Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Lemoha Bopaki ba Tataiso ea Molimo?

Na U Lemoha Bopaki ba Tataiso ea Molimo?

Na U Lemoha Bopaki ba Tataiso ea Molimo?

BAISERAELE le Baegepeta ba ne ba e-s’o ka ba bona ntho e joalo. Ha Baiseraele ba ne ba e-tsoa Egepeta, topallo ea leru e ile ea bonahala haufi le bona ’me e ile ea e-ba le bona letsatsi le leng le le leng. Bosiu e ne e e-ba topallo ea mollo. Ruri e ne e le ntho e hlollang! Empa e ne e e-tsoa hokae? Morero oa eona e ne e le ofe? Hona rōna batho ba phelang lilemo tse 3 500 hamorao re ka ithuta’ng tseleng eo Baiseraele ba neng ba nka “topallo ea mollo le leru” ka eona?—Ex. 14:24.

Ha Lentsoe la Molimo le bontša hore na topallo eo e ne e-tsoa hokae le hore na morero oa eona e ne e le ofe, le re: “Motšehare Jehova o ne a ba etella pele ka topallo ea leru ho ba tsamaisa tseleng, ’me bosiu ka topallo ea mollo ho ba fa leseli hore ba tsamaee motšehare le bosiu.” (Ex. 13:21, 22) Jehova Molimo o ile a sebelisa topallo ea mollo le leru ho tataisa batho ba hae ha ba tsoa Egepeta le ha ba le lefeelleng. Ba ne ba lokela ho lula ba itokiselitse ho kena tseleng e le hore ba e latele. Ha mabotho a Baegepeta a neng a behile batho ba Molimo merebele a ne a le makhatheng a ho ba hlasela, topallo eo e ile ea kena lipakeng tsa lihlopha tseo tse peli, ea sireletsa Baiseraele. (Ex. 14:19, 20) Le hoja topallo e sa ka ea supa tsela e neng e tobile Naha e Tšepisitsoeng hantle, ho e latela e ne e le eona feela tsela eo Baiseraele ba neng ba ka fihla Naheng eo e Tšepisitsoeng.

Ho ba teng ha topallo ho ne ho tiisetsa batho ba Molimo hore Jehova o ne a e-na le bona. E ne e emela Jehova, ’me ka linako tse ling o ne a bua a le ho eona. (Num. 14:14; Pes. 99:7) Ho feta moo, leru leo le ne le bontša hore Moshe e ne e le eena eo Jehova a mo khethileng hore a etelle sechaba pele. (Ex. 33:9) Ka tsela e tšoanang, tlaleho ea ho qetela e buang ka ho hlaha ha leru lena e ile ea tiisa hore Jehova o ne a khethile Joshua hore e be mohlahlami oa Moshe. (Deut. 31:14, 15) Ka sebele, e le hore Baiseraele ba atlehe leetong la bona ha ba ne ba falla Egepeta, ho ne ho itšetlehile ka hore ba lemohe bopaki ba tataiso ea Molimo ebe baa e latela.

Ba Ile ba Lebala Bopaki

E tlameha ebe ha Baiseraele ba ne ba bona topallo eo ka lekhetlo la pele ba ile ba hlolloa. Leha ho le joalo, ka masoabi, mohlolo oo, oo ba neng ba o bona kamehla ha oa ka oa susumetsa Baiseraele ka ho lekaneng hore ba lule ba tšepile Jehova. Ka makhetlo a mangata ba ile ba hlompholla tataiso ea Molimo. Ha lebotho la Baegepeta le ne le ba phallela, ba ile ba bontša hore ha ba tšepe hore Jehova o na le matla a ho ba pholosa. Ho e-na le hoo, ba ile ba qosa Moshe mohlanka oa Molimo ka hore o ne a ba isitse lefung la bona. (Ex. 14:10-12) Ka mor’a hore ba lopolloe Leoatleng le Lefubelu, ba ile ba korotlela Moshe le Arone hammoho le Jehova kaha ba ne ba nahana hore ha ba na lijo le metsi. (Ex. 15:22-24; 16:1-3; 17:1-3, 7) Libeke hamorao ba ile ba hatella Arone hore a ba etsetse namane ea khauta. Nahana feela! Karolong e ’ngoe ea liahelo tsa bona Baiseraele ba ile ba bona topallo ea mollo le ea leru—e leng pontšo e matla ea Ea neng a ba ntšitse Egepeta—’me haufi le moo ba ile ba qala ho rapela molimo oa setšoantšo ea sa pheleng, ba re: “Enoa ke Molimo oa hao, Uena Iseraele, ea u eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.” Tsee e ne e le ‘liketso tse khōlō hakaakang tse hlomphollang’!—Ex. 32:4; Neh. 9:18.

