Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Fumane Lintho Tse Ngata Tse Molemo

Ke Fumane Lintho Tse Ngata Tse Molemo

Ke Fumane Lintho Tse Ngata Tse Molemo

Joalokaha ho boletse Arthur Bonno

E NE e le ka 1951. ’Na le mosali oa ka, Edith re ne re le kopanong ea setereke ha re ne re utloa tsebiso ea hore ho tla tšoaroa seboka sa ba thahasellang tšebeletso ea boromuoa.

Ke ile ka re: “Ha re ee re e’o mamela!”

Edith o ile a araba a re: “Art, re ke ke ra ba baromuoa!”

“Ha re ee hle, Edie, re tla mamela feela.”

Ka mor’a seboka, ho ile ha fanoa ka liforomo tsa kōpo ea ho ea Sekolong sa Gileade.

Ke ile ka mo phehella: “Ha re li tlatse.”

“Empa Art, re tla etsa joang ka malapa abo rōna?”

Hoo e ka bang selemo le halofo ka mor’a kopano eo, re ile ra ea Sekolong sa Gileade ’me ra abeloa ho ea sebeletsa Ecuador, Amerika Boroa.

Joalokaha u ka hlokomela puisanong ea ka le mosali oa ka ha re ne re le kopanong eo, kamehla ke ne ke nahana hore re ne re ka khona ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re batla ho e etsa. Leha ho le joalo, Edith e ne e le motho ea bonolo le ea ikokobelitseng. Ha a ne a ntse a hōlela toropong e nyenyane ea Elizabeth, Pennsylvania, U.S.A., o ne a e-s’o ka a ea hōle le hae kapa a kopana le motho ea tsoang naheng e ’ngoe. Ho ne ho se bonolo hore a siee lelapa labo. Leha ho le joalo, o ile a amohela kabelo eo ea ho sebetsa naheng e ’ngoe ka pelo eohle. Re ile ra fihla Ecuador ka 1954 ’me haesale re sebeletsa re le baromuoa naheng ena ho fihlela hona joale. Lilemo tseo re li qetileng mona, re fumane lintho tse ngata tse molemo. Na u ka rata ho utloa tse ling tsa tsona?

Lintho Tse Thabisang Tseo re sa li Lebaleng

Kabelong ea rōna ea pele, re ile ra abeloa ho ea sebetsa motse-moholo Quito, e bophahamong ba limithara tse 2 850 Lithabeng Tsa Andes. Ho ne ho re nka matsatsi a mabeli ho ea moo ka terene le ka teraka ho tloha motseng o lebōpong la leoatle oa Guayaquil—e leng leeto leo hona joale le nkang metsotso e 30 ka sefofane! Re ile ra sebeletsa Quito ka lilemo tse ’né tse sa lebaleheng. Eaba ka 1958 ho etsahala ntho e ’ngoe e thabisang: Re ile ra memeloa ho ea etsa mosebetsi oa potoloho.

Ka nako eo, ho ne ho e-na le lipotoloho tse nyenyane tse peli feela naheng eo eohle. Ho phaella ho eteleng liphutheho, re ne re qeta libeke tse ngata selemong re bolela litaba tse molemo litoropong tse nyenyane tsa Maindia moo ho neng ho se na Lipaki. Libaka tsa bolulo tsa metse eo ea Maindia e ne le likamore tse nyenyane tse se nang lifensetere, li e-na le bethe feela. Re ne re tsamaea ka lebokose la lehong le tšetseng setofo sa parafine, pane, lipoleiti, basekomo, lilakane, nete e thibelang monoang, liaparo, likoranta tsa khale le lintho tse ling. Re ne re sebelisa likoranta tseo ho koala masoba leboteng e le hore litali li se ke tsa kena habonolo.

Le hoja likamore tseo li ne li le lefifi ebile li le litšila, re hopola lintho tse monate tseo re neng re qoqa ka tsona bosiu ha re ntse re lutse betheng, re ja lijo tse bobebe tseo re li phehileng ka setofo sa rōna sa parafine. Kaha ke ne ke le motho ea lehala ka tlhaho, hangata ke ne bua feela ke sa nahane, ’me ka linako tse ling mosali oa ka o ne a sebelisa linako tseo tse khutsitseng ho ntemosa hore na nka ntša maikutlo a ka joang ka tsela e molemo ha re etetse barab’abo rōna. Ke ile ka mo mamela, ’me maeto a ka e ile ea e-ba a khothatsang haholo. Hape, ha ke ne ke bua batho ba bang hampe ka ho se nahane, o ne a sa batle ho kopanela moqoqong. Kahoo ke ile ka ithuta ho talima barab’eso ka tsela e ntle. Leha ho le joalo, hangata lintho tseo re neng re qoqa ka tsona bosiu e ne e le lintlha tseo re ithutileng tsona Molula-Qhooeng le liphihlelong tseo re bileng le tsona tšebeletsong ea tšimo letsatsing leo. Ruri re bile le liphihlelo tse thabisang!

