng

Moprofeta Esaia o ile a ngola a re: “Jehova ke Moahloli oa rōna, Jehova ke Mofani oa rōna oa taelo e hlomamisitsoeng, Jehova ke Morena oa rōna.” (Esa. 33:22) Ho hlokomela bolaoli ba Jehova ho etsa hore re mo tšabe ka tsela e loketseng—e leng se re thusang hore re ikemisetse ho hlōla moea oa ho se tšepahale. Liproverbia 16:6 e re: “Ka ho tšaba Jehova motho o furalla bobe.” Tšabo e joalo hase ea ho tšosoa ka ho feteletseng ke Molimo ea ratang ho iphetetsa, empa ke kameho e loketseng ea ho se khopise Ntate oa rōna ea leholimong, ea thahasellang boiketlo ba rōna e le kannete.—1 Pet. 3:12.

Phihlelo e ’ngoe ea se hlileng se etsahetseng e bontša liphello tse molemo tse hlahisoang ke kameho kapa tšabo e joalo e loketseng. Ricardo le mosali oa hae, Fernanda, ba ile ba ntša chelete e kaalo ka liranta tse 4 900 ak’haonteng ea bona ea banka. * Fernanda o ile a kenya chelete eo ka sepacheng a sa e bala. Ha ba fihla hae ka mor’a hore ba patale likoloto tse seng kae, ba ile ba makala ha ba fumana ka sepacheng sa Fernanda ho ntse ho e-na le chelete e batlileng e lekana le eo ba neng ba e ntšitse bankeng. Ba ile ba fihlela qeto ea hore, “E tlameha ebe mosebeletsi oa banka o re file chelete e ngata haholo.” Pele ba ne ba ile ba lekeha hore ba nke chelete eo, kaha ba ne ba e-na le likoloto tse ling tse ngata tseo ba neng ba e-s’o ka ba li patala. Ricardo o re: “Re ile ra rapela Jehova hore a re fe matla a hore re khutlise chelete eo. Takatso ea rōna ea ho batla ho mo thabisa ho latela boipiletso ba hae ho Liproverbia 27:11 e ile ea re etsa hore re batle ho khutlisa chelete eo.”

Letsoalo le Koetlisitsoeng ke Bibele

Re ka koetlisa matsoalo a rōna ka ho ithuta Bibele le ho leka ka matla ho sebelisa seo re ithutang sona. Ka tsela eo ‘lentsoe la Molimo le phelang le le fanang ka matla,’ le ke ke la finyella likelello tsa rōna feela empa le tla finyella le lipelo tsa rōna. Sena se tla re susumelletsa hore re ‘itšoare ka botšepehi linthong tsohle.’—Baheb. 4:12; 13:18.

Nahana ka mohlala oa João. O ile a ba le sekoloto se seholo se ka etsang liranta tse 35 000. Kahoo, o ile a fallela toropong e ’ngoe a sa lefa sekoloto sa hae. Lilemo tse robeli hamorao João o ile a ithuta ’nete, ’me letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele le ile la mo susumelletsa hore a ikopanye le motho eo a neng a mo kolota hore a patale sekoloto seo! Kaha João o ne a lokela ho hlokomela mosali oa hae le bana ba bane ka chelete e nyenyane eo a neng a e fumana, motho eo a neng a mo kolota o ile a lumela hore a ka mo patala chelete eo hanyane ka hanyane khoeli le khoeli.

Ho Khotsofala

Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ke mokhoa oa ho rua ho hoholo, boinehelo bona ba bomolimo hammoho le ho khotsofala. . . . Ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.” (1 Tim. 6:6-8) Ha re nka ka botebo keletso ena e bohlale, seo se tla re thusa ho qoba ho tšoasoa ke mekhoa e bolotsana ea khoebo le e bontšang meharo kapa ho tšoasoa ke merero ea ho rua kapele e entsoeng ke batho ba tšepisang lintho tse ke keng tsa etsahala. (Liprov. 28:20) Ha re latela keletso ea Pauluse, seo se tla re thusa ho etelletsa ’Muso oa Molimo pele, re kholisehile hore re tla fuoa lintho tsa motheo tseo re li hlokang.—Mat. 6:25-34.