Liketso tsa Baiseraele tsa borabele li ne li bontša hore ruri ba ne ba sa hlomphe tataiso ea Jehova. Bothata e ne e se hore ba ne ba sa bone, empa ba ne ba sa bone ka tsela ea moea. Ba ne ba bona topallo, empa ba ne ba se ba lebetse hore e ne e emela tataiso ea Jehova. Le hoja liketso tsa bona li ile tsa “utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko,” ka mohau Jehova o ile a tsoela pele a tataisa Baiseraele ka topallo ho fihlela ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng.—Pes. 78:40-42, 52-54; Neh. 9:19.

Hlokomela Bopaki ba Tataiso ea Molimo Kajeno

Ka tsela e tšoanang, le kajeno ha ho mohla Jehova a tlohelang batho ba hae ba se na tataiso e hlakileng. Feela joalokaha a sa ka a lebella hore Baiseraele ba itaetele hore na ba ne ba tla tsamaea ka tsela efe, le rōna kajeno ha a re re itaetele hore na re tla fihla joang lefatšeng le lecha leo a le tšepisitseng. Jesu Kreste ke eena ea khethiloeng hore e be Moeta-pele oa phutheho. (Mat. 23:10; Baef. 5:23) Matla a mang o a file sehlopha sa lekhoba le tšepahalang se entsoeng ka Bakreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng ka moea. Sehlopha seo sa lekhoba le sona se khetha balebeli ka phuthehong ea Bokreste.—Mat. 24:45-47; Tite 1:5-9.

Re ka tseba joang hore na ha e le hantle sehlopha seo sa lekhoba le tšepahalang, kapa motsamaisi, ke mang? Hlokomela kamoo Jesu ka boeena a se hlalosang kateng: “Ha e le hantle ke mang eo e leng motsamaisi ea tšepahalang, ea masene, eo mong’a hae a tla mo beha hore a okamele sehlopha sa hae sa bahlanka hore a ’ne a ba fe tekanyo ea bona ea lijo ka nako e tšoanetseng? Ho thaba lekhoba leo, haeba mong’a lona ha a fihla a le fumana le etsa joalo!”—Luka 12:42, 43.

Kahoo, sehlopha sa motsamaisi sea ‘tšepahala,’ ha ho mohla se tsoang fatše kapa se furallang Jehova, Jesu, linnete tsa Bibele kapa batho ba Molimo. Kaha sehlopha sa motsamaisi se “masene,” se bontša kahlolo e molemo ha se tsamaisa mosebetsi oa bohlokoa oa ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ le oa ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’ (Mat. 24:14; 28:19, 20) “Ka nako e tšoanetseng,” ka tlhompho sehlopha sa motsamaisi se fana ka lijo tsa moea tse matlafatsang le tse nang le phepo. Hoa bonahala hore Jehova oa se amohela kaha o hlohonolofatsa batho ba hae ka hore ba eketsehe, ka ho ba tataisa ha ba etsa liqeto tsa bohlokoa, ka hore ba utloisise linnete tsa Bibele, ka ho ba sireletsa hore lira tsa bona li se ke tsa ba felisa le ka ho ba fa khotso likelellong le lipelong.—Esa. 54:17; Bafil. 4:7.