Kamoo re Ileng ra Fumana Carlos

Toropong ea Jipijapa, ka bophirimela ho Ecuador, re ile ra fuoa lebitso la motho ea thahasellang—re ne re filoe lebitso feela, e leng Carlos Mejía, re sa fuoa aterese. Hoseng hoo ha re tsoa kamoreng eo re e hirileng, re ne re sa tsebe hore na re qale ka ho mo sheba hokae, re ile ra qalella ho tsamaea re sa tsebe moo re eang. Re ile ra tlameha ho qoba mekoti e mengata e tletseng seretse litseleng tsa kerabole ka lebaka la pula e neng e nele ka la maobane. Ke ne ke tsamaea ka pele ho mosali oa ka ha ka tšohanyetso ke utloa motho ea hoeletsang ka morao, a re, “Art!” Ke ile ka reteleha ’me ka hlokomela hore Edie o ne a tetebetse seretseng se setšo se neng se fihla mangoleng. E ne e le ketsahalo e tšehisang ’me hoja e ne e se ka sefahleho sa hae se tletseng meokho nkabe ke ile ka tšeha.

Ke ile ka khona ho mo ntša qhafutsong eo, empa lieta tsa hae li ile tsa salla ka har’a seretse. Ho na le moshanyana le ngoanana ba neng ba shebeletse, kahoo ke ile ka re ho bona, “Ke tla le fa chelete ha le ka ntša lieta tseo ka seretseng.” Ka ho panya ha leiho ba ile ba ntša lieta tseo, empa Edie o ne a hloka moo a ka li hlatsoang teng. ’Mè oa bana bao o ne a ntse a shebeletse ketsahalo ena ’me o ile a re kōpa hore re tle ntlong ea hae moo a ileng a thusa mosali oa ka ho hlatsoa maoto a hae ha bana ba ntse ba hlatsoa lieta tseo tse litšila. Pele re tsamaea, ho ile ha etsahala ntho e thabisang. Ke ile ka botsa mosali eo hore na o tseba moo re ka fumanang monna ea bitsoang Carlos Mejía. Ka ho makala, o ile a re, “Ke monna oa ka.” Hamorao thuto ea Bibele e ile ea qala ’me qetellong litho tsohle tsa lelapa leo li ile tsa kolobetsoa. Lilemo hamorao, Carlos, mosali oa hae le bana ba bona ba babeli e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng.

Maeto a Tletseng Mathata—Kamohelo e Mofuthu ea Baeti

Ha re ntse re tsamaea mosebetsing oa potoloho re ile ra ba le mathata. Re ne re palama libese, literene, literaka, liketsoana tse entsoeng ka sefate se fatiloeng le lifofane tse nyenyane. Ka nako e ’ngoe John McLenachan, ea neng a sebeletsa e le molebeli oa setereke le mosali oa hae Dorothy, ba ile ba tsamaea le rōna ho ea bolela litaba tse molemo metsaneng ea batšoasi ba litlhapi haufi le moeli oa Colombia. Re ile ra tsamaea ka seketsoana se kentsoeng enjine se entsoeng ka sefate se fatiloeng. Lishaka tse lekanang le seketsoana seo li ne li sesa haufi le rōna! Esita le mosesisi eo oa seketsoana eo e neng e le khale a li bona o ile a tšosoa ke lishaka tseo tse khōlō ’me hang-hang a sesisetsa seketsoana haufi le lebōpo.