Leha ho le joalo, ka lebaka la “matla a thetsang a maruo,” le ka mohla ha rea lokela ho nka kotsi ea ho hlōloa ke meharo le ho chacheha ka mohono hanyenyane. (Mat. 13:22) Hopola mohlala oa Akane. O ne a bone ha Baiseraele ba ne ba tšela Nōka ea Jordane ka mohlolo. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho hlōloa ke meharo, ha aa ka a hanela takatso ea ho utsoa silevera le khauta le seaparo se theko e phahameng thepeng e hapiloeng motseng oa Jeriko. Ketso eo e ile ea etsa hore a lahleheloe ke bophelo ba hae. (Josh. 7:1, 20-26) Ha ho makatse hore ebe lilemo tse makholo hamorao Jesu o ile a lemosa a re: “Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong”!—Luka 12:15.

Tšepahala Mosebetsing

A re hlahlobeng maemo a mang a ka lekang boikemisetso ba rōna ba ho lula re tšepahala linthong tsohle. Ho tšepahala mosebetsing ho akarelletsa ho se “utsoe”—esita le haeba e le ntho eo batho ba bang ba tloaetseng ho e etsa. (Tite 2:9, 10) Jurandir, ea sebetsang lekaleng la ’muso o ne a tšepahala ha a ne a tlaleha litšenyehelo tsa maeto a hae. Basebetsi-’moho le eena bona ba ne ba tlaleha litšenyehelo tse fetang tseo ba bileng le tsona. Ba ne ba etsa sena hobane mookameli oa lefapha o ne a pata basebetsi bao ba sa tšepahaleng bohlasoa. Ha e le hantle, mookameli eo o ile a omanyetsa Jurandir hore oa tšepahala a ba a khaotsa ho mo romela maetong a khoebo. Hamorao libuka tsa khoebo tsa lekala leo li ile tsa hlahlojoa ’me Jurandir o ile a babatsoa ka lebaka la ho tšepahala ha hae. O ile a ba a nyolloa mosebetsing.

André eo e leng morekisi, o ile a bolelloa ke mohiri oa hae hore a lefise bareki ka makhetlo a imenneng habeli. Mor’abo rōna o ile a rapela Jehova hore a mo fe sebete sa hore a khomarele melao-motheo ea Bibele. (Pes. 145:18-20) O ile a leka ho hlalosetsa mohiri oa hae hore na ke hobane’ng ha a ne a ke ke a latela litaelo tsa hae—empa seo ha sea ka sa thusa letho. André o ile a etsa qeto ea ho tlohela mosebetsi ona o lefang chelete e ngata. Leha ho le joalo, hoo e ka bang selemo hamorao, mohiri oa hae oa pele o ile a re a khutlele mosebetsing ’me a mo tiisetsa hore bareki ha ba sa hanyapetsoa. André o ile a nyolleloa boemong ba ho ba mookameli.

Patala Likoloto

Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste a re: “Le se ke la kolota mang kapa mang ntho leha e le ’ngoe.” (Bar. 13:8) Re ka ’na ra leka ho lokafatsa hore na ke hobane’ng ha re sa lefe sekoloto, ra nka hore motho eo re mo kolotang o na le chelete e ngata ’me ha a hloke chelete. Leha ho le joalo, Bibele ea re lemosa: “Ea khopo oa alima ’me ha a busetse.”—Pes. 37:21.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba “ketsahalo e sa lebelloang” e re sitisa ho lefa sekoloto? (Moek. 9:11) Francisco o ile a kalima chelete e kaalo ka 49 000 ho Alfredo hore a patale sekoloto sa hae sa ntlo. Empa ka lebaka la mathata a ileng a ba teng khoebong, Francisco o ile a hlōleha ho patala sekoloto sa hae ka nako eo ba neng ba e behelane. O ile a nka bohato ba ho ea bua le Alfredo ka taba ena, ’me Alfredo o ile a lumela hore a mo lefe hanyane ka hanyane.