Latela Tataiso ea Molimo

Re ka bontša joang hore re ananela tataiso ea Molimo? Moapostola Pauluse o ile a re: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase.” (Baheb. 13:17) Hase kamehla ho etsa joalo ho leng bonolo. Ho etsa mohlala: Ipehe boemong ba Moiseraele oa mehleng ea Moshe. A re re le se le tsamaile ka nako e itseng, ebe topallo ea ema. Ebe e tla ema moo nako e kae? Letsatsi? Beke? Kapa likhoeli tse ’maloa? Mohlomong ua ipotsa, ‘Ebe ke lokela ho pakolla moroalo oohle?’ Qalong u ka ’na ua pakolla feela lintho tseo u li hlokang ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, ka mor’a matsatsi a ’maloa u ka ’na ua qala ho pakolla lintho kaofela hobane u khathetse ke ho phahlolla ha u batla ntho. Empa joale ha u le haufi le ho qeta ho pakolla, u bone topallo e phahama—ebe u tlameha ho paka hape! Hoo ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo. Ho ntse ho le joalo, Baiseraele ba ne ba lokela ho “tsamaea hang-hang ka mor’a moo.”—Num. 9:17-22.

Joale, re etsa joang ha re fumana tataiso e tsoang ho Molimo? Na re leka ho e sebelisa “hang-hang ka mor’a moo”? Kapa re tsoela pele re etsa lintho ka tsela eo re neng re tloaetse ho li etsa ka eona? Na rea tseba hore na tataiso ea morao-rao ke efe, ekang e mabapi le ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele, ho pakela batho ba buang lipuo tsa linaheng tse ling, ho kopanela borapeling ba lelapa kamehla, ho sebelisana le Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele le ho itšoara hantle likopanong? Re boetse re bontša hore re ananela tataiso ea Molimo ka hore re amohele keletso. Ha re tlameha ho etsa liqeto tsa bohlokoa, ha re tšepe bohlale ba rōna empa re batla tataiso ea Jehova le mokhatlo oa hae. Hape, feela joalokaha ngoana a batla tšireletso ho batsoali ba hae ha sefefo se e-tla, le rōna re batla tšireletso mokhatlong oa Jehova ha re hlaheloa ke mathata a kang sefefo a lefatše lena.

Ke ’nete hore batho ba eteletseng pele karolong e lefatšeng ea mokhatlo oa Molimo ha baa phethahala empa Moshe le eena o ne a sa phethahala. Ho ntse ho le joalo, topallo e ne e le bopaki ba kamehla ba hore o ne a khethiloe ke Molimo le hore o ne a mo amohela. Hape, hlokomela hore Moiseraele e mong le e mong o ne a sa ikhethele hore na o ne a tla tloha neng. Ho e-na le hoo, sechaba se ne se tloha “ka taelo ea Jehova ka Moshe.” (Num. 9:23) Kahoo, ho ka etsahala hore Moshe eo Molimo a neng a mo sebelisa ho fana ka litaelo, o ne a fana ka letšoao la hore ba tlohe.

Kajeno, sehlopha sa Jehova sa motsamaisi se fana ka tataiso e hlakileng neng le neng ha e le nako ea ho tloha. Motsamaisi o etsa seo joang? Ka lihlooho tse hlahang Molula-Qhooeng le Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso, ka likhatiso tse ncha le ka lipuo tse behoang likopanong tse nyenyane le tse khōlō. Liphutheho li boetse li fuoa litaelo ka balebeli ba tsamaeang kapa ka mangolo kapa ka likoetliso tse fuoang barab’abo rōna ba nang le boikarabelo ka phuthehong.

Na u lemoha ka ho hlaka bopaki ba tataiso ea Molimo? Jehova o sebelisa mokhatlo oa hae ho re tataisa lefeelleng la tšoantšetso matsatsing ana a ho qetela a lefatše le khopo la Satane. Ka lebaka leo, re bonngoeng, rea ratana re bile re sireletsehile.

Ha Baiseraele ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng, Joshua o ile a re: “Le tseba hantle ka lipelo tsa lōna tsohle le ka meea ea lōna eohle hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna.” (Josh. 23:14) Ka tsela e tšoanang, joang kapa joang batho ba Molimo kajeno ba tla fihla lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng. Leha ho le joalo, hore na rōna ka borōna re tla fihla, ho itšetlehile haholo-holo ka hore re ikemisetse ho latela tataiso ea Molimo ka boikokobetso. Ka lebaka leo, e se eka kaofela ha rōna re ka tsoela pele re ntse re lemoha bopaki ba tataiso ea Jehova!

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Kajeno re tataisoa ke mokhatlo oa Jehova

Likhatiso tse lokolloang likopanong tse khōlō

Likolo tsa puso ea Molimo

Koetliso e fanoang libokeng tsa tšimo