Leha ho le joalo, re ile ra kotula molemo ho sa tsotellehe mathata ao re ileng re thulana le ’ona mosebetsing ona oa potoloho. Re ile ra tseba barab’abo rōna ba molemo, ba nang le kamohelo e mofuthu ea baeti. Ka makhetlo a mangata malapa ao re neng re fihlela ho ’ona a ne a phehella hore re je hararo ka letsatsi, ha ’ona a ne a ja hanngoe. Kapa ba re rōna re robale betheng e le ’ngoe feela eo ba neng ba e-na le eona, ha bona ba ne ba robala fatše. Mosali oa ka o ne a atisa ho re, “Bara le barali bana babo rōna ba ratehang ba nthusa ho bona hore ha re hloke lintho tse ngata e le hore re tsoele pele re phela.”

“Ha re Batle ho Tlohela”

Ka 1960 ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e thabisang—re ile ra memeloa ho ea sebeletsa ofising ea lekala ea Guayaquil. Ha ke ntse ke sebetsa lekaleng, Edith o ne a sebetsa tšebeletsong ea tšimo phuthehong e haufi le lekala. Ke ne ke inka ke sa tšoaneloe ke mosebetsi oa ofising, ke ikutloa eka ha ke na bokhoni, empa joalokaha Baheberu 13:21 e bontša, Molimo o re hlomella ka ‘ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo hore re etse thato ea hae.’ Lilemo tse peli hamorao, ke ile ka memeloa ho ea thupelong ea Gileade ea likhoeli tse leshome e neng e tšoaretsoe Bethele ea Brooklyn, New York. Ka nako eo, ho ne ho lebeletsoe hore basali ba sale likabelong tsa bona. Mosali oa ka o ile a fumana lengolo le tsoang Brooklyn. O ile a kōptjoa hore a nahanisise ka hloko hore na o tla lumela hore monna oa hae a be sieo ka likhoeli tse leshome.

Ha a araba, Edith o ile a ngola a re: “Ke tiisehile hore ena ke ntho e boima ka ho fetisisa eo ke lokelang ho e etsa, empa rea tseba hore ntle ho pelaelo Jehova o tla re thusa ho mamella mathata afe kapa afe a ka hlahang. . . . Ha re batle ho tlohela litokelo leha e le life tse ka behoang ka pel’a rōna kapa menyetla leha e le efe e ka re thusang ho tšoaneleha ho phetha boikarabelo ba rōna.” Nakong eo ke neng ke le Brooklyn, ke ne ke fumana mangolo a tsoang ho mosali oa ka beke e ’ngoe le e ’ngoe.

Ho Sebetsa Haufi le Balumeli-’moho le Rōna ba Tšepahalang

Ka 1966, ka lebaka la mathata a bophelo, ’na le Edith re ile ra khutlela Quito, moo re ileng ra qalella tšebeletso ea rōna ea boromuoa hammoho le bara le barali babo rōna ba sebakeng seo. Ruri e ne e le batho ba tšepahalang!

Morali’abo rōna e mong ea tšepahalang o ne e-na le monna ea sa lumelang, ea neng a atisa ho mo otla. Ka letsatsi le leng, ka hora ea botšelela hoseng, motho e mong o ile a re bitsa ’me a re bolella hore morali eo oabo rōna o ne a se a otliloe hape. Ke ile ka laimela ha morali eo oabo rōna. Ha ke ne ke mo bona, ke ne ke sa kholoe seo ke se bonang. O ne a robetse betheng, a ruruhile a bile a tletse matetetso. Monna oa hae o ne a mo otlile ka mofeng oa lefielo ho fihlela o khaoha likoto tse peli. Hamorao hona letsatsing leo, ke ile ka mo fumana lapeng ’me ka mo bolella hore o entse ketso e mpe. O ile a kōpa tšoarelo haholo.

Qalong ea lilemo tsa bo-1970, bophelo ba ka bo ile ba ntlafala ’me ra qalella mosebetsi oa potoloho. Motse oa Ibarra o ne o oela potolohong ea rōna. Qetellong ea bo-1950 ha re ne re etela motse oo, ho ne ho e-na le Lipaki tse peli feela, e le mor’abo rōna oa moromuoa le oa sebakeng seo. Kahoo, re ne re labalabela ho kopana le batho ba bangata ba bacha ba neng ba se ba kene ka phuthehong.

