Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala limakasine tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

• Ke hobane’ng ha re ka lumela hore serapa sa Edene e ne e le sebaka sa sebele?

Bibele e bua ka sona e le sebaka sa sebele, e bolela ka ho hlaka hore na se ne se le hokae. Linōka tse peli tseo ho buuoang ka tsona tlalehong eo, li ntse li phalla le kajeno. Hangata litšōmo le lipale tse iqapetsoeng ha li fane ka mabitso a libaka tse ntseng li le teng kajeno. Jesu, e leng Paki e tšepahalang ka ho fetisisa, o ile a bua ka Adama le Eva e le batho ba sebele.—1/1, leqepheng la 5-6, 9.

• Na Molimo o ne a tseba hore Adama le Eva ba tla etsa sebe?

Che. Jehova o ne a ba file bohlale le bolokolohi, kahoo ba ne ba ka khetha ho mamela kapa ho se mamele. Le hoja Molimo a e-na le matla a ho tseba lintho esale pele, oa khetha hore na o a sebelisa neng.—1/1, leqepheng la 13-15.

• Na Bakreste ba ’nete ba sebelisa lebitso la Molimo e le seroala?

Batho ba bang ba nka hore lintho tse itseng kapa matšoao ke seroala kapa thatho e ka ba sireletsang ka mohlolo, empa batho ba Molimo ha ba nke lebitso la hae joalo. Ba lumela ho Jehova ebile ba batla ho etsa thato ea hae ’me kahoo ba tšabela lebitsong la hae. (Sof. 3:12, 13)—1/15, leqepheng la 5-6.

• Mokhoa oa ho khoahlapisa o ne o tsoela bo-mang molemo Iseraele?

O ne o tsoela sechaba sohle molemo. O ne o khothalletsa mafutsana a neng a tlameha ho khoahlapisa hore a sebetse ka thata. Athe ba bang ba ne ba rua molemo kaha ba ne ba khothalletsoa hore ba fane le hore ba tšepe tlhohonolofatso ea Molimo.—2/1, leqepheng la 15.

• Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lahla Morena Saule?

Saule o ne a lokela hore ebe o ile a emela moprofeta oa Molimo hore a tl’o nyehela mahlabelo, empa morena ha aa ka a mamela, eena ka boeena o ile a nyehela mahlabelo. Hamorao, ha aa ka a mamela taelo ea hore a felise batho ba lireng.—2/15, leqepheng la 22-23.

• Re ka bontša joang hore re hloile tlōlo ea molao?

Re ke ke ra sebelisa joala hampe, re tla qoba liketso tsa boloi re be re mamele temoso ea Jesu mabapi le boitšoaro bo bobe. Ka mohlala, re tla qoba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso hammoho le bophelo ba litoro boo li ka bo hlahisang. (Mat. 5:27, 28) Hape, re ke ke ra itsoakanya le batho ba khaotsoeng.—2/15, leqepheng la 29-32.

• Ke eng e hlollang mabapi le ntlo ea linotši ea boholo-holo eo baepolli ba lintho tsa khale ba e fumaneng Iseraele ea kajeno?

Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana matlo a linotši a fetang 30, ’me litsebi li hakanya hore e ka ’na eaba selemo le selemo, matlong ana ho ne ho bokelloa mahe a linotši a ka etsang halofo ea thane. Sena se bontša hore ho ne ho ruuoa linotši naheng eo Molimo a neng a ile a bolela hore e ne e tla ‘phalla lebese le mahe a linotši.’ (Ex. 3:8)—3/1, leqepheng la 15.

• Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Jeremia o ne a le joaloka ‘sefate se lenngoeng haufi le metsi, seo metso ea sona e namang’? (Jer. 17:7, 8)

Le ka mohla ha aa ka a khaotsa ho hlahisa litholoana, ebile ha aa ka a lumela ho susumetsoa ke basomi. Ho e-na le hoo, o ile a khomarela Mohloli oa metsi a phelisang ’me a nkela hloohong ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo a ileng a mo bolella eona.—3/15, leqepheng la 14.

• Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a bolella Maretha hore ho ne ho hlokahala lintho tse seng kae, kapa e le ’ngoe feela? (Luka 10:41, 42)

O ne a sa bolele hore Maretha o rata lintho tse bonahalang ka hore ebe o ile a pheha lijo tsa mefuta-futa; ebile o ne a sa bolele hore o sebelelitse lelea. Ho e-na le hoo, o ne a totobatsa hore na lintho tse tlang pele bophelong ke life. Maretha o ne a sa sebelise monyetla oo o ikhethang ho matlafatsa tumelo ea hae.—4/1, leqepheng la 12-13.

• Lintho tse ling tse khahlanong le molao tse ileng tsa etsoa nyeoeng ea Jesu ke life?

Lekhotla ha lea ka la fana ka monyetla oa hore a ikemele. Ho ile ha batloa lipaki tsa bohata. Nyeoe e ile ea tšoaroa bosiu. Nyeoe e ile ea qala ea ba ea fela ka letsatsi le le leng.—4/1, leqepheng la 20.