Qoba ho Fana ka Maikutlo ao e Seng ’Ona

Hopola mohlala o mobe oa Ananiase le Safira, banyalani ba neng ba le phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele lilemo. Ka mor’a ho rekisa tšimo, ba ile ba tlisa karolo e itseng feela ea chelete ho baapostola ’me ba bolela hore ba ne ba e tlisitse kaofela. Ba ne ba batla hore batho ba bone eka ba fana ka seatla se bulehileng. Leha ho le joalo, moea o halalelang oa Molimo o ile oa bululela moapostola Petrose hore a pepese leshano leo, ’me Jehova o ile a ba bolaea.—Lik. 5:1-11.

Ho fapana le Ananiase le Safira ba neng ba sa tšepahale, bangoli ba Bibele bona ba ne ba tšepahala. Ka botšepehi Moshe o ile a tlaleha hore o ile a fela pelo, e leng se ileng sa etsa hore a thibeloe ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. (Num. 20:7-13) Ka ho tšoanang, Jonase ha a ka a pata mefokolo eo a bileng le eona pele a bolella Baninive molaetsa le ka mor’a moo. Ho e-na le hoo, o ile a e tlaleha.—Jon. 1:1-3; 4:1-3.

Ka sebele, ho hlokahala sebete hore motho a bue ’nete, le haeba ho etsa joalo ho ka tlisa liphello tse bohloko, joalokaha sena se bontšoa ke se ileng sa etsahalla Nathalia ea lilemo li 14 ha a le sekolong. O ile a hlahloba tlhahlobo eo a neng a e ngotse ’me a hlokomela hore e ’ngoe ea likarabo tseo tichere ea hae e neng e li tšoaile hore li nepahetse ha e le hantle e ne e fosahetse. Le hoja Nathalia a ne a tseba hore sena se ne se tla ama limaraka tsa hae hampe, ha aa ka a tsilatsila ho bolella tichere ea hae. O ile a re, “Batsoali ba ka kamehla ba ne ba nthuta hore ha ke batla ho thabisa Jehova ke lokela ho tšepahala. Letsoalo la ka le ka be le ile la ntšoenya haeba ke ne ke sa ka ka bolella tichere ea ka.” Tichere eo e ile ea ananela botšepehi ba Nathalia.

Botšepehi ke Tšobotsi e Tlotlisang Jehova

Ngoanana ea lilemo li 17 ea bitsoang Giselle o ile a thola sepache se neng se e-na le litokomane tse itseng le chelete e kaalo ka liranta tse 245. O ile a etsa litokisetso le ba boholong sekolong hore sepache seo se khutlisetsoe ho mong’a sona. Khoeli hamorao, motlatsi oa mosuoe-hlooho o ile a balla tlelase eohle lengolo le neng le babatsa Giselle ka botšepehi ba hae le lelapa labo ka ho mo koetlisa hantle le ka ho mo hōlisa ka tsela ea Bokreste. ‘Mesebetsi ea hae e metle’ e ile ea tlotlisa Jehova.—Mat. 5:14-16.

Ho hlokahala boiteko e le hore re ka tšepahala ha re ntse re phela har’a batho bao e leng ‘baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang le ba sa tšepahaleng.’ (2 Tim. 3:2) Leha ho le joalo, ho tšaba Jehova ka tsela e loketseng, ho ba le letsoalo le koetlisitsoeng ke Bibele le ho khotsofala li re thusa hore re lule re tšepahala lefatšeng le sa tšepahaleng. Re boetse re ba le setsoalle se haufi le Jehova, ‘ea lokileng le ea ratang liketso tse lokileng.’—Pes. 11:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Mabitso a mang a fetotsoe.

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Ho tšaba Jehova ka tsela e loketseng ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho lula re tšepahala

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Boitšoaro ba rōna bo bontšang botšepehi bo tlotlisa Jehova