Sebokeng sa rōna sa pele moo, Mor’abo rōna Rodrigo Vaca o ile a ema sethaleng ’me a fana ka puo eo bamameli ba neng ba kopanela ho eona. Neng le neng ha a ne a botsa potso, bamameli ba ne ba hoeletsa ba re “Yo, yo!” (“’Na, ’na!”) ho e-na le hore ba phahamise matsoho. ’Na le Edith re ile ra shebana ka ho makala. Ke ile ka ipotsa, ‘Ebe ho etsahala’ng mona?’ Hamorao re ile ra hlokomela hore Mor’abo rōna Vaca o foufetse empa o ne a khona ho tseba mantsoe a litho tsa phutheho ha li ntse li hoeletsa. Ke molisa ea hlileng a tsebang linku tsa hae! Sena se ile sa re hopotsa mantsoe a Jesu a ho Johanne 10:3, 4, 14 mabapi le Molisa ea Khabane le linku tse tsebanang hantle. Kajeno, Ibarra e na le liphutheho tse tšeletseng tsa Sepanishe, phutheho e le ’ngoe ea Sequichua, le e le ’ngoe ea puo ea matsoho. Mor’abo rōna Vaca o sa ntse a sebeletsa ka botšepehi e le moholo le pula-maliboho ea khethehileng. *

Re Leboha Molemo oa Jehova

Ka 1974 re ile ra fumana pontšo e ’ngoe ea molemo oa Jehova ha re ne re kōptjoa ho khutlela Bethele, moo ke ileng ka boela ka abeloa ho etsa mosebetsi oa tsamaiso ’me hamorao ka khethoa hore ke be setho sa Komiti ea Lekala. Pele Edith o ne a sebetsa kichineng ’me hamorao o ile a qala ho sebetsa ofising, moo a ntseng sebetsana le mangolo ho fihlela letsatsing lena.

Ho pholletsa le lilemo, re ’nile ra thabela ho amohela makholo-kholo a baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade, ba thusang liphutheho tseo ba sebeletsang ho tsona hore li hōle moeeng li be li chesehe. Re boetse re khothatsoa ke bara le barali babo rōna ba likete ba tsoang linaheng tse fetang 30, ba tlil’o sebeletsa naheng ena. Ruri re khahloa ke moea oa bona oa boitelo! Ba bang ba rekisitse matlo le likhoebo tsa bona e le hore ba ka tla mona ho tla sebeletsa libakeng tseo ho hlokahalang baboleli ba bangata ba ’Muso. Ba ile ba reka likoloi e le hore ba ka bolela litaba tse molemo libakeng tse ka thōko, ba theha liphutheho tse ncha ba ba ba thusa ho haha Liholo Tsa ’Muso. Baralib’abo rōna ba bangata ba masoha ba tlile ba tsoa linaheng tse ling ho tla bula maliboho mona—ruri ke basebetsi ba chesehang le ba nang le boiphihlelo!

Ruri ke fumane lintho tse ngata tse molemo lilemong tseo ke sebelelitseng Molimo ka tsona. E ka pele-pele har’a lintho tsena ke kamano ea ka le Jehova. Hape, ke leboha Jehova hore ebe o mphile “mothusi.” (Gen. 2:18) Ha ke hetla morao lilemong tse ka holimo ho 69 re le monna le mosali, ke nahana ka Liproverbia 18:22, e reng: “Na motho o fumane mosali ea molemo? O fumane ntho e molemo.” Ke thabetse ho ba hammoho le Edith. O nthusitse ka litsela tse ngata haholo. Hape e bile morali ea ratoang oa ’mè oa hae. Ho tloha ha re ne re fihla Ecuador, mosali oa ka o ne a romela ’mè oa hae mangolo beke e ’ngoe le ’ngoe, ho fihlela ka 1990 ha ’mè oa hae a ne a hlokahala a le lilemo li 97.

Hona joale ke na le lilemo tse 90 ’me Edith o na le lilemo tse 89. Re ananela thabo eo re bileng le eona ea ho thusa batho ba ka bang 70 hore ba tsebe Jehova. Ka sebele re thabela hore ebe re ile ra tlatsa liforomo tseo tsa kōpo ea ho ea Sekolong sa Gileade lilemo tse 60 tse fetileng. Qeto eo e ile ea etsa hore re phele bophelo bo tletseng ka lintho tse ngata tse molemo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 29 Pale ea bophelo ba Mor’abo rōna Vaca e hlaha Tsoheng! ea Senyesemane ea September 8, 1985.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Re Yankee Stadium, New York, le baromuoa bao re neng re le sehlopheng sa Gileade le bona, ka 1958

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Ha re ne re etetse lelapa le leng la Lipaki ha re ntse re le mosebetsing oa potoloho, ka 1959

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Lekaleng la Ecuador, ka